Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sehopotso se re Thusa ho ba le Bonngwe

Sehopotso se re Thusa ho ba le Bonngwe

Ho hotle ho bile ho kgahlisa hakaakang ho dula hammoho bonngweng!’—PES. 133:1.

DIPINA: 149, 99

1, 2. Ke ketsahalo efe e tla kopanya batho ba bangata ka ho fetisisa ka 2018, hona hobaneng? (Sheba setshwantsho se qalong.)

HA LETSATSI le dikela ka la 31 March 2018, batho ba Modimo ba tla kopana e le hore ba tshware mokete wa selemo le selemo wa Sehopotso sa lefu la Jesu. Ho tla tla dimilione tsa batho ketsahalong ena lefatshe ho pota. Ena ke ketsahalo e momahanyang batho ba bangata ka ho fetisisa lefatsheng lohle, selemo le selemo!

2 Jehova le Jesu ba thaba e le kannete ha ba bona batho ba bangata hakaalo ba tla ketsahalong ena. Bibele e ile ya bua ka “bongata bo boholo, boo ho seng motho ya neng a [ka] kgona ho bo bala, bo [tswang] ditjhabeng tsohle le melokong yohle le bathong bohle le malemeng ohle,” bo neng bo tla hweletsa bo re: “Poloko ya rona e tswa ho Modimo wa rona ya dutseng teroneng, le [ho] Konyana.” (Tšen. 7:9, 10) Ruri ho a thabisa ho bona batho ba bangata hakaalo ba tla Sehopotsong e le ho bontsha hore ba leboha Jehova le Jesu ka dintho tseo ba ba etseditseng tsona!

3. Re tla araba dipotso dife sehloohong see?

3 Sehloohong sena, re tla araba dipotso tse latelang. (1) Re ka lokisetsa jwang ho ba teng Sehopotsong, hona re tla rua molemo jwang ka ho ba teng? (2) Ke ka ditsela dife Sehopotso se etsang hore batho ba Modimo ba momahane? (3) Re ka etsang hore re boloke bonngwe boo? (4) Na ho na le mohla ho tla keng ho tshwarwe Sehopotso sa ho qetela? Haeba ho jwalo, e tla ba neng?

LOKISETSA HO BA TENG MME O RUE MOLEMO

4. Ke hobaneng ha re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho ba teng Sehopotsong?

4 Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re be teng Sehopotsong? Hopola hore ho ba teng dibokeng ke tsela eo re rapelang Jehova ka yona. Ho totobetse hore Jehova le Jesu ba ela hloko ha re etsa boiteko ba ho tla sebokeng sena sa bohlokwa ka ho fetisisa. Kahoo, ke feela ha re tobane le maemo a ka hodima matla a rona kapa re kula haholo, moo re ka hlolehang ho ba teng Sehopotsong. Ha re etsa sohle se matleng a rona ho bontsha hore diboka di bohlokwa ho rona, Jehova o tla re ngola ‘bukeng ya hae ya bophelo kapa ya kgopotso.’ Buka ena ya tshwantshetso e na le mabitso a batho bohle ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Mal. 3:16; Tšen. 20:15.

5. Re ka ‘itekola jwang hore na re tumelong’ pele ho Sehopotso?

5 Matsatsi a mmalwa pele ho Sehopotso, re ka ipha nako ya ho nahanisisa ka kamano ya rona le Jehova e le ho bona kamoo re ka e ntlafatsang kateng. (Bala 2 Bakorinthe 13:5.) Re ka etsa seo jwang? Ka ho ‘inonya kapa ho itekola hore na re tumelong.’ Re ka itekola kapa ho itlhahloba ka ho ipotsa dipotso tsena: ‘Na ke kgodisehile hore mokgatlo wa rona ke wona feela oo Jehova a o amohelang le oo a o sebedisang ho phetha merero ya hae? Na ke etsa sohle se matleng a ka ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso? Na diketso tsa ka di bontsha hore ke kgodisehile hore ana ke matsatsi a ho qetela le hore puso ya Satane e haufi le ho fela? Na ke ntse ke tshepa Jehova le Jesu jwalo ka ha ke ne ke ba tshepa ha ke ne ke inehela ho Modimo?’ (Mat. 24:14; 2 Tim. 3:1; Baheb. 3:14) Ho nahanisisa ka dikarabo tsa dipotso tsena ho tla re thusa ho lekola seo re leng sona.

6. (a) Re lokela ho etsang hore re fumane bophelo bo sa feleng? (b) Moholo e mong o etsang e le hore a lokise pelo ya hae bakeng sa Sehopotso, hona o ka etsisa mohlala wa hae jwang?

6 Bala mme o nahanisise ka Mangolo a buang ka Sehopotso. (Bala Johanne 3:16; 17:3.) Ha ho kamoo motho a ka fumanang bophelo bo sa feleng kateng ntle le hore a ‘fumane tsebo’ ka Jehova mme a ‘bontshe tumelo’ ho Mora wa hae Jesu. Kahoo nakong eo o ithutang Bibele, lokisa pelo ya hao bakeng sa Sehopotso ka hore o sebedise dingolwa kapa divideo tse tla etsa hore o tsebe Jehova le Jesu haholwanyane. Nahana ka mohlala wa morabo rona e mong, eo e seng e bile moholo ka dilemo tse ngata. Dilemong tse fetileng, o ile a kgetha dihlooho tsa Tora ya ho Lebela tse buang ka Sehopotso le ka lerato leo Jehova le Jesu ba ileng ba re bontsha lona. Jwale, dibeke tse mmalwa pele ho Sehopotso o bala dihlooho tseo hape le ho nahanisisa ka tsona. Ha a kopana le sehlooho se setjha se buang ka Sehopotso, le sona o se kenya pokellong ya hae. Moholo enwa o hlokometse hore o dula a ithuta ho hotjha selemo le selemo ha a bala dihlooho tsena le mmalo wa Bibele o tsamaisanang le Sehopotso. Ha bohlokwa le ho feta, ke hore mmalo ona o etsa hore a rate Jehova le Jesu ka ho eketsehileng selemo le selemo. Ho etsa mmalo o tshwanang le oo morabo rona a o etsang, ho tla o thusa hore o rate Jehova le Jesu haholwanyane mme o rue molemo ka ho felletseng Sehopotsong.

SEHOPOTSO SE ETSA HORE RE MOMAHANE

7. (a) Jesu o ile a rapellang bosiung boo a thehileng Sehopotso ka bona? (b) Keng e bontshang hore Jehova o ile a araba thapelo ya Jesu?

7 Bosiung boo Jesu a ileng a theha Sehopotso ka bona, o ile a rapella hore balatedi ba hae ba momahane e le hore ba ka ba le bonngwe bo tshwanang le boo yena le Ntate wa hae ba nang le bona. (Bala Johanne 17:20, 21.) Ka sebele Jehova o ile a araba thapelo eo. Kajeno Sehopotso se kopanya batho ba Modimo ba dimilione lefatsheng lohle. Batho bao ba tswa ditjhabeng le merabeng e sa tshwaneng mme ba kopana dibakeng tse sa tshwaneng ho potoloha le lefatshe. Dibakeng tse ding, ke ntho e sa tlwaelehang hore batho ba merabe e sa tshwaneng ba kopane sebakeng se le seng ho tla rapela Modimo. Empa Sehopotsong re bona bonngwe bo jwalo mme ha ho pelaelo hore bo thabisa Jehova le Jesu!

8. Keng seo Jehova a ileng a se bolella Ezekiele mabapi le bonngwe?

8 Rona batho ba Jehova ha re makatswe ke bonngwe boo re nang le bona. Ha e le hantle, Jehova o ile a bua esale pele ka bonngwe bona. Ka mohlala, o ne a bua ka bonngwe ha a ne a re moprofeta Ezekiele a kopanye dithupa tse pedi, e leng thupa “bakeng sa Juda” le thupa “bakeng sa Josefa.” (Bala Ezekiele 37:15-17.) Ha se bua ka taba ena, sehlooho sa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” se hlahileng ho Molula-Qhooa wa July 2016 se ile sa re: “Jehova o ile a fa Ezekiele molaetsa, a tshepisa hore o tla momahanya setjhaba sa Iseraele ka mora hore se kgutlisetswe Naheng e Tshepisitsweng. Molaetseng oo, o ile a boela a profeta hore o tla momahanya batho ba hae matsatsing ana a ho qetela.”

9. Boprofeta ba Ezekiele bo phethahala jwang selemo le selemo Sehopotsong?

9 Ho tloha ka selemo sa 1919 ho ya pele, Jehova o ile a qala ho hlophisa le ho momahanya batlotsuwa, ba neng ba tshwantshetswa ke thupa “bakeng sa Juda.” Hamorao, ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ka ho sa feleng, ba tshwantshetswang ke thupa “bakeng sa Josefa,” ba ile ba ikopanya le batlotsuwa hore ba sebetse mmoho mme dihlopha tsena tse pedi ya eba “mohlape o le mong.” (Joh. 10:16; Zak. 8:23) Jehova o ile a tshepisa hore o tla kopanya dithupa tsena tse pedi hore e be ntho e le nngwe ka letsohong la hae. (Ezek. 37:19) Hona jwale dihlopha tsena di momahane tlasa bolaodi ba Jesu Kreste, eo boprofeta ba Ezekiele bo mmitsang “mohlanka wa [Modimo e leng] Davida.” (Ezek. 37:24, 25) Bonngwe bo ikgethang boo ho builweng ka bona bukeng ya Ezekiele bo bonahala ka ho hlaka ha masala a batlotsuswa le “dinku tse ding,” ba kopana hore ba ikgopotse lefu la Kreste! Le ha ho le jwalo, keng seo e mong le e mong wa rona a ka se etsang ho sireletsa bonngwe boo?

KAMOO RE KA BOLOKANG BONNGWE KATENG

10. Re ka sireletsa bonngwe ba phutheho jwang?

10 Tsela ya pele eo re ka sireletsang bonngwe ba rona ka yona ke ka ho ba le boikokobetso. Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a re barutuwa ba hae ba lokela ho ikokobetsa. (Mat. 23:12) Haeba re ikokobeditse, re ke ke ra dumella hore moya wa ho iphahamisa o teng lefatsheng lena o kene ka dipelong tsa rona. Ho e na le hoo, boikokobetso bo tla re thusa hore re mamele ba re etellang pele mme seo se etsa hore ho be le bonngwe ka phuthehong. Ha bohlokwa le ho feta, boikokobetso ba rona bo thabisa Modimo hobane o “hanyetsa ba ikgohomosang, empa o fana ka mosa o sa tshwanelang ho ba ikokobeditseng.”—1 Pet. 5:5.

11. Ho nahana ka se emelwang ke bohobe le veine tse sebediswang Sehopotsong, ho ka re thusa jwang hore re boloke bonngwe ka phuthehong?

11 Tsela ya bobedi eo re ka sireletsang bonngwe ba rona ka yona ke ka ho nahanisisa ka se emelwang ke bohobe le veine tse sebediswang Sehopotsong. Iphe nako ya ho nahana ka dintho tsena, haholoholo ka letsatsi la Sehopotso. (1 Bakor. 11:23-25) Bohobe bo tshwantshetsa mmele wa Jesu o se nang sebe, athe veine e kgubedu yona e emela madi a hae a ileng a tshollwa. Empa ha ho a lekana ho tseba feela hore na dintho tsena di tshwantshetsang. Hopola hore sehlabelo sa Kreste sa thekollo ke bopaki ba lerato leo Jehova a re bontshitseng lona, ka hore a fane ka Mora wa hae molemong wa rona. Thekollo e boetse e re bontsha lerato leo Jesu a re bontshitseng lona ka hore a ithaopele ho fana ka bophelo ba hae bakeng sa rona. Ho nahana ka lerato leo Jehova le Jesu ba re bontshitseng lona, ho re susumelletsa hore le rona re ba rate. Jwale rona le badumedi mmoho le rona re na le ntho e le nngwe eo re tshwanang ka yona. Kaofela ha rona re rata Jehova mme lerato leo ke lona le re kopanyang le ho tiisa bonngwe ba rona.

Re sireletsa bonngwe ba rona ha re tshwarela ba bang (Sheba serapa sa 12, 13)

12. Papiso ya Jesu e ho Matheu 18:23-34 e re bontsha jwang hore Jehova o lebelletse hore re tshwarele batho ba bang?

12 Tsela ya boraro eo re ka bolokang bonngwe ka yona ke ka ho tshwarela ba bang ka bolokolohi. Ha re tshwarela batho ba bang, re bontsha hore re ananela sehlabelo sa Kreste sa thekollo, se entseng hore Modimo a tshwarele dibe tsa rona. Nahana ka papiso ya Jesu e ho Matheu 18:23-34. Ipotse: ‘Na ke ikemiseditse ho sebedisa thuto eo Jesu a e rutileng papisong ee? Na ke lwanela ho utlwisisa badumedi mmoho le nna le ho ba bontsha mamello? Na ke ikemiseditse ho tshwarela batho ba nkutlwisang bohloko?’ Ke nnete hore ho na le dibe tse tebileng haholo, mme tse ding tsa tsona ha ho bonolo hore motho ya sa phethahalang a di tshwarele. Le ha ho le jwalo, papiso ena e re ruta seo Jehova a se lebelletseng ho rona. (Bala Matheu 18:35.) Jesu o ile a hlakisa hore Jehova a ke ke a re tshwarela haeba le rona re sa tshwarele batho ba bang, haholoholo haeba ho na le lebaka le utlwahalang la ho etsa jwalo. Ke taba e tebileng hakaakang! Re tla boloka le ho sireletsa bonngwe ba rona ka ho tshwarela ba bang, jwalo ka ha Jesu a re rutile.

13. Ke ka tsela efe ho phehella kgotso ho sireletsang bonngwe ba rona?

13 Ha re tshwarela batho ba bang re bontsha hore re phehella kgotso. Hopola keletso ya moapostola Pauluse ya hore re “leke ka tiyo ho boloka bonngwe ba moya ka tlamo e kopanyang ya kgotso.” (Baef. 4:3) Nakong ena ya Sehopotso, a ko nahane ka tsela eo o tshwarang batho ba bang ka yona. Ipotse: ‘Na ke tsebahala ke le motho ya tshwarang ba bang ka pelo? Kapa na ke tsebahala ke le motho ya phedisanang le ba bang ka kgotso le ya ratang bonngwe?’ Ke ha bohlokwa hore re ipotse dipotso tsena tse tebileng nakong ena ya selemo.

14. Re ka bontsha jwang hore re ‘mamellana ka lerato’?

14 Tsela ya bone eo re ka bolokang bonngwe ba rona ka yona, ke ka ho etsisa mohlala wa Modimo wa ho rata batho ba bang. (1 Joh. 4:8) Le ka mohla ha re a lokela ho ba le boikutlo ba hore re lokela feela ho phedisana le badumedi mmoho le rona empa re sa ba rate. Ho nahana ka tsela eo ho hanyetsana le keletso ya Bibele ya hore re “mamellane ka lerato.” (Baef. 4:2) Hlokomela hore Bibele ha e re feela re “mamellane.” Empa e re re lokela ho mamellana “ka lerato.” Ke Jehova ya ileng a hula batho ba mefuta e sa tshwaneng ba ka diphuthehong tsa habo rona. (Joh. 6:44) Jehova o ba tlisitse ka phuthehong hobane a ba rata. Jwale rona re bomang hore re ka re mora kapa moradiwabo rona ha a tshwanelwe ke lerato la rona! Ha re a lokela ho tima batho lerato leo Jehova a re laelang hore re ba bontshe lona!—1 Joh. 4:20, 21.

SEHOPOTSO SA HO QETELA SE TLA BA NENG?

15. Re tseba jwang hore ho tla ba le Sehopotso sa ho qetela?

15 Ka letsatsi le leng, ho tla tshwarwa Sehopotso ka lekgetlo la ho qetela. Re tseba seo jwang? Lengolong la pele leo Pauluse a ileng a le ngolla Bakorinthe, o ile a bolella Bakreste ba batlotsuwa hore ha ba ikgopotsa lefu la Jesu selemo ka seng, ba “phatlalatsa lefu la Morena, ho fihlela a fihla.” (1 Bakor. 11:26) Ho “fihla” hoo a buang ka hona mona ho tshwana le “ho tla” hoo Jesu a ileng a bua ka hona boprofeteng ba hae mabapi le nako ya bofelo. Ha Jesu a bua ka matshwenyeho a maholo a haufi le ho tla, o ile a re: “Pontsho ya Mora motho e tla bonahala lehodimong, jwale meloko yohle ya lefatshe e tla ikotla ka lebaka la ho lla, mme e tla bona Mora motho a tla ka maru a lehodimo ka matla le kganya e kgolo. [Jesu] o tla romela mangeloi a hae ka modumo o moholo wa terompeta, mme a tla bokella bakgethwa ba hae ho tswa meyeng e mene, ho tloha pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa pheletsong e nngwe ya ona.” (Mat. 24:29-31) Ho ‘bokellwa ha bakgethwa’ ke nako eo Bakreste bohle ba tlotsitsweng, ba ntseng ba le lefatsheng, ba tla fumana moputso wa bona wa lehodimong ka yona. Sena se tla etsahala ka mora karolo ya pele ya matshwenyeho a maholo empa pele ho ntwa ya Armagedone. Jwale ka mora moo, batlotsuwa bohle ba 144 000 ba tla thusa Jesu ho lwantsha le ho hlola marena a lefatshe. (Tšen. 17:12-14) Sehopotso sa moraorao se tla tshwarwa pele batlotsuwa bohle ba bokellwa lehodimong, e tla ba sa ho qetela hobane Jesu o tla be a se a ‘tlile.’

16. Ke hobaneng ha o ikemiseditse ho ba teng Sehopotsong sa selemo see?

16 E se eka re ka etsa ka hohle hore re be teng Sehopotsong ka la 31 March 2018. Ebile a re kopeng Jehova hore a re thuse ho tswela pele re boloka bonngwe bo ka phuthehong ya hae! (Bala Pesaleme ya 133:1.) Hopola hore ka le leng, re tla tshwara Sehopotso ka lekgetlo la ho qetela. Pele nako eo e fihla, e se eka re ka etsa sohle re matleng a rona ho ba teng Sehopotsong le ho boloka bonngwe boo re nang le bona.