Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 8

PINA YA 123 Ikokobelletse Taolo ya Modimo ka Botshepehi

Dula o Mamela Tataiso ya Jehova

Dula o Mamela Tataiso ya Jehova

‘Nna Jehova ke . . . ya o tataisa.’ESA. 48:17.

NTLHAKGOLO

Sehlooho sena se tlo re thusa ho bona hore na Jehova o tataisa bahlanka ba hae jwang mehleng ena le hore na ho mamela tataiso ya hae ho re tswela molemo jwang.

1. Fana ka mohlala wa hore na ke hobaneng ha re hloka tataiso ya Jehova.

 AKO nahane o lahlehile ka hare ho moru. Ho na le dintho tse ngata tse ka o ntshang kotsi tse kang diphoofolo tse hlaha, dimela le dikokwanyana tse nang le tjhefo hape ho na le majwe a maholo tseleng a ka o ntshang kotsi. Ho hlakile hore o ka thaba haeba o tsamaya le motho ya tsebang hore na o ka qoba dikotsi tse jwalo jwang. Lefatshe leo re phelang ho lona le tshwana le moru oo. Le na le dikotsi tse ngata tse ka etsang hore kamano ya rona le Jehova e senyehe. Empa Jehova o re thusa hore re qobe dikotsi tse ka re hlahelang. O boetse o re thusa hore re fumane bophelo bo sa feleng lefatsheng le letjha.

2. Jehova o re fa tataiso ka ditsela dife?

2 Jehova o re tataisa jwang? O sebedisa Lentswe la hae Bibele. Le ha ho le jwalo, o boetse o sebedisa batho hore ba re tataise. Ka mohlala, o sebedisa “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” ho re fa dintho tse re thusang hore re be le tumelo e matla e le hore re kgone ho etsa diqeto tse nepahetseng. (Mat. 24:45) Hape Jehova o sebedisa bahlanka ba bang ba hae ba tshepahalang. Ka mohlala, balebedi ba potoloho le baholo ba a re kgothatsa ebile ba re fa ditaelo tse ka re thusang hore re mamelle mathata. Re ananela hore ebe Jehova o a re tataisa mehleng ena ya bofelo le hore o re thusa hore re dule re le metswalle ya hae e le hore re ka thabela bophelo hona jwale le ka ho sa feleng.

3. Re tlo bua kang sehloohong see?

3 Ka dinako tse ding re ka utlwa ho le thata hore re mamele tataiso ya Jehova, haholoholo ha e fanwa ke batho ba etsang diphoso jwalo ka rona. Hobaneng? Lebaka ke hobane re ka fuwa tataiso eo re sa e thabeleng kapa re ka bona eka tataiso eo re e fuwang ha e utlwahale ebe re belaella hore e tswa ho Jehova. Maemong a jwalo re lokela ho kgodiseha hore ke Jehova ya tataisang batho ba hae le hore ho mamela tataiso ya hae ho dula ho re tswela molemo. Sehlooho sena se tlo bua ka dintlha tse latelang ho re thusa hore re kgodisehe hore ke Jehova ya tataisang bahlanka ba hae: (1) Jehova o ile a tataisa bahlanka ba hae mehleng ya Bibele, (2) Jehova o a re tataisa mehleng ena, (3) ho mamela tataiso ya hae ho re tswela molemo.

Haesale Jehova a sebedisa batho hore ba tataise bahlanka ba hae ho tloha mehleng ya kgale ho fihlela mehleng ena (Sheba serapa sa 3)


JEHOVA O ILE A TATAISA SETJHABA SA ISERAELE

4, 5. Jehova o ile a bontsha jwang hore o sebedisa Moshe hore a tataise Baiseraele? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

4 Jehova o ile a kgetha Moshe hore a ntshe Baiseraele Egepeta. O ile a fa Baiseraele bopaki bo bontshang hore o ne a ba tataisa a sebedisa Moshe. Ka mohlala, motshehare o ne a ba etella pele ka leru le kang pilara mme bosiu a ba etella pele ka mollo o kang pilara. (Ex. 13:21) Moshe o ne a latela pilara eo e neng e lebisa yena le Baiseraele Lewatleng le Lefubedu. Baiseraele ba ile ba tshoha hobane ba ne ba nahana hore Baegepeta ba tla ba bolaya. Ba ne ba nahana hore Moshe o entse phoso ka ho ba isa Lewatleng le Lefubedu. Empa o ne a sa etsa phoso. Jehova o ile a sebedisa Moshe hore a ise batho ba hae moo. (Ex. 14:2) Modimo o ile a ba pholosa ka mohlolo.—Ex. 14:​26-28.

Moshe o ne a tshepile leru leo Jehova a neng a le sebedisa ha a ne a tataisa bahlanka ba Modimo ha ba ne ba le lefeelleng (Sheba serapa sa 4 le 5)


5 Dilemo tse 40 ka mora moo, Moshe o ile a dula a latela leru leo Modimo a neng a le sebedisa ho tataisa batho ba hae ha ba ne ba le lefeelleng. a Jehova o ne a beha leru hodima tente ya Moshe moo Baiseraele bohle ba neng ba ka le bona. (Ex. 33:​7, 9, 10) Jehova o ne a sebedisa leru leo ho bua le Moshe ebe Moshe o bolella Baiseraele ditaelo tse tswang ho Jehova. (Pes. 99:7) Ka hoo, Baiseraele ba ne ba ena le bopaki ba hore Jehova o ba tataisa a sebedisa Moshe.

Moshe le Joshua ya neng a tla etella setjhaba pele ka mora hae (Sheba serapa sa 5 le 7)


6. Baiseraele ba ile ba etsang ha Jehova a ba fa tataiso? (Numere 14:​2, 10, 11)

6 Ka maswabi Baiseraele ba bangata ba ile ba hana bopaki ba hore Jehova o ne a sebedisa Moshe hore a bue le bona. (Bala Numere 14:​2, 10, 11.) Ka makgetlo a mangata ha ba a ka ba amohela hore Moshe o sebediswa ke Jehova hore a ba tataise. Ka hoo, Jehova ha a ka a dumella hore Baiseraele bao ba kene Naheng e Tshepisitsweng.—Num. 14:30.

7. Fana ka mehlala ya batho ba ileng ba latela tataiso ya Jehova. (Numere 14:24) (Sheba setshwantsho.)

7 Baiseraele ba bang ba ile ba latela tataiso ya Jehova. Ka mohlala, Jehova o ile a re: “Kalebe . . . o ile a nna a ntatela ka pelo yohle.” (Bala Numere 14:24.) Modimo o ile a hlohonolofatsa Kalebe a ba a mo fa karolo ya naha eo a neng a ikgethetse yona Kanana. (Josh. 14:​12-14) Baiseraele ba ileng ba kena Naheng e Tshepisitsweng le bona ba ile ba beha mohlala o motle ka hore ba mamele tataiso ya Jehova. Ha Joshua a kgethwa hore e be moetapele wa Baiseraele ka mora Moshe, ba ile “ba mo hlompha haholo bophelo bohle ba hae.” (Josh. 4:14) Ka hoo, Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka hore a ba ise naheng eo a neng a ba tshepisitse yona.—Josh. 21:​43, 44.

8. Hlalosa hore na Jehova o ne a tataisa batho ba hae jwang ha ho ne ho ena le marena. (Sheba setshwantsho.)

8 Dilemo ha morao, Jehova o ile a kgetha baahlodi hore ba tataise batho ba hae. Ka mora moo ha ho se ho ena le marena Iseraele, Jehova o ile a kgetha baprofeta hore ba tataise batho ba hae. Marena a neng a tshepahala a ile a kopa keletso ho baprofeta. Ka mohlala, Morena Davida o ile a amohela kgalemelo ya moprofeta Nathane ka boikokobetso. (2 Sam. 12:​7, 13; 1 Dikron. 17:​3, 4) Morena Josafate o ile a mamela tataiso ya moprofeta Jahaziele mme a kgothaletsa batho ba Juda hore ba ‘tshepe baprofeta ba [Modimo].’ (2 Dikron. 20:​14, 15, 20) Ha Morena Ezekiase a ne a tshohile o ile a kopa thuso ya moprofeta Esaia. (Esa. 37:​1-6) Ka mehla ha marena a ne a mamela tataiso ya Jehova, a ne a hlohonolofatswa ebile setjhaba se ne se sireletseha. (2 Dikron. 20:​29, 30; 32:22) Ka hoo, batho bohle ba ne ba lokela ho bona hore Jehova o ne a sebedisa baprofeta ho tataisa batho ba hae. Le ha ho le jwalo, marena a mangata le batho ba bang ha ba a ka ba mamela baprofeta ba Jehova.—Jer. 35:​12-15.

Morena Ezekiase le moprofeta Esaia (Sheba serapa sa 8)


JEHOVA O NE A TATAISA BAKRESTE BA PELE

9. Ke bomang bao Jehova a ileng a ba sebedisa ho tataisa Bakreste ba pele? (Sheba setshwantsho.)

9 Ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, Jehova o ile a theha phutheho ya Bokreste. O ile a tataisa Bakreste bao jwang? O ile a kgetha hore Jesu e be hlooho ya phutheho. (Baef. 5:23) Le ha ho le jwalo, Jesu ha a ka a tataisa morutuwa e mong le e mong ka boyena. Ho ena le hoo, o ile a sebedisa baapostola le baholo ba Jerusalema hore ba ba tataise. (Dik. 15:​1, 2) Hape baholo ba ile ba kgethwa hore ba tataise diphutheho.—1 Bathes. 5:12; Tite 1:5.

Baapostola le baholo ba Jerusalema (Sheba serapa sa 9)


10. (a) Bakreste ba pele ba bangata ba ile ba etsang ha ba ne ba tataiswa? (Diketso 15:​30, 31) (b) Ke hobaneng ha batho ba mehleng ya Bibele ba ile ba hana ho mamela batho bao Jehova a neng a ba kgethile ho fana ka tataiso? (Sheba lebokose le reng “ Ke Hobaneng ha Batho ba Bang ba sa Dumele Hore Jehova o Sebedisa Batho ho Tataisa Bahlanka ba Hae?”)

10 Na Bakreste ba pele ba ile ba amohela tataiso eo ba neng ba e fuwa? Bongata ba bona ba ile ba thabela ho mamela ditaelo tseo ba neng ba di fuwa. Ba ile ba “thaba haholo” ka mora hore ba kgothatswe. (Bala Diketso 15:​30, 31.) Jehova o tataisa bahlanka ba hae jwang mehleng ee?

JEHOVA O A RE TATAISA MEHLENG ENA

11. Fana ka mohlala o bontshang ka moo Jehova a tataisang bahlanka ba hae ba etellang pele mehleng ena.

11 Jehova o ntse a tataisa bahlanka ba hae le mehleng ena. O ba tataisa a sebedisa Lentswe la hae Bibele le Mora wa hae eo e leng hlooho ya phutheho. Ho na le bopaki ba hore Modimo o ntse a sebedisa batho le mehleng ena. Ka mohlala, nahana ka dintho tse ileng tsa etsahala ka mora selemo sa 1870. Morabo rona Charles Taze Russell le metswalle ya hae ba ile ba hlokomela hore selemo sa 1914 ke sa bohlokwa bakeng sa Mmuso wa Modimo. (Dan. 4:​25, 26) Ntho e ileng ya ba thusa hore ba hlokomele taba eo ke dipatlisiso tseo ba ileng ba di etsa ka Bibeleng. Na Jehova o ne a ba tataisa ha ba ne ba etsa dipatlisiso ka Bibeleng? Ho hlakile hore o ne a ba tataisa. Dintho tse ileng tsa etsahala lefatsheng ka 1914 di bontsha hore Mmuso wa Modimo o ne o qadile ho busa. Ho ile ha eba le Ntwa ya Pele ya Lefatshe mme ka mora yona ho ile ha eba le mafu a sewa, ditshisinyeho tsa lefatshe le kgaello ya dijo. (Luka 21:​10, 11) Ka nnete Jehova o ile a sebedisa banna bana ba Bakreste ho thusa bahlanka ba hae.

12, 13. Nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, ho ile ha etswang ho thusa hore mosebetsi wa boboledi o etswe haholwanyane?

12 Nahana ka dintho tse ileng tsa etsahala nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe. Ka mora hore bara ba bo rona ba nang le boikarabelo ntlokgolo ba bale le ho etsa dipatlisiso ka lengolo la Tshenolo 17:​8, ba ile ba hlokomela hore Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e ne e sa bolele hore Armagedone e fihlile. Ka hoo, ba ne ba tseba hore ho tla ba le nako ya kgotso, e neng e tla fa Dipaki Tsa Jehova monyetla wa hore di ntshetse pele mosebetsi wa boboledi. Bara ba bo rona ba ile ba theha Sekolo sa Gileade le hoja ho ne ho ka bonahala eka ha se nako e nepahetseng ya ho etsa jwalo. Sekolo sena se ne se tla ruta baromuwa ho bolela le ho ruta batho Bibele lefatsheng lohle. Baromuwa ba ile ba romelwa dinaheng tse ding le ha ntwa e ntse e tswela pele. Hape mohlanka ya tshepahalang o ile a theha Sekolo sa Thuto ya Tshebeletso ya Puso ya Modimo b e le ho kwetlisa bahweletsi diphuthehong tsohle hore ba kgone ho ntlafatsa tsela eo ba rutang ka yona. Ka hoo, batho ba Modimo ba ne ba kwetlisetswa mosebetsi wa boboledi oo ba neng ba tla o etsa.

13 Mehleng ena re kgona ho bona hore Jehova haesale a ntse a tataisa batho ba hae dinakong tse thata. Ho tloha ka Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, batho ba Jehova dinaheng tse ngata ba ntse ba thabela ho ba le kgotso le bolokolohi ba hore ba nne ba tswele pele ba etsa mosebetsi wa boboledi. Ha e le hantle, mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate o atlehile haholo.

14. Ke hobaneng ha re ka tshepa ditaelo tseo re di fuwang ke mokgatlo wa Jehova le baholo? (Tshenolo 2:1) (Sheba setshwantsho.)

14 Mehleng ena bara ba bo rona ba Sehlopha se Busang ba ntse ba tswela pele ho batla tataiso ho Kreste. Ba batla hore ditaelo tseo ba di fang bara ba bo rona di bontshe hore di tswa ho Jehova. Hape ba sebedisa balebedi ba potoloho le baholo hore ba fane ka tataiso diphuthehong. c Baholo ba kgethilweng ba ka “letsohong le letona” la Kreste. (Bala Tshenolo 2:1.) Ke nnete hore baholo ba etsa diphoso. Moshe, Joshua le baapostola le bona ba ne ba etsa diphoso ka dinako tse ding. (Num. 20:12; Josh. 9:​14, 15; Bar. 3:23) Le ha ho le jwalo, Kreste o ntse a tataisa mohlanka ya tshepahalang le baholo ba kgethilweng mme o tla tswela pele ho ba tataisa “ka matsatsi ohle ho fihlela lefatshe le fela.” (Mat. 28:20) Ka hoo, re na le mabaka a hore re ka tshepa tataiso eo a fanang ka yona a sebedisa bara bana ba bo rona ba kgethilweng hore ba re etelle pele.

Sehlopha se Busang sa mehleng ena (Sheba serapa sa 14)


RE FUMANA MELEMO HA RE DULA RE MAMELA TATAISO YA JEHOVA

15, 16. Keng eo o ithutang yona ho batho ba ileng ba latela tataiso ya Jehova?

15 Ha re dula re mamela tataiso eo Jehova a re fang yona, ho na le melemo eo re e fumanang hona jwale. Ka mohlala, Morabo rona Andy le Moradi wa bo rona Robyn ba ile ba mamela keletso e reng ba fokotse dintho tseo ba nang le tsona. (Baheb. 13:5) Ka hoo, ba ile ba kgona ho ithaopela ho sebetsa diprojekeng tsa kaho. Moradi wa bo rona Robyn o re: “Ka dinako tse ding re ne re dula matlong a manyenyane ebile a se na le kitjhine. Ke ile ka lokela ho rekisa dikhamera tsa ka tse ngata le dintho tseo ke neng ke di sebedisa ho nka dinepe le hoja ho nka dinepe e ne e le ntho eo ke e ratang haholo. Ke ile ka lla haholo ha ke ne ke di rekisa. Empa jwalo ka Sara e leng mosadi wa Abrahama, ke ne ke ikemiseditse ho tela dintho tseo ke nang le tsona mme ke thabele ho sebeletsa Jehova.” (Baheb. 11:15) Ke melemo efe eo banyalani baa ba ileng ba e fumana? Moradi wa bo rona Robyn o re: “Re thabile haholo hobane re a tseba hore re fa Jehova ntho e nngwe le e nngwe eo re nang le yona. Ha re etsa mosebetsi oo Jehova a re fileng wona, re kgona ho bona hanyane hore na bophelo bo tla ba jwang lefatsheng le letjha.” Morabo bona Andy le yena o re: “Re thabile haholo hobane re fa Jehova nako ya rona le matla a rona ho etsa mosebetsi wa hae.”

16 Re ka fumana melemo efe ha re dula re latela tataiso ya Jehova? Ka mora hore Moradi wa bo rona Marcia a qete sekolo, o ile a mamela keletso ya hore a sebeletse Jehova ka hore e be pulamadiboho. (Mat. 6:33; Bar. 12:11) O re: “Ke ne ke ena le monyetla wa hore ke ye yunivesithi ka dilemo tse nne ke sa lefe letho. Empa ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova. Ka hoo, ke ile ka kgetha hore ke ye sekolong ho ithuta hore ke etse mosebetsi wa matsoho e le hore nka kgona ho fumana mosebetsi o neng o tla nthusa hore ke be le tjhelete e lekaneng ha ntse ke le pulamadiboho. Ena ke qeto e molemo ka ho fetisisa eo nkileng ka e etsa. Hona jwale ke thabela ho ba pulamadiboho ya ka mehla ebile mosebetsi wa ka o ntumella hore ke thusetse Bethele ka matsatsi a itseng hape ke thabela ho sebeletsa Jehova ka ditsela tse ding.”

17. Ke melemo efe e meng eo re e fumanang ha re dula re latela tataiso ya Jehova? (Esaia 48:​17, 18)

17 Ka dinako tse ding, re fuwa keletso e re sireletsang dinthong tse kang ho rata tjhelete le ho etsa dintho tse ka etsang hore re tlole melao ya Modimo. Re fumana melemo haeba re mamela tataiso eo Jehova a re fang yona dinthong tsena. Re ba le letswalo le kgutsitseng ebile re qoba mathata a mangata a ka re hlahelang. (1 Tim. 6:​9, 10) Ka lebaka leo, re kgona ho sebeletsa Jehova ka dipelo tsa rona tsohle mme ho etsa jwalo ho etsa hore re thabe, re be le kgotso mme re kgotsofale.—Bala Esaia 48:​17, 18.

18. Ke hobaneng ha o ikemiseditse ho dula o latela tataiso ya Jehova?

18 Ha ho pelaelo hore Jehova o tla tswela pele a ntse a sebedisa batho ho re fa tataiso nakong ya mahlomola a maholo ho fihlela nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete. (Pes. 45:16) Na re tla dula re latela tataiso eo re e fuwang le hoja re ka batla ho etsa ntho e nngwe e fapaneng? Re tla nolofallwa ke ho etsa jwalo haeba re latela tataiso ya Jehova hona jwale. Ka hoo, a re duleng re latela tataiso ya Jehova ho akareletsa le eo re e fuwang ke bara ba bo rona ba behilweng hore ba re hlokomele. (Esa. 32:​1, 2; Baheb. 13:17) Ha re etsa jwalo, re ba le mabaka a mangata a ho tshepa Jehova ya re tataisang hobane o re thusa hore re se ke ra etsa dintho tse tla senya kamano ya rona le yena le ho re sitisa hore re fumane bophelo bo sa feleng lefatsheng le letjha.

O KA RENG?

  • Jehova o ile a tataisa setjhaba sa Iseraele jwang?

  • Jehova o ile a tataisa Bakreste ba pele jwang?

  • Mehleng ee, re fumana melemo efe ha re latela tataiso ya Jehova?

PINA YA 48 Re Tsamayeng le Jehova Kamehla

a Jehova o ile a boela a kgetha lengeloi le neng le ‘etella setjhaba pele’ le ho se tataisa hore se fihle Naheng e Tshepisitsweng. Ho hlakile hore lengeloi lena ke Mikaele e leng lebitso la Jesu ha a etella pele mangeloi kaofela.—Ex. 14:19; 32:34.

b Ha morao se ile sa bitswa Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo. Kajeno re fumana kwetliso ena dibokeng tsa rona tsa hara beke.

c Sheba lebokose le reng “Mosebetsi wa Sehlopha se Busang” ho Tora ya ho Lebela ya February 2021, leq. 18.