Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 51

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona

Jehova o Bona Dikeledi Tsa Hao

Jehova o Bona Dikeledi Tsa Hao

“O bokelle dikeledi tsa ka ka lekukeng la hao. O ngotse matshwenyeho a ka bukeng ya hao.”PES. 56:8.

NTLHAKGOLO

Re tlo ithuta hore Jehova o tseba hantle ka moo re ikutlwang ka teng ho sa tsotellehe mathata ao re nang le ona le hore o tla re tshedisa.

1, 2. Ke maemo afe a ka etsang hore re lle?

 KAOFELA re kile ra lla. Maemong a mang re lla hobane re thabile. Mohlomong o kile wa lla ha ho ne ho etsahala ntho ya bohlokwa bophelong ba hao, jwalo ka mohla o neng o ba le ngwana, ha o hopola ntho e monate e kileng ya o etsahalla kapa ha o bona motswalle wa hao eo o mo qetetseng kgale.

2 Le ha ho le jwalo, hangata re lla hobane dipelo tsa rona di utlwile bohloko. Ka mohlala, re ka nna ra lla ha motho eo re mo tshepang a re tshwara hampe. Re ka lla haeba re kula haholo mme re dula re opelwa kapa re hlokahaletswe ke motho eo re mo ratang. Maemong ana re ka nna ra ikutlwa jwalo ka moprofeta Jeremia ha Bababilona ba ne ba fedisa Jerusalema. Jeremia o ile a re: “Meokgo e tsholoha mahlong a ka jwalo ka melapo ya metsi . . . Ke lla ke sa kgaotse, ke sa emise.”—Dillo 3:​48, 49.

3. Jehova o ikutlwa jwang ha bahlanka ba hae ba lla? (Esaia 63:9)

3 Jehova o a tseba hore na re llile ka makgetlo a makae ka lebaka la dintho tse bohloko tse re etsahallang. Bibele e a re kgodisa hore o a hlokomela ha bahlanka ba hae ba tobana le maemo a utlwisang bohloko ebile o a re utlwa ha re mo kopa thuso. (Pes. 34:15) Empa Jehova ha a felle moo. Jwalo ka ntate ya lerato, o utlwa bohloko ha bana ba hae ba lla mme o labalabela ho ba thusa.—Bala Esaia 63:9.

4. Ke mehlala efe e ka Bibeleng eo re tlo ithuta yona?

4 Jehova o a re bolella ka Lentsweng la hae hore na o ile a ikutlwa jwang ha bahlanka ba hae ba lla le hore na o ile a ba thusa jwang. Re tla ithuta ka se ileng sa etsahalla Anna, Davida le Morena Ezekiase. Keng e ileng ya etsa hore ba lle? Jehova o ile a ba thusa jwang? Mehlala ya bona e ka re tshedisa jwang ha re lla hobane re utlwile bohloko, re swetsehile kapa re se na tshepo?

JEHOVA O A BONA HA RE LLA HOBANE RE UTLWILE BOHLOKO

5. Boemo boo Anna a neng a le ho bona bo ile ba etsa hore a ikutlwe jwang?

5 Anna o ile a kopana le mathata a mangata a neng a mo utlwisa bohloko a bile a etsa hore a lle. Monna wa hae o ne a ena le mosadi e mong, eo lebitso la hae e leng Penina mme mosadi eo o ne a hloile Anna. Ho hobe le ho feta ke hore Anna o ne a sa kgone ho ba le bana, ha Penina yena a ne a ena le bana. (1 Sam. 1:​1, 2) Penina o ne a dula a utlwisa Anna bohloko hobane a sa kgone ho ba le bana. O ne o tla ikutlwa jwang ha o ne o le boemong boo? “Anna o ne a utlwile bohloko haholo” hoo a neng “a lla a bile a sa je.”—1 Sam. 1:​6, 7, 10.

6. Anna o ile a etsang hore a fumane thuso?

6 Anna o ile a thuswa keng? O ile a rapela Jehova tabernakeleng. Ho ka etsahala hore o ne a le keiting e yang lebaleng la tabernakele ha a qala ho “rapela Jehova a lla, a sa kgone le ho ithiba.” O ile a kopa Jehova ka tiyo a re: ‘E se eka o ka bona bohloko boo ke leng ho bona mme wa nkgopola.’ (1 Sam. 1:10b, 11) Anna o ile a tshollela pelo ya hae ho Jehova. Jehova o ile a utlwa bohloko ha a bona Anna a lla. O ne a mo rata haholo mme o ne a batla ho mo tshedisa.

7. Anna o ile a ikutlwa jwang ka mora hore a tshollele pelo ya hae ho Jehova?

7 Ka mora hore Anna a tshollele pelo ya hae ho Jehova mme Moprista ya Phahameng Eli a mo tshedise, o ile a ikutlwa jwang? Bibele e re: “Mosadi eo a tsamaya, a ja mme ha a ka a hlola a tshwenyeha.” (1 Sam. 1:​17, 18) Anna o ile a ikutlwa a imolohile le hoja boemo ba hae bo utlwisang bohloko bo ne bo sa fetoha. O ne a tlositse morwalo wa hae ho yena mme a o lahletse ho Jehova. Jehova o ile a bona bohloko boo a bo utlwang, a utlwa ha a lla mme ha morao o ile a mo thusa hore a be le bana.—1 Sam. 1:​19, 20; 2:21.

8, 9. Ho ya ka Baheberu 10:​24, 25, ke hobaneng ha re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang hore re ye dibokeng? (Sheba setshwantsho.)

8 Re ithutang? Na o tobane le boemo bo boima bo etsang hore o lle hobane o utlwile bohloko? Mohlomong o utlwile bohloko hobane o hlokahaletswe ke setho sa lelapa kapa motswalle. Maemong ana, ho tlwaelehile hore o ka batla ho ba mong. Empa hopola mohlala wa Anna. Jehova o ile a mo kgothatsa ha a ne a ile tabernakeleng. Ka tsela e tshwanang, Jehova o tla o tshedisa le ho o kgothatsa ha o ile dibokeng le hoja o ka ikutlwa o kgathetse kapa o utlwile bohloko. (Bala Baheberu 10:​24, 25.) Ha re le dibokeng re utlwa ditemana tsa Bibele tse re kgothatsang. Ena ke tsela eo Jehova a re thusang ka yona hore re se ke ra dula re nahana ka dintho tse re utlwisang bohloko. Ka lebaka leo, re ikutlwa re le betere le hoja boemo ba rona bo sa fetohe hanghang.

9 Ha re le dibokeng, bara le baradi ba bo rona ba a re kgothatsa le ho re bontsha hore ba a re rata. Seo se etsa hore re tsohe molota. (1 Bathes. 5:​11, 14) Nahana ka mohlala wa morabo rona e mong eo e leng pulamadiboho e kgethehileng ya ileng a hlokahallwa ke mosadi. O re: “Ka dinako tse ding ke batla ho ba mong hobane ke sitwa ho kgaotsa ho lla. Empa ha ke ya dibokeng ke fumana kgothatso eo ke e hlokang. Mantswe a monate ao bara le baradi ba bo rona ba mpolellang ona le dikarabo tsa bona di ntshedisa haholo. Ke dula ke ikutlwa ke le betere ha ke le dibokeng, ho sa tsotellehe hore na ke ne ke tshwenyehile hakae pele ke ya.” Ha re le dibokeng, Jehova a ka sebedisa bara le baradi ba bo rona ho re thusa.

Bakrestemmoho le rona ba ka re tshedisa (Sheba serapa sa 8 le 9)


10. Re ka etsisa Anna jwang ha re utlwile bohloko?

10 Anna o ile a ikutlwa a le betere ka mora hore a jwetse Jehova hore na o ikutlwa jwang. Le wena o ka ‘lahlela dintho tsohle tse o tshwenyang ho Jehova.’ O tla o mamela a be a o thuse. (1 Pet. 5:7) Moradi wa bo rona eo monna wa hae a ileng a bolawa ke mashodu o re: “Ke ne ke utlwile bohloko hoo ke neng ke utlwa eka ha ke sa tla thaba hape. Empa ha ke ne ke rapela Ntate wa ka ya nthatang Jehova, ke ne ke utlwa ke imolohile. Ka dinako tse ding ke ne ke utlwa ke se na mantswe empa o ne a utlwisisa. Ha ke ne ke utlwile bohloko haholo ebile ke tshwenyehile, ke ne ke rapella ho ba le kgotso. Hanghang ke ne ke utlwa ke imoloha ebe ke kgona ho etsa dintho tseo ke hlokang ho di etsa letsatsing leo.” Ha o lla ebile o tshollela pelo ya hao ho Jehova, o utlwa bohloko mme o utlwisisa ka moo o ikutlwang ka teng. Le haeba bothata ba hao bo sa ye moriting, Jehova a ka o tshedisa a ba a o thusa hore o be le kgotso. (Pes. 94:19; Bafil. 4:​6, 7) O tla o putsa hobane o mameletse ka botshepehi.—Baheb. 11:6.

JEHOVA O A BONA HA RE LLA HOBANE RE SWETSEHILE

11. Davida o ile a ikutlwa jwang ha batho ba bang ba ne ba sa mo tshware hantle?

11 Davida o ile a tobana le maemo a thata bophelong a ileng a etsa hore a lle. O ne a hlouwe ke batho ba bangata. Metswalle ya hae e meng le ditho tse ding tsa lelapa ha di a ka tsa mo tshepahalla mme di ne di batla ho mo lematsa. (1 Sam. 19:​10, 11; 2 Sam. 15:​10-14, 30) Nakong eo e thata haholo, o ile a re: “Ke kgathetse ka lebaka la ho dula ke lla. Bosiu bohle ke kolobisa bethe ya ka ka dikeledi. Setulo sa ka se tletse metsi ka lebaka la meokgo ya ka.” Hobaneng a ne a ikutlwa jwalo? O ile a hlalosa a re: “Ka lebaka la bohle ba ntshwereng hampe.” (Pes. 6:​6, 7) Ha batho ba bang ba ne ba utlwisa Davida bohloko, o ne a lla haholo, a sitwa le ho ithiba.

12. Ho ya ka Pesaleme ya 56:​8, Davida o ne a kgodisehile ka eng?

12 Le hoja Davida a ne a kopana le mathata a mangata bophelong, o ne a kgodisehile hore Jehova o a mo rata. O ile a re: “Jehova o tla utlwa sello sa ka.” (Pes. 6:8) Ka lekgetlo le leng, o ile a ngola mantswe a thabisang a hlahang ho Pesaleme ya 56:8. (E bale.) Mantswe ao a bontsha ka ho hlaka hore Jehova o a re rata ebile o a tsotella hore na re ikutlwa jwang. Davida o ne a utlwa eka Jehova o ntse a bokella dikeledi tsa hae ka lekukeng a bile a di ngola ka bukeng. O ne a kgodisehile hore Jehova o a bona ebile o hopola matshwenyeho a hae. O ne a boetse a kgodisehile hore Ntate wa hae ya lerato ya lehodimong, o bona mathata a hae le hore o hlokomela tsela eo a ikutlwang ka yona.

13. Ha batho ba bang ba re swetsa, re ka kgodiseha ka eng? (Sheba setshwantsho.)

13 Re ithutang? Na pelo ya hao e bohloko hobane motho eo o neng o mo tshepa o o tswile tlase? Mohlomong o utlwile bohloko hobane motho eo o neng o ratana le yena o o phoqile, molekane wa hao wa lenyalo o o siile kapa motho eo o mo ratang o kgaoditse ho sebeletsa Jehova. Morabo rona e mong eo mosadi wa hae a sa kang a mo tshepahalla a ba a mo siya, o re: “Ke ne ke sa kgolwe hore ke hlahetswe ke ntho e jwalo. Ke ne ke utlwile bohloko, ke halefile ebile ke utlwa ke se na thuso.” Haeba ho na le motho ya o swetsitseng kapa ya o utlwisitseng bohloko, kgodiseha hore Jehova yena a ke ke a o lahla. Morabo rona eo o re: “Ke hlokometse hore ka dinako tse ding batho ba ka re fetohela empa re ka dula re itshetlehile ka Jehova. Ho sa tsotellehe hore na ho etsahalang, o tla dula a le teng. A ke ke a tlohela batho ba hae ba tshepahalang.” (Pes. 37:28) Hape hopola hore Jehova o o rata ho feta ka moo batho ba ka o ratang ka teng. Ho bohloko ho lahlwa ke motho eo o mo ratang empa tsela eo Jehova a o ratang ka yona ha e eso fetohe. O wa bohlokwa ho yena. (Bar. 8:​38, 39) Hopola hore Ntate wa hao ya lehodimong o a o rata ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba ka o utlwisa bohloko hakae.

Buka ya Dipesaleme e re tiisetsa hore Jehova o haufi le ba dipelo di robehileng (Sheba serapa sa 13)


14. Pesaleme ya 34:18 e re tshedisa jwang?

14 Haeba ho na le motho ya o swetsitseng, o ka tshediswa ke mantswe a Davida a hlahang ho Pesaleme ya 34:18. (E bale.) Batho “ba kgathetseng matla” ba ka nna ba ikutlwa ba se na tshepo. Jehova o thusa batho ba ikutlwang jwalo jwang? Jehova “o haufi” le rona, o jwalo ka motswadi ya nkang ngwana wa hae ya ntseng a lla ebe o a mo thodisa. Ha re utlwile bohloko hobane ho ena le motho ya re swetsitseng kapa ya re lahlileng, Jehova o utlwa bohloko boo re bo utlwang mme o tla re thusa hanghang. O ikemiseditse ho re tshedisa ha re utlwile bohloko kapa re nahana hore ha re na thuso. O re fa tshepo e re thusang hore re mamelle mathata a rona hona jwale.—Esa. 65:17.

JEHOVA O A BONA HA RE LLA HOBANE RE NYAHAME

15. Ke hobaneng ha Ezekiase a ile a utlwa bohloko hoo a ileng a lla?

15 Morena Ezekiase wa Juda o ile a kula haholo ha a le dilemo di 39. Moprofeta Esaia o ile a mo bolella hore Jehova o itse o tlo shwa. (2 Mar. 20:1) Ho ne ho bonahala eka ho fedile ka Ezekiase. Ha a utlwa molaetsa oo, o ile a utlwa bohloko hoo a ileng a lla haholo. O ile a kopa Jehova ka tiyo hore a mo thuse.—2 Mar. 20:​2, 3.

16. Jehova o ile a reng ho Ezekiase?

16 Ha Jehova a utlwa thapelo ya Ezekiase mme a bona dikgapha tsa hae, o ile a mo utlwela bohloko yaba o re ho yena: “Ke utlwile thapelo ya hao mme ke bone meokgo ya hao. Ke tlo o fodisa.” Jehova o ile a sebedisa Esaia ho fetisa molaetsa wa hore o tlo eketsa bophelo ba Ezekiase le hore o tla pholosa Jerusalema letsohong la Baasiria.—2 Mar. 20:​4-6.

17. Jehova o re thusa jwang ha re kula haholo? (Pesaleme ya 41:3) (Sheba setshwantsho.)

17 Re ithutang? Na o kula hoo o se nang tshepo ya hore o tla fola? Rapela Jehova, o mo bolelle hore na o ikutlwa jwang. O tla o mamela le ha o ka rapela o ntse o lla. Bibele e a re tiisetsa hore Jehova “Ntate ya mohau le ya bonolo haholo” o tla re tshedisa mathateng ohle a rona. (2 Bakor. 1:​3, 4) Mehleng ena ha re a lebella hore Jehova a tlose mathata ohle a rona empa o tla dula a re thusa. (Bala Pesaleme ya 41:3.) Jehova o sebedisa moya wa hae o halalelang ho re fa matla, bohlale le kgotso ya kelello e le hore re ka mamella. (Diprov. 18:14; Bafil. 4:13) O boetse o re tshedisa ka ho re fa tshepo ya hore nakong e tlang ha ho motho ya tla kula.—Esa. 33:24.

Jehova o tla arabela dithapelo tsa rona ka ho re fa matla, bohlale le kgotso ya kelello (Sheba serapa sa 17)


18. Ke lengolo lefe le o tshedisang ha o tobane le maemo a thata? (Sheba lebokose le reng “ Ditemana Tse ka re Tshedisang ha re Lla.”)

18 Mantswe a Jehova a ile a tshedisa Ezekiase. Le rona re ka fumana matshediso ka Lentsweng la Modimo. Ha re nyahame, mantswe a Jehova a hlahang ka Bibeleng a ka re tshedisa le ho re thusa hore re dule re kgobile matshwafo. (Bar. 15:4) Moradi wa bo rona ya dulang Afrika Bophirimela, o ne a dula a lla ka mora hore a bolellwe hore o na le kankere. O re: “Lengolo le ntshedisang ka ho kgetheha ke Esaia 26:3. Le hoja maemong a mangata re sa kgone ho laola mathata a rona, lengolo lena le nkgodisa hore Jehova a ka re thusa ho kgoba matshwafo le ho mamella mathata.” Na ho na le lengolo leo ka ho kgetheha le o tshedisang ha o tobane le maemo a thata a etsang hore o se ke wa ba le tshepo?

19. Ho tla etsahalang nakong e tlang?

19 Re phela mehleng ya bofelo mme re lebeletse hore re tla lla hangata ka ha mathata a ntse a hlwa manolo hodimo. Empa jwalo ka ha re ithutile mohlaleng wa Anna, Davida le Morena Ezekiase, Jehova o a bona ha re lla ebile o utlwa bohloko. O bona dikeledi tsa rona. Ka hoo, ha re tobane le maemo a re utlwisang bohloko, re tshollele dipelo tsa rona ho yena. E se eka le ka mohla re ka se ikarole ho bara le baradi ba bo rona ba re ratang. Hape e se eka re ka tswela pele re bala Bibele e le hore re ka fumana matshediso a tswang ho Jehova. Re kgodisehile hore ha re tswela pele re mameletse ka botshepehi, Jehova o tla re putsa. Moputso oo o akarelletsa tshepiso e thabisang ya hore nakong e tlang o tla hlakola meokgo yohle ya rona e bakwang ke ho utlwa bohloko, ho swetseha le ho nyahama. (Tshen. 21:4) Ka nako eo, re tla lla dikeledi tsa thabo.

PINA YA 4 “Jehova ke Modisa wa Ka”