Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“O Fana ka Matla ho ya Kgathetseng”

“O Fana ka Matla ho ya Kgathetseng”

Temana ya selemo ya 2018: “Ba tshepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla.”—ESA. 40:31.

DIPINA: 152, 67

1. Ke mathata afe ao re lokelang ho a mamella, hona ke hobaneng ha Jehova a kgahlwa ke bahlanka ba hae ba tshepahalang? (Sheba ditshwantsho tse qalong.)

BARA le baradibabo rona ba ratehang, le tla dumela hore bophelo ba mehleng ena bo boima. Ka mohlala, ba bangata ba lona ba a kula. Ba bang ba na le boikarabelo ba ho hlokomela batswadi le hoja le bona ka bobona ba se ba hodile. Ha e le ba bang bona ha ba kgone ho fepa malapa a bona hobane mesebetsi ha eyo. Re boetse re a tseba hore ba bang ba tobana le mathata ana kaofela ka nako e le nngwe! Ho sebetsana le mathata ana a tetebetsang maikutlo ho hloka nako e ngata, re se re sa bue letho ka tjhelete. Empa ho sa tsotellehe mathata ana, tumelo ya lona ho Jehova e dula e tiile mme le kgodisehile ka ho felletseng hore o tla le thusa le ho lokisa dintho nakong e tlang. Ruri Jehova o motlotlo ka lona!

2. Lengolo la Esaia 40:29 le re kgothatsa jwang, empa re ka nna ra etsa phoso efe?

2 Na ka dinako tse ding o na le ho utlwa eka o imetswe ke mathata hoo o fellwang ke matla a ho a mamella? Haeba ho jwalo, kgodiseha hore ha o mong. Bibele e bontsha hore bahlanka ba tshepahalang ba Modimo ba nakong e fetileng le bona ka dinako tse ding ba ne ba ikutlwa ka tsela eo. (1 Mar. 19:4; Jobo 7:7) Empa ho e na le hore ba lahle tshepo, ba ile ba tshepa hore Jehova o tla ba fa matla. Jehova o ile a feela a ba thusa, kaha “o fana ka matla ho ya kgathetseng.” (Esa. 40:29) Ka maswabi, ba bang ba bahlanka ba Modimo kajeno ba kgaotsa ho sebeletsa Jehova ha ba imetswe ke mathata. Ho ya ka bona, ho sebeletsa Jehova e tloha e se e le morwalo ho e na le hore e be tlhohonolofatso. Kahoo, ba kgaotsa ho bala Bibele, ho ya dibokeng le tshimong mme Satane o thaba haholo ha ba etsa jwalo.

3. (a) Re ka etsa jwang hore Satane a se ke a fokodisa kamano ya rona le Modimo? (b) Re tla bua kang sehloohong see?

3 Diabolose o a tseba hore a ke ke a o besa wa tuka haeba re na le tumelo e matla mme o tseba hantle hore re ba le tumelo e jwalo ka ho phathahana tshebeletsong ya Jehova. Kahoo o se ke wa tlohela ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata ao o tobaneng le ona. Ho fapana le hoo, atamela haufi le yena, etswe ‘o tla o tiisa le ho o matlafatsa.’ (1 Pet. 5:10; Jak. 4:8) Sehloohong sena, re tla bua ka dintho tse pedi tse ka etsang hore re fellwe ke matla ha re ntse re sebeletsa Modimo le hore na melamotheo ya Bibele e ka re thusa jwang ho di hlola. Empa pele, a re qaleng ka ho hlahloba lengolo la Esaia 40:26-31 mme re bone bopaki ba hore Jehova o na le bokgoni ba ho re matlafatsa.

BA TSHEPILENG JEHOVA BA TLA BOELA BA FUMANE MATLA

4. Re ithutang lengolong la Esaia 40:26?

4 Bala Esaia 40:26. Ha ho na motho ya tsebang hore na ho na le dinaledi tse kae sepakapakeng. Borasaense ba dumela hore sehlopheng sa dinaledi se haufi le rona se bitswang Milky Way, ho na le dinaledi tse ka bang dibilione tse 400. Le ha ho le jwalo, Jehova o tseba naledi ka nngwe ka lebitso. Re ithutang tabeng ee? Haeba Jehova a bontsha thahasello e kaalo ho dintho tse sa pheleng jwalo ka dinaledi, re ka inahanela feela hore na rona o re rata hakakaang, jwalo ka ha re mo sebeletsa ka ho rata! (Pes. 19:1, 3, 14) Ntate wa rona Jehova o tseba ntho e nngwe le e nngwe ka rona. O tseba le palo ya “moriri wa dihlooho” tsa rona. (Mat. 10:30) Bibele e re Jehova o tseba mathata ao batho “ba se nang molato” ba fetang ho ona. (Pes. 37:18) E, o tseba mathata ao o tobaneng le ona mme o tla o fa matla a hore o kgone ho a mamella.

5. Re tseba jwang hore Jehova o na le bokgoni ba ho re matlafatsa?

5 Bala Esaia 40:28. Jehova ke Mohlodi wa matla a maholo. Ka mohlala, ha re sheba letsatsi feela le motjheso wa lona, re kgona ho bona matla a maholo ao Mmopi a nang le ona. Mongodi e mong wa dibuka tsa saense ya bitswang David Bodanis, o re: “Matla a motjheso oo Letsatsi le o ntshang ka motsotswana feela, a lekana le a dibomo [tse dibilione] tsa athomo.” Mofuputsi e mong yena o fumane hore ka nakwana e nyenyane feela, letsatsi le fana ka motjheso oo batho ba o hlokang lefatsheng, o ka tshwarellang dilemo tse ka bang 200 000! Jwale, ha ho potang hore Mmopi ya fang letsatsi matla a makaalo, a ke ke a hloleha ho re fa matla hore re hlole mathata a rona!

6. Ke ka kutlwisiso efe joko ya Jesu e leng mosa, mme ho tseba seo ho lokela ho re ama jwang?

6 Bala Esaia 40:29. Ho sebeletsa Jehova ho etsa hore re thabe e le kannete. Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae: “Jarang joko ya ka.” O ile a tswela pele ka ho re: “Le tla fumanela meya ya lona kgatholoho. Etswe joko ya ka e mosa le mojaro wa ka o bobebe.” (Mat. 11:28-30) Jesu o ne bua nnete! Ka dinako tse ding, re na le ho ya dibokeng kapa tshimong re kgathetse haholo. Empa ho ba jwang ha re kgutlela lapeng? Re kgutla re kgatholohile mme re na le matla a ho shebana le mathata a bophelo. Ka sebele joko ya Jesu e mosa!

7. Fana ka mohlala o bontshang bonnete ba mantswe a ho Matheu 11:28-30.

7 Moradiwabo rona e mong, eo re tla mo bitsa Kayla, o ile a tlameha ho lwantshana le kgatello ya maikutlo, lefu le etsang hore a dule a kgathetse mmeleng le hlooho e opang ha bohloko e bitswang migraine. Ke nnete hore ka dinako tse ding o ne a thatafallwa ke ho ya dibokeng. Empa ka mora hore a etse boiteko ba ho ya sebokeng sa puo ya phatlalatsa, o ile a re: “Puo eo e ne e bua ka ho nyahama. Morabo rona o fane ka yona ka tjheseho le ka tsela e bontshang hore o a ntsotella, hoo ke ileng ka qetella ke se ke sekisa meokgo. Puo eo e nthusitse ho hopola hore ke lokela ho ya dibokeng haeba ke batla ho kgatholoha.” O ile a thaba haholo ka hore ebe o ile a etsa boiteko ba ho ya dibokeng!

8, 9. Moapostola Pauluse o ne a bolelang ha a re: “Ha ke fokola, jwale ke ha ke le matla”?

8 Bala Esaia 40:30. Ho sa tsotellehe hore na re na le bokgoni bofe, matla a rona a lekanyeditswe. Bohle re lokela ho ela nnete ena hloko. Le hoja moapostola Pauluse e ne e le motho ya nang le bokgoni, ka dinako tse ding o ne a hloleha ho etsa dintho tseo a neng a lakatsa ho di etsa. Ka mora hore Pauluse a rapelle bothata ba hae, Modimo o ile a re ho yena: “Matla a ka a ntse a etswa a phethahetseng bofokoding.” Mantswe ao a ile a kgothatsa Pauluse. Ke kahoo a ileng a re: “Ha ke fokola, jwale ke ha ke le matla.” (2 Bakor. 12:7-10) O ne a bolelang?

9 Pauluse o ile a hlokomela hore ho ne ho na le dintho tseo a neng a ke ke a kgona ho di etsa ka matla a hae. Empa ke Modimo ya neng a mo fa matla a sebedisa moya o halalelang. Ho feta moo, moya o halalelang o ne o fa Pauluse matla a ho etsa le dintho tseo a neng a ke ke a kgona ho di etsa ka matla a hae. Ho jwalo le ka rona. Modimo o re fa moya wa hae o halalelang ho re matlafatsa!

10. Jehova o ile a thusa Davida jwang ka mathata a hae?

10 Hangata Davida o ne a thuswa ke moya o halalelang wa Modimo. O ile a bina a re: “Ka wena nka matha kgahlanong le sehlopha sa bafutuhi; Ka Modimo wa ka nka hlwa lerako.” (Pes. 18:29) Ho na le mathata a mang a tshwanang le marako kapa mabota a malelele, ao re ke keng ra kgona ho a “hlwa” kapa ho a hlola ntle le thuso ya Jehova.

11. Hlalosa hore na moya o halalelang o re thusa jwang ha re na le mathata.

11 Bala Esaia 40:31. Ntsu e tsebahala ka ho fofela hodimo le ho fofa nako e telele. E thuswa keng ho etsa jwalo? Moya o futhumetseng o fokang tlasa mapheo a yona, o phahamisa nonyana ena. Moya ona o thusa ntsu ho boloka matla a yona le ho e thusa ho fofa nako e telele. Kahoo ha o imetswe ke mathata, hopola mohlala ona wa ntsu. Kopa hore Jehova a o “phahamise” ka hore a o fe “mothusi, moya o halalelang.” (Joh. 14:26) Ho thabisang ke hore re ka kopa moya o halalelang neng le neng feela ha re o hloka. Ka mohlala, re hloka moya ona haholo haeba re qabane le mora kapa moradiwabo rona ka phuthehong. Empa ke hobaneng ha ho ba le diqabang tse jwalo pakeng tsa rona le ba bang?

12, 13. (a) Ke hobaneng ha Bakreste ba qabana ka dinako tse ding? (b) Re ithutang ka Jehova tlalehong ya Bibele e buang ka Josefa?

12 Kaofela ha rona re a qabana hobane ha re a phethahala. Ke kahoo ka dinako tse ding re utlwiswang bohloko ke mantswe le diketso tsa badumedimmoho le rona kapa eba rona ba ba kgopisang. Maemo a tshwanang le ana a ka leka tumelo ya rona. Jehova o lebelletse hore re bontshe hore re a mo rata ka hore re tswele pele ho mo sebeletsa le tlasa maemo ao. O boetse o batla hore re ithute ho phedisana le bara le baradibabo rona ho sa tsotellehe mefokolo le diphoso tsa bona.

Jehova ha a ka a lahla Josefa mme le wena a ke ke a o lahla (Sheba serapa sa 13)

13 Bopaki ba hore bahlanka ba Jehova ba na le ho hlahelwa ke diteko tsa mofuta ona, re bo bona tlalehong ya Bibele e buang ka Josefa. Banababo Josefa ba ile ba mo jella mona, yaba ba mo rekisa jwalo ka lekgoba, hoo a ileng a qetella a isitswe Egepeta. (Gen. 37:28) Jehova o ile a bona se etsahetseng mme ha ho pelaelo hore ha a ka a rata tsela eo Josefa a ileng a tshwarwa ka yona. Le ha ho le jwalo, Jehova ha a ka a thibela sena ho etsahala. Jehova ha a ka thibela mathata a mang hape a ileng a hlahela monna enwa hamorao. Ka mohlala, Josefa o ile a qoswa ka bohata hore o ne a batla ho beta mosadi wa Potifaro mme a lahlelwa teronkong. Empa na Modimo o ne a lahlile Josefa? Ha ho jwalo, hobane Bibele e re “Jehova o ne a e na le Josefa” mme a atlehisa ntho e nngwe le e nngwe eo Josefa a neng a e etsa.—Gen. 39:21-23.

14. Re tla qoba mathata afe ha re “tlohela” ho halefa?

14 Mohlala o mong ke wa Davida. Batho ba bangata ha ba so ka ba tshwarwa hampe jwalo ka Davida. Le ha ho le jwalo, motswalle enwa wa Modimo ha a ka a halefa ha a tshwarwa hampe. Empa o ile a ngola a re: “Tlohela bohale mme o lese kgalefo; o se ke wa iponahatsa o halefile hore feela o etse bobe.” (Pes. 37:8) Lebaka le ka sehloohong la hore re ‘tlohele’ ho halefa ke hore re lokela ho etsisa Jehova ya sa sebetsaneng le rona “ho ya ka dibe tsa rona.” (Pes. 103:10) Ho “tlohela” ho halefa ho ka re thusa ho qoba mathata a mangata. Ka mohlala, ho halefa ho ka etsa hore motho a be le high blood le mafu a mang a mo sitisang ho hema. Ho halefa ho ka boela ha lematsa ditho tse ding tsa mmele tse kang sebete esita le ho etsa hore mmele o hlolehe ho sila dijo hantle. Hape, ha re halefile ha re kgone ho nahana hantle. Ka dinako tse ding, ho qeta nako e telele re halefile ho ka etsa hore re tetebele maikutlo ka nako e telele. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re “pelo e nang le kgutso “e fa mmele wa motho bophelo. (Liprov. 14:30) Jwale re ka bopa kgotso jwang ha re qabane le mora kapa moradiwabo rona? Ka ho sebedisa keletso ya Bibele e bohlale.

HA RE KGOPISITSWE KE BARABABO RONA

15, 16. Re lokela ho buisana jwang le motho ya re kgopisitseng?

15 Bala Baefese 4:26. Hangata ha re utlwe bohloko hakaalo ha batho bao e seng Dipaki ba re tshwara hampe. Empa ha badumedimmoho le rona ba re tshwara hampe, re utlwa bohloko haholo. Ho thweng haeba re sa kgone ho lebala ntho e bohloko eo mora kapa moradiwabo rona a re entseng yona. Na re tla qeta dilemo re mo kwatetse? Kapa na re tla sebedisa keletso ya Bibele ya hore re potlakele ho lokisa ditaba? Ho dieha ho rarolla diqabang le moreno ho tla etsa hore ho be thata le ho feta hore o bope kgotso le yena.

16 A re re morabo rona ya itseng o o kgopisitse mme ha o kgone ho iphapanyetsa taba eo. Ke mehato efe eo o ka e nkang ho bopa kgotso le yena? Qala ka ho rapella taba eo. Kopa hore Jehova a atlehise puisano eo o tla ba le yona le moreno. Hopola hore le yena ke motswalle wa Jehova. (Pes. 25:14) Modimo o a mo rata. Jehova o tshwara metswalle ya hae ka mosa mme o lebelletse hore le rona re etse se tshwanang. (Liprov. 15:23; Mat. 7:12; Bakol. 4:6) Ka mora hore o rapele, nahana ka seo o tla se bua ha o kopana le moreno. Qoba maikutlo a hore moreno o o kgopisitse ka boomo. Hape o se ke wa nahana hore ha o na molato mme o ikemisetse ho dumela diphoso tsa hao. O ka nna wa qala ka hore: “Mohlomong ke kgopeha ha bonolo, empa maobane ke ile ka utlwa bohloko ha o ne o re . . . ” Haeba puisano ya lona e sa tsamaye hantle, o nne o batle menyetla e meng ya ho bopa kgotso le moreno. O nne o kope Jehova hore a mo hlohonolofatse le hore a o thuse ho bona makgabane a matle a moreno. Le haeba dintho di sa loke, kgodiseha hore Jehova o ananela boiteko boo o bo etsang ho rua moreno, e leng e mong wa metswalle ya hae.

HA RE IKUTLWA RE LE MOLATO KA DIPHOSO TSA NAKONG E FETILENG

17. Jehova o re thusa jwang ha re entse sebe, hona ke hobaneng ha re lokela ho amohela thuso eo?

17 Batho ba bang ba ikutlwa ba sa tshwanelehe ho sebeletsa Jehova hobane ba ile ba etsa sebe se tebileng. Letswalo le molato le ba hlokisa kgotso. Morena Davida, eo le yena a kileng a ba le letswalo le molato, o ile a re: “Ha ke ne ke kgutsitse masapo a ka a ile a kgathala ka lebaka la ho bobola ha ka letsatsi lohle. Etswe bosiu le motshehare letsoho la hao le ne le le boima hodima ka.” Ho thabisang ke hore Davida o ile a sebetsana le bothata bona ka tsela e dumellanang le thato ya Modimo. O ile a re ho Jehova thapelong: “Qetellong ka bolela sebe sa ka ho wena, wa tshwarela phoso ya dibe tsa ka.” (Pes. 32:3-5) Haeba o entse sebe se tebileng, Jehova o itokiseditse ho o thusa. Jehova o fana ka thuso eo a sebedisa phutheho mme ke bohlale ho e amohela. (Liprov. 24:16; Jak. 5:13-15) O se ke wa dieha hobane o ka lahlehelwa ke bophelo bo sa feleng! Empa o ka etsang haeba o ntse o na le letswalo le molato le ka mora hore Jehova a o tshwarele?

18. Mantswe a Pauluse a ka thusa batho ba bonang eka ha ba sa tshwaneleha ho sebeletsa Jehova jwang?

18 Ho na le nako eo ka yona Pauluse a ileng a nyahamiswa ke dibe tsa hae tsa nakong e fetileng. O ile a re: “Ke e monyenyane ho baapostola, mme ha ke tshwanelehe ho bitswa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa phutheho ya Modimo.” Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a tswela pele ka ho re: “Empa ke seo ke leng sona ka mosa o sa tshwanelang wa Modimo.” (1 Bakor. 15:9, 10) Jehova o ile a rata Pauluse a ntse a tseba hore ke motho ya sa phethahalang. Haeba o ile wa bakela sebe se tebileng seo o se entseng mme wa se bolella baholo, kgodiseha hore Jehova o o hauhetse. Ka kopo, amohela hore Jehova o o tshwaretse!—Esa. 55:6, 7.

19. Temana ya rona ya selemo ya 2018 e reng, hona ke hobaneng ha e loketse?

19 Re lebelletse hore mathata a rona a eketsehe hobane lefatshe lena le haufi le ho fediswa. Empa kgodiseha hore Jehova o tla o fa sohle seo o se hlokang hore o kgone ho mamella hobane “o fana ka matla ho ya kgathetseng; mme o etsa hore matla a feletseng a atele ya se nang matla.” (Esa. 40:29; Pes. 55:22; 68:19) Temana ya rona ya selemo ya 2018, e tla dula e re hopotsa ntlha ena nako le nako ha re tla dibokeng. Ka sebele re tla tiya moko ha re bona mantswe a temana ya selemo a reng: “Ba tshepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla.”Esa. 40:31.