Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Moapostola Pauluse o ile a ngola hore Jehova “a ke ke a le tlohela hore le lekwe ho feta seo le ka se jarang.” (1 Bakor. 10:13) Na see se bolela hore Jehova o hlahloba esale pele diteko tseo re ka kgonang ho di mamella e be o re kgethela tse ka re hlahelang?

Ho nahana ka tsela eo ho ka tlisa mathata afe? Morabo rona e mong eo mora wa hae a ileng a ipolaya o ile a botsa a re: ‘Na Jehova o bone esale pele hore nna le mosadi wa ka re tla kgona ho mamella teko eo mme kahoo a etsa hore e re hlahele?’ Na ke nnete hore Jehova ke yena ya re kgethelang diteko tseo re kopanang le tsona bophelong?

Mantswe a Pauluse a ngotsweng ho 1 Bakorinthe 10:13 a re thusa ho etsa qeto ya hore ha hona moo Bibele e fanang ka lebaka la ho dumela hore Jehova o hlahloba diteko tseo re ka kgonang ho di mamella e be ka mora moo o re kgethela tse tla re hlahela. A re hlahlobeng mabaka a mane a hore na ke hobaneng ha re ka etsa qeto eo.

La pele, Jehova o file batho mpho ya bolokolohi ba ho ikgethela. O batla hore re ikgethele tsela eo re batlang ho phela ka yona. (Deut. 30:19, 20; Josh. 24:15) Haeba re kgetha tsela e nepahetseng, Jehova o tla re thusa. (Liprov. 16:9) Empa haeba re kgetha tsela e fosahetseng, re ka lebella ditlamorao tse bohloko. (Bagal. 6:7) Haeba Jehova o re kgethela diteko tse re hlahelang na ka nnete o tla be a re file bolokolohi bo feletseng ba hore re ikgethele?

La bobedi, Jehova ha a thibele hore re se ke ra hlahelwa ke “nako le ketsahalo e sa lebellwang.” (Moek. 9:11) Re ka hlahelwa ke ditsietsi tse bohloko haholo hobane feela re le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng. Jesu o ile a bua ka tsietsi e ileng ya hlahela batho ba 18 ba ileng ba welwa ke tora mme ba shwa, o ile a hlalosa hore e ne e se thato ya Modimo hore ba hlahelwe ke tsietsi eo. (Luka 13:1-5) Ke ho sa utlwahaleng ho dumela hore Modimo o hlahloba esale pele hore na ke mang ya tla phela kapa ke mang ya tla shwa ditsietsing tse re hlahelang.

La boraro, e mong le e mong wa rona o a ameha qosong e mabapi le ho tshepahala. Hopola hore Satane o ile a leka botshepehi ba bahlanka bohle ba Jehova mme a re ba ke ke ba dula ba mo tshepahalla leha ba hlahelwa ke diteko. (Jobo 1:9-11; 2:4; Tšen. 12:10) Haeba Jehova a ne a ka thibela hore re hlahelwe ke diteko hobane a hlokometse hore re ke ke ra kgona ho di mamella, na ketso eo e ne e sa tlo tshehetsa qoso ya Satane ya hore re sebeletsa Modimo hobane re shebile menyetla?

La bone, ha ho letho le tlamang Jehova hore a tsebe ntho e nngwe le e nngwe e re etsahallang. Taba ya hore Modimo o re kgethela diteko esale pele e bolela hore o tlameha ho tseba ntho e nngwe le e nngwe e tla re etsahalla bophelong. Empa Bibele ha e rute taba eo. Ke nnete hore Modimo a ka kgona ho tseba dintho tse tla re etsahalla. (Esa. 46:10) Bibele e bontsha hore Modimo ha a kgethe ho tseba dintho tsohle tse tla re etsahalla. (Gen. 18:20, 21; 22:12) Ha a sebedise matla a hae a ho tseba dintho esale pele ka tsela e tla etsa hore a se ke a hlompha bolokolohi ba rona ba ho ikgethela. Na seo hase sona seo re ka se lebellang ho Modimo eo ka dinako tsohle a nkang bolokolohi ba rona ba ho ikgethela e le ba bohlokwa ebile a sebedisa makgabane a hae ka tekatekano?Deut. 32:4; 2 Bakor. 3:17.

Jwale re lokela ho utlwisisa mantswe a Pauluse jwang ha a re: “Modimo . . . a ke ke a le tlohela hore le lekwe ho feta seo le ka se jarang”? Mona Pauluse o hlalosa seo Jehova a se etsang nakong eo re leng tekong, eseng pele e re hlahela. * Mantswe a moapostola Pauluse a re kgodisa hore ho sa tsotellehe diteko tseo re ka tobanang le tsona bophelong, Jehova o tla re thusa ha feela re mo tshepile. (Pes. 55:22) Mantswe a Pauluse a tshedisang a thehilwe dithutong tse pedi tsa motheo.

Ya pele, diteko tse re hlahelang ke tse “tlwaelehileng ho batho.” Diteko tsa rona ke tseo batho ba tlwaetseng ho kopana le tsona. Diteko tse jwalo hase tseo re ka hlolehang ho di mamella haeba feela re itshetlehile ka Modimo. (1 Pet. 5:8, 9) Lengolong la 1 Bakorinthe 10:13 Pauluse o ne a bua ka teko eo Baiseraele ba ileng ba kopana le yona lefelleng. (1 Bakor. 10:6-11) Ha hona teko leha e le efe eo Baiseraele ba tshepahalang ba neng ba ka hloleha ho e mamella hobane e ne e le diteko tse tlwaelehileng. Ka makgetlo a mane Pauluse o ile a re “ba bang ba bona” ba ne ba sa mamele. Ka maswabi Baiseraele ba bang ba ile ba etsa dintho tse fosahetseng ka lebaka la hore ba ne ba sa itshetleha ka Modimo.

Ya bobedi, “Modimo o a tshepahala.” Tlaleho ya Bibele e buwang ka tsela eo Modimo a ileng a sebedisana le batho ba hae ka yona e bontsha hore o fana ka mosa o lerato ho “ba mo ratang le ba bolokang ditaelo tsa hae.” (Deut. 7:9) Tlaleho eo e bontsha hore Modimo o a tshepahala. (Josh. 23:14) Ha re sheba kamoo a ileng a sebedisana le batho ba tshepahalang kateng nakong e fetileng rea hlokomela hore batho ba mo ratang le ba mo mamelang ba ka ba le tshepo ya hore Modimo o tla phetha ditshepiso tsena tse pedi haeba ba hlahelwa ke diteko. Ya pele: A ke ke a dumella teko leha e le efe hore e fihle boemong boo re ke keng ra kgona ho e mamella. Ya bobedi: ‘O tla boela a re bulele tsela ya ho tswa.’

Jehova o ‘re tshedisa matshwenyehong ohle a rona’

Jehova o thusa batho ba mo tshepang jwang ha ba hlahelwa ke diteko? Ha e le hantle, haeba e ne e le thato ya hae, o ne a ka etsa hore teko eo e se ke ya re hlahela. Empa hopola mantswe a Pauluse a reng: ‘O tla boela a le bulele tsela ya ho tswa e le hore le kgone ho e mamella.’ Kahoo maemong a mangata o re ‘bulela tsela ya ho tswa’ ka ho re fa thuso ka nako e nepahetseng e le hore re kgone ho mamella diteko ka katleho. Nahana ka ditsela tse latelang tseo ka tsona Jehova a ka re thusang ho hlola diteko:

  • O re ‘tshedisa matshwenyehong ohle a rona.’ (2 Bakor. 1:3, 4) Jehova a ka sebedisa Bibele, moya o halalelang le dingolwa tseo lekgoba le tshepahalang le re fang tsona ho re tshedisa le ho re kgatholla kelellong.Mat. 24:45; Joh 14:16, Bar. 15:4.

  • A ka re tataisa ka moya o halalelang. (Joh. 14:26) Nakong eo diteko di re hlahelang moya o halalelang o ka re thusa ho hopola melaomotheo le seo re ithutileng sona ka Bibeleng e le hore re ka kgona ho etsa diqeto ka bohlale.

  • A ka sebedisa mangeloi ho re thusa.Baheb. 1:14.

  • A ka sebedisa barapedi mmoho le rona hore ba re matlafatse ka dipuo le diketso tsa bona.Bakol. 4:11.

Jwale, re ka etsa qeto efe ka se bolelwang ke mantswe a Pauluse a ngotsweng lengolong la 1 Bakorinthe 10:13? Ha se Jehova ya kgethang diteko tse re hlahelang. Leha ho le jwalo, ha diteko di re hlahela bophelong, re ka kgodiseha hore haeba re tshepile Jehova ka ho feletseng, a ke ke a dumella hore re lekwe ho feta kamoo re ka kgonang ho mamella, o tla tswela pele a re bulela tsela ya ho tswa e le hore re kgone ho di mamella. Na aa ha se mantswe a tshedisang?

^ par. 2 Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “ho hoheleha” le ka bolela “teko.”