PALE YA BOPHELO
“Ha ke Eso be Mong le ka Mohla”
HO NA le maemo a mangata bophelong a ka etsang hore re ikutlwe eka ha re na mang we, jwalo ka ho lahlehelwa ke motho eo re mo ratang, ho fallela sebakeng se setjha le ho dula o le mong. Ke fetile maemong ana kaofela. Le ha ho le jwalo, ha ke sheba dintho tse nketsahalletseng bophelong, ke a hlokomela jwale hore ha ke eso be mong le ka mohla. E reng ke le qoqeleng hore na ke bolelang.
MOHLALA OO BATSWADI BA KA BA MPEHETSENG ONA
Mme wa ka le ntate wa ka e ne e le Makhatholike a popota. Empa ka mora hore ba ithute hore Bibele e re lebitso la Modimo ke Jehova, e ile ya eba Dipaki Tsa Jehova tse tjhesehang. Ntate wa ka o ile a kgaotsa ho betla ditshwantsho tsa Jesu, yaba o sebedisa tsebo ya hae ya ho betla mapolanka ho fetola mokato o ka tlase wa ntlo ya heso hore e be Holo ya Mmuso. Holo eo e ne e le San Juan del Monte, sebakeng se ka thoko ho motsemoholo wa Philippines e leng Manila.
Ho tloha ha ke hlaha ka selemo sa 1952, batswadi ba ka ba ile ba nthuta ka Jehova jwalo ka ha ba ile ba etsa ka boabuti ba ka ba bane le boausi ba ka ba bararo. Ha ke ntse ke hola, ntate wa ka o ile a nkgothalletsa hore ke bale kgaolo e le nngwe ya Bibele letsatsi le leng le le leng ebile o ne a bala le nna dingolwa tse ngata tsa mokgatlo. Ka dinako tse ding, batswadi ba ka ba ne ba amohela balebedi ba tsamayang le baemedi ba lekala lapeng. Ho ne ho re thabisa ebile ho re kgothatsa ho utlwa diphihlelo tsa bara bao ba bo rona, e leng se ileng sa re susumelletsa ho etsa hore ho sebeletsa Jehova e be ntho e tlang pele bophelong ba rona.
Lefa leo batswadi ba ka ba ntshietseng lona ke ho ba le tumelo ho Jehova. Ka mora hore mme wa ka eo ke neng ke mo rata a hlokahale ka lebaka la ho kula, nna le ntate wa ka re ile ra qala ho ba bopulamadiboho ka selemo sa 1971. Le ha ho le jwalo, ntate wa ka o ile a hlokahala ka 1973 ha ke le dilemo di 20. Ho hlokahallwa ke batswadi ho ile ha etsa hore ke ikutlwe ke sa tsebe hore na ke phelelang ebile eka ke mong. Empa tshepo eo re e fumanang ka Bibeleng ‘e re thusang hore re eme re tiile, re sa belaele,’ e ile ya nthusa hore ke dule ke le haufi le Jehova, ke tsitsitse ho ena le ho nyahama ho tlola. (Baheb. 6:19) Ka mora nako e seng kae ntate wa ka a hlokahetse, ke ile ka amohela kabelo ya ho sebeletsa ke le pulamadiboho e kgethehileng sehlekehlekeng sa Coron, profinseng ya Palawan.
MATHATA AO KE ILENG KA TOBANA LE ONA DIKABELONG TSA KA HA KE NE KE LE MONG
Ke ne ke le dilemo di 21 ha ke fihla Coron. Ka ha ke ne ke holetse toropong, ke ile ka makala ha ke
fihla sehlekehlekeng seo mme ke bona batho ba sokola motlakase, metsi le dipalangwang. Le hoja ho ne ho ena le bara ba bo rona ba seng bakae moo, ho ne ho se na pulamadiboho eo ke sebetsang le yona mme ka dinako tse ding ke ne ke lokela ho ya tshimong ke le mong. Kgweding ya pele, ke ne ke hopotse lelapa leso le metswalle ya ka haholo. Bosiu ke ne ke sheba lehodimo le tletseng dinaledi ebe ke a lla. Ke ne ke utlwa eka nka tlohela kabelo ya ka ebe ke kgutlela hae.Ka dinako tseo ke neng ke ikutlwa eka ke mong, ke ne ke tshollela pelo ya ka ho Jehova. Ke ne ke hopola dintho tse kgothatsang tseo ke ithutileng tsona Bibeleng le dingolweng tsa rona. Hangata ke ne ke nahana ka Pesaleme ya 19:14. Ke ile ka hlokomela hore Jehova e tla ba “Lefika la ka le Molopolli wa ka” haeba ke thuisa ka dintho tse mo thabisang tse kang mesebetsi ya hae le makgabane a hae. Ke ile ka thuswa ke sehlooho sa Watchtower se reng “You Are Never Alone.” a Ke ile ka se bala ka makgetlo. Ka dinako tseo, ho ne ho tshwana le ha eka ke mong feela le Jehova mme seo se ile sa mpha menyetla e metle ya hore ke rapele, ke ithute ke be ke thuise.
Nakwana ka mora hore ke fihle Coron, ke ile ka kgethwa hore ke be moholo. Ka ha e ne e le nna feela moholo, beke e nngwe le e nngwe ke ne ke kganna Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo, Seboka sa Tshebeletso, Thuto ya Buka ya Phutheho le Molula-Qhooa. Ke ne ke boetse ke fana ka puo ya phatlalatsa beke e nngwe le e nngwe. Ke ne ke phathahane haholo hoo ke neng ke se na nako ya ho ikutlwa eka ke mong.
Ke ne ke thabela mosebetsi wa boboledi o neng o atleha Coron, mme tse ding tsa diithuti tsa ka di ile tsa qetella di kolobeditswe. Empa ho ne ho ntse ho ena le mathata a mang. Ka dinako tse ding ha ke ya tshimong, ke ne ke tlameha ho tloha hoseng ke tsamaye ka maoto ebe ke fihla motshehare, ke sa tsebe le hore na ke tla robala hokae ha ke fihla moo. Tshimo ya phutheho ya rona e ne e boetse e akarelletsa le dihlekehleke tse ngata tse nyenyane. Hangata ha ke ne ke ya dihlekehlekeng tseo, ke ne ke ya ka seketswana se tsamaiswang ka enjene lewatleng le befileng le hoja ke ne ke sa tsebe ho tola. Hara mathata ana kaofela, Jehova o ile a ntshireletsa le ho ntshehetsa. Ha morao ke ile ka hlokomela hore mathata ao ke neng ke kopana le ona, a ne a nkwetlisetsa mathata ao ke neng ke tla kopana le ona kabelong ya ka e latelang.
HA KE LE PAPUA NEW GUINEA
Ka 1978, ke ile ka fuwa kabelo ya ho sebeletsa Papua New Guinea, e ka leboya ho Australia. Papua New Guinea ke naha e nang le dithaba tse ngata mme e batla e lekana le Spain. Ke ne ke hlolletswe ha ke utlwa hore batho ba dulang moo ba ka ba dimilione tse tharo mme ba bua dipuo tse fetang 800. Bonyane batho ba bangata ba ne ba kgona ho bua puo ya Semelanesia e nolofaditsweng, e tsebahalang e le Setok Pisin.
Ke ile ka iswa phuthehong ya Senyesemane ka nakwana e motsemoholo o bitswang Port Moresby. Ka mora moo ke ile ka ya phuthehong ya Setok Pisin yaba ke ya tlelaseng e rutang puo eo. Ke ile ka sebedisa dintho tseo ke ithutileng tsona tlelaseng ha ke le tshimong. Sena se ile sa nthusa hore ke ithute puo eo kapele. Ka mora nako e seng kae, ke ne ke se ke kgona ho fana ka puo ya phatlalatsa ka Setok Pisin. Ke ne ke maketse haholo ha le pele ho fela selemo ke fihlile Papua New Guinea, ke kgethwa hore ke be molebedi wa potoloho wa diphutheho tsa Setok Pisin tse diprofinseng tse kgolo tse mmalwa.
Ka ha diphutheho di ne di arohane haholo, ke ne ke tlameha ho hlophisa dikopano tsa potoloho tse ngata
le ho nka maeto hangata. Qalong ke ne ke ikutlwa eka ke mong hobane ke le naheng e ntjha, moo batho ba buang puo e nngwe hape ba etsa dintho ka tsela eo ke sa e tlwaelang. Ke ne ke sa kgone ho etela diphutheho ke tsamaya ka koloi ka lebaka la dithaba le tsela e mpe. Ka hoo, ke ne ke lokela ho tsamaya ka sefofane hoo e ka bang beke e nngwe le e nngwe. Ka dinako tse ding, e ne eba nna feela mopalami ka hara sefofane se senyenyane se seng maemong a matle. Maeto ao a ne a etsa hore ke ikutlwe ke sa phutholoha, feela jwalo ka ha ke ne ke sa phutholohe ha ke ne ke tsamaya ka seketswana.Ke batho ba mmalwa feela ba neng ba ena le difono. Ka hoo, ke ne ke ngolla diphutheho mangolo. Hangata ke ne ke fihla pele mangolo a ka a fihla, ebe ke botsa batho ba motse hore na Dipaki ke bomang motseng oo. Nako le nako ha ke ne ke fumana bara ba bo rona, ba ne ba nkamohela ka mofuthu hoo ke neng ke hopola lebaka le etsang hore ke etse boiteko boo ba ho ba fumana. Ke ile ka bona ka moo Jehova a ntsheheditseng ka ditsela tse ngata ka teng mme seo se ile sa nkatametsa haufi haholo le yena.
Ha ke ne ke le dibokeng ka lekgetlo la pele sehlekehlekeng sa Bougainville, banyalani ba bang ba ile ba nkatamela ba bososetse mme ba re, “Na o sa re hopola?” Ke ne ke hopola hore ke ile ka ba pakela ha ke qala ho fihla Port Moresby. Ke ne ke ile ka qala ho ithuta Bibele le bona yaba ke kopa morabo rona e mong hore a tswele pele ho ithuta le bona. Ha ke kopana le bona dibokeng ba ne ba se ba kolobeditswe. Ena ke e nngwe ya ditlhohonolofatso tse ngata tseo ke di fumaneng ka dilemo tse tharo tseo ke di qetileng ke le Papua New Guinea.
LELAPA LE LENYENYANE LE PHATHAHANENG
Pele ke tloha Coron ka 1978, ke ile ka kopana le moradi wa bo rona e motle ya itetseng ya bitswang Adel. E ne e le pulamadiboho ya ka mehla mme a hodisa bana ba hae ba babedi, Samuel le Shirley. O ne a bile a hlokomela mme wa hae ya seng a hodile. Ka May 1981, ke ile ka kgutlela Philippines ke ilo nyala Adel. Ka mora hore re nyalane, re ile ra ba bopulamadiboho ba ka mehla ra ba ra hlokomela lelapa mmoho.
Le hoja ke ne ke se ke ena le lelapa, ka 1983, ke ile ka kgethwa hore ke be pulamadiboho e kgethehileng mme ka abelwa ho sebeletsa Sehlekehlekeng sa Linapacan, se profinseng ya Palawan. Lelapa la ka kaofela le ile la fallela sehlekehlekeng seo ho sona ho neng ho se na Dipaki. Ka mora nako e ka etsang selemo re le moo, mme wa Adel o ile a hlokahala. Le ha ho le jwalo re ile ra phathahana tshebeletsong mme seo se ile sa re thusa ho mamella bohloko ba ho hlokahallwa. Ha re ntse re le Linapacan, re ile ra qala dithuto tsa Bibele tse ngata tse hatelang pele hoo ka mora nako e seng kae re ileng ra hloka Holo ya Mmuso e nyenyane. Ke ka hoo re ileng ra ikahela Holo ya Mmuso. Ka mora dilemo tse tharo feela, re ile ra thabela ho bona batho ba 110 ba tla Sehopotsong mme ba bangata ba bona ba ile ba sala ba kolobetswa re se re tsamaile.
Ka 1986, ke ile ka abelwa ho ya sebeletsa sehlekehlekeng sa Culion, seo ho sona ho neng ho ena le batho ba tshwerweng ke lepera. Ka mora moo, Adel le yena o ile a kgethwa hore ebe pulamadiboho e kgethehileng. Qalong re ne re tshaba ho pakela batho ba tshwerweng ke lepera. Le ha ho le jwalo, bara le baradi ba bo rona ba sebakeng seo ba ile ba re kgodisa hore batho ba tshwerweng ke lepera ba fumane kalafo mme monyetla wa hore ba re tshwaetse o ne o fokola. Ba bang ba batho bao ba tshwerweng ke lepera Luka 5:12, 13.
ba ne ba ya dibokeng tse neng di tshwarelwa ha moradi wa bo rona e mong. Ho eso ye kae, re ile ra tlwaela maemo mme re ne re thabiswa ke ho ruta batho bana ba neng ba ikutlwa ba lahlilwe ke Modimo le batho ka tshepo eo Bibele e fanang ka yona. Ho ne ho thabisa ho bona batho ba neng ba kula haholo ba fumana thabo tshepisong ya hore ka letsatsi le leng ba tla phela ba sa kule ho hang.—Bana ba rona ba ile ba etsang hore ba tlwaelane le maemo Culion? Nna le Adel re ile ra mema baradi ba bo rona ba babedi ba batjha ba tswang Coron e le hore bana ba rona ba ka ba le metswalle e hantle. Samuel, Shirley le baradi ba bo rona bana ba babedi ba batjha ba ne ba thabela ho ithuta Bibele le bana ba bang ba bangata, ha nna le Adel re ne re ithuta le batswadi ba bana bao. Ha e le hantle, ho na le nako eo ka yona re neng re ithuta le malapa a 11. Ka mora nakwana e seng kae, re ne re kganna dithuto tse ngata tsa Bibele tse hatelang pele hoo re ileng ra kgona ho qala phutheho e ntjha.
Qalong, e ne e le nna feela moholo sebakeng seo. Ka hoo, ofisi ya lekala e ile ya nkopa hore ke tshware diboka tsa hara beke le bahweletsi ba robedi ba Culion. Hape e ile ya re ke di tshware le bahweletsi ba robong ba motseng o bitswang Marily, ho ne ho nka dihora tse tharo ho fihla motseng oo ha o tsamaya ka seketswana. Ka mora diboka re ne re tsamaya ka maoto dihora tse ngata re le lelapa sebakeng se dithaba hore re ilo kganna dithuto tsa Bibele motseng o bitswang Halsey.
Qetellong, batho ba bangata ba Marily le Halsey ba ile ba amohela nnete hoo ho ileng ha hahwa Diholo Tsa Mmuso dibakeng tseo tse pedi. Jwalo ka Linapacan, bara ba bo rona le batho ba nang le thahasello ba ile ba fana ka boholo ba thepa e sebediswang le ho thusa ka mosebetsi. Holo ya Marily e ne e ka nka batho ba 200 hape e ne e ka atoloswa ha bonolo, e leng se ileng sa re thusa hore re tshwarele dikopano tsa potoloho ho yona.
HO SARELWA, HO BA MONG LE HO FUMANA THABO HAPE
Ka 1993 ha bana ba se ba hodile, nna le Adel re ile ra qala mosebetsi wa potoloho Philippines. Ka selemo sa 2000, ke ile ka kwetlisetswa ho ba morupedi wa Sekolo sa ho Kwetlisetswa Bosebeletsi. Ke ne ke ikutlwa ke sa tshwanelehe ho ba morupedi empa Adel o ne a dula a nkgothatsa. O ile a nkgopotsa hore Jehova o tla dula a mpha matla a hore ke phethe kabelo ena e ntjha. (Bafil. 4:13) Adel o ne a tseba hore na o bua ka eng hobane o ne a kgona ho phetha kabelo ya hae le hoja a ntse a kula.
Ka 2006 ha ke ntse ke le morupedi, Adel o ile a fumanwa a ena le lefu la Parkinson le amang boko le bakang bothata ba ho tsamaya, mathata a kelello le dintho tse ding. Re ne re ferekane. Ha ke ne ke etsa tlhahiso ya hore re tlohele kabelo ya rona e le hore ke mo hlokomele, Adel o ile a re, “Ke kopa o mpatlele ngaka e ka nthusang ka bolwetse ba ka mme ke a tseba hore Jehova o tla re thusa hore re tswele pele ka kabelo ya rona.” Dilemo tse tsheletseng ka mora moo, Adel o ile a tswela pele ka tshebeletso ya hae ho Jehova ntle le ho tletleba. Ha a se a sa kgone ho tsamaya, o ne a paka a dutse hodima wheelchair. Ha a ne a se a thatafallwa ke ho bua, o ne a araba ka lentswe le le leng kapa a mabedi dibokeng. Bara le baradi ba bo rona ba bangata, ba ne ba romella Adel melaetsa ho bontsha kananelo ya hore o ba behela mohlala o motle wa ho mamella. Ba ile ba etsa jwalo ho fihlela a hlokahala ka 2013. Ke qetile dilemo tse fetang tse 30 ke ena le Adel, mosadi wa ka ya tshepahalang le ya lerato, empa ka mora hore a hlokahale, ke ne ke se ke ikutlwa ke sarelwa ebile eka ke mong hape.
Adel o ne a batla hore ke tswele pele ka kabelo ya ka, mme ke ile ka etsa jwalo. Ke ile ka dula ke phathahane mme seo se ile sa nthusa hore ke se ke ka ikutlwa eka ke mong. Ho tloha ka 2014 ho ya ho 2017, ke ile ka abelwa ho etela diphutheho tsa Setagalog dinaheng tseo mosebetsi wa rona o neng o thibetswe. Ka mora moo, ke ile ka etela diphutheho tsa Setagalog tse Taiwan, United States le Canada. Ka 2019, ke ile ka tshwara Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso ka Senyesemane naheng ya India le Thailand. Dikabelo tseo kaofela di ile tsa nthabisa. Ke thaba haholo ha ke phathahane ka ho sebeletsa Jehova.
RE DULA RE FUMANA THUSO EO RE E HLOKANG
Kabelong e nngwe le e nngwe eo ke e fuwang, bara le baradi ba bo rona e ba metswalle ya ka e haufi mme ho ba thata ho arohana le bona. Nako le nako ha re ne re arohana, ke ne ke ithuta ho tshepa Jehova ka ho felletseng. Ke ile ka bona ha Jehova a ntshehetsa ka makgetlo a mangata mme sena se ile sa nthusa hore ke amohele diphetoho dife kapa dife ka pelo yohle. Hona jwale, ke pulamadiboho e kgethehileng Philippines. Ke se ke tlwaetse phutheho ya ka e ntjha, eo e seng e le lelapa le ntshehetsang le ho ntlhokomela. Ke boetse ke ikotla sefuba ka Samuel le Shirley ba etsisang tumelo ya mme wa bona.—3 Joh. 4.
Nnete ke hore ke bile le mathata a mangata bophelong ba ka, ho akarelletsa ho bona ha mosadi wa ka eo ke mo ratang a utlwa bohloko a bile a hlokahala ka lebaka la bokudi bo sehloho. Ke ile ka boela ka tlameha ho tlwaelana le maemo a mangata a matjha. Le ha ho le jwalo, ke ile ka hlokomela hore Jehova “ha a hole le rona.” (Dik. 17:27) Letsoho la Jehova “ha le lekgutshwanyane” hore le ka re tshehetsa le ho re matlafatsa le ha re le dibakeng tse ka thoko. (Esa. 59:1) Jehova, Lefika la ka, haesale a ena le nna bophelo bohle ba ka mme ke mo leboha haholo. Ha ke eso be mong le ka mohla.
a Sheba Watchtower ya September 1, 1972, leq. 521-527.