Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng

Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng

“Le tla boela le bone phapang pakeng tsa ya lokileng le ya kgopo.”—MAL. 3:18.

DIPINA: 61, 53

1, 2. Batho ba Modimo ba tobane le bothata bofe kajeno? (Sheba ditshwantsho tse qalong.)

DINGAKA le baoki ba bangata ba sebetsa moo ho nang le batho ba tshwerweng ke malwetse a tshwaetsanang. Ba rata bakudi ba bona mme ba batla ho ba thusa hore ba fole. Le ha ho le jwalo, dingaka tseo le baoki ba lokela ho itshireletsa hore ba se ke ba tshwaetswa ke malwetse ao. Ka ho tshwanang, ba bangata ba rona kajeno ba phela le ho sebetsa le batho ba tshwaeditsweng ke mekgwa e mebe ya lefatshe lena. Taba ena e ka bakela Bakreste bothata.

2 Boitshwaro bo hlephileng ke koboanela matsatsing ana a ho qetela. Lengolo la bobedi leo Pauluse a ileng a le ngolla Timothea, le hlalosa boitshwaro le mekgwa ya batho ba sa sebeletseng Modimo, mme mekgwa eo e mebe e tla ata le ho feta ha nako e ntse e ya. (Bala 2 Timothea 3:1-5, 13.) Le hoja mekgwa eo e re makatsa, batho ba e bontshang ba ka re susumetsa ka boitshwaro ba bona. (Liprov. 13:20) Sehloohong sena, re tla tshohla kamoo boitshwaro ba bahlanka ba Modimo bo fapaneng kateng le ba batho ba matsatsing ana a ho qetela. Re tla boela re bone kamoo re ka itshireletsang kateng hore re se tshwaetswe ke mekgwa e mebe e teng kajeno, ha ka nako e tshwanang re thusa ba bang ho ba metswalle ya Modimo.

3. Ke bomang ba neng ba tla bontsha boitshwaro le mekgwa e boletsweng ho 2 Timothea 3:2-5?

3 Moapostola Pauluse o ile a re “matsatsing a ho qetela” ho tla ba le dinako “tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Ka mora moo, o ile a bua ka boitshwaro kapa mekgwa e 19 e neng e tla bonahala ho batho ba phelang mehleng eo. Mekgwa eo Pauluse a ileng a bua ka yona ha a ngolla Timothea, e tshwana le e lengolong la Baroma 1:29-31, le hoja ho na le e mmalwa e sa hlaheng lengolong lena. Pele Pauluse a bua ka mekgwa eo, o etsa kenyelletso e reng: “Etswe batho e tla ba . . . ” Ho hlakile hore “batho” ka kakaretso, ba ne ba tla bontsha mekgwa eo Pauluse a buileng ka yona. Le ha ho le jwalo, ha se batho bohle ba neng ba tla bontsha mekgwa e jwalo. Bakreste ba itshwere ka tsela e fapaneng.—Bala Malakia 3:18.

KAMOO RE ITADIMANG KATENG

4. O ka hlalosa batho ba ikgohomosang jwang?

4 Ka mora hore Pauluse a re batho e ne e tla ba baithati le ba ratang tjhelete, o ile a re batho e ne e tla boela e be ba ikgopolang ho tlola, ba ikgohomosang, le ba ikgohomosang ka boikakaso. Batho ba nang le mekgwa ena ba rata ho roriswa mme hangata ba inkela hodimo ka lebaka la bokgoni ba bona, maruo esita le kamoo ba shebahalang kateng. Setsebi se seng se ile sa hlalosa motho ya ikgohomosang ka tsela ena: “Ka pelong ya hae o inka e le modimo, jwalo ka ha eka ho na le aletare ya tshwantshetso eo a ithapelang ho yona.” Ho thahasellisang ke hore boikgohomoso bo tena esita le batho ba ikgohomosang ha ba bo bona ho batho ba bang.

5. Re tseba jwang hore esita le batho ba tshepahalang ba ile ba kenwa ke moya wa boikgohomoso?

5 Jehova o hloile boikgohomoso. Bibele e re o hloile “mahlo a iphahamisang.” (Liprov. 6:16, 17) Motho ya ikgohomosang a ke ke kgona ho atamela ho Modimo. (Pes. 10:4) Boikgohomoso ke botho ba Diabolose. (1 Tim. 3:6) Ka maswabi, ba bang ba bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ba ile ba tshwaetswa ke lefu lena la boikgohomoso. Ka mohlala, Uzia morena wa Juda, o ile a tshepahala ka dilemo tse ngata. Empa Bibele e re ka yena: “Le ha ho le jwalo, hang ha a le matla, pelo ya hae ya ikgohomosa ho fihlela boemong ba ho baka tshenyo, hoo a ileng a etsa ka ho se tshepahale ho Jehova Modimo wa hae mme a kena ka tempeleng ya Jehova hore a tjhese dibano hodima aletare ya dibano.” Hamorao, Morena Ezekiase le yena o ile a wela lerabeng leo la ho ikgohomosa, le hoja e bile ka nakwana feela.—2 Likron. 26:16; 32:25, 26.

6. Keng e neng e ka nna ya etsa hore Davida a ikgohomose, empa ke hobaneng ha a sa ka a etsa jwalo?

6 Batho ba bang ba ikgohomosa hobane ba na le maemo a phahameng setjhabeng, ba na le talente ya mmino, ba le matla mmeleng kapa hobane ba le batle. Davida o ne a na le dintho tsena kaofela, empa o ile a dula a ikokobeditse bophelo bohle ba hae. Ka mora hore Davida a bolaye Goliathe, Morena Saule o ile a fana ka moradi wa hae ho Davida hore a mo nyale, empa Davida a re: “Nna ke mang mme beng ka nna, lelapa la Ntate, ke bomang Iseraele, hoo nka bang mokgwenyana wa morena?” (1 Sam. 18:18) Keng e ileng ya thusa Davida hore a dule a ikokobeditse? Davida o ile a hlokomela hore o ne a na le makgabane, ditalente le ditokelo tseo hobane Modimo ka boyena a ikokobeditse, mme a “itheola boemong” ba hae ka tsela ya tshwantshetso e le hore a mo hlohonolofatse. (Pes. 113:5-8) Kahoo, Davida o ne a tseba hore ntho e nngwe le e nngwe e ntle eo a neng a na le yona e ne e tswa ho Jehova.—Bapisa le 1 Bakorinthe 4:7.

7. Keng e tla re thusa hore re ikokobetse?

7 Jwalo ka Davida, batho ba Jehova kajeno ba lwanela ho dula ba ikokobeditse. Re a hlollwa ha re hlokomela hore Jehova o ikokobeditse le hoja a phahame ka ho fetisisa lehodimong le lefatsheng. (Pes. 18:35) Re nka ka botebo keletso ena ya Bibele e reng: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakol. 3:12) Re boetse re a hopola hore lerato “ha le ithorise [mme] ha le ikgohomose.” (1 Bakor. 13:4) Boikokobetso ba rona bo ka kgahla batho ba bang mme ba etsa hore ba batle ho sebeletsa Jehova. Feela jwalo ka ha banna bao e seng Bakreste ba ka kgahlwa ke boitshwaro ba basadi ba bona bo botle, le batho ka kakaretso ba ka kgahlwa ke boikokobetso ba bahlanka ba Modimo mme ba tla ka phuthehong.—1 Pet. 3:1.

RE LOKELA HO SEBEDISANA LE BA BANG JWANG?

8. (a) Batho ba bang ba nahanang ka bana ba tellang batswadi? (b) Mangolo a kgothalletsa bana ho etsang?

8 Pauluse o ile a boela a bontsha kamoo batho ba matsatsing a ho qetela ba neng ba tla tshwarana kateng. O ile a re matsatsing a ho qetela, bana e ne e tla ba ba sa mameleng batswadi. Batho ba bang kajeno ha ba nke bothata bona e le bo tebileng hobane dibuka, dimovie, le mananeo a mang a TV di kgothalletsa bana ho se hlomphe batswadi. Empa ba bang ba a tseba hore ho se hlomphe batswadi ho hlompholla tokisetso ya lelapa mme ho senya setjhaba. Ho a thahasellisa hore Greece ya boholoholo, motho o ne a lelekwa setjhabeng haeba a ne a ka otla batswadi ba hae. Athe molao wa Baroma wona o ne o re ketso eo e tshwana le polao. Mangolo a Bibele a kgothalletsa bana hore ba hlomphe batswadi ba bona.—Ex. 20:12; Baef. 6:1-3.

9. Bana ba ka thuswa keng hore ba hlomphe batswadi ba bona?

9 Ntho e ka thusang bana hore ba dule ba hlompha, ke ho nahana ka dintho tse ntle tseo batswadi ba bona ba ba etsetsang tsona. Ba tla boela ba thuswe ke ho hopola hore ke Jehova ya batlang hore ba ananele seo batswadi ba ba etsetsang sona. Haeba motjha a bua hantle ka motswadi wa hae, a ka thusa le batjha ba bang hore ba hlomphe batswadi ba bona. Ke nnete hore haeba batswadi ba se na lerato la tlhaho bakeng sa bana ba bona, ho ka ba thata hore bana ba ba hlomphe. Ka lehlakoreng le leng, ha ngwana a kgodisehile hore batswadi ba hae ba a mo rata, o tla ba mamela esita le ha ba bang ba mo kgothalletsa ho se ba mamele. Motjha e mong ya bitswang Austin o re: “Ka dinako tse ding, ke ne ke lakatsa ho etsa dintho tseo batswadi ba ka ba neng ba di hanela. Empa ho hotle ke hore batswadi ba ka ba ne ba sa behe melao feela ka tlung, empa ba ne ba ntlhalosetsa mabaka a melao eo, mme ba etsa hore ke nolofallwe ke ho bua le bona. Sena se ile sa nthusa hore ke ba mamele. Ke ne ke bona hore ba a nthata mme seo se ne se etsa hore ke batle ho ba thabisa.”

10, 11. (a) Ke dintho dife tse bontshang hore batho ha ba ratane? (b) Bakreste ba rata batho ba bang ho isa boholeng bofe?

10 Pauluse o bua ka mekgwa e meng e bontshang hore batho ha ba ratane. Kahoo, ka mora hore Pauluse a bue ka batho ba sa “ba sa mameleng batswadi,” o ile a bua ka ba se nang teboho, hobane ha ba bontshe kananelo ka seo ba bang ba ba etsetsang sona. Bibele e re batho e ne tla boela e be ba sa tshepahaleng. Ba ne ba ke ke ba bulehela tumellano leha e le efe, e leng se bontshang ho se ikemisetse ho bopa kgotso le batho ba bang. Ba bang e ne e tla ba banyefodi le baeki hobane ba ne ba tla bua mantswe a hlabang le a nyefolang batho ba bang le Modimo. Athe ba bang e ne e tla ba baetselletsi, e leng batho ba buang hampe ka batho ba bang ka morero wa ho ba senya lebitso le ho ba amoha seriti. *

11 Barapedi ba Jehova ba fapane le batho ba bontshang mekgwa eo re seng re buile ka yona, hobane bona ba bontsha batho ba bang lerato la sebele. Ha esale bahlanka ba Modimo ba etsa sena. Ha Jesu a bua ka melao e meholo ka ho fetisisa ho eo Modimo a neng a e file Baiseraele, o ile a re re lokela ho rata baahelane ba rona, e leng mofuta wa lerato la a·ga’pe. Molao oo o ne o latela wa pele o reng motho o lokela ho rata Modimo. (Mat. 22:38, 39) Jesu o ile a boela a re Bakreste ba nnete ba ne ba tla bonahala ka ho ratana. (Bala Johanne 13:34, 35.) Bakreste ba rata esita le dira tsa bona.—Mat. 5:43, 44.

12. Jesu o ile a bontsha jwang hore o rata batho ba bang?

12 Jesu o ne a rata batho haholo. O ne a tsamaya metse le metsana, a ruta batho ka Mmuso wa Modimo. O ne a fodisa balepera, difofu, batho ba sa tsebeng ho tsamaya le ba sa utlweng ditsebeng. O ile a boela a tsosa le bafu. (Luka 7:22) Ho feta moo, Jesu o ile a shwela batho esita le ha ba bangata ba ne ba mo hloile. Jesu o ne a rata batho ka tsela eo Ntate wa hae a ba ratang ka yona. Lefatsheng lohle kajeno, Dipaki Tsa Jehova le tsona di bontsha batho lerato le tshwanang.

13. Ke jwang lerato leo re le bontshang batho ba bang le ka etsang hore ba batle ho sebeletsa Jehova?

13 Lerato leo re le bontshang batho ba bang le etsa hore ba batle ho sebeletsa Modimo. Ka mohlala naheng ya Thailand, monna e mong o ile a kgahlwa ke lerato leo a le boneng hara Dipaki Tsa Jehova kopanong ya setereke. Ha a fihla lapeng, o ile a kopa ho kgannelwa thuto ya Bibele habedi bekeng. O ile a qala ho pakela ba lelapa labo, mme ka mora dikgwedi tse 6 feela a tswa kopanong, o ile a fana ka puo ya hae ya pele sebokeng sa hara beke. Le rona re lokela ho itlhahloba hore na re bontsha batho ba bang lerato ka ho ipotsa dipotso tsena: ‘Na ke etsa sohle ho thusa ba bang ka lapeng, ka phuthehong le tshimong? Na ke tadima ba bang ka tsela eo Jehova a ba tadimang ka yona?’

DIPHIRI LE DIKONYANA

14, 15. Ke mekgwa efe ya bophoofolo eo batho ba bangata ba e bontshang, empa ba bang ba entse diphetoho dife?

14 E meng ya mekgwa e bontshwang ke batho ba matsatsing a ho qetela, e re fa mabaka a eketsehileng a hore re qobe ho tlwaelana le bona. Ka mohlala, Bibele e ile ya re batho bao e ne e tla ba ba hlokang lerato la se molemo, kapa “ba hloileng se molemo” ho ya ka diphetolelo tse ding. Ba bang e ne e tla ba ba hlokang boitshwaro, le ba bohale bo tshosang. Athe ba bang e ne e tla ba ba hlooho di thata.

15 Ba bang ba neng ba bontsha mekgwa e jwalo ya bophoofolo ba ile ba fetoha. Bibele e ile ya profeta hore sena se tla etsahala. (Bala Esaia 11:6, 7.) Boprofeta boo bo bua ka diphoofolo tse hlaha tse kang diphiri le ditau, tse bonahalang di phela ka kgotso le diphoofolo tse ding tse kang dikonyana le manamane. Hlokomela hore kgotso e jwalo e tla ba teng hobane “lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova.” (Esa. 11:9) Empa ka ha diphoofolo ha di kgone ho ithuta ka Jehova, e tlameha ebe boprofeta boo bo bua ka batho.

Bibele e thusa batho ho fetola bophelo ba bona! (Sheba serapa sa 16)

16. Bibele e thusitse batho jwang hore ba fetole botho ba bona?

16 Ho na le batho ba bangata ba neng ba le bohale bo tshosang jwalo ka diphiri, bao hona jwale ba seng ba phedisana ka kgotso le ba bang. O ka ipalla ka ba bang ba bona dihloohong tse reng “Bibele e Fetola Bophelo ba Batho,” tse hlahang ho jw.org/jw-ssa. Batho ba sebeletsang Jehova ha ba tshwane le batho ba bonahalang eka ba inehetse ho Modimo empa ba sa phelele boinehelo ba bona ka diketso. Ho e na le hoo, batho ba neng ba le bohale ba se ba apere “botho bo botjha bo ileng ba boptjwa ho ya ka thato ya Modimo ho lokeng ha nnete le botshepehing.” (Baef. 4:23, 24) Ha batho ba ntse ba ithuta ka Modimo, ba a hlokomela hore ba lokela ho latela melao ya hae. Kahoo ba susumelletseha ho fetola dintho tseo ba di dumelang le tsela eo ba itshwarang ka yona. Ha ho bonolo ho etsa diphetoho tsena, empa ho a kgoneha hobane moya wa Modimo o thusa batho ba batlang ho etsa thato ya hae.

“O BA FURALLE”

17. Re ka etsang hore re se ke ra susumetswa ke batho ba sa rateng Modimo?

17 Phapang e teng pakeng tsa batho ba sebeletsang Modimo le ba sa mo sebeletseng e ntse e hlaka le ho feta. Rona ba sebeletsang Modimo, re lokela ho itlhokomela hore re se ke ra susumetswa ke mekgwa e mebe ya batho ba bang. Ke kahoo re mamelang keletso ya Bibele ya hore re furalle batho bao re seng re buile ka bona, ba hlaloswang ho 2 Timothea 3:2-5. Ke nnete hore re ke ke ra qoba batho ba jwalo ka ho felletseng. E ka nna yaba re kena sekolo le bona, re sebetsa le bona kapa re dula le bona lapeng. Empa re qoba ho etsisa mekgwa ya bona le ho nahana jwalo ka bona. Ho bala Bibele le ho etsa setswalle le batho ba ikemiseditseng ho sebeletsa Jehova, ho re thusa ho qoba tshusumetso ya batho ba babe.

18. Re ka thusa ba bang jwang hore ba batle ho sebeletsa Modimo?

18 Re boetse re lokela ho thusa ba bang hore ba ithute ka Modimo. Kahoo batla menyetla ya ho bolella ba bang ditaba tse molemo mme o kope Jehova hore a o thuse ho bua se nepahetseng ka nako e nepahetseng. Re batla batho ba tsebe hore re Dipaki Tsa Jehova. Ka tsela eo, ha batho ba bona boitshwaro ba rona bo botle, ba tla rorisa Modimo ho e na le ho rorisa rona. Re rupelletswe hore re kgone “ho hana ho hloka bomodimo le ditakatso tsa lefatshe le ho phela ka ho hlaphohelwa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomodimo hara tsamaiso ena ya hona jwale ya dintho.” (Tite 2:11-14) Haeba re itshwara ka tsela e kgahlisang Modimo, batho ba bang ba tla hlokomela mme ba bang ba ka nna ba re ho rona: “Re tla tsamaya le lona, etswe re utlwile hore Modimo o na le lona.”—Zak. 8:23.

^ par. 10 Lentswe la Segerike le bolelang “moetselletsi” kapa “moqosi” ke lentswe di·aʹbo·los, e leng lentswe leo Bibele e le sebedisang ha e bua ka Satane hobane a buile dintho tse kgopo ka Modimo.