Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 49

PINA YA 147 Ho Tshepisitswe Bophelo bo sa Feleng

O ka Etsang Hore o Fumane Bophelo bo sa Feleng?

O ka Etsang Hore o Fumane Bophelo bo sa Feleng?

“E mong le e mong ya amohelang Mora a bile a bontsha hore o dumela ho yena a be le bophelo bo sa feleng.”JOH. 6:40.

NTLHAKGOLO

Ka moo batlotsuwa le ba dinku tse ding ba ruang molemo ka teng sehlabelong sa Jesu Kreste.

1. Ke hobaneng ha batho ba bangata ba sa dumele hore motho a ka phela ka ho sa feleng?

 BATHO ba bangata ba leka ho ja dijo tse nang le phepo le ho ikwetlisa ka mehla e le hore ba phele nako e telele. Le ha ho le jwalo, ha ba a lebella ho phela ka ho sa feleng. Ha ba na tshepo ebile ha ba dumele hore motho a ka phela ka ho sa feleng ka lebaka la mathata a tliswang ke botsofadi. Ho sa tsotellehe seo, ho Johanne 3:16 le 5:24 Jesu o ile a bontsha hore ho ka kgoneha hore batho ba fumane “bophelo bo sa feleng.”

2. Johanne kgaolo ya 6 e reng ka bophelo bo sa feleng? (Johanne 6:​39, 40)

2 Ka letsatsi le leng, Jesu o ile a etsa mohlolo wa ho fepa batho ba dikete bohobe le tlhapi. a Ntho eo a e entseng e ne e makatsa empa seo a ileng a se bua letsatsing le latelang ho batho ba neng ba mo latela ha a ya Kapernauma, se ne se makatsa le ho feta. Ha ba le pela lebopo la Galilea, o ile a ba bolella hore o tla tsosa batho ba hlokahetseng mme ba tla phela ka ho sa feleng. (Bala Johanne 6:​39, 40.) Na taba ee ha e etse hore o nahane ka metswalle ya hao le ba lelapa ba seng ba hlokahetse? Mantswe a Jesu a bontsha hore batho ba bangata ba hlokahetseng ba tla tsoswa le hore wena le baratuwa ba hao le tla thabela ho phela ka ho sa feleng. Empa ho thata hore batho ba bangata ba utlwisise mantswe ao Jesu a ileng a a bua ka mora moo. A re hlahlobeng mantswe ao.

3. Ho ya ka Johanne 6:​51, Jesu o ile a reng?

3 Ka mora hore Jesu a fepe batho ba bangata ka mohlolo ha a ne a le Kapernauma, ba ile ba nahana ka manna ao Jehova a ileng a a fa Baiseraele ha ba ne ba le lefeelleng. Ha e le hantle, Mangolo a re manna ao ke “bohobe bo tswang lehodimong.” (Pes. 105:40; Joh. 6:31) Jesu o ile a bua ka manna ho hlakisa taba eo a neng a tlo bua ka yona. Le hoja manna e ne e le dijo tseo Modimo a faneng ka tsona ka mohlolo, batho ba ileng ba a ja ba ile ba hlokahala qetellong. (Joh. 6:49) Empa Jesu yena o ile a ipitsa “bohobe ba nnete bo tswang lehodimong,” “bohobe boo Modimo a fanang ka bona” le “bohobe ba bophelo.” (Joh. 6:​32, 33, 35) Jesu o ile a hlalosa hore ho na le phapang e kgolo pakeng tsa hae le manna. O ile a re: “Ke nna bohobe ba bophelo, bo theohileng lehodimong. Motho ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.” (Bala Johanne 6:51.) Bajuda bao ba ne ba ferekane. Ba ne ba sa utlwisise hore na ke hobaneng ha Jesu a re ke “bohobe” bo tswang lehodimong. Hape ba ne ba sa utlwisise hore na ke hobaneng ha a re bohobe bona bo molemo ho feta manna ao Modimo a ileng a a fa baholoholo ba bona. Jesu o ile a re ho bona: “Bohobe boo ke tla fana ka bona . . . ke nama ya ka.” Ebe o ne a bolelang? Ke ha bohlokwa hore re utlwisise hore na o ne a bolelang, hobane karabo ya hae e bontsha hore rona le batho bao re ba ratang re ka kgona ho phela ka ho sa feleng. A re boneng hore na Jesu o ne a bolelang.

BOHOBE BA BOPHELO LE NAMA YA JESU DI BOLELANG?

4. Ke hobaneng ha batho ba bang ba ile ba tshoswa ke seo Jesu a ileng a se bua?

4 Batho ba bang ba ile ba tshoha ha ba utlwa Jesu a re bohobe boo a tla fana ka bona ‘e le hore batho ba phele, ke nama ya hae.’ Na ba ne ba nahana hore ka nnete o tla ba fa nama ya hae e le hore ba e je jwalo ka ha eka ke madimo? (Joh. 6:52) Jesu o ile a ba bolella ntho e nngwe e tshosang le ho feta. O ile a re: “Le ke ke la fumana bophelo ha le sa je nama ya Mora motho le ho nwa madi a hae.”—Joh. 6:53.

5. Keng e bontshang hore Jesu o ne a sa bolele hore batho ba nwe madi a hae a sebele?

5 Mehleng ya Noe, Modimo o ile a re batho ba se ke ba ja madi. (Gen. 9:​3, 4) Ha morao Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba ja madi. Mang kapa mang ya neng a ka ja madi o ne a tla ‘bolawa.’ (Lev. 7:27) Jesu o ne a mamela Molao oo. (Mat. 5:​17-19) Ka hoo, ha se taba e utlwahalang hore o ne a ka kgothaletsa letshwele la Bajuda hore le je nama ya hae ya sebele le ho nwa madi a hae. Le hoja Jesu a ile a bua ditaba tsena tse tshosang, morero wa hae e ne e le ho ruta batho hore na ba ka fumana “bophelo bo sa feleng” jwang.—Joh. 6:54.

6. Keng e bontshang hore Jesu o ne a bua ka tsela ya tshwantshetso ha a ne a re batho ba je nama ya hae le ho nwa madi a hae?

6 Jesu o ne a bolelang? Ho hlakile hore Jesu o ne a bua ka tsela ya tshwantshetso jwalo ka ha a ile a etsa ha a ne a bolella mosadi wa Mosamaria a re: “Motho ya nwang metsi ao ke mo fang ona a ke ke a nyorwa empa metsi ao ke mo fang ona a tla fetoha sediba sa metsi ka hare ho yena, se runyang se fanang ka bophelo bo sa feleng.” (Joh. 4:​7, 14) b Jesu o ne a sa bolele hore mosadi wa Mosamaria o tla fumana bophelo bo sa feleng ha feela a ka nwa metsi a tswang sedibeng se itseng. Ka tsela e tshwanang, Jesu o ne a sa bolele hore letshwele leo a neng a bua le lona Kapernauma le ne le tla fumana bophelo bo sa feleng ka hore le je nama ya hae ya sebele le ho nwa madi a hae.

PHAPANG PAKENG TSA DIKETSAHALO TSE PEDI

7. Batho ba bang ba reng ka mantswe ao Jesu a a buileng ho Johanne 6:53?

7 Batho ba madumedi a mang ba re mantswe a ho Johanne 6:53 a buang ka ho ja nama ya Jesu le ho nwa madi a hae, a ne a hlalosa hore na batho ba lokela ho etsang Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena. Ka nako eo, Jesu o ile a sebedisa mantswe a tshwanang le ao a ileng a a bua ha a ne a le Kapernauma. (Mat. 26:​26-28) Ba re motho e mong le e mong ya tlileng Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena o lokela ho ja bohobe le ho nwa veine tse fetiswang. Na ba nepile? Ke ha bohlokwa hore re fumane hore na ba nepile kapa ba fositse, hobane selemo le selemo batho ba dimilione lefatsheng lohle ba a bokana bakeng sa ketsahalo eo. A re ke re bone phapang pakeng tsa ketsahalo e tlalehilweng ho Johanne 6:53 le seo Jesu a se buileng Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena.

8. Diketsahalo tse pedi tseo ho builweng ka tsona di fapane jwang? (Sheba ditshwantsho.)

8 A re hlahlobeng phapang pakeng tsa diketsahalo tsena tse pedi. Ya pele, Jesu o ne a le hokae ha a bua mantswe a ho Johanne 6:​53-56, hona o a buile neng? O a buile ho letshwele la Bajuda a le Galilea ka selemo sa 32. E ne e ka ba selemo pele a theha Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena Jerusalema. Ya bobedi, o ne a bua le bomang? Le batho ba neng ba amehile haholo ka dijo ho ena le hore ba ithute ka Jehova le Mmuso wa hae. (Joh. 6:26) Ha e le hantle, ha Jesu a ne a bua ntho eo ba neng ba sa e utlwisise, ba ile ba kgaotsa ho dumela ho yena hanghang. Esita le ba bang ba barutuwa ba hae ba ile ba kgaotsa ho mo latela. (Joh. 6:​14, 36, 42, 60, 64, 66) Batho bana ba ne ba fapane hole le baapostola ba 11 ba neng ba ena le Jesu hoo e ka bang selemo ha morao, ha a ne a theha Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena ka selemo sa 33. Ketsahalong eo, o ne a ena le baapostola ba hae ba 11 le hoja ba ne ba sa utlwisise hantle seo a neng a ba ruta sona. Ho fapana le letshwele le neng le le Galilea, baapostola bana ba tshepahalang ba ne ba ntse ba kgodisehile hore Jesu ke Mora wa Modimo ya tswang lehodimong. (Mat. 16:16) O ile a ba babatsa a re: “Haesale le ena le nna mathateng a ka.” (Luka 22:28) Phapang ya diketsahalo tsena tse pedi e bontsha hore mantswe a Jesu a hlahang ho Johanne 6:53 a ne a sa hlalose se neng se tla etsahala Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena. Ho na le bopaki bo bong hape bo bontshang hore diketsahalo tsena tse pedi di ne di fapane.

Ka ho le letshehadi: Ho Johanne kgaolo ya 6, Jesu o ne a bua le letshwele la Bajuda a le Galilea. Ka ho le letona: Selemo ha morao, o ile a bua le baapostola ba hae ba 11 a le Jerusalema (Sheba serapa sa 8)


MANTSWE A JESU A BOLELANG HO WENA?

9. Mantswe ao Jesu a a buileng Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena a ne a lebisitswe ho bomang?

9 Nakong ya Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena, Jesu o ile a fa baapostola ba hae bohobe bo se nang tomoso mme a ba bolella hore bo emela mmele wa hae. Hape o ile a ba fa veine mme a re e emela “madi a selekane.” (Mar. 14:​22-25; Luka 22:20; 1 Bakor. 11:24) Taba eo a ileng a e bua ya selekane ke ya bohlokwa haholo. O ile a se bitsa selekane se setjha mme selekane sena se pakeng tsa Jehova le “ba ntlo ea Iseraele” e leng batho ba tla busa le Jesu “Mmusong wa Modimo,” eseng batho bohle. (Baheb. 8:​6, 10; 9:15) Ka nako eo, baapostola ba ne ba sa utlwisise taba eo. Empa haufinyane ba ne ba tla tlotswa ka moya o halalelang mme e be karolo ya selekane se setjha, e le hore ba tle ba buse le Jesu lehodimong.—Joh. 14:​2, 3.

10. Ke phapang efe e nngwe e teng pakeng tsa seo Jesu a se buileng Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena le seo a se buileng ha a ne a le Galilea? (Sheba setshwantsho.)

10 Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena, Jesu o ne a bua le “mohlatswana.” Baapostola ba neng ba ena le yena moo, ke bona ba pele ba ho ba karolo ya sehlopha sena se senyenyane. (Luka 12:32) Bona ha mmoho le ba bang bao e neng e tla ba karolo ya sehlopha seo, ho ne ho lebeletswe hore ba je bohobe le ho nwa veine. Ke bona ba tla fumana sebaka lehodimong le Jesu. Ena ke phapang e nngwe e teng pakeng tsa Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena le ketsahalo e ileng ya etsahala pejana Galilea. Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena, Jesu o ne a bua le batho ba seng ba kae feela ha pejana teng a ne a bua le letshwele le Galilea.

Le hoja e le batho ba seng bakae feela ba jang bohobe le ho nwa veine Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena, batho bohle ba ka fumana bophelo bo sa feleng ha ba bontsha tumelo ho Jesu (Sheba serapa sa 10)


11. Jesu o ile a reng ha a ne a le Galilea ho bontsha hore o ne a sa bue ka sehlopha se senyenyane?

11 Ha Jesu a ne a le Galilea ka selemo sa 32, o ne a bua haholo le Bajuda ba neng ba mo batla bohobe. Le ha ho le jwalo, o ile a bua le bona ka ntho e nngwe ya bohlokwa ho feta bohobe boo, e neng e ka ba thusa ho fumana bophelo bo sa feleng. Jesu o ile a boela a re batho ba hlokahetseng ba tla tsoswa ka letsatsi la ho qetela mme ba phele ka ho sa feleng. O ne a sa bue ka batho ba seng bakae ba kgethilweng bao a ileng a bua le bona ha morao Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena. Ho ena le hoo, ha a ne a le Galilea, o ne a bua ka tlhohonolofatso eo batho bohle ba neng ba ka e fumana. O ile a re: “Bohobe boo ke tla fana ka bona e le hore lefatshe le phele, ke nama ya ka.”—Joh. 6:​51, nal.

12. Batho ba lokela ho etsang e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng?

12 Na Jesu o ne a bolela hore motho e mong le e mong ya kileng a phela o tla fumana bophelo bo sa feleng? Tjhe. Ke batho ba ‘jang bohobe bona’ feela, e leng ba bontshang tumelo ho Jesu, ba tla bo fumana. Batho ba bangata mehleng ena ba re ba dumela ho Jesu ebile ba mo bitsa mopholosi wa bona. (Joh. 6:29) Le ha ho le jwalo, qalong batho ba bang bao Jesu a ileng a bua le bona ha a ne a le Galilea, ba ne ba dumela ho yena empa ha morao ba ile ba kgaotsa. Hobaneng?

13. Ho bolelang ho ba morutuwa wa Jesu wa nnete?

13 Batho ba bangata hara letshwele leo ba ne ba latela Jesu hobane feela a ne a ba fa dintho tseo ba di batlang. Ba ne ba ipatlela hore a ba fodise ka mohlolo, a ba fe dijo le ho ba ruta ka dintho tseo ba neng ba thabela ho di utlwa. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a bontsha hore ho ne ho hlokahala se fetang seo e le hore motho e be morutuwa wa hae wa nnete. Jesu o ne a sa tlela lefatsheng hore feela a tlo fa batho dintho tseo ba di batlang. Ba ne ba lokela ho amohela memo ya hae ya hore ba tle ho yena, ka hore ba ikemisetse ho mamela dintho tsohle tseo a neng a di ruta.—Joh. 5:40; 6:44.

14. Re lokela ho etsang e le hore re fumane bophelo bo sa feleng?

14 Jesu o ile a bolella batho bao hore ba lokela ho ba le tumelo sehlabelong seo a neng a tla se etsa ka nama le madi a hae, hobane se ne se tla ba bulela monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Tumelo e jwalo e ne e le bohlokwa haholo ho Bajuda bao mme le ho rona e ntse e le bohlokwa. (Joh. 6:40) Ka hoo, seo Jesu a se buileng ho Johanne 6:​53, se bolela hore le rona re lokela ho ba le tumelo sehlabelong sa Jesu seo e leng tefo ya topollo, e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Monyetla oo o bulehetse batho ba bangata haholo.—Baef. 1:7.

15, 16. Ke dintho dife tsa bohlokwa tseo re ithutileng tsona ho Johanne kgaolo ya 6?

15 Re ithutile dintho tse ngata tsa bohlokwa le tse re kgothatsang ho Johanne kgaolo ya 6. Kgaolo ena e re bontshitse ka moo Jesu a utlwelang batho bohloko ka teng. Ha a ne a le Galilea, o ile a fodisa batho ba kulang, a ba ruta ka Mmuso wa Modimo mme a etsa bonnete ba hore o ba fa dijo. (Luka 9:11; Joh. 6:​2, 11, 12) Ha bohlokwa le ho feta, o ile a ba ruta hore ke “bohobe ba bophelo.”—Joh. 6:​35, 48.

16 Batho bao Jesu a ileng a re ke “dinku tse ding” ha ba a lokela ho ja bohobe kapa ho nwa veine Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena. (Joh. 10:16) Le ha ho le jwalo, nama le madi a Jesu Kreste a ntse a ba tswela molemo hobane ba bontsha tumelo sehlabelong sa Jesu le ditlhohonolofatsong tse tliswang ke sona. (Joh. 6:53) Empa batho ba jang bohobe le ho nwa veine ba bontsha hore ba tlasa selekane se setjha ebile ba na le tshepo ya ho busa Mmusong wa lehodimo. Ka hoo, ho sa tsotellehe hore na re batlotsuwa kapa re ba dinku tse ding, re ithuta thuto ya bohlokwa haholo ho Johanne kgaolo ya 6. Re ithuta hore re lokela ho ba le tumelo e matla e le hore re fumane bophelo bo sa feleng.

PINA YA 150 Batlang Modimo Hore le Lopollwe

a Sehloohong se fetileng re buile ka Johanne 6:​5-35.

b Metsi ao Jesu a buileng ka ona a emela dintho tsohle tseo Jehova a di entseng le tseo a di etsang hona jwale e le hore batho ba ka phela ka ho sa feleng.