Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o sa Hopola?

Na o sa Hopola?

Na o badile dihlooho tsa Tora ya ho Lebela tsa selemong see ka hloko? Haeba ho jwalo, leka ho araba dipotso tsena:

Jehova o beha mohlala ofe o motle ka tsela eo a tshwarang basadi ka yona?

Jehova ha a kgetholle basadi. O ba tshwara ka tsela eo a tshwarang banna ka yona. O mamela basadi, o tsotella maikutlo a bona le hore na ba na le mathata afe. Hape o bontsha hore o a ba tshepa ka ho ba dumella hore ba etse mosebetsi wa hae.—w24.01, leq. 15-16.

Re ka etsang ho bontsha hore re mamela keletso e ho Baefese 5:7 e reng: “Le se ke la itswakanya le bona”?

Moapostola Pauluse o ile a re lemosa hore re se ke ra tlwaelana le batho ba etsang hore ho be thata ho mamela melao ya Modimo. E ka ba batho bao re qetang nako le bona ka seqo le bao re qetang nako le bona metjheng ya puisano.—w24.03, leq. 22-23.

Ke dipale dife tsa bohata tseo re lokelang ho itebela ho tsona?

Re lokela ho ba hlokolosi ka dipale tseo re se nang bonnete ba tsona tse tswang ho Bakrestemmoho, di-email tseo re sa tsebeng hore na di tswa ho bomang le bakwenehi ba etsang eka ba rata molaetsa wa rona.—w24.04, leq. 12.

Keng eo re e tsebang le eo re sa e tsebeng ka hore na Jehova o tla ahlola Morena Solomone, batho ba Sodoma le Gomora le batho ba ileng ba hlokahala nakong ya Morwallo?

Ha re tsebe hore na Jehova o entse qeto ya ho ba fedisa ka ho sa feleng. Empa re a tseba hore o tseba dintlha kaofela ebile o mohau haholo.—w24.05, leq. 3-4.

Taba ya hore Modimo ke “Lefika” e re tiisetsang? (Deut. 32:4)

Re ka etsa Jehova setshabelo sa rona. O a tshepahala, o dula a phethahatsa ditshepiso tsa hae. Hape o tsitsitse, botho ba hae le merero wa hae ha di fetohe.—w24.06, leq. 26-28.

O ka thuswa keng ho tlwaela phutheho e ntjha?

Itshetlehe ka Jehova. O tla o thusa jwalo ka ha a ile a thusa bahlanka ba hae nakong e fetileng. O se ke wa bapisa phutheho e ntjha le ya kgale. Phathahana phuthehong ya hao e ntjha mme o etse metswalle e metjha.—w24.07, leq. 26-28.

Re ithutang dipapisong tse tharo tse ho Matheu kgaolo ya 25?

Papiso ya dinku le dipodi e hatisa bohlokwa ba ho tshepahala le ho ba le tumelo. Papiso ya barwetsana ba bohlale le ba mawatla e hatisa bohlokwa ba ho dula re itokisitse re bile re fadimehile. Papiso ya ditalenta yona e bontsha bohlokwa ba ho dula re sebetsa ka thata.—w24.09, leq. 20-24.

Foranta ya tempele ya Solomone e ne e phahame hakae?

Ho ya ka meqolo e meng ya kgale, 2 Dikronike 3:4 e re bophahamo ba foranta ena e ne e le “ditswe tse 120,” e leng dimithara tse 53. Empa diphetolelo tse ding tse ka tsheptjwang di re “ditswe tse 20” kapa dimithara tse ka bang robong. Ho bonahala eka ditswe tsena tse 20 e ne e le botenya ba mabota a tempele.—w24.10, leq. 31.

Bibele e bolelang ha e re mohlanka ya sebeletsang “a be le mosadi a le mong”? (1 Tim. 3:12)

O lokela ho nyala mosadi a le mong feela mme ha a lokela ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. Hape ha a lokela ho bontsha maikutlo a lerato ho mosadi le ha e le ofe e mong.—w24.11, leq. 19.

Keng e bontshang hore Johanne 6:53 ha e bue ka se neng se tla etsahala Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena?

Johanne 6:53 e bua ka bohlokwa ba ho ja nama le ho nwa madi a Jesu. Jesu o buile mantswe a temaneng ena a le Galilea ka selemo sa 32, ho Bajuda ba neng ba ntse ba eso bontshe tumelo ho yena. Le ha ho le jwalo, Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena di ile tsa thehwa Jerusalema selemo ha morao. Hona moo, Jesu o ile a bua le batho ba neng ba tla busa le yena lehodimong.—w24.12, leq. 10-11.