Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Morero wa Jehova o Tla Phethahala!

Morero wa Jehova o Tla Phethahala!

“Ke o boletse; ke tla boela ke o tlise. Ke o entse, ke tla boela ke o phethe.”ESA. 46:11.

DIPINA: 147149

1, 2. (a) Jehova o entse hore re tsebeng? (b) Lengolo la Esaia 46:10, 11 le 55:11 le re fa kgodiseho efe?

MANTSWE a qalang ka Bibeleng a reng: “Tshimolohong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe” a bonolo empa ke a bohlokwa. (Gen. 1:1) Ke nnete hore re na le tsebo e seng kae ka dintho tseo Modimo a di bopileng, jwaloka sepakapaka, kganya, le kgohedi, mme re se re bone karolo e nyenyane feela ya bokahohle. (Moek. 3:11) Leha ho le jwalo, Jehova o entse hore re tsebe seo a se rerileng ka lefatshe le ka batho. Modimo o ile a bopa batho ka setshwantsho sa hae mme a etsa hore lefatshe e be lehae le letle bakeng sa bona. (Gen. 1:26) E ne e tla ba bana ba hae mme Jehova e be Ntate wa bona.

2 Jwalokaha ho hlalositswe ho Genese kgaolo ya boraro, morero wa Jehova o ile wa sitiswa. (Gen. 3:1-7) Leha ho le jwalo, tshitiso eo e ne e ke ke ya hlola Jehova kaha ha ho na ya ka emang ka pela hae. (Esa. 46:10, 11; 55:11) Kahoo, re ka kgodiseha hore seo Jehova a neng a se rerile se tla feela se phethahale hantle ka nako eo a e behileng.

3. (a) Ke ditaba dife tsa bohlokwa tseo re ithutileng tsona ha re ne qala ho ithuta Bibele? (b) Ke hobaneng ha re ikgopotsa tsona hona jwale? (c) Re tlo bua ka dipotso dife?

3 Ha ho pelaelo hore re tlwaelane le ditaba tsa Bibele tse mabapi le morero wa Modimo ka lefatshe le batho le ka karolo eo Jesu a e bapalang ho phethahatsweng ha morero wa Modimo. Ditaba tsena ke tsa bohlokwa, mme ho ka etsahala hore ke tse ding tsa pele tseo re ileng ra ithuta tsona ha re qala ho ithuta Lentswe la Modimo. Mme re batla ho thusa ba bang hore le bona ba tsebe dithuto tsena tsa bohlokwa. Hona jwale, re leka ka hohle ho mema batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang ho tla Sehopotsong sa lefu la Kreste. (Luka 22:19, 20) Ba tla ba teng Sehopotsong ba tla ithuta ho hongata ka morero wa Modimo. Kahoo matsatsing ana a setseng pele ho Sehopotso, a re ke re nahaneng ka dipotso tseo re ka di sebedisang ho hodisa thahasello ya batho bao re ithutang Bibele le bona le ba bang ba ka thabelang ho ba teng ketsahalong ena ya bohlokwa. Re tla bua ka dipotso tse tharo: Modimo o ne a rerileng ka lefatshe le ka batho? Ho ile ha senyeha kae? Mme ke hobaneng ha sehlabelo sa Jesu sa thekollo e le sona se ka etsang hore morero wa Modimo o phethahale?

MODIMO O NE A RERILE ENG KA LEFATSHE LE KA BATHO?

4. Popo e senola eng ka bophahamo ba Jehova?

4 Jehova ke Mmopi ya hlollang. Mesebetsi ya hae ya popo ke ya boleng bo phahameng haholo. (Gen. 1:31; Jer. 10:12) Ho hlophiseha le botle ba popo bo re rutang? Ha re sheba popo, re a hlollwa hore mesebetsi yohle ya Jehova ya popo e na le morero, ho sa tsotellehe hore ke e menyenyane kapa ke e meholo. Ke mang ya sa tsoteng ho rarahana ha disele tsa mmele wa motho, botle ba lesea le botle ba ha letsatsi le dikela? Re kgahlwa ke mesebetsi ena ya popo hobane ka tlhaho re rata dintho tse ntle.Bala Pesaleme ya 19:1; 104:24.

5. Jehova o netefatsa jwang hore popo yohle e phela ka tummellano?

5 Jwalokaha popo e bontsha, ka lerato Jehova o behile meedi. O entse melao ya tlhaho le ya boitshwaro ho netefatsa hore ntho enngwe le enngwe e phela ka tumellano. (Pes. 19:7-9) Ka lebaka leo dintho tsohle tse lehodimong le tse lefatsheng di fuwe mosebetsi ho ya ka thato ya Modimo. Jehova o behile tsela eo popo ya hae e lokelang ho sebetsa hammoho kateng. Ka tsela eo, molao wa kgohedi o etsa hore sepakapaka se be haufi le lefatshe, o laola maqhubu le lewatle ebile o etsa hore dintho tse phelang di laolehe. Popo yohle, ho akarelletsa le batho, e phela tumellanong le meedi ena. Ho hlakile hore ho hlophiseha ha popo ke bopaki ba hore Modimo o na le morero ka lefatshe le ka batho. Ha re le tshimong, na re ka kgona ho thusa batho ho tseba hore na ke mang Moetsi wa dintho tsee tse hlophisehileng?—Tšen. 4:11.

6, 7. Jehova o ne a file Adama le Eva dimpho dife?

6 Morero wa Jehova e ne e le hore batho ba phele ka ho sa feleng mona lefatsheng. (Gen. 1:28; Pes. 37:29) Ka lerato o ile a fa Adama le Eva dimpho tse ngata tse neng di tla etsa hore ba thabele bophelo. (Bala Jakobo 1:17.) Jehova o ile a ba fa bolokolohi ba ho ikgethela, bokgoni ba ho nahana, esita le ba ho rata le ho thabela setswalle. Mmopi o ile a bua le Adama mme a mo bolella seo a lokelang ho se etsa ho bontsha hore o a mamela. Adama o ile a boela a ithuta ho itlhokomela le ho hlokomela diphohofolo le lefatshe. (Gen. 2:15-17, 19, 20) Jehova o ile a boela a bopa Adama le Eva ba e na le ditho tsa kutlo le tsa ho latswa, ho tshwara, ho bona le ho fofonela. Ba ne ba ka thabela dintho tsohle tse ngata tse neng di le teng Paradeiseng eo ba neng ba dula ho yona. Batho bana ba babedi ba ne ba e na le monyetla wa ho thabela mosebetsi, empa tseo tsohle di ile tsa fela.

7 Modimo o ne a boetse a batla ho etsang? Jehova o bopile Adama le Eva ba ena le bokgoni ba hore ba be le bana ba phethahetseng. Modimo o ne a batla hore bana ba Adama le bona ba be le bana ho fihlela lefatshe le tlala. Kaha o ne a rata bana ba hae e leng Adama le Eva, o ne a batla hore batswadi bohle ba rate bana ba bona. Lefatshe le tsohle tse ho lona e ne e tla ba lehae la bona la ka ho sa feleng.—Pes. 115:16.

HO ILE HA SENYEHA KAE?

8. Ke hobaneng ha Jehova a ile a fana ka molao o hlahang ho Genese 2:16, 17?

8 Dintho ha di a ka tsa tsamaya hantle ka tsela eo Modimo a neng a di rerile. Hobaneng? Jehova o ile a fa Adama le Eva molao o bonolo ho bona hore na ba ne ba utlwisisa moedi wa tokoloho ya bona kapa tjhe. O ile a re: “O ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore o kgotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ya botle le bobe o se ke wa ja tsa sona, etswe ka letsatsi leo ka lona o jang tsa sona ka sebele o tla shwa.” (Gen. 2:16, 17) Ho ne ho se thata ho Adama le Eva ho utlwisisa molao ona le ho o mamela. Ho feta moo, ba ne ba e na le dijo tse ngata tseo ba neng ba ka di ja.

9, 10. (a) Ke mashano afe ao Satane a ileng a a bolela ka Jehova? (b) Adama le Eva ba ile ba kgetha ho etsang? (Sheba setshwantsho se qalong.)

9 Satane Diabolose o ile a sebedisa noha ho thetsa Eva hore a se ke a mamela Ntate wa hae Jehova. (Bala Genese 3:1-5; Tšen. 12:9) Satane o ile fetola mantswe a Modimo a fana ka maikutlo a hore ba ne ba sa lokela ho ja ditholwana tsa “sefate se seng le se seng se serapeng.” Ho jwalokaha e ka o ne a re: ‘Na o bolela hore ha le kgone ho etsa seo le se batlang?’ Ka mora moo, o ile a bua leshano le letala, a re: “Ka sebele le ke ke la shwa.” O ile a leka ho kgodisa Eva hore o ne a sa hloke ho mamela Modimo, ha a re: “Modimo o a tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha.” Satane o ile a re Jehova ha a batle ha ba eja tholwana ya sefatse seo hobane a tseba hore ba tla hlalefa. Ho feta moo, Satane o ile a etsa tshepiso ena ya bohata: “Le tla ba jwaloka Modimo, le tsebe botle le bobe.”

10 Adama le Eva ba ne ba lokela ho etsa qeto. Na ba ne ba tla mamela Jehova, kapa ba ne ba tla mamela noha? Ba ile ba kgetha ho se mamele Modimo. Ka ho etsa jwalo, ba ile ba kopanela bofetoheding le Satane. Ba ile ba hana hore Jehova e be Ntate wa bona mme ba lahla puso ya hae e neng e ba sireleditse.—Gen. 3:6-13.

11. Ke hobaneng ha Jehova a sa ka a dumella bofetohedi?

11 Ka ho fetohela Jehova, Adama le Eva ba ile ba lahlehelwa ke bophelo bo phethahetseng. Ho feta moo, bofetohedi bona bo ile ba baka karohano pakeng tsa bona le Jehova hobane ‘mahlo a hae a hlwekile haholo hore a ka tadima se sebe.’ Kahoo, ‘ha a kgone ho tadima kgathatso.’ (Hab. 1:13) Haeba a ne a ile a bo dumella, bokamoso ba dibopuwa tsohle (tse lehodimong le tse lefatsheng) bo ne bo tla ba kotsing. Ka hodimo ho tsohle, haeba Modimo a ne a sa etsa letho ka sebe se etsahetseng Edene, ho ne ho tla tsoha dipelaelo ka bobusi ba hae. Empa Jehova o kgomarela ditekanyetso tsa hae; ha ho mohla a di fetohelang. (Pes. 119:142) Kahoo ho ba le bolokolohi ba ho ikgethela ho ne ho sa fe Adama le Eva lebaka la ho se mamele molao wa Modimo. Ka lebaka la bofetohedi ba bona, ba ile ba shwa mme ba kgutlela leroleng leo ba neng ba ntshitswe ho lona.—Gen. 3:19.

12. Ho etsahetseng ka bana ba Adama?

12 Ha Adama le Eva ba ja tholwana e hanetsweng, ba ile ba lahlehelwa ke tokelo ya ho ba karolo ya lelapa la Modimo. Modimo o ile a ba ntsha Edene, mme ba ne ba sena tshepo ya hore ba tla ke ba kgutle. (Gen. 3:23, 24) Ka ho etsa jwalo, ka toka Jehova o ile a ba tlohella hore ba utlwe diphello tsa kgetho eo ba e entseng.(Bala Deuteronoma 32:4, 5.) Kaha ba ne ba se ba sa phethahala, ba ne ba ke ke ba hlola ba bontsha makgabane a Jehova ka tsela e phethahetseng. Adama ha a lahlehelwa ke bokamoso bo botle feela empa o ile a boela a fetisetsa ho se phethahale, sebe le lefu ho bana ba hae. (Bar. 5:12) O ile a etsa hore ditloholo tsa hae di se ke tsa eba le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Ho feta moo, Adama le Eva ba ne ba ke ke ba hlola ba e ba le bana ba phethahetseng mme le bana ba bona ba ne ba ke ke ba e ba le bana ba phethahetseng. Ka mora ho kgelosa Adama le Eva, Satane Diabolose o ile a tswela pele ho kgelosa batho ho fihlela le kajeno.—Joh. 8:44.

THEKOLLO E TLOSA KAROHANO

13. Jehova o batlang ho batho?

13 Leha ho le jwalo, Modimo o ile a tswela pele a rata batho. Ho sa tsotellehe bofetohedi ba Adama le Eva, Jehova o batla hore batho ba be le kamano e ntle le yena. Ha a lakatse hore leha e le mang a shwe. (2 Pet. 3:9) Le hoja melao ya Modimo e sa ka ya fetoha, hang feela ka mora bofetohedi boo, o ile a etsa ditokisetso tsa hore batho ba boele ba be le kamano e ntle le yena. Jehova o ile a finyella see jwang?

14. (a) Ho ya ka Johanne 3:16, ke tokisetso efe eo Modimo a e entseng bakeng sa batho? (b) Ke potso efe eo re ka nnang ra e tshohla le ba thabelang?

14 Bala Johanne 3:16. Ba bangata ba tla ba teng Sehopotsong ba tseba temana ena ka hlooho. Empa potso ke hore, Ke jwang sehlabelo sa Jesu se bulang monyetla wa bophelo bo sa feleng? Phutuho ya ho memela bathong Sehopotso le puo ya Sehopotso di tla kgona ho arabela potso ena ho batho ba thabelang ho ithuta nnete mme le rona re tla kgona ho ba ruta ho eketsehileng ha re kgutlela ho bona. Batho bao ba tla thaba ha ba utlwisisa haholwanyane tsela eo lerato le bohlale ba Jehova di bonahalang kateng tokisetsong ya sehlabelo sa thekollo. Ke dintlha dife tse amanang le thekollo tseo re ka buang ka tsona?

15. Jesu o ne a fapane jwang le Adama?

15 Jehova o ile a fana ka monna ya phethahetseng eo e neng e tla ba morekolli. Monna eo ya phethahetseng o ne a tla lokela hore a tshepahale ho Jehova mme a ikemisetse ho fana ka bophelo ba hae bakeng sa baetsadibe. (Bar. 5:17-19) Jehova o ile a tlosa mora wa hae wa letsibolo lehodimong mme a mo tlisa lefatsheng. (Joh. 1:14) Kahoo Jesu e ne e le motho ya phethahetseng feela jwaloka Adama. Ho fapana le Adama, Jesu o ile a etsa sohle seo Jehova a neng a se lebelletse ho motho ya phethahetseng. Esita le tlasa diteko tse matla, Jesu ha aa ka a etsa sebe kapa hona ho roba melao ya Modimo.

16. Ke hobaneng ha thekollo e le mpho ya bohlokwa hakaale?

16 Kaha Jesu e ne e le motho ya phethahetseng, o ne a ka kgona ho pholosa batho sebeng le lefung ka ho ba shwela. Jesu o ile a tshepahala le ho mamela Modimo ka ho feletseng, e leng seo Adama a ileng a hloleha ho se etsa. (1 Tim. 2:6) Jesu e ile ya eba sehlabelo sa thekollo se ileng sa bulela “ba bangata” monyetla wa ho phela bophelo bo sa feleng. (Mat. 20:28) Ha ele hantle thekollo ke yona e entseng hore Modimo a phethahatse morero wa hae. (2 Bakor. 1:19, 20) Thekollo e fane ka tshepo ya bophelo bo sa feleng ho batho bohle ba tshepahalang.

JEHOVA O RE FILE MONYETLA WA HO KGUTLELA HO YENA

17. Thekollo e butse monyetla ofe?

17 Jehova o ile a itela haholo e le hore a fane ka thekollo. (1 Pet. 1:19) O ile a rata batho haholo hoo a ileng a tela mora wa hae a le mong feela wa letsibolo hore a re shwele. (1 Joh. 4:9, 10) Ka mantswe a mang, Jesu o nketse Ntate wa rona wa pele Adama sebaka. (1 Bakor. 15:45) Ka ho etsa jwalo, Jesu ha a re fe bophelo feela empa o re fa monyetla wa hore qetellong re boele re be karolo ya lelapa la Modimo. Ruri ka lebaka la sehlabelo sa Jesu, Jehova a ka amohela batho hape lelapeng la hae ka ntle le ho sekisetsa ho loka ha hae. Na ha ho thabise ho nahana ka nako eo bohle ba tshepahalang ba tla beng ba phethahetse? Ho tla ba le bonngwe karolong e lehodimong le e lefatsheng ya lelapa la Modimo. Ka kutlwisiso e feletseng, bohle re tla ba bana ba Modimo.—Bar. 8:21.

18. Jehova e tla ba “dintho tsohle ho e mong le e mong” neng?

18 Bofetohedi ba Satane ha bo a ka ba thibela Jehova ho bontsha batho lerato, ebile bo ke ke ba thibela batho ba sa phethahalang ho tshepahala ho yena. Jehova o tla sebedisa thekollo ho thusa bana bohle ba hae hore e be ba lokileng ka ho feletseng. A ko nahane feela hore bophelo bo tla ba jwang ha bohle ba ‘bontshang tumelo ho Mora’ ba se ba phela ka ho sa feleng. (Joh. 6:40) Ka bohlale le lerato la hae, Jehova o tla etsa hore batho e be ba phethahetseng, feela jwalokaha a ne a rerile qalong. Ka nako eo, Ntate wa rona Jehova e tla ba “dintho tsohle ho e mong le e mong.”—1 Bakor. 15:28.

19. (a) Haeba re ananela thekollo re tla susumelletseha ho etsang? (Sheba lebokose le reng, “ A re Tsweleng Pele ho Batla ba Tshwanelehang.”) (b) Sehlooho se latelang se tla bua kang mabapi le thekollo?

19 Haeba re ananela thekollo re tla susumelletseha ho etsa sohle se matleng a rona ho thusa ba bang ho tseba hore le bona ba ka rua molemo mphong ena ya bohlokwa. Batho ba lokela ho tseba hore thekollo ke tsela eo Jehova a e sebedisang ho fa batho bohle tshepo ya bophelo bo sa feleng. Leha ho le jwalo, thekollo e entse se fetang seo. Sehlooho se latelang se tla hlalosa kamoo sehlabelo sa Jesu sa thekollo se arabang diqoso tseo Satane a ileng a di etsa serapeng sa Edene.