Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tlisang Thabo ya Sebele?

Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tlisang Thabo ya Sebele?

“Ho thaba batho bao Modimo wa bona e leng Jehova!”—PES. 144:15.

DIPINA: 75, 73

1. Ke hobaneng ha re phela nakong e ikgethang?

RE PHELA nakong e ikgethang e le kannete historing. Jwalo ka ha Bibele e ile ya bolela esale pele, Jehova o ntse a bokella “bongata bo boholo . . . bo [tswang] ditjhabeng tsohle le melokong yohle le bathong bohle le malemeng ohle.” Bongata boo ke “setjhaba se matla” sa batho ba thabileng ba ka hodimo ho dimilione tse 8, mme ba “etsetsa [Modimo] tshebeletso e halalelang bosiu le motshehare.” (Tšen. 7:9, 15; Esa. 60:22) Lefatsheng ha ho e so ka ho ba le batho ba bangata hakaana ba ratang Modimo le batho ba bang.

2. Ke lerato la mofuta ofe leo re le bonang ho batho bao e seng barapedi ba Modimo? (Sheba setshwantsho se qalong.)

2 Le ha ho le jwalo, Bibele e ile ya bolela esale pele hore mehleng ya rona, batho ba sa rapeleng Modimo ba ne ba tla ba le lerato la boithati. Moapostola Pauluse o ile a re: “Matsatsing a ho qetela . . . , batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, . . . ba ratang menyaka ho e na le ho rata Modimo.” (2 Tim. 3:1-4) Lerato la mofuta ona le fapane hole le lerato la Bokreste. Lerato la boithati le etsa hore motho a se ke a thaba. Ka sebele lerato leo le etsa hore bophelo bo be thata lefatsheng.

3. Re tlo bua kang sehloohong see, hona hobaneng?

3 Pauluse o ne a tseba hore lerato la boithati le ne le tla beha Bakreste kotsing. Ke kahoo a ileng a re Bakreste “ba furalle” batho ba bontshang lerato lena le fosahetseng. (2 Tim. 3:5) Le ha ho le jwalo, re ke ke ra kgona ho qoba batho ba jwalo ka ho felletseng. Jwale, re ka furalla mekgwa e mebe ya lefatshe lee jwang mme ra kgahlisa Jehova, Modimo ya lerato? A re ke re tshohleng phapang e teng pakeng tsa lerato leo batho ba Modimo ba le bontshang le leo ho buuwang ka lona ho 2 Timothea 3:2-4. Ho etsa jwalo ho tla re thusa hore re hlahlobe esita le ho ntlafatsa lerato leo re lokelang ho le bontsha, e leng lerato le etsang hore re thabe e le kannete.

NA RE LOKELA HO ITHATA KAPA HO RATA MODIMO?

4. Ke hobaneng ha ho se phoso ho ithata ka tsela e itekanetseng?

4 Moapostola Pauluse o ile a re “batho e tla ba baithati.” Na ho ithata ho fosahetse? Tjhe, hobane ho tlwaelehile ebile ho a hlokahala hore motho a ithate ka tekanyo e itseng. Jehova o re bopile ka tsela eo. Jesu o itse: “O rate moahelane wa hao jwalo ka ha o ithata.” (Mar. 12:31) Kahoo, re ke ke ra kgona ho rata baahelane ba rona haeba rona ka borona re sa ithate. Mangolo a boetse a re: “Banna ba tshwanela ho rata basadi ba bona jwalo ka mmele ya bona. Ya ratang mosadi wa hae o a ithata, kaha ha ho motho ya kileng a hloya nama ya hae; empa o a e fepa le ho e baballa.” (Baef. 5:28, 29) Kahoo ho loketse hore motho a ithate ka tsela e nepahetseng.

5. O ka hlalosa batho ba ithatang ho tlola jwang?

5 Le ha ho le jwalo, ho ithata ho boletsweng ho 2 Timothea 3:2 ha se ho loketseng. Ke lerato la boithati leo e seng la tlhaho. Batho ba nang le lerato lena, ba ithata ho tlola mme ba inka ba le bohlokwa ho feta kamoo ho hlokahalang kateng. (Bala Baroma 12:3.) Ntho e ka sehloohong eo ba tshwenyehileng ka yona bophelong ke dithahasello tsa bona. Ha ba na taba le motho e mong. Ha dintho di sa tsamaye hantle, ba beha batho ba bang molato mme ha ho mohla bona ba leng phoso. Ke ka lebaka leo baithati bana ba ke keng ba thaba e le kannete.

6. Ke hobaneng ha batho ba ratang Modimo ba thabile?

6 Ditsebi tse ding tsa Bibele di re ha moapostola Pauluse a ne a bua ka matsatsi a ho qetela, o buile ka boithati pele hobane ke bona bo susumetsang mekgwa e meng e mebe eo a buileng ka yona hamorao. Ho fapana le hoo, lerato leo Modimo a batlang hore re be le lona, le hlahisa makgabane le mekgwa e metle. Lerato leo le amana haufi le thabo, kgotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitshwaro. (Bagal. 5:22, 23) Davida o ile a re: “Ho thaba batho bao Modimo wa bona e leng Jehova!” (Pes. 144:15) Jehova ke Modimo ya thabileng mme batho ba hae le bona ba thabile. Ho feta moo, bahlanka ba Jehova ba thabile hobane ba rata ho fana le ho thusa batho ba bang, mme ha ba tshwane le baithati ba ratang feela ho fuwa le ho amohela.—Lik. 20:35.

Re ka qoba jwang ho ba baithati? (Sheba serapa sa 7)

7. Ke dipotso dife tse ka re thusang hore re hlahlobe tsela eo re ratang Modimo ka yona?

7 Re ka tseba jwang haeba re se re ithata ho feta ho rata Modimo? Bafilipi 2:3, 4 e re: “Le [se] etse letho ka lebaka la ho rata dikgang kapa ka lebaka la ho ipoledisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse, le sa hlokomele dithahasello tsa ditaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela dithahasello tsa ba bang.” Re ka nna ra ipotsa: ‘Na ke sebedisa keletso eo bophelong ba ka? Na ke leka ka hohle ho etsa thato ya Modimo? Na ke batla ditsela tsa kamoo nka thusang ba bang ka tsona phuthehong le tshebeletsong ya tshimo?’ Ha se kamehla ho leng bonolo ho sebedisa matla le nako ya rona ho thusa ba bang. Ho hloka boiteko le boitelo. Empa re etsa seo hobane ha ho ntho e ka re thabisang ho feta ho tseba hore Mmusi wa dintho tsohle o a re amohela le ho re rata.

8. Batho ba bang ba ratang Modimo ba ile ba susumelletseha hore ba etseng?

8 Lerato leo batho ba bang ba ratang Modimo ka lona, le ile la ba susumelletsa hore ba tele mesebetsi ya maemo e le hore ba sebeletse Jehova ka ho eketsehileng. Ka mohlala, Ericka ke ngaka mme o dula United States. Empa ho e na le hore a hahamalle maemo a hodimo lefapheng la tsa bongaka, o ile a nka bopulamadiboho mme yena le monna wa hae ba se ba sebeleditse dinaheng tse ngata. Ericka o re: “Ho bile monate haholo ho sebetsa tshimo ya dinaheng tse ding mme re fumane le metswalle e eketsehileng. Ke ntse ke le ngaka, empa ke thabile haholo hobane ke sebedisa nako ya ka e ngata ho thusa batho ba bang hore ba tsebe ka Modimo mme ke boetse ke thabela ho thusa ba bang ka phuthehong.”

RE LOKELA HO IPOLOKELA MATLOTLO HOKAE?

9. Ke hobaneng ha ho rata tjhelete ho sa etse hore motho a thabe?

9 Pauluse o ile a re batho e tla ba “ba ratang tjhelete.” Dilemong tse mmalwa tse fetileng, moraborona e mong wa pulamadiboho ya dulang Ireland, o ile a buisana le monna e mong ka Modimo. Monna eo o ile a ntsha tjhelete ka sepatjheng sa hae, mme ka motlotlo a re ka tjhelete eo: “Modimo wa ka ke enwa!” Le hoja ba sa bue pepenene jwalo ka monna eo, batho ba bangata ba rata tjhelete le maruo. Le ha ho le jwalo, Bibele e fana ka temoso ena: “Ya ratang silevera a ke ke a kgotsofalla silevera, hape leha e le ofe ya ratang leruo a ke ke a kgotsofalla tjhelete e kenang.” (Moek. 5:10) Motho ya ratang tjhelete o tla dula a batla e eketsehileng mme a ke ke a kgotsofala le ka mohla. Ke kahoo Bibele e reng batho ba jwalo ba itlisetsa “bohloko bo boholo.”—1 Tim. 6:9, 10.

10. Agure o ile a reng ka ho ba mofutsana le ho ba morui?

10 Ke nnete hore kaofela ha rona re hloka tjhelete hobane ka tsela e itseng e a re sireletsa. (Moek. 7:12) Empa na motho a ka thaba ha a na le tjhelete e lekanang ditlhoko tsa hae tsa motheo feela? E, ho jwalo! (Bala Moeklesia 5:12.) Agure mora wa Jake o ile a re ho Modimo: “O se ke wa mpha bofutsana kapa maruo. E re ke je dijo tseo ke di behetsweng.” Ho bonolo ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha Solomone a ne a sa batle ho futsaneha. O re o ne a sa batle ho lekeha hore a utswe, hobane ho etsa jwalo ho ne ho tla utlwisa Modimo bohloko. Empa ke hobaneng ha a ile a rapella hore e se ke ya eba morui? O ile a fana ka lebaka, ha a re ho Jehova: “Hore ke se ke ka kgora yaba ke a o latola mme ke re: ‘Jehova ke mang?’” (Liprov. 30:8, 9) Ho ka etsahala hore le wena o tseba batho ba tshepang maruo a bona ho feta Modimo.

11. Jesu o ile a fana ka keletso efe mabapi le tjhelete?

11 Batho ba ratang tjhelete ba ke ke ba kgona ho sebeletsa Modimo. Jesu o ile a re: “Ha ho eo e ka bang lekgoba la benghadi ba babedi; kaha o tla hloya e mong mme a rate e mong, kapa o tla kgomarela e mong mme a nyedise e mong. Le ke ke la ba makgoba a Modimo le a Maruo.” Empa pele Jesu a bua mantswe ao, o ile a re: “Kgaotsang ho ipolokela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome di jang, le moo mashodu a thuhang mme a utswe. Ho e na le hoo, le ipolokele matlotlo lehodimong, moo tshwele kapa mafome di sa jeng, le moo mashodu a sa thuheng mme a utswe.”—Mat. 6:19, 20, 24.

12. Ho se be le dintho tse ngata bophelong ho ka thusa Mokreste jwang ho sebeletsa Jehova? Fana ka mohlala.

12 Batho ba bangata ba hlokometse hore ho se be le dintho tse ngata bophelong, ho etsa hore ba thabe le hore ba be le nako e ngata ya ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, morabo rona e mong ya dulang United States ya bitswang Jack, o ile a rekisa kgwebo le ntlo ya hae e kgolo hobane o ne a batla ho bulamadiboho le mosadi wa hae. Morabo rona o re: “Ho ne ho se bonolo ho siya kgwebo le ntlo ya rona e ntle. Empa ka dilemo tse ngata ke ne ke fihla lapeng ke ferekane ka lebaka la mathata a mosebetsing. Empa mosadi wa ka yena e ne e le pulamadiboho mme o ne a dula a thabile. O ne a rata ho re: ‘Nna ke na le mookamedi ya ratehang ka ho fetisisa!’ Kaha le nna ke se ke le pulamadiboho, nna le mosadi wa ka re sebeletsa Mookamedi a le mong, e leng Jehova.”

Re ka qoba jwang ho rata tjhelete? (Sheba serapa sa 13)

13. Re ka itlhahloba jwang hore na re rata tjhelete hakae?

13 E le hore re bone hore na re rata tjhelete hakae, e ka ba hantle hore re ipotse dipotso tse latelang: ‘Na ke dumela seo Bibele e se buang ka tjhelete ebile ke phela tumellanong le sona? Na ho sebeletsa tjhelete ho tla pele bophelong ba ka? Na ke nka tjhelete e le ya bohlokwa ho feta setswalle sa ka le Jehova hammoho le batho ba bang? Na ke kgodisehile hore Jehova o tla ntlhokomela?’ Re ka kgodiseha hore le ka mohla Jehova a ke ke a swetsa batho ba tshepetseng ho yena.—Mat. 6:33.

NA O RATA JEHOVA KAPA MENYAKA?

14. Re lokela ho tadima boithabiso ka tsela efe?

14 Jwalo ka ha ho ile ha bolelwa e sa le pele, batho ba kajeno ‘ba rata menyaka.’ Ha ho phoso ho rata boithabiso ka tsela e itekanetseng, feela jwalo ka ha ho se phoso hore re be le tekatekano tseleng eo re ratang tjhelete le ho ithata ka yona. Jehova ha a batle hore re iphedise ka thata kapa hore re itime dintho tse ka re thabisang. Bibele e re ho batho ba Modimo: ‘E yang, le je dijo tsa lona ka thabo mme le nwe veine ya lona ka dipelo tse ntle.’—Moek. 9:7.

15. Lengolo la 2 Timothea 3:4 le bolelang ha le re batho ba tla rata menyaka?

15 Lengolo la 2 Timothea 3:4 le bua ka batho ba ratang menyaka ho e na le ho rata Modimo. Hlokomela hore temana ena ha e re batho ba ne ba tla rata menyaka ho feta ho rata Modimo, jwalo ka ha eka ba rata Modimo ka tekanyo e itseng. Empa e re ba ne ba tla ‘rata menyaka ho e na le ho rata Modimo.’ Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re: “Temana ena ha e bolele hore batho bana ba rata Modimo le hanyenyane feela. Empa e bolela hore ho hang ha ba mo rate.” Ena ke temoso e matla hakaakang ho batho ba ratang menyaka kapa boithabiso ka tsela e fetelletseng! Batho “ba ratang menyaka” ke bao Jesu a ileng a bua ka bona papisong ya hae, mme a re ba “nkwa ke . . . menyaka ya bophelo bona.”—Luka 8:14.

16, 17. Jesu o ile a re behela mohlala jwang tabeng ya boithabiso?

16 Jesu o ne a na le pono e nepahetseng ka boithabiso. Ka mohlala, o ile a ya “moketeng wa lenyalo” le ‘moketeng o moholo wa kamohelo.’ (Joh. 2:1-10; Luka 5:29) Ha a le lenyalong, veine e ile ya feela, yaba o etsa mohlolo wa ho fetola metsi hore e be veine. Ebile ka letsatsi le leng o ile a kgalemela batho ba neng ba mo nyatsa ka hore o a ja le hore o a nwa.—Luka 7:33-36.

17 Le ha ho le jwalo, Jesu o ne a sa phelele boithabiso. Ho sebeletsa Jehova ho ne ho tla pele bophelong ba hae, ebile o ne a qeta nako e ngata a thusa batho. Ho ekelletsa moo, o ile a ithaopela ho shwela batho e le hore ba ka fumana bophelo, le hoja seo se ne se bolela hore o tla bolawa ka sehloho. Ha a bua le ba neng ba tla latela mohlala wa hae, o ile a re: “Ho thaba lona ha batho ba le nyedisa mme ba le hlorisa mme ka leshano ba bua ntho ya mofuta o mong le o mong e kgopo ka lona ka lebaka la ka. Thabang mme le tlole ke thabo, kaha moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela eo pele ho lona.”—Mat. 5:11, 12.

Re ka qoba jwang ho rata menyaka? (Sheba serapa sa 18)

18. Ke dipotso dife tse ka re thusang hore re itlhahlobe hore na re rata boithabiso hakae?

18 Re ka tseba jwang hore na re rata boithabiso hakae? Re ka thuswa ke ho ipotsa dipotso tse latelang: ‘Na ke rata boithabiso ho feta diboka le tshimo? Na ke ikemiseditse ho tela dintho tse ding hore ke sebeletse Modimo? Ha ke kgetha boithabiso, na ke ye ke ipotse hore Jehova o ikutlwa jwang ka bona?’ Haeba re rata Modimo e le kannete, re tla qoba dintho tseo a sa di rateng ho akarelletsa le tseo re belaellang hore e ka nna yaba ha a di rate.—Bala Matheu 22:37, 38.

RE KA FUMANA THABO YA SEBELE JWANG?

19. Ke bomang ba ke keng ba fumana thabo ya sebele?

19 E se e le dilemo tse ka bang 6 000 batho ba sotleha lefatsheng lena la Satane. Lefatshe le tletse batho ba ratang tjhelete le menyaka esita le ba ithatang ka ho fetelletseng. Batho bana ba dula ba nahana ka ditakatso tsa bona ebile ke tsona tse tlang pele bophelong ba bona. Ha ho mohla batho ba jwalo ba tla thaba e le kannete. Ho fapana le hoo, Bibele e re: “Ho thaba eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae, eo tshepo ya hae e leng ho Jehova Modimo wa hae.”—Pes. 146:5.

20. Ke jwang ho rata Modimo ho entseng hore o thabe?

20 Ka phuthehong, batho ba ratang Modimo ba ntse ba eketseha selemo le selemo. Sena ke bopaki ba hore Mmuso wa Modimo o a busa ebile haufinyane o tla etsetsa batho dintho tse ntle. Re fumana thabo ya sebele ha re etsa thato ya Modimo, re tseba hore re kgahlisa Ya Phahameng ka ho fetisisa. Ho ekelletsa moo, ba ratang Jehova ba tla thaba ka ho sa feleng! Sehloohong se latelang re tla bona hore na boithati bo etsa hore motho a be le mekgwa efe e mebe. Re tla boela re bone hore na mekgwa ena e fapane jwang le makgabane a bahlanka ba Jehova.