Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang ya Etellang Pele Batho ba Modimo Kajeno?

Ke Mang ya Etellang Pele Batho ba Modimo Kajeno?

“Hopolang ba etellang pele hara lona.”BAHEB. 13:7.

DIPINA: 12543

1, 2. Ho ka etsahala hore e be baapostola ba ile ba ipotsang ha Jesu a nyolohela lehodimong?

BAAPOSTOLA ba Jesu ba eme Thabeng ya Mehlware ba shebile hodimo, mme ba qeta ho bona ha monghadi le motswalle wa bona Jesu a kwahelwa ke leru. (Lik. 1:9, 10) Jesu o ile a ba ruta, a ba matlafatsa le ho ba etella pele ka dilemo tse ka bang tse pedi. Jwale ha e le moo Jesu a se a ile lehodimong, e be ke mang ya neng a tla ba etella pele?

2 Jesu o ile a re ho balatedi ba hae: “Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e holehole ya lefatshe.” (Lik. 1:8) Ba ne ba tla finyella mosebetsi oo jwang? Ke nnete hore Jesu o ile a ba tshepisa hore ba ne ba tla amohela moya o halalelang haufinyane. (Lik. 1:5) Leha ho le jwalo, mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo lefatsheng lohle, o ne o hloka motho ya tla o etella pele. Mehleng ya baapostola Jehova o ile a sebedisa bahlanka ba hae ho tataisa le ho hlophisa batho ba hae. Kahoo, ho ka etsahala hore e be baapostola ba ile ba ipotsa, ‘Na Jehova o tla kgetha moetapele ya motjha?’

3. (a) Ke qeto efe ya bohlokwa eo baapostola ba tshepahalang ba Jesu ba ileng ba e etsa ka mora hore a nyolohele lehodimong? (b) Re tlo bua kang sehloohong see?

3 Pele ho feta dibeke tse pedi, barutuwa ba Jesu ba ile ba hlahloba Mangolo, ba rapella tataiso ya Modimo, yaba ba kgetha Mathiase hore a nkele Judase Iskariota sebaka mme e be moapostola wa bo 12. (Lik. 1:15-26) Ke hobaneng ha kgetho eo e ne e le ya bohlokwa ho bona le ho Jehova? Mathiase o ne a phetha karolo ya bohlokwa ho latela tlhophiso ya Modimo. * Jesu o ne a sa kgethela baapostola ba hae feela hore ba tsamaye le yena tshebeletsong ya hae empa o ile a ba kwetlisetsa hore ba phethe karolo ya bohlokwa hara batho ba Modimo. Karolo eo e ne e le efe, hona Jehova o ile a sebedisa Jesu jwang hore a ba kwetlisetse ho e finyella? Kajeno hona le tokisetso efe e tshwanang le eo hara batho ba Modimo? Hape ke jwang re ka “hopolang ba etellang pele” hara rona, haholoholo bao e leng karolo ya “lekgoba le tshepahalang le le masene”?Baheb. 13:7; Mat. 24:45.

MOETAPELE YA SA BONAHALENG O TATAISA SEHLOPHA SE BONAHALANG

4. Baapostola le baholo ba Jerusalema ba ne ba etsang ho thusa phutheho?

4 Ka Pentekonta ya selemo sa 33, baapostola ba ile ba qala ho etella pele phutheho ya Bokreste. Ketsahalong eo, “Petrose a ema le ba Leshome le motso o mong” mme a bua le letshwele le leholo le akarelletsang Bajuda le basokolohi ka lentswe la Modimo. (Lik. 2:14, 15) Ba bangata ba bona e ile ya e ba badumedi. Ka mora moo, Bakreste bana ba neng ba sa tswa sokoloha ba ile “ba tswela pele ho inehela thutong ya baapostola.” (Lik. 2:42) Baapostola ba ne ba hlokomela tjhelete ya phutheho. (Lik. 4:34, 35) Ba ne ba thusa batho ba Modimo hore ba be le kamano e ntle le yena mme ba ile ba re: “Rona re tla inehela thapelong le bosebeletsing ba lentswe.” (Lik. 6:4) Ba ile ba re Bakreste ba nang le boiphihlelo ba ilo bolela ditaba tse molemo dibakeng tse ding. (Lik. 8:14, 15) Ha nako e ntse e ya, baholo ba bang ba tlotsitsweng ba ile ba thusa baapostola ho etella phutheho pele. Kaha e ne e le sehlopha se busang, ba ne ba fana ka tataiso diphuthehong tsohle.Lik. 15:2.

5, 6. (a) Moya o halalelang o ile wa thusa sehlopha se busang jwang? (Sheba setshwantsho se qalong). (b) Mangeloi a ile a thusa sehlopha se busang jwang? (c) Lentswe la Modimo le ile la tataisa sehlopha se busang jwang?

5 Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ne ba kgodisehile hore sehlopha se busang se ne se tataiswa ke Jehova Modimo a sebedisa Moetapele wa bona Jesu. Ba ne ba kgodiswa keng? Ntlha ya pele, moya o halalelang o ne o thusa sehlopha se busang. (Joh. 16:13) Moya o halalelang o ile wa tshollelwa ho Bakreste bohle ba tlotsitsweng, empa haholoholo o ne o thusa baapostola le baholo ba bang ba Jerusalema ho phetha mosebetsi wa bona jwaloka balebedi. Ka mohlala, ka selemo sa 49 mehleng ya baapostola, moya o halalelang o ile wa tataisa sehlopha se busang ho etsa qeto e mabapi le lebollo. Diphutheho di ile tsa mamela tataiso ya bona mme ba “tswela pele ho tiiswa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.” (Lik. 16:4, 5) Lengolo le neng le bua ka qeto eo le ile la bontsha hore sehlopha se busang se ne se bonahatsa ditholwana tsa moya tse akarelletsa lerato le tumelo.Lik. 15:11, 25-29; Bagal. 5:22, 23.

6 Ntlha ya bobedi, mangeloi a ne a thusa sehlopha se busang. Pele Korneliase a kolobetswa e le Moditjhaba wa pele ya sa bollang wa Mokreste, lengeloi le ile la mo romela ho Petrose. Ka mora hore Petrose a pakele Korneliase le beng ka yena, moya o halalelang o ile wa tshollelwa ho bona le hoja ba ne ba eso bolle. Sena se ile sa etsa hore baapostola le ba bang ba etse thato ya Modimo mme ba amohele Bakreste ba Baditjhaba ba sa bollang ka phuthehong. (Lik. 11:13-18) Ho feta moo, mangeloi a ne a tshehetsa mosebetsi wa boboledi o neng o etswa ke sehlopha se busang. (Lik. 5:19, 20) Ntlha ya boraro, Lentswe la Modimo le ne le tataisa sehlopha se busang. Se ne se le sebedisa ha se rarolla mathata a amanang le dithuto tsa bodumedi le ha ba tataisa phutheho.Lik. 1:20-22; 15:15-20.

7. Ke hobaneng ha re ka dumela hore Jesu o ne a tataisa Bakreste ba mehleng ya baapostola?

7 Le hoja sehlopha se busang se ne se tataisa phutheho, se ne se tseba hore Jesu ke yena Moetapele wa bona. Moapostola Pauluse o ile a re “[Kreste] O fana ka ba bang e le baapostola,” a phaella ka hore “a re holeng dinthong tsohle ka lerato ho eo e leng hlooho, Kreste.” (Baef. 4:11, 15) Ho e na le ho bitswa baapostola, ‘barutuwa ba ile ba bitswa Bakreste.’ (Lik. 11:26) Pauluse o ne a tseba hore o lokela ho hlompha “dineano ka tiyo,” le melao eo ba neng ba e fumana ho tswa ho baapostola le banna ba bang ba neng ba etella pele. Leha ho le jwalo Pauluse o ile a boela a re: “Empa ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosadi ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Modimo.” (1 Bakor. 11:2, 3) Ho hlakile hore Jehova o ne a kgethile mora wa hae Jesu hore a tataise phutheho.

“MOSEBETSI ONA HA SE WA BATHO”

8, 9. Ho tloha qalong ya dilemong tsa bo1800, Morabo rona Russell o ile a phetha karolo efe ya bohlokwa?

8 Ho elella qetellong ya dilemong tsa bo 1800 Charles Taze Russell le metswalle ya hae ba ile ba tsosolosa borapedi ba nnete. Ba ile ba theha mokgatlo o bitswang Zion’s Watch Tower Tract Society ka 1884 ho ba thusa ho phatlalatsa nnete ya Bibele ka dipuo tse sa tshwaneng, mme Morabo rona Russell ya e ba mopresidente wa ona. * E ne e le moithuti ya hlwahlwa wa Bibele mme o ne a sa tshabe ho pepesa dithuto tsa bohata tse kang thuto ya Boraro bo Teroneng le ya hore moya ha o shwe. O ile a lemoha hore Kreste o tla kgutla ka tsela e sa bonahaleng le hore “dinako tse behilweng tsa ditjhaba” di ne di tla fela ka 1914. (Luka 21:24) Morabo rona Russell o ile a tela nako, matla, le tjhelete ya hae a sa itshiele letho, e le hore a ka bolella ba bang molaetsa wa Bibele. Ho hlakile hore ka nako eo ya bohlokwa, Morabo rona Russell o ne a sebediswa ke Jehova le Jesu.

9 Morabo rona Russell o ne a sa batle hore batho ba mo rorise. Ka 1896 o ile a re: “Ha re batle tlotla kapa tlhompho e feteletseng bakeng sa rona le dingolwa tsa rona, ebile ha re batle ho bitswa Baruti kapa Mesuwe. Hape ha re batle hore le ha e le mang a bitswe ka lebitso la rona.” Hamorao o ile a re: “Ona ha se mosebetsi wa batho.”

10. (a) Jesu o ile a kgetha “lekgoba le tshepahalang le le masene” neng? (b) Hlalosa kamoo Sehlopha se Busang se neng se fapane kateng le Mokgatlo wa Watch Tower.

10 Ka 1919, e leng dilemo tse tharo ka mora lefu la Morabo rona Russell, Jesu o ile a kgetha “lekgoba le tshepahalang le le masene.” Ke hobaneng ha a ile a etsa seo? E le hore a fe bahlanka ba hae ba ntlo “dijo tsa bona ka nako e tshwanetseng.” (Mat. 24:45) Le dilemong tseo tsa pele, sehlopha se senyenyane sa bara babo rona ba batlotsuwa ba neng ba sebeletsa ntlokgolo e Brooklyn, New York ba ne ba hlophisa dintho tse thusang balatedi ba Jesu hore ba be le kamano e ntle le Modimo. Polelwana e reng “sehlopha se busang” e qadile ho hlahella dingolweng tsa rona dilemong tsa bo1940,ha ba ne ba utlwisisa hore sehlopha sena se amana le mokgatlo wa Watch Tower Bible and Tract Society. Leha ho le jwalo ka 1971, ho ile ha hlaka hore phapang ke efe pakeng tsa mosebetsi o etswang ke Sehlopha se Busang le Mokgatlo wa Watch Tower ka ha o ne o sebetsana le ditaba tsa molao feela. Bara babo rona ba batlotsuwa ba ile ba sebetsa le Sehlopha se Busang le hoja bona ba ne ba sa fane ka tataiso. Dilemong tsa ho feta bara babo rona bao e leng karolo ya “dinku tse ding,” ba ne ba sebetsana le ditaba tse amanang le molao mme ba boetse ba sebetsana le dintho tse ding tse amang batho ba Modimo e leng se neng se thusa Sehlopha se Busang hore se matlafatse kamano ya rona le Modimo ka ho re ruta. (Joh. 10:16; Lik. 6:4) Tora ya ho Lebela ya Sesotho (Lesotho) ya 15 July 2013 e ile ya hlalosa hore “lekgoba le tshepahalang le le masene” ke sehlopha se senyenyane sa bara babo rona ba batlotsuwa.

Sehlopha se busang, dilemong tsa bo1950

11. Sehlopha se Busang se sebetsa jwang?

11 Bara babo rona ba Sehlopha se Busang ba etsa diqeto tsa bohlokwa hammoho. Ba etsa seo jwang? Ba kopana beke le beke mme seo se ba thusa hore ba momahane. (Liprov. 20:18) Kaha ha hona ya nkuwang a phahame ho feta ba bang, selemo le selemo ba dula ba fetola modulasetulo wa seboka. (1 Pet. 5:1) Dikomiti tse tsheletseng tsa Sehlopha se Busang le tsona di etsa se tshwanang. E mong le e mong wa bona o inka e le karolo ya ‘bahlanka ba ntlo’ ba mamelang le ba rutwang ke lekgoba le tshepahalang, e seng e le moetapele.

Lekgoba le tshepahalang le ile la thusa batho ba Modimo hore ba be le kamano e ntle le yena ka mora hore le kgethwe ka 1919 (Sheba serapa sa 10 le 11)

“HA E LE HANTLE KE MANG EO E LENG LEKGOBA LE TSHEPAHALANG LE LE MASENE?”

12. Kaha bara babo rona ba Sehlopha se Busang ha baa phethahala, seo se phahamisa dipotso dife?

12 Bara babo rona ba Sehlopha se Busang ha ba a budulelwa ebile ha ba a phethahala. Kahoo, le bona ba ka nna ba etsa diphoso ditabeng tse amanang le molaetsa wa Bibele kapa tsamaiso ya mokgatlo. Ha e le hantle buka ya Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova ya mongolo wa Sesotho (Lesotho) ena le sehloho se reng: “Ho Hlalosa Seo re se Lumelang,” mme e hlalosa diphetoho tsa kutlwisiso ya rona ya Mangolo ho tloha ka selemo sa 1870. Ke nnete hore Jesu ha aa ka a re bolella hore lekgoba le tshepahalang le tla dula le fana ka kutlwisiso e nepahetseng ya mangolo ka dinako tsohle. Jwale e be re ka araba potso ya Jesu jwang e reng: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekgoba le tshepahalang le le masene?” (Mat. 24:45) Na ho na le bopaki bo bontshang hore Sehlopha se Busang se phetha karolo eo? Ha re hlahlobeng dintlha tse tharo tseo re buileng ka tsona ka hodimo tse ileng tsa thusa sehlopha se busang sa mehleng ya baapostola.

13. Moya o halalelang o thusitse Sehlopha se Busang jwang?

13 Bopaki ba hore ba ne ba thuswa ke moya o halalelang. Moya o halalelang o thusitse bara babo rona ba Sehlopha se Busang hore ba utlwisise Bibele moo pele ba neng ba sa e utlwisise. Ka mohlala sheba lethathamo la dintlha tse ntlafaditsweng le hlahang bukeng eo re buileng ka yona serapeng se ka hodimo. Kannete ke Modimo feela ya lokelang ho roriswa bakeng sa ho hlalosa ‘dintho tse tebileng tsa hae’! (Bala 1 Bakorinthe 2:10.) Sehlopha se Busang se dumellana le mantswe a moapostola Pauluse a reng: “Dintho tsena re boetse rea di bua, eseng ka mantswe a rutwang ka bohlale ba motho, empa ka a rutwang ka moya.” (1 Bakor. 2:13) Ka mora nako eo ya bakwenehi le ho hloka kutlwisiso ho hoholo, na ho ne ho ka ba le ntho leha e le efe ntle le moya o halalelang e neng e ka hlalosa kutlwisiso ya Lentswe la Modimo ka potlako e jwalo ho tloha ka selemo sa 1919?

14. Ho ya ka Tšenolo 14:6, 7, mangeloi a thusa batho ba Modimo jwang kajeno?

14 Bopaki ba hore ba ne ba thuswa ke mangeloi. Bara babo rona ba Sehlopha se Busang, le bona mehleng ena ba na le mosebetsi o moholo wa ho hlokomela mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo o etswang lefatsheng lohle ke batho ba fetang dimilione tse robedi. Ke hobaneng ha mosebetsi oo o atleha hakaale? Ntlha e ka sehloohong ke hore o etswa le ke mangeloi. (Bala Tšenolo 14:6, 7.) Maemong a mangata bahweletsi ba kopana le batho ba ntseng ba rapella hore ba fumane thuso ya ho utlwisisa Bibele! * Tsela eo mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo le wa ho etsa barutuwa o holang ka yona ho sa tsotellehe kganyetso e matla e teng dinaheng tse ding, e bontsha hantle hore re thuswa ke mangeloi.

15. Bara babo rona ba Sehlopha se Busang ba fapane jwang le baruti? Fana ka mohlala.

15 Ba ne ba itshetlehile ka Lentswe la Modimo. (Bala Johanne 17:17.) Nahana ka se ileng sa etsahala ka selemo sa 1973. Tora ya ho Lebela ya June 1 ya Senyesemane e ile ya botsa potso ena: “Na . . . batho ba sa kgaotseng ho tsuba ba ka tshwaneleha ho kolobetswa?” Karabo e ile ya re: “Bopaki bo tswang ka Bibeleng bo bontsha hore ha ba tshwanelehe.” Ka mora ho qotsa mangolo a mmalwa Tora ya ho Lebela e ile ya hlalosa hore na ke hobaneng ha motho ya sa kgaotseng ho tsuba a lokela ho kgaolwa. (1 Bakor. 5:7; 2 Bakor. 7:1) E ile ya re: “Ho hang sehlopha se busang ha se iketsetse melao empa se nka melao ka Lentsweng la Modimo.” Na ho na le bodumedi bo dulang bo itshetleha ka lentswe la Modimo le ha ditho tsa bona di sa thabele seo? Buka e itseng ya moraorao ya United States e buang ka ditaba tsa bodumedi e re: “Ha ngata baruti ba dula ba fetola dithuto tsa Bibele ka tsela e tla dumellana le ditho tsa kereke ya bona hammoho le batho ba bang.” Ha bara babo rona ba Sehlopha se Busang ba etsa diqeto ba latela Lentswe la Modimo ho ena le maikutlo a batho mme sena se bontsha hantle hore ke Modimo ya etellang pele batho ba hae kajeno.

“HOPOLANG BA ETELLANG PELE”

16. Re ka bontsha ka tsela efe hore re hopola Sehlopha se Busang?

16 Bala Baheberu 13:7. Lentswe “hopolang” le ka boela la bolela “ho bua ka bona.” Kahoo, tsela e nngwe eo re ka bontshang hore re ‘hopola ba etellang pele,’ ke ka ho rapella bara babo rona ba Sehlopha se Busang. (Baef. 6:18) Ruri re lokela ho ba rapella kaha bana le boikarabelo ba hore thusa ho ba le kamano e ntle le Je­hova, ba hlokomela menehelo, ba boetse ba hlokomela le mosebetsi wa boboledi.

17, 18. (a) Re bontsha jwang hore re mamela Sehlopha se Busang? (b) Ho bolella batho ba bang ditaba tse molemo ho bontsha jwang hore re tshehetsa Jesu le lekgoba le tshepahalang?

17 Re ka boela ra bontsha hore re hopola bara babo rona ba Sehlopha se Busang eseng feela ka ho ba rapella empa le ka ho mamela tataiso ya bona. Ba sebedisa dingolwa, diboka le dikopano tse nyenyane le tse kgolo ho re tataisa. Ho ekelletsa moo, ba kgetha balebedi ba potoloho, bao e leng bona ba kgethang baholo diphuthehong. Balebedi ba potoloho le baholo ba mamela Sehlopha se Busang ka ho latela tataiso ya sona haufiufi. Kaofela ha rona re bontsha hore re hlompha Moetapele wa rona e leng Jesu, ka ho mamela banna bao a ba kgethileng hore ba re etellepele.Baheb. 13:17.

18 Tsela e nngwe eo re ka hopolang Sehlopha se Busang ka yona ke ka ho etsa sohle se matleng a rona ho bolella batho ba bang ditaba tse molemo. Pauluse o ile a kgothalletsa Bakreste hore ba etsise tumelo ya ba etellang pele hara bona. Lekgoba le tshepahalang le bontshitse tumelo e matla ka ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso ka tjheseho. Na o e mong wa dinku tse ding ya tshehetsang batlotsuwa mosebetsing oo wa bohlokwa? Haeba ho jwalo o tla thaba hakaakang ha o utlwa Moetapele wa hao Jesu, a re: “Ho isa tekanyong eo ho yona le ileng la ho etsa ho e mong wa ba banyenyane wa bana barabeso, le ile la ho etsa ho nna.”Mat. 25:34-40.

19. Ke hobaneng ha o ikemiseditse ho latela Moetapele wa rona Jesu?

19 Jesu ha aa ka a lahla balatedi ba hae ha a kgutlela lehodimong. (Mat. 28:20) O ne a tseba hore moya o halalelang, mangeloi le Lentswe la Modimo di ile tsa mo thusa ho etella pele batho ba Modimo ha a ntse a le lefatsheng. Kahoo, le yena ka ho tshwanang o thusa lekgoba le tshepahalang. Bara babo rona ba batlotsuwa “ba ntse ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ya hokae.” (Tšen. 14:4) Ha re latela tataiso ya bona, re tla be re latela Moetapele wa rona Jesu. Mme o tla re tataisetsa bophelong bo sa feleng. (Tšen. 7:14-17) Ha ho moetapele leha e le ofe ya ka re tshepisang seo.

^ par. 3 Ho hlakile hore Jehova o ne a batla hore ho be le baapostola ba 12 e le hore ba etse “majwe a motheo a leshome le metso e mmedi” a Jerusalema e Ntjha. (Tšen. 21:14) Kahoo, ho ne ho sena lebaka la hore ha moapostola ya tshepahalang a shwa, a nkelwe sebaka ke e mong.

^ par. 8 Ho tloha ka 1955 mokgatlo oo o ile wa bitswa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

^ par. 14 Sheba buka ya “Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo, maq. 58-59.