Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dula o Thabile ha o Ntse o Letetse Jehova ka Mamello

Dula o Thabile ha o Ntse o Letetse Jehova ka Mamello

NA O tatetse nako eo ka yona Jehova a tla fedisa bokgopo mme a etse hore dintho tsohle di be ntjha? (Tshen. 21:​1-5) Ha ho pelaelo hore ho jwalo. Le ha ho le jwalo, ha ho bonolo ka mehla ho dula re letetse Jehova ka mamello, haholoholo ha re ena le mathata. Ha ntho eo re tshepileng hore e etsahale e dieha ho phethahala, e kudisa pelo.—Diprov. 13:​12, nal.

Ho ntse ho le jwalo, Jehova o lebeletse hore re mo letele ka mamello hore a nke kgato ka nako eo a e behileng. Ke hobaneng ha a lebeletse hore re lete? Ke eng e ka re thusang hore re dule re thabile ha re ntse re letile?

KE HOBANENG HA JEHOVA A LEBELETSE HORE RE LETE?

Bibele e re: “Jehova o letile ka mamello hore a le hauhele mme o tla nka kgato, a le hauhele. Jehova ke Modimo wa toka. Ho thaba bohle ba mo letetseng.” (Esa. 30:18) Qalong mantswe ana a Esaia a ne a lebisitswe ho Bajuda ba manganga. (Esa. 30:1) Empa ho ne ho ntse ho ena le Bajuda ba tshepahalang mme mantswe ana a ne a ba fa tshepo. Mantswe a tshwanang a fa bahlanka ba Jehova ba tshepahalang tshepo mehleng ena.

Ka hoo, re lokela ho leta ka mamello hobane Jehova o letile ka mamello. O kgethile nako eo a tlo fedisa lefatshe lena ka yona mme o letetse letsatsi le hora eo hore di fihle. (Mat. 24:36) Ka nako eo, ho tla be ho hlakile ka ho feletseng hore diqoso tseo Satane a qosang Jehova le batho ba mo sebeletsang ka tsona ke leshano. Ka mora moo, o tla fedisa Satane le bohle ba mo tshehetsang empa o tla ‘re hauhela.’

Ha re ntse re emetse nako eo, Jehova a ka nna a se ke a fedisa mathata a rona empa o a re tiisetsa hore re ka thaba ha re ntse re letile. Jwalo ka ha Esaia a boletse, re ka thaba ha re emetse hore ntho e thabisang e etsahale. (Esa. 30:18) Re ka fumana thabo eo jwang? Re ka thuswa ke dintho tse nne.

RE KA DULA RE THABILE JWANG HA RE NTSE RE LETILE?

Nahana ka dintho tse ntle tse etsahalang bophelong ba hao. Morena Davida o bone bokgopo bo etsahala bophelo bohle ba hae. (Pes. 37:35) Ho ntse ho le jwalo, o ile a ngola a re: “Letela Jehova o kgutsitse, o mo letele ka mamello. O se ke wa halefiswa ke motho ya atlehang ka maqheka a hae.” (Pes. 37:7) Davida o ile a sebedisa keletso eo ka hore a nahane ka tshepiso ya Jehova ya hore o tla mo pholosa. O ne a boetse a ananela dintho tsohle tse molemo tseo Jehova a mo etseditseng tsona. (Pes. 40:5) Le rona haeba re nahana ka dintho tse molemo tse etsahalang bophelong ba rona mme re sa nahane ka mathata a re hlahelang, ho tla ba bonolo hore re letele Jehova.

Sebedisa monyetla o mong le o mong ho rorisa Jehova. Mongodi wa Pesaleme ya 71 eo ho ka etsahalang hore e ne e le Davida, o ile a re ho Jehova: “Ke tla dula ke letile. Ke tla o rorisa ho feta pele.” (Pes. 71:14) O ne a tla rorisa Jehova jwang? O ne a tla bolella batho ka Jehova a be a mo binele dithoriso. (Pes. 71:​16, 23) Jwalo ka Davida, re ka dula re thabile ha re ntse re letetse Jehova. Re mo rorisa ha re le tshimong, ha re bua ka yena le metswalle le ba lelapa le ha re bina dipina tsa rona. Nakong e tlang ha o mamela e nngwe ya dipina tsa rona tsa Mmuso, nahanisisa ka mantswe a yona le hore na e etsa hore o thabe jwang.

Qeta nako le bara le baradi beno. Ha Davida a ne a ena le mathata, o ile a re ho Jehova: “Ke tla tshepa lebitso la hao ka pela batho ba o tshepahallang.” (Pes. 52:9) Le rona re ka kgothala ha re ena le bara le baradi ba bo rona ebang ke dibokeng, tshimong kapa ha re ithabisa hammoho.—Bar. 1:​11, 12.

Matlafatsa tshepo ya hao. Pesaleme ya 62:5 e re: “Ke letela Modimo ke kgutsitse hobane ke yena ya mphang tshepo.” Ho bohlokwa hore re be le tshepo e matla, haholoholo haeba bofelo bo sa tle ka nako eo re e lebeletseng. Re lokela ho kgodiseha hore ditshepiso tsa Jehova di tla phethahala ho sa tsotellehe hore na re tla tlameha ho di emela nako e telele hakae. Re ka matlafatsa tshepo ya rona ka ho ithuta Lentswe la Modimo. Ka mohlala, nahana ka boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse, ka moo bangodi ba Bibele ba dumellanang ka teng le dintlha tseo Jehova a re boleletseng tsona ka yena. (Pes. 1:​2, 3) Hape re lokela ho tswela pele ho ‘rapela ka thuso ya moya o halalelang’ e le hore kamano ya rona le Jehova e dule e le matla ha re ntse re emetse hore tshepiso ya hae ya ho re fa bophelo bo sa feleng e phethahale.—Juda 20, 21.

Jwalo ka Morena Davida, kgodiseha hore Jehova o shebile ba mo letetseng ebile o a bontsha hore o a ba rata. (Pes. 33:​18, 22) Dula o letetse Jehova ka mamello ka hore o nahane ka dintho tse ntle tse etsahalang bophelong ba hao, o mo rorise, o qete nako le bara le baradi beno le hore o matlafatse tshepo ya hao.