Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DINTHO TSE KA O THUSANG HA O ITHUTA

Fumana Matlotlo a Patilweng ka Bibeleng ao o ka a Sebedisang

Fumana Matlotlo a Patilweng ka Bibeleng ao o ka a Sebedisang

Ha re bala Bibele, re ka batla matlotlo a patilweng a ka Bibeleng ka ho etsa dipatlisiso ka dintlha tsa bohlokwa. Empa re ka rua molemo haholo jwang?

Etsa dipatlisiso ka diketsahalo tsa Bibele. Ka mohlala, batla hore na lengolo le ngotswe ke mang, le ngoletswe bomang le hore le ngotswe neng. Maemo a ka nako eo a ne a le jwang? Ho ile ha etsahalang pele ho moo le ka mora moo?

Nahana ka dintho tseo o ka ithutang tsona ka hore o etse dipatlisiso ka dipotso tse kang tsena: ‘Batho bao ke balang ka bona ba ne ba ikutlwa jwang? Ke makgabane afe ao ba ileng ba a bontsha? Ke hobaneng ha ke lokela ho ba le makgabane ao ba neng ba ena le ona kapa ho qoba ho etsa dintho tseo ba neng ba di etsa?’

Sebedisa dintho tseo o ithutang tsona, mohlomong tshebeletsong ya hao ya tshimo kapa ha o sebedisana le batho ba bang. Ka ho etsa jwalo, o bontsha hore o bohlale jwalo ka ha Bibele e bolela, e re: “Ya bohlale o tla hlokomela dintho tsena.”—Pes. 107:43.

  • Ntho e ka o thusang: Hlokomela hore na karolo e hlahang dibokeng tsa hara beke e reng Matlotlo a Tswang Bibeleng e re thusa jwang ho sebedisa dintho tseo re ithutang tsona. Karolo ena e dula e ena le dipotso tseo re ka ipotsang tsona, dintlha tseo re ka nahanisisang ka tsona le ditshwantsho tseo re ka di hlahlobang.