Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thabo e Tswa ho Modimo

Thabo e Tswa ho Modimo

MOTHO e mong le e mong o batla ho thaba bophelong. Empa matsatsing ana a ho qetela, batho bohle ba tobana le maemo ao ‘ho leng thata ho sebetsana le ona.’ (2 Tim. 3:1) Maemo a kang ho kula, kgethollo, ho fellwa ke mosebetsi le ho sarelwa a etsa hore batho ba bang ba fellwe ke thabo. Bahlanka ba Modimo le bona ba ka nyahama ebe ba fellwa ke thabo. Haeba o boemong boo, o ka etsang hore o boele o thabe?

Ho araba potso eo, re lokela ho utlwisisa pele hore na thabo ya sebele keng le hore na ba bang ba ile ba etsang hore ba dule ba thabile le hoja ba na le mathata. Re tla boela re ithute hore na re ka eketsa thabo ya rona jwang.

THABO KENG?

Ho thaba ha ho tshwane le ho nyakalla. Ka mohlala, motho a ka nna a tsheha haholo ha a tahilwe. Empa ha a hlophohelwa, o kgaotsa ho tsheha mme a ka nna a boela a sarelwa ha a nahana ka mathata a hae. Thabo eo ya nakwana e ne e se thabo ya sebele.—Liprov. 14:13.

Ho fapana le hoo, thabo ya sebele ke boikutlo bo tebileng bo ka pelong ya motho. E hlaloswa e le “boikutlo bo tliswang ke ho fumana kapa ho lebella se molemo.” Thabo eo Mangolo a buang ka yona, ke e dulang e le teng ho sa tsotellehe hore na motho o hlahelwa ke mathata kapa tjhe. (1 Bathes. 1:6) Ha e le hantle, motho a ka nna a thaba le hoja a na le mathata. Ka mohlala, baetapele ba Bajuda ba ile ba shapa baapostola ka lebaka la ho bua ka Kreste. Empa baapostola ba ile “ba tloha ka pela Sanhedrine ba thabile, hobane ba ne ba nkilwe e le ba tshwanelwang ke ho hlomphollwa ka lebaka la lebitso la hae.” (Lik. 5:41) Ha se hore ba ne ba thabetse ho shapuwa. Empa ba ne ba thabetse hore ba tshepahalletse Modimo.

Ha re tswalwe re na le thabo e jwalo, ebile ha e itlele feela. Hobaneng? Hobane thabo ya sebele ke e nngwe ya ditholwana tsa moya o halalelang. Moya wa Modimo o ka re thusa hore re be le “botho bo botjha,” bo akarelletsang thabo. (Baef. 4:24; Bagal. 5:22) Thabo e ka re thusa ho sebetsana le mathata a bophelo ha molemo.

MEHLALA EO RE BATLANG HO E ETSISA

Jehova o ne a batla hore ho etsahale dintho tse ntle feela mona lefatsheng, e seng dintho tse mpe tseo re di bonang kajeno. Empa dintho tse mpe tseo batho ba di etsang ha di etse hore Jehova a se ke a thaba. Lentswe la Modimo le re: “Matla le thabo di sebakeng sa hae.” (1 Likron. 16:27) Ho ekelletsa moo, bahlanka ba Modimo ba ‘thabisa pelo ya hae’ ha ba etsa dintho tse ntle.—Liprov. 27:11.

Re ka etsisa Jehova ka hore re se ke ra tshwenyeha haholo ha dintho di sa tsamaye ka tsela eo re neng re lebelletse ka yona. Ho e na le ho nyahama, re ka nahana ka dintho tse ntle tseo re nang le tsona hona jwale, mme ka mamello re letele tse molemohadi tseo re tla di fumana nakong e tlang. *

Bibele e na le mehlala e mengata ya batho ba ileng ba dula ba thabile le nakong eo ba neng ba na le mathata. Abrahama o ile a mamella mathata le maemo a ileng a kenya bophelo ba hae kotsing. (Gen. 12:10-20; 14:8-16; 16:4, 5; 20:1-18; 21:8, 9) Ho sa tsotellehe mathata ao, Abrahama o ile a dula a thabile. O ile a thuswa keng? O ne a dula a nahana ka ho phela lefatsheng le letjha tlasa puso ya Kreste. (Gen. 22:15-18; Baheb. 11:10) Jesu o ile a re: “Abrahama o ile a thaba haholo ka tebello ya ho bona letsatsi la ka.” (Joh. 8:56) Re ka etsisa Abrahama ka ho nahana ka thabo eo re tla e fumana nakong e tlang.—Bar. 8:21.

Jwalo ka Abrahama, moapostola Pauluse le motswalle wa hae Silase, le bona ba ne ba dula ba nahana ka ditshepiso tsa Modimo. Ba ne ba na le tumelo e matla mme ba ile ba dula ba thabile le ha ba hlahelwa ke mathata. Ka mohlala, ka mora hore Pauluse le Silase ba otlwe ha bohloko le ho lahlelwa teronkong, ba ile ba “rapela mme ba rorisa Modimo ka pina.” (Lik. 16:23-25) Ho ekelletsa tabeng ya hore ba ne ba na le tshepo, ba ne ba boetse ba thabiswa ke hore ba sotlwa ka lebaka la lebitso la Kreste. Re ka etsisa Pauluse le Silase ka ho dula re hopola hore ho sebeletsa Jehova ka botshepehi ho a putsa.—Bafil. 1:12-14.

Le kajeno re na le mehlala ya barababo rona ba ileng ba dula ba thabile nakong eo ba neng ba na le mathata. Ka mohlala, ka November 2013, ho ile ha ba le Lehodiotswana le matla le bitswang Haiyan naheng ya Philippines, mme le ile la senya matlo a ka bang 1 000 a Dipaki Tsa Jehova. Morabo rona George eo ntlo ya hae e toropong ya Tacloban e ileng ya swahlamana, o ile a re: “Re thabile le hoja re hlahetswe ke koduwa ena. Re thabile ka tsela eo re sitwang ho e hlalosa.” Nako le nako ha re hlahelwa ke mathata a maholo jwalo ka ana, re tla kgona ho dula re thabile haeba re ka nahana ka dintho tse ntle tseo Jehova a re fileng tsona. Dintho tseo di akarelletsang?

MABAKA A RONA A THABO

Ha ho na ntho e ka re thabisang ho feta ho ba le kamano e ntle le Modimo. Jehova ke Mmusi wa lehodimo le lefatshe. Ho ntse ho le jwalo ke Ntate Modimo le Motswalle wa rona!—Pes. 71:17, 18.

Re boetse re ananela bophelo boo Modimo a re fileng bona. (Moek. 3:12, 13) Ka ha re na le kamano e ntle le Modimo, re a utlwisisa hore na Modimo o batla hore re phele jwang. (Bakol. 1:9, 10) Kahoo re a tseba hore na re phelelang. Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ha ba tsebe hore na thato ya Modimo ke efe. Ha Pauluse a bua ka taba ena, o ile a re: “‘Leihlo ha le a bona le tsebe ha e a utlwa, le ha e le hore ho simolohile ka pelong ya motho dintho tseo Modimo a di lokiseditseng ba mo ratang.’ Etswe Modimo o re senoletse tsona ka moya wa hae.” (1 Bakor. 2:9, 10) Ruri re a thaba hore ebe re a utlwisisa hore na thato ya Modimo ke efe.

Ho na le ntho e nngwe hape eo Jehova a e etsetsang batho ba hae. O re tshwarela dibe tsa rona. (1 Joh. 2:12) Ka lebaka la mosa wa Modimo, re na le tshepo ya ho phela lefatsheng le letjha. (Bar. 12:12) Badumedimmoho le rona le bona ke mpho e tswang ho Jehova hobane ke metswalle ya sebele. (Pes. 133:1) Jehova o boetse o re file Lentswe la hae le re kgodisang hore o tla re sireletsa kgahlanong le Satane le bademona. (Pes. 91:11) Thabo ya rona e tla eketseha haeba re nahanisisa ka dintho tsena tsohle tseo Modimo a re fileng tsona.—Bafil. 4:4.

O KA ETSANG HORE O DULE O THABILE?

Na Mokreste ya seng a ntse a thabile a ka eketsa thabo ya hae? Jesu o ile a re: “Ke le bolelletse dintho tsena, e le hore thabo ya ka e ka ba ho lona mme thabo ya lona e be e felletseng.” (Joh. 15:11) Na see ha se bontshe hore thabo ya motho e kgona ho eketseha? O ka bapisa thabo ya hao le ho hotetsa mollo. Haeba o batla hore mollo oo o tuke haholo, o lokela ho kenya dibeso tse eketsehileng. Ka tsela e tshwanang, haeba o batla ho eketsa thabo ya hao o lokela ho bala Bibele ka ho eketsehileng. Hopola hore thabo e tliswa ke moya wa Modimo. Kahoo itlwaetse ho kopa moya o halalelang ho Jehova le ho nahanisisa ka seo o ithutang sona Bibeleng.—Pes. 1:1, 2; Luka 11:13.

O ka boela wa eketsa thabo ya hao ka ho phathahana ka mosebetsi oo Jehova a re fileng ona. (Pes. 35:27; 112:1) Hobaneng? Hobane motho o bopetswe hore a tshabe Modimo le hore a “boloke ditaelo tsa hae, etswe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.” (Moek. 12:13) Ka mantswe a mang, re bopetswe hore re etse thato ya Modimo. Kahoo re thaba haholo bophelong haeba re sebeletsa Jehova. *

THABO E RE TLISETSA MELEMO EFE?

Thabo eo Modimo a re fang yona e na le melemo e mengata. Ka mohlala, re tla kgona ho kgahlisa Modimo ka ho mo sebeletsa re thabile ho sa tsotellehe mathata ao re tobanang le ona. (Deut. 16:15;1 Bathes. 5:16-18) Ha re na le thabo ya sebele, re ke ke ra rata maruo, mme re tla tela dintho tse ngata hore re sebeletse Jehova. (Mat. 13:44) Ha re bona melemo ya ho sebeletsa Modimo, thabo ya rona e tla eketseha, re tla ba le bophelo bo botle ebile re tla etsa hore le batho ba bang ba thabe.—Lik. 20:35; Bafil. 1:3-5.

Setsebi se seng sa ditaba tsa bophelo bo botle, se univesithing ya Nebraska e United States, se ile sa re: “Motho ya thabileng le ya kgotsofetseng hona jwale, o na le menyetla e mengata ya ho ba le bophelo bo botle nakong e tlang.” Taba ena e dumellana le seo Bibele e se buang, ha e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle.” (Liprov. 17:22) Kahoo, ke nnete hore ha re dula re thabile, re tla phela hantle mmeleng.

Ho hlakile hore le hoja re phela dinakong tsena tse thata, moya wa Modimo o ka re thusa ho ba le thabo ya sebele le e tshwarellang. Re ka fumana moya o halalelang ka ho rapela, ho ithuta Bibele le ka ho nahanisisa ka seo re ithutang sona. Re ka boela ra eketsa thabo ya rona ka ho nahana ka dintho tseo Modimo a re etseditseng tsona, ka ho etsisa tumelo ya ba bang le ka ho ikitlaetsa ho etsa thato ya Modimo. Ha re ntse re etsa dintho tsena tsohle, re tla bona bonnete ba mantswe a ho Pesaleme ya 64:10, a reng: “Ya lokileng o tla ithabela ho Jehova mme o tla tshabela ho yena.”

^ par. 10 Re tla bua haholwanyane ka mamello nakong e tlang, letotong lena la dihlooho tse buang ka “ditholwana tsa moya.”

^ par. 20 Ho fumana dintlha tse eketsehileng, sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “Ditsela Tse Ding Tsa ho Eketsa Thabo ya Hao.”