Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha re fa Jehova Menehelo?

Ke Hobaneng ha re fa Jehova Menehelo?

“Modimo wa rona, re a o leboha mme re rorisa lebitso la hao le letle.”—1 LIKRON. 29:13.

DIPINA: 95, 58

1, 2. Re tseba jwang hore Jehova ke Modimo ya fanang?

JEHOVA ke Modimo ya fanang. Dintho tsohle tseo re nang le tsona di tswa ho yena. Kgauta, silevera le dihlahiswa tsohle tsa tlhaho tse teng mona lefatsheng ke tsa Jehova, mme o fane ka tsona e le hore batho ba ka phela. (Pes. 104:13-15; Hag. 2:8) Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ya kamoo Jehova a ileng a sebedisa dintho tsena kateng ho thusa batho ba hae.

2 Ka mohlala, Jehova o ile a fa Baiseraele manna le metsi ka dilemo tse 40 ha ba le lefelleng. (Ex. 16:35) Kahoo, “ba ne ba sa haellwe ke letho.” (Neh. 9:20, 21) Jehova o ile a sebedisa moprofeta Elisha ho etsa hore oli e nyenyane ya mosadi wa mohlolohadi e ngatafale. Mpho eo e neng e tswa ho Modimo e ile ya thusa mohlolohadi eo ho patala dikoloto le hore a hlokomele bana ba hae. (2 Mar. 4:1-7) Ka thuso ya Jehova, Jesu o ile a etsa mehlolo hore a fane ka dijo hammoho le tjhelete ha e ne e hlokahala.—Mat. 15:35-38; 17:27.

3. Re tlo bua kang sehloohong see?

3 Jehova a ka sebedisa ntho le ha e le efe ho thusa batho ba hae. Le ha ho le jwalo, o fa bahlanka ba hae monyetla wa ho sebedisa tjhelete le thepa ya bona ho ntshetsa pele mosebetsi wa hae. (Ex. 36:3-7; bala Liproverbia 3:9.) Ke hobaneng ha Jehova a lebelletse hore re mo fe dintho tsa rona tsa bohlokwa? Bahlanka ba tshepahalang ba nakong e fetileng ba ne ba sebedisa tjhelete ya bona jwang ho tshehetsa mosebetsi wa Jehova? Kajeno mokgatlo o sebedisa tjhelete ya monehelo jwang? Sehloohong sena re tla tshohla dikarabo tsa dipotso tsena.

KE HOBANENG HA RE FA JEHOVA MENEHELO?

4. Ke hobaneng ha re fa Jehova menehelo?

4 Re fa Jehova menehelo hobane re mo rata. Re a hlollwa ha re nahana ka dintho tsohle tseo Jehova a re etseditseng tsona. Ha Morena Davida a bua ka dintho tseo di neng di hlokahala bakeng sa ho haha tempele, o ile a re dintho tsohle tseo re nang le tsona di tswa ho Jehova le hore ntho le ha e le efe eo re mo fang yona etswa dinthong tseo a re fileng tsona.—Bala 1 Likronike 29:11-14.

5. Mangolo a bontsha jwang hore ho fana ke karolo ya bohlokwa ya borapedi ba nnete?

5 Ho fana ke karolo e nngwe ya borapedi ba rona ho Jehova. Ponong, moapostola Johanne o ile a utlwa bahlanka ba Jehova ba lehodimong ba re: “Jehova, Modimo wa rona, o a tshwaneleha ho amohela kganya le tlhompho le matla, hobane o bopile dintho tsohle, mme ka lebaka la thato ya hao di ile tsa eba teng mme tsa boptjwa.” (Tšen. 4:11) Ruri Jehova o tshwanelwa ke kganya le tlhompho yohle eo re mo bontshang yona ka ho mo fa dintho tsa rona tsa bohlokwa ka ho fetisisa. Jehova o ile a laela setjhaba sa Iseraele hore se hlahe ka pela hae meketeng e meraro ya selemo le selemo. Hlokomela hore meketeng eo, Baiseraele ba ne ba sa lokela ho ‘hlaha ka pela Jehova ba sa nka letho.’ (Deut. 16:16) Ka ho tshwanang, le kajeno karolo ya bohlokwa ya borapedi ba rona ke ho fana ka menehelo ho tshehetsa le ho bontsha kananelo bakeng sa mosebetsi o etswang ke mokgatlo wa Jehova.

6. Ke hobaneng ha ho fana ho re tswela molemo? (Sheba setshwantsho se qalong.)

6 Re rua molemo ha re fana. Re etsa hantle ha re itlwaetsa ho fana ho e na le hore re dule re amohela. (Bala Liproverbia 29:21.) Ha ngwana a fa batswadi ba hae mpho eo a e rekileng ka tjhelete eo ba mo fang yona, batswadi ba ananela mpho eo haholo! Mora kapa moradi ya ntseng a dula lapeng ebile e le pulamadiboho, a ka nna a thusa batswadi ka tjhelete e itseng bakeng sa ditshenyehelo tsa ka tlung. Le hoja batswadi ba hae ba sa lebella seo, ba ka nna ba amohela mpho eo, hobane ke tsela eo ngwana a bontshang ka yona hore o ananela sohle seo batswadi ba mo etsetsang sona. Ka tsela e tshwanang, Jehova o a tseba hore re tla rua molemo ha re itlwaetsa ho fana ka dintho tsa rona tsa bohlokwa.

MEHLENG YA BIBELE BATHO BA NE BA FANA

7, 8. Mehleng ya Bibele batho ba Jehova ba ile ba beha mohlala jwang tabeng ya ho ntsha menehelo bakeng sa (a) mesebetsi e kgethehileng? (b) mesebetsi e meng ka kakaretso?

7 Taba ya hore re lokela ho fana ka dintho tsa rona tsa bohlokwa e thehilwe Mangolong. Ka dinako tse ding, batho ba Jehova ba ile ba fana ka dintho tsa bona ho tshehetsa mesebetsi e kgethehileng ya Modimo. Ka mohlala, Moshe o ile a kopa menehelo bakeng sa ho haha tabernakele mme le Morena Davida o ile a etsa se tshwanang hore ho hahwe tempele. (Ex. 35:5; 1 Likron. 29:5-9) Mehleng ya Morena Joase, baprista ba ne ba sebedisa tjhelete eo batho ba neng ba fana ka yona bakeng sa ho lokisa ntlo ya Jehova. (2 Mar. 12:4, 5) Athe mehleng ya barutuwa ba Jesu, ha barababo rona ba utlwa hore ho na le tlala e kgolo motseng wa Judea, ba ile ba “etsa qeto, e mong le e mong wa bona ho ya kamoo le ha e le mang a neng a ka ho kgona, ho romela tshebeletso ya dithuso ho barababo rona ba dulang Judea.”—Lik. 11:27-30.

8 Batho ba Jehova ba ne ba boetse ba nehela ka tjhelete ho thusa ba etellang pele mosebetsing wa Jehova. Tlasa Molao oo Jehova a neng a fane ka wona a sebedisa Moshe, Balevi ba ne ba sa abelwa mafa jwalo ka meloko e meng. Ho e na le hoo, Baiseraele ba ne ba ba fa karolo ya leshome ya dintho tsa bona. Tokisetso ena e ne e thusa Balevi hore ba shebane le mosebetsi oo ba neng ba o etsa tabernakeleng. (Num. 18:21) Ka tsela e tshwanang, hamorao Jesu le baapostola ba hae ba ile ba rua molemo thusong eo ba neng ba e fumana ho basadi “ba neng ba ba sebeletsa ka dintho tsa bona.”—Luka 8:1-3.

9. Nakong e fetileng, menehelo eo batho ba Modimo ba neng ba fana ka yona e ne e tswa hokae?

9 Menehelo eo batho ba Modimo ba neng ba fana ka yona e ne e tswa mehloding e sa tshwaneng. Ha Baiseraele ba ntsha menehelo bakeng sa ho haha tabernakele lefelleng, ho ka etsahala hore tse ding tsa dintho tseo ba ileng ba fana ka tsona e ne e le tseo ba tlileng le tsona ho tswa Egepeta. (Ex. 3:21, 22; 35:22-24) Mehleng ya baapostola, Bakreste ba bang ba ne ba rekisa dintho tsa bona tse kang masimo kapa matlo, ebe ba tlisa tjhelete eo ho baapostola. Baapostola ba ne ba e abela batho ba se nang letho. (Lik. 4:34, 35) Ba bang ba ne ba itlwaeditse ho behella tjhelete e itseng ka thoko bakeng sa monehelo. (1 Bakor. 16:2) Kahoo batho bohle ba ne ba ntsha monehelo, ho sa tsotellehe hore na e ne e le barui kapa mafutsana.—Luka 21:1-4.

HO FANA KA MENEHELO KAJENO

10, 11. (a) Re ka etsisa bahlanka ba Jehova ba mehleng ya Bibele jwang ka ho fana ka menehelo? (b) O ikutlwa jwang ka ho tshehetsa mosebetsi wa Mmuso?

10 Kajeno, le rona re ka kopjwa hore re ntshe menehelo bakeng sa mosebetsi o itseng. Ka mohlala, e ka nna yaba phutheho ya heno e lokela ho hahelwa Holo. Kapa mohlomong Holo ya lona kapa ofisi ya lekala, e lokela ho lokiswa. Re boetse re thusa ka ditshenyehelo tsa kopano, kapa hona ho thusa barababo rona ba hlahetsweng ke dikoduwa tsa tlhaho. Menehelo ya rona e boetse e tshehetsa bara le baradibabo rona ba sebeletsang ntlo kgolo, baromuwa, bopulamadiboho ba kgethehileng, bapotolohi hammoho le ba sebeletsang Bethele. Ha ho pelaelo hore phutheho ya heno e se ntse e fana ka menehelo bakeng sa mosebetsi wa ho haha Diholo Tsa Kopano le tsa Mmuso, tse tswelang bara le baradibabo rona molemo lefatsheng lohle.

11 Matsatsing ana a ho qetela, kaofela ha rona re ka tshehetsa mosebetsi wa Jehova ka menehelo. Ha re tshela monehelo ka lebokoseng Holong ya Mmuso kapa re sebedisa websaete ya jw.org, ha ho na motho ya tla tseba hore na re ntshitse bokae. Re ka nna ra bona eka menehelo ya rona e menyenyane ha e na thuso. Empa, tjhelete e ngata eo mokgatlo wa Jehova o e fumanang etswa menehelong e mengata e menyenyane. Le ha barababo rona ba futsanehile, ba tshwana le Bakreste ba Macedonia bao le hoja ba ne ba futsanehile haholo, ba ileng ba kopa hore ba dumellwe ho fana ka menehelo.—2 Bakor. 8:1-4.

12. Mokgatlo wa Jehova o etsa jwang hore o sebedise menehelo ka tsela e nepahetseng?

12 Sehlopha se Busang se etsa ka hohle hore se sebedise menehelo ka botshepehi le ka bohlale. (Mat. 24:45) Banna bana ba rapella tataiso ya Jehova pele ba etsa qeto ya hore na menehelo e tla sebediswa jwang. (Luka 14:28) Mehleng ya Bibele, banna ba neng ba hlokometse menehelo, ba ne ba etsa bonnete ba hore e sebedisetswa morero wa yona. Ka mohlala, Esdrase o ile a kgutlela Jerusalema ka menehelo e tswang ho morena wa Persia e neng e akarelletsa kgauta, silevera le matlotlo a mang a ka bitsang R1 334 680 000 ka tjhelete ya kajeno. Esdrase o ne a nka menehelo eo e le e neng e filwe Jehova mme a etsa sohle se matleng a hae hore e fihle e sireletsehile Jerusalema. (Esdr. 8:24-34) Dilemo hamorao, moapostola Pauluse o ile a bokella menehelo e neng e tswa diphuthehong tse ding, e neng e reretswe ho thusa barababo rona ba Judea. O ile a etsa bonnete ba hore batho ba kgethwang ho isa menehelo eo e ne e le ba tshepahalang, “eseng feela mahlong a Jehova, empa hape le mahlong a batho.” (Bala 2 Bakorinthe 8:18-21.) Jwalo ka Esdrase le Pauluse, mokgatlo wa Jehova kajeno o netefatsa hore menehelo e sebediswa ka tsela e nepahetseng.

13. Ke hobaneng ha mokgatlo o ile wa etsa diphetoho tse itseng?

13 Ha lelapa le batla ho fokotsa ditshenyehelo kapa le batla ho atolosa tshebeletso ya lona, ka tlwaelo le etsa diphetoho tseleng eo le sebedisang tjhelete ka yona. Le mokgatlo wa Jehova o etsa ka tsela e tshwanang. Morao tjena, ho bile le diphethoho tse ngata tse thabisang. Tse ding tsa diphetoho tsena di ile tsa etsa hore mokgatlo o sebedise tjhelete e ngata. Ke kahoo hona jwale mokgatlo o fokotsang ditshenyehelo le ho nolofatsa mosebetsi, e le hore menehelo ya lona e ka sebediswa hantle.

SEO MENEHELO YA LONA E SE FINYELLANG

Menehelo ya lona e tshehetsa mosebetsi wa lefatsheng lohle (Sheba serapa sa 14-16)

14-16. (a) Ke dintho dife tse ding tse etswang ka menehelo ya lona? (b) O ruile molemo jwang dinthong tseo?

14 Bahlanka ba bang ba Jehova ba re dintho tseo mokgatlo o di finyelletseng morao tjena di thabisa haholo. Ke dife tse ding tsa tsona? Re ile ra thaba haholo ha ho ne ho qalwa websaete ya jw.org le lenaneo la JW Broadcasting. Bibele ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e se e fumaneha ka dipuo tse ngata. Ka 2014 le 2015, re ile ra ba le Dikopano tsa Matjhaba tse nang le sehlooho se reng “Le Nne le Batle Mmuso wa Modimo Pele!” Dikopano tseo di ile tsa tshwarelwa ditoropong tse 14 ho potoloha le lefatshe mme ho ile ha sebediswa tse ding tsa ditediamo tse kgolo ka ho fetisisa ditoropong tseo. Bohle ba neng ba ile dikopanong tseo ba sa ntse ba kgotsa le kajeno.

15 Ba bangata ba ananela dintho tse ntle tseo mokgatlo wa Jehova o re etsetsang tsona.Ka mohlala, ha banyalani ba bang ba sebeletsang naheng e Asia ba bua ka JW Broadcasting, ba ile ba re: “Re sebeletsa toropong e nyenyane. Ka lebaka leo, ka dinako tse ding re na le ho ikutlwa eka re bang. Empa ha re shebella lenaneo la JW Broadcasting, re a hopola hore re na le barababo rona ba bangata lefatsheng lohle. Bara le baradibabo rona ba phuthehong ya habo rona le bona ba rata mananeo a JW Broadcasting haholo. Ka mora ho shebella mananeo ana a kgwedi le kgwedi, ba tlwaetse ho re ba ikutlwa ba le haufi le ditho tsa Sehlopha se Busang. Hona jwale ba motlotlo ho feta le ha e le neng pele ho ba karolo ya mokgatlo wa Modimo.”

16 Lefatsheng lohle ho na le Diholo Tsa Dipaki Tsa Jehova tse ka bang 2 500 tse ntseng di hahwa kapa di lokiswa. Ka mora ho kopanela Holong ya bona e neng e sa tswa hahwa, bahweletsi ba phutheho e nngwe naheng ya Honduras ba ile ba ngola ba re: “Re thabile haholo hore ebe re karolo ya lelapa la Jehova le ho ba karolo ya barababo rona ba lefatsheng lohle, bao ka bobedi ba re thusitseng hore re be le Holo eo re kopanelang ho yona.” Bahweletsi ba bangata ba ikutlwa ka tsela e tshwanang ha ba fumana Bibele kapa dingolwa tse ding ka puo ya habo bona, ha ba fumana thuso nakong ya dikoduwa le ha ba bona hore ho sebedisa ditroli ho a atleha tshimong ya bona.

17. Re tseba jwang hore Jehova o tshehetsa mokgatlo wa hae?

17 Batho ba bangata ha ba utlwisise hore na re kgona jwang ho etsa mosebetsi o mongata hakaana ka tjhelete ya menehelo feela. Ka mora hore mookamedi wa khamphani e nngwe e kgolo a tle Bethele mme a bone metjhine ya rona e printang, o ne a maketse hore mosebetsi ona wohle o etswa ke baithaopi ka menehelo ya boithatelo, le hore ebile ha ho rekiswe letho hore ho be le tjhelete e kenang. O ile a re re etsa ntho e sa kgoneheng. Ruri re dumellana le yena! Etswe re a tseba hore ke ka thuso ya Jehova feela re kgonang ho etsa mosebetsi ona.—Jobo 42:2.

JEHOVA O TLA RE HLOHONOLOFATSA HA RE NEHELA

18. (a) Re fumana ditlhohonolofatso dife ha re tshehetsa mosebetsi wa Jehova ka menehelo? (b) Re ka kwetlisa bana ba rona jwang ho etsa se tshwanang?

18 Jehova o a re tlotla ka ho re fa monyetla wa ho tshehetsa mosebetsi wa hae o etswang mona lefatsheng. O re o tla re hlohonolofatsa ha re tshehetsa mokgatlo wa hae ka menehelo. (Mal. 3:10) Jehova o boetse o re tshepisa hore re tla atleha ha re fana ka seatla se bulehileng. (Bala Liproverbia 11:24, 25.) Ho ekelletsa moo, Bibele e re “ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.” (Lik. 20:35) Ha re itlwaetsa ho nehela, re behela bana ba rona le ba sa tswa kopanela mohlala wa hore le bona ba etse se tshwanang, e le hore le bona ba tle ba fumane ditlhohonolofatso.

19. Sehlooho see se o kgothaditse jwang?

19 Ntho e nngwe le e nngwe eo re nang le yona e tswa ho Jehova. Ha re ntsha menehelo re bontsha hore re a mo rata le hore re ananela dintho tsohle tseo a re etsetsang tsona. (1 Likron. 29:17) Ha batho ba ne ba ntsha menehelo bakeng sa hore ho hahwe tempele, ba ile ba “thaba ka lebaka la ho etsa dinyehelo tsa boithaopo, etswe ba ne ba etsetsa Jehova dinyehelo tsa boithaopo ka pelo e feletseng.” (1 Likron. 29:9) E se eka le rona re ka tswela pele ho fa Jehova menehelo ho tswa dinthong tseo a re fileng tsona.