Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 48

PINA YA 97 Lentswe la Modimo le a Phedisa

Re Ithutang Mohlolong oo Jesu a Ileng a o Etsa wa Bohobe?

Re Ithutang Mohlolong oo Jesu a Ileng a o Etsa wa Bohobe?

“Ke nna bohobe ba bophelo. Ya tlang ho nna a ke ke a lapa ho hang.”JOH. 6:35.

NTLHAKGOLO

Re tlo hlahloba tlaleho e hlahang ho Johanne kgaolo ya 6 moo Jesu a ileng a atisa bohobe le tlhapi e le hore a kgone ho fepa letshwele. Re tla boela re bone hore na re ka ithutang tlalehong eo.

1. Bohobe bo ne bo le bohlokwa hakae ho batho ba bangata bao Bibele e buang ka bona?

 BOHOBE bo ne bo jewa haholo ke batho ba bangata bao Bibele e buang ka bona. (Gen. 14:18; Luka 4:4) E ne e le sejo sa bohlokwa haholo hoo ka dinako tse ding ha Bibele e bua ka “bohobe” e bolelang dijo ka kakaretso. (Mat. 6:11) Jesu o ile a sebedisa bohobe mehlolong e mmedi e tsebahalang eo a ileng a e etsa. (Mat. 16:​9, 10) O mong wa mehlolo eo o hlaha ho Johanne kgaolo ya 6. Ha re ntse re hlahloba tlaleho ena, re tla ithuta hore na re ka e sebedisa jwang bophelong ba rona.

2. Ke boemo bofe boo ho bona batho ba ileng ba hloka ho fuwa dijo?

2 Ka mora hore baapostola ba bolele ditaba tse monate, Jesu o ile a tshela Lewatle la Galilea le bona ka sekepe e le hore ba ka phomola. (Mar. 6:​7, 30-32; Luka 9:10) Ba ile ba fihla sebakeng se thotseng motseng wa Bethsaida. Ho eso ye kae, batho ba dikete ba ile ba fihla ba tlo bona Jesu. Jesu ha a ka a iphapanyetsa bona. O ile a ipha nako ya ho ba ruta ka Mmuso wa Modimo le ho fodisa ba kulang. Ha e eba mantsiboya, barutuwa ba ile ba tshwenyeha ka hore na batho bana ba bangata ba tlo jang. Mohlomong ba seng bakae ba bona ba ne ba ena le dijonyana empa boholo ba bona ba ne ba tla hloka ho kena metsaneng ba ithekele dijo. (Mat. 14:15; Joh. 6:​4, 5) Jesu o ne a tla etsang boemong boo?

JESU O ETSA MOHLOLO WA BOHOBE

3. Jesu o ile a laela baapostola ba hae hore ba etsetse setjhaba eng? (Sheba setshwantsho.)

3 Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Ha ho hlokahale hore ba tsamaye. Lona ba feng dijo.” (Mat. 14:16) Taba eo e ne e bonahala eka e ke ke ya kgoneha hobane ho ne ho ena le banna ba ka bang 5 000. Ho ka etsahala hore ha ho balellwa basadi le bana, ho ne ho ena le batho ba 15 000 ba lokelang ho fuwa dijo. (Mat. 14:21) Andrease o ile a re: “Moshanyana ke enwa ya nang le mahobe a mahlano a harese le ditlhapi tse pedi tse nyenyane empa di nyenyane haholo bakeng sa ho fepa setjhaba sena.” (Joh. 6:9) Bohobe ba harese e ne e le dijo tse tlwaelehileng ho batho bohle ebang ba ne ba futsanehile kapa tjhe mme tlhapi e nyenyane ho ka etsahala hore e ne e tshetswe ka letswai ebile e omisitswe. Empa na dijo tseo moshanyana eo a neng a di nkile di ne di ka anela batho bao kaofela?

Jesu o ne a tsotella batho mme a ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang le hore ba rate Modimo (Sheba serapa sa 3)


4. Re ka ithutang ho Johanne 6:​11-13? (Sheba ditshwantsho.)

4 Ka ha Jesu o ne a batla ho ba mosa ho setjhaba seo, o ile a laela hore se dule hodima jwang ka dihlopha. (Mar. 6:​39, 40; bala Johanne 6:​11-13.) Ka mora moo, Jesu a leboha Ntate wa hae bakeng sa bohobe le tlhapi eo. Ka ho etsa jwalo, Jesu o ile a bontsha hore o ananela dijo tseo. Hape o ne a bontsha hore Modimo ke yena ya entseng hore ba be le tsona. Ho bohlokwa hore re latele mohlala wa Jesu wa hore re rapelle dijo pele re ja, ebang re bang kapa re na le batho ba bang. Jesu o ile a re setjhaba se fuwe dijo mme batho bohle ba ja ho fihlela ba kgotsofetse. Ho ile ha eba le dijo tse ngata hoo tse ding di ileng tsa sala mme Jesu o ne a sa batle hore tse setseng di lahlwe. O ile a re barutuwa ba bokelle dijo tse setseng e le hore di ka sebediswa ha morao. Jesu o re behetse mohlala o motle wa hore re sebedise dintho hantle. Haeba o motswadi, o ka sebedisa tlaleho ena ho ruta bana ba hao bohlokwa ba ho rapela pele ba ja, ho ba mosa ho batho ba bang le ho ba batho ba fanang jwalo ka Jesu.

Ipotse: ‘Na ke etsisa mohlala wa Jesu ka hore ke rapele pele ke ja?’ (Sheba serapa sa 4)


5. Batho ba ile ba etsang ka mora hore ba bone seo Jesu a se entseng, hona Jesu o ile a etsang?

5 Batho ba ne ba kgahlilwe ke tsela eo Jesu a neng a ruta ka yona le mehlolo eo a e entseng. Ka ha ba ne ba tseba hore Moshe o ile a tshepisa hore Modimo o tla tlisa moprofeta ya kgethehileng, ho ka etsahala hore ba ile ba ipotsa hore na Jesu ke yena moprofeta eo. (Deut. 18:​15-18) Haeba ho jwalo, ho ne ho bonahala eka Jesu e tla ba mmusi ya molemo, hobane o ne a ka kgona ho fa setjhaba sohle dijo. Ka lebaka leo, setjhaba se ne se batla ho tshwara Jesu e le hore se mo etse morena. (Joh. 6:​14, 15) Haeba Jesu a ne a ka ba dumella hore ba mo etse morena, o ne a tla be a kenella dipolotiking mme a tshehetsa Bajuda ba neng ba buswa ke Baroma. Empa ha a ka a etsa jwalo. Jesu o ile a etsa qeto ya ho “kgutlela thabeng.” Ho sa tsotellehe kgatello e tswang ho ba bang, Jesu ha a ka a kenella dipolotiking. Eo ke thuto ya bohlokwa ho rona.

6. Re ka bontsha jwang hore re batla ho latela mohlala wa Jesu? (Sheba setshwantsho.)

6 Ke nnete hore batho ba bang ba ke ke ba re kopa hore re hlahise dijo ka mohlolo kapa re fodise batho ba kulang, hape ba ke ke ba batla ho re etsa babusi kapa marena. Empa ba ka etsa hore re kenelle dipolotiking ka ho re kopa hore re voutele mokgatlo o itseng kapa re bue motho ya itseng hantle eo ba nahanang hore o tla tlisa diphetoho. Le ha ho le jwalo, mohlala wa Jesu o hlakile. O ile a hana ho kenella dipolotiking hoo ha morao a ileng a re: “Mmuso wa ka ha se wa lefatshe lena.” (Joh. 17:14; 18:36) Mehleng ena, Bakreste ba tla be ba etsa hantle ha ba nahana le ho etsa dintho jwalo ka Jesu. Re tshehetsa Mmuso wa Modimo, re bolella batho ka ona ebile re rapella hore o tle. (Mat. 6:10) A re kgutleleng tlalehong eo Jesu a ileng a hlahisa bohobe ka mohlolo ho yona mme re bone hore na re ka ithutang hape.

Jesu o ile a behela balatedi ba hae mohlala ka hore a se ke a kenella dipolotiking tsa Bajuda kapa tsa Baroma (Sheba serapa sa 6)


‘MOHLOLO WA MAHOBE O BOLELANG?’

7. Jesu le baapostola ba ile ba etsang? (Johanne 6:​16-20)

7 Ka mora hore Jesu a fepe setjhaba, o ile a re barutuwa ba hae ba ye Kapernauma ka sekepe mme yena a kgutlela thabeng hobane a qoba hore setjhaba se mo etse morena. (Bala Johanne 6:​16-20.) Ha baapostola ba hae ba ntse ba kganna sekepe, ho ile ha tsoha sefefo se matla, sa etsa hore ho be le moya o matla le maqhubu a lewatle a matla. Ka mora moo, Jesu o ile a tla ho bona a tsamaya hodima metsi mme a re Petrose a tle ho yena. (Mat. 14:​22-31) Ha Jesu a se a le ka hara sekepe, sefefo se ile sa thola. Barutuwa ba ile ba re: “Ka nnete o Mora Modimo.” a (Mat. 14:33) Empa ba ne ba ntse ba hloleha ho bona hore na seo a se entseng se kopana jwang le mohlolo oo a neng a o entse pejana wa ho fepa setjhaba. Mareka o tlatselletsa taba ena ha a re: “[Baapostola] ba makala haholo ka ha ba ne ba sa utlwisisa hore na mohlolo oo a o entseng ka mahobe o bolelang. Ba ile ba tswela pele ba ntse ba sa utlwisise ka dikelellong tsa bona.” (Mar. 6:​50-52) Barutuwa ba ne ba sa utlwisise hore Jehova o ne a file Jesu matla a fetang a ho etsa mehlolo feela. Ho eso fete nako e kae, Jesu ka boyena o ile a bua ka mohlolo wa mahobe oo a neng a o entse mme a bontsha hore na re ka ithuta eng ho ona.

8, 9. Ke hobaneng ha batho ba ile ba sala Jesu morao? (Johanne 6:​26, 27)

8 Batho bao Jesu a ileng a ba fepa ba ne ba ipatlela dijo feela. Re tseba sena hobane letsatsi le latelang ha ba hlokomela hore Jesu le baapostola ba hae ha ba yo, ba ile ba kena dikepeng tse tswang Tiberiase mme ba mo latela ba ya Kapernauma. (Joh. 6:​22-24) Ba ne ba sa mo latele hobane ba batla ho utlwa haholwanyane ka Mmuso wa Modimo empa ntho e kgolo eo ba neng ba e batla ke dijo. Ke hobaneng ha re tjho jwalo?

9 Hlokomela se ileng sa etsahala ha ba kopana le Jesu haufi le Kapernauma. Jesu o ile a ba toba a re ba tletse dijo feela. O ile a re ‘ba jele mahobe ba kgora’ le hoja dijo tseo e le “dijo tse senyehang.” O ile a ba kgothaletsa hore ba sebeletse “dijo tse sa senyeheng tse tlisang bophelo bo sa feleng.” (Bala Johanne 6:​26, 27.) Jesu o ile a re ke Ntate wa hae ya tla fana ka dijo tseo. E tlameha ebe batho bao ba ile ba makala haholo ba ba ba ipotsa hore na ke dijo tsa mofuta ofe tseo le hore na ba ka di fumana jwang.

10. Batho ba ne ba lokela ho etsang e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng?

10 Bajuda bao ba ne ba batla ho tseba hore na ba lokela ho etsang e le hore ba fumane dijo tseo. E ka nna yaba ba ne ba nahana hore ba lokela ho etsa dintho tse hlahang Molaong wa Moshe. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a re ho bona: “Modimo o batla hore le bontshe hore le dumela ho eo a mo rommeng.” (Joh. 6:​28, 29) Ba ne ba lokela ho bontsha tumelo ho Jesu, e leng yena eo Modimo a mo rometseng e le hore ba tle ba “fumane bophelo bo sa feleng.” Jesu o ne a ile a bua ka taba ena pejana. (Joh. 3:​16-18, 36) Ha morao o ile a boela a bua haholwanyane ka yona.—Joh. 17:3.

11. Bajuda ba ile ba bontsha jwang hore ba ne ba tshwenyehile feela ka ho fumana bohobe hore ba je? (Pesaleme ya 78:​24, 25)

11 Bajuda bao ba ne ba sa dumele hore ba lokela ho bontsha tumelo ho Jesu. Ba ile ba mo botsa ba re: “O tlo re bontsha mohlolo ofe e le hore re o kgolwe?” (Joh. 6:30) Ba ile ba re batho ba mehleng ya Moshe ba ne ba fuwa manna ka mohlolo e le hore ba je mme ho bona a ne a tshwana le bohobe ba letsatsi le letsatsi. (Neh. 9:15; bala Pesaleme ya 78:​24, 25.) Ho hlakile hore bona ba ne ba tshwenyehile feela ka ho fumana bohobe hore ba je. Ha ba a ka ba batla le ho tseba hore na Jesu o ne a bolelang ha a bua ka “bohobe ba nnete bo tswang lehodimong,” bo neng bo tshwana le manna a tswang lehodimong a neng a fana ka bophelo bo sa feleng. (Joh. 6:32) Ba ne ba tshwenyehile ka ditlhoko tsa bona hoo ba sa kang ba nkela Jesu hloohong ha a ne a leka ho ba ruta hore na ba lokela ho etsang e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng. Re ka ithuta eng tlalehong ee?

KENG EO RE LOKELANG HO AMEHA KA YONA HAHOLO?

12. Jesu o ile a re ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re lokelang ho ameha ka yona ke efe?

12 Lengolo la Johanne kgaolo ya 6 le re ruta thuto ya bohlokwa. Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re lokelang ho ameha ka yona ke ho mamela Modimo le ho ba le kamano e ntle le yena. Hopola hore Jesu o ile a bua ka taba ena ha Satane a ne a mo leka. (Mat. 4:​3, 4) Le Thutong ya hae ya Thabeng, Jesu o ile a hatisa bohlokwa ba ho ameha haholo ka kamano ya rona le Jehova. (Mat. 5:3) Ka hona, re lokela ho ipotsa: ‘Na tsela eo ke phelang ka yona e bontsha hore ke amehile haholo ka ho ba le kamano e ntle le Jehova kapa ka ho fumana dintho tseo ke di batlang?’

13. (a) Ke hobaneng ha ho se phoso ho thabela dintho tseo re di sebeleditseng ka thata? (b) Ke dintho dife tseo Pauluse a re lemositseng ka tsona? (1 Bakorinthe 10:​6, 7, 11)

13 Ha se phoso ho kopa hore Jehova a re fe dintho tseo re di hlokang le ho di thabela ha di le teng. (Luka 11:3) Ho sebetsa ka thata ho etsa hore re je mme re nwe. Ho boetse ho a re thabisa hobane “ho tswa ho Modimo wa nnete.” (Moek. 2:24; 8:15; Jak. 1:17) Empa ha re a lokela ho etsa hore dintho tsena e be tsona tsa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba rona. Moapostola Pauluse o ile a hatisa taba ena ha a ne a ngolla Bakrestemmoho le yena. O ile a bua ka mohlala o mobe wa Baiseraele ha ba ne ba le lefeelleng, ho akarelletsa le dintho tseo ba ileng ba di etsa ha ba le pela Thaba ya Sinai. O ile a lemosa Bakreste ‘hore ba se ke ba lakatsa ho etsa dintho tse mpe jwalo ka Baiseraele.’ (Bala 1 Bakorinthe 10:​6, 7, 11.) Jehova o ile a fa Baiseraele dijo ka mohlolo empa ka ha ba ne ba le meharo, ba ile ba qetella ba entse dintho tse mpe. (Num. 11:​4-6, 31-34) Ha Baiseraele ba ne ba rapela namane ya kgauta, ba ne ba bontsha hore ntho e tlang pele bophelong ba bona ke ho ja, ho nwa le ho ba le nako e monate, ho ena le ho mamela Jehova. (Ex. 32:​4-6) Pauluse o ile a bua ka mehlala ena ha a ne a lemosa Bakreste ba neng ba phela nakong eo Jerusalema le tempele ya yona di neng di le haufi le ho fediswa. Le rona re lokela ho nka keletso ena ya Pauluse e le ya bohlokwa hobane re phela nakong eo lefatshe lena le leng haufi le ho fediswa.

14. Bibele e reng ka dijo lefatsheng le letjha?

14 Ha Jesu a ne a re re rapelle “bohobe ba letsatsi lena,” o ile a boela a re re rapelle hore thato ya Modimo “e etswe lefatsheng jwalo ka ha e etswa lehodimong.” (Mat. 6:​9-11) O nahana hore lefatshe le tla ba jwang ka nako eo? Bibele e bontsha hore thato ya Modimo ke hore ho be le dijo tse monate le tse ngata lefatsheng. Esaia 25:​6-8 e re ha Mmuso wa Jehova o se o busa, ho tla ba le matletsetletse a dijo tse monate lefatsheng. Pesaleme ya 72:16 le yona e re “ho tla ba le dijo tse ngata lefatsheng. Di tla ba ngata le hodima dithaba.” Na o tatetse nako eo o tla beng o pheha mefuta e fapaneng ya dijo le ho leka mefuta e meng e metjha? O ka nna wa boela wa lema dirapa tsa morara le ho thabela ditholwana tsa tsona. (Esa. 65:​21, 22) Batho bohle ba tla thabela dintho tseo tse hlollang.

15. Batho ba tla beng ba tsositswe ba tla ithutang? (Johanne 6:35)

15 Bala Johanne 6:35. Batho ba ileng ba ja bohobe le tlhapi tseo Jesu a ileng a ba fa tsona, ba lebeletseng nakong e tlang? Ke nnete hore ba bang ba bona e ka nna yaba ha ba a ka ba bontsha tumelo ho Jesu empa ho ka etsahala hore ba tsoswe mme o tla kopana le bona. (Joh. 5:​28, 29) Ba tla lokela ho ithuta mantswe a Jesu a reng: “Ke nna bohobe ba bophelo. Ya tlang ho nna a ke ke a lapa ho hang.” Ba tla lokela ho ba le tumelo sehlabelong sa Jesu seo e leng tefo ya topollo. Bana ba tla hlaha ka nako eo le batho ba tla beng ba tsositswe, ba tla ba le monyetla wa ho ithuta ka Jehova. Re tla thaba haholo ha re nka karolo mosebetsing wa ho ruta batho ka Modimo. Ho etsa mosebetsi ona ho tla re thabisa haholo ho feta ho ja dijo tse ngata tse monate tse tla beng di le teng ka nako eo. Dintho tsa bohlokwa ka ho fetisisa e tla be e le tse amanang le mosebetsi wa Modimo.

16. Re tlo hlahlobang sehloohong se latelang?

16 Re ithutile ho se hokae ka tlaleho e hlahang ho Johanne kgaolo ya 6 empa ho na le dintho tse ding tse ngata tseo Jesu a ileng a di ruta ka “bophelo bo sa feleng.” Bajuda bao Jesu a neng a bua le bona ba ne ba lokela ho mo mamela ka hloko mme le rona re lokela ho etsa se tshwanang. Sehloohong se latelang, re tlo tswela pele ho hlahloba Johanne kgaolo ya 6.

PINA YA 20 O Fane ka Mora wa Hao wa Bohlokwa

a E le hore o fumane dintlha tse ding tse buang ka tlaleho ena e monate, sheba buka ya Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo, leq. 131 le ya Etsisa Tumelo ea Bona, leq. 185.