Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 5

Ho ba Teng Dibokeng ho Bontshang ka Rona?

Ho ba Teng Dibokeng ho Bontshang ka Rona?

“Le [nne] le [phatlalatse] lefu la Morena, ho fihlela a fihla.”—1 BAKOR. 11:26.

PINA YA 18 Re a Leboha ka Thekollo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-2. (a) Jehova o bonang ha batho ba dimilione ba kopane ha mmoho bakeng sa Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena? (Sheba setswantsho se ka ntle.) (b) Re tlo tshohlang sehloohong see?

EBE Jehova o bonang ha batho ba dimilione lefatsheng lohle ba bokane ha mmoho Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena? Ha a bone batho ba bangatangata feela, empa o ela hloko e mong le e mong ya teng. Ka mohlala, o bona bao ka botshepehi ba tlang selemo le selemo. Hara bona ho na le ba tlang ho sa tsotellehe mathata ao ba tobanang le ona. Ba bang ha ba tle dibokeng ka mehla, empa ha e le Sehopotsong teng, ba tla ho tjhesa kapa ho bata. Jehova o boetse o ela hloko le ba tlang Sehopotsong ka lekgetlo la pele, mohlomong e le hobane feela ba batla ho bona hore na keng e kanakana eo re ba memelang yona.

2 Ka sebele Jehova o a thaba ha a bona batho ba bangata ba ba teng Sehopotsong. (Luka 22:19) Empa seo ha se bolele hore o amehile feela ka palo ya ba bang teng Sehopotsong. Ho e na le hoo, o thahasella lebaka leo ba tlang ka lona. Hobane sepheo seo batho ba etsang dintho ka sona, ke yona ntho ya bohlokwa ho Jehova. Jwale sehloohong sena, re tlo tshohla potso ena ya bohlokwa: Ke hobaneng ha re sa tle dibokeng feela ha e le Sehopotso, empa re ba teng dibokeng tsa beke le beke tseo Jehova a di hlophisitseng bakeng sa batho ba mo ratang?

Batho ba dimilione lefatsheng lohle, ba amohelwa Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena (Sheba dirapa 1-2)

BOIKOKOBETSO BO RE SUSUMELLETSA HORE RE BE TENG DIBOKENG

3-4. (a) Ke hobaneng ha re ya dibokeng? (b) Ho ba teng dibokeng ho bontshang ka rona? (c) Ho latela 1 Bakorinthe 11:23-26, ke hobaneng ha re sa lokela ho lofa Sehopotso?

3 Lebaka le ka sehloohong leo re yang dibokeng ka lona, ke hobane diboka ke karolo ya borapedi ba rona. Hape re ya dibokeng hobane ke hona moo Jehova a re rutang teng. Batho ba ikgohomosang, ba dumela hore bona ha ba hloke ho rutwa eng kapa eng. (3 Joh. 9) Empa rona re thabela hore Jehova le mokgatlo wa hae ba re rupele.—Esa. 30:20; Joh. 6:45.

4 Ha re ya dibokeng, re bontsha hore re batho ba ikokobeditseng le ba ikemiseditseng ho rutwa. Ke ka hoo re sa yeng Sehopotsong sa lefu la Jesu ho phetha molao feela. Empa re ya hobane e le ntho eo re tlamehang ho e etsa ho bontsha hore re ikokobelletsa taelo ya Jesu e reng: “Le nne le etse sena ho nkgopola.” (Bala 1 Bakorinthe 11:23-26.) Sehopotso se matlafatsa tshepo ya rona ka bokamoso ebile se re hopotsa le lerato leo Jehova a re ratang ka lona. Le ha ho le jwalo, Jehova o a tseba hore re lokela ho kgothatswa le ho matlafatswa eseng ha nngwe feela ka selemo. Ke ka hona a entseng hore re be le diboka beke le beke ebile o re kgothalletsa hore re ye ho tsona ka mehla. Boikokobetso bo re susumelletsa hore re mo mamele. Ka lebaka leo, re qeta dihora tse ngata re lokiselletsa diboka le ho ya ho tsona.

5. Ke hobaneng ha batho ba ikokobeditseng ba amohela memo ya Jehova?

5 Selemo le selemo, batho ba bangata ba ikokobeditseng, ba amohela memo ya Jehova ya hore a tlo ba ruta. (Esa. 50:4) Hangata ba qala pele ka ho tla Sehopotsong, ebe ha morao ba se ba ba teng le dibokeng tse ding. (Zak. 8:20-23) Ka hona, re a thaba ha re na le bona e le hore Jehova a re rupele le ho re tataisa, ka ha ke yena “thuso ya [rona] le Mopholosi wa [rona].” (Pes. 40:17) Ka sebele ha ho na ntho e thabisang ho feta hore Jehova le Mora wa hae Jesu ba re rupele.—Mat. 17:5; 18:20; 28:20.

6. Boikokobetso bo ile ba thusa monna e mong jwang hore a ye Sehopotsong?

6 Re etsa boiteko ba ho mema batho ba bangata ka moo re ka kgonang ka teng hore ba tle Sehopotsong sa lefu la Jesu selemo le selemo. Batho ba bangata ba ikokobeditseng, ba fumane molemo ka ho amohela memo ya rona. Nka ka mohlala. Dilemo tse mmalwa tse fetileng, monna e mong o ile a fumana memo ya Sehopotso. Empa a bolella morabo rona ya neng a mo fa yona hore a ke ke a kgona ho ba teng. Eitse mantsiboyeng a Sehopotso ha morabo rona a re mahlo tloha, a hlollwa ha a bona monna yane ya itseng a ke ke a tla, a kena ka Holong ya Mmuso. Monna eo o ile a tsota kamohelo e mofuthu ya bara le baradibabo rona, hoo a ileng a qala ho tla dibokeng beke le beke. Ha e le hantle, o lofile diboka tse tharo feela selemong se latelang. Ebe keng e ileng ya mo thusa hore a qetelle a ya dibokeng tsohle? E ne e le motho ya bonolo le ya ikemiseditseng ho fetoha. Morabo rona yane ya neng a mo memme, o ile a re ka yena: “Ke motho ya ikokobeditseng haholo.” Ntle ho pelaelo, ke Jehova ya huletseng monna enwa ka phuthehong mme hona jwale o se a bile a kolobeditswe.—2 Sam. 22:28; Joh. 6:44.

7. Seo re ithutang sona ha re le dibokeng le seo re se balang ka Bibeleng se ka re thusa jwang hore re ikokobetse?

7 Seo re ithutang sona ha re le dibokeng le seo re se balang ka Bibeleng, se ka re thusa hore re ikokobetse. Dibeke pele ho Sehopotso, hangata dibokeng re tshohla mohlala wa Jesu le boikokobetso boo a ileng a bo bontsha ka ho fana ka bophelo ba hae e le thekollo. Jwale matsatsi pele ho Sehopotso, e ka ba hantle haeba re bala ditlaleho tsa Bibele tse buang ka diketsahalo tsa pele ho lefu la Jesu le ka mora hore a tsoswe. Seo re ithutang sona dibokeng tseo le seo re se balang ditlalehong tsena, se etsa hore re ananele le ho feta sehlabelo seo Jesu a faneng ka sona molemong wa rona. Re susumelletseha ho etsisa boikokobetso ba hae le ho etsa thato ya Jehova le ha re thulana le mathata.—Luka 22:41, 42.

HO BA SEBETE HO RE THUSA HORE RE BE TENG DIBOKENG

8. Jesu o ile a bontsha jwang hore o sebete?

8 Re boetse hape re leka ho etsisa Jesu ka ho bontsha sebete. A ko nahane ho se ho kae ka ka moo a ileng a bontsha hore o sebete ka teng matsatsi pele ho lefu la hae. O ne a tseba hantle hore dira tsa hae, di ne di tla tloha di mo hlabisa dihlong, di mo shape mme qetellong di mo bolaye. (Mat. 20:17-19) Ho ntse ho le jwalo, o ile a ikemisetsa ho tjamelana le lefu. Yaba ha nako eo e fihla, a re ho baapostola ba hae ba tshepahalang ba neng ba na le yena Gethesemane: “Emang, a re yeng. Bonang! Moeki wa ka o atametse.” (Mat. 26:36, 46) Eitse ha mokgopi wa batho ba neng ba tshwere dibetsa o tlo mo tshwara, ke ha a emella ka pele e le hore ba bone hore ke yena mme a re masole a tlohelle baapostola ba hae hore ba tsamaye. (Joh. 18:3-8) Jesu o ile a bontsha hore o sebete hakaakang. Kajeno, Bakreste ba tlotsitsweng ha mmoho le dinku tse ding, ba leka ka hohlehohle ho ba sebete jwalo ka Jesu. Ba etsa seo jwang?

Ha o bontsha sebete ka ho ya dibokeng le ha ho le thata, o matlafatsa ba bang (Sheba serapa sa 9) *

9. (a) Ke hobaneng ha ho ka nna ha hlokeha hore re be sebete e le hore re be teng dibokeng ka mehla? (b) Mohlala wa rona o ka ama bara le baradibabo rona ba tshwerweng ka lebaka la tumelo ya bona jwang?

9 Ho ka nna ha hlokeha hore re be sebete ha re tobane le maemo a thata e le hore re be teng dibokeng ka mehla. Bara le baradi ba bang babo rona ba ntse ba ya dibokeng le hoja ba saretswe, ba nyahame kapa ba kula. Athe ba bang bona, ba ntse ba ya dibokeng ho sa tsotellehe kganyetso eo ba e fumanang ka lapeng kapa ho ba boholong pusong. Ebe mohlala wa rona o ka ama bara le baradibabo rona ba tshwerweng ka lebaka la tumelo ya bona jwang? (Baheb. 13:3) Ha ba utlwela hore re ntse re tswela pele re sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata, seo se matlafatsa tumelo ya bona, se ba thusa hore ba be sebete le hore ba dule ba tshepahala. Moapostola Pauluse le yena o ile a hlahelwa ke boemo bo tshwanang. Ha a ntse a le teronkong Roma, o ne a kgothala ha a utlwela hore bakrestemmoho le yena ba ntse ba sebeletsa Modimo ka botshepehi. (Bafil. 1:3-5, 12-14) Nakwana pele kapa hang feela ka mora hore a lokollwe, o ile a ngolla Baheberu lengolo. Lengolong leo, o ile a kgothalletsa Bakreste bao ba tshepahalang hore “lerato la [bona] la bara ba motho le ke le tswele pele” mme ba se ke ba kgaotsa ho bokana ha mmoho.—Baheb. 10:24, 25; 13:1.

10-11. (a) Ke mang eo re lokelang ho mo memela Sehopotsong? (b) Hona Baefese 1:7 e re ke hobaneng ha re lokela ho etsa seo?

10 Re bontsha hore re sebete ha re memela beng ka rona, basebetsimmoho le baahelani Sehopotsong. Feela ke hobaneng ha re ba mema? Lebaka ke hore re ananela seo Jehova le Jesu ba re etseditseng sona, hoo re utlwang re tlameha maoto le matsoho ho memela ba bang Sehopotsong. Re batla hore le bona ba inwese ka nkgo mme ba bone molemo wa “mosa wa [Jehova] o sa tshwanelang,” oo a o bontshitseng ka hore a fane ka thekollo.—Bala Baefese 1:7; Tšen. 22:17.

11 Ha re ba sebete ka ho ba teng dibokeng, re tla be re bontsha botho bo bong bo botle boo Modimo le Jesu ba bo bontshitseng ka ditsela tse ikgethang.

LERATO LE RE SUSUMELLETSA HORE RE BE TENG DIBOKENG

12. (a) Diboka di re thusa jwang hore re rate Jehova le Jesu le ho feta? (b) 2 Bakorinthe 5:14, 15 e re kgothalletsa hore re etseng e le ho etsisa Jesu?

12 Lerato leo re ratang Jehova le Jesu ka lona le re qobella hore re be teng dibokeng. Ho ekelletsa moo, seo re ithutang sona ha re le dibokeng le sona se etsa hore re rate Jehova le Jesu le ho feta. Lebaka ke hore ha re le dibokeng, re dula re hopotswa ka seo ba ileng ba re etsetsa sona. (Bar. 5:8) Sehopotso ke sona seo ka ho kgetheha se re hopotsang ka moo lerato la bona le leng matla ka teng esita le ho batho ba sa ananeleng thekollo. Ka ha re ananela seo ba re etseditseng sona, re leka ka hohlehohle hore re etsise Jesu ka tsela eo re phelang ka yona letsatsi le letsatsi. (Bala 2 Bakorinthe 5:14, 15.) Ho ekelletsa moo, dipelo tsa rona di re susumelletsa hore re rorise Jehova ka hore ebe o ile a re fa thekollo. Tsela e nngwe eo re ka etsang sena ka yona, ke ka hore re fane ka dikarabo tse tswang pelong ha re le dibokeng.

13. Re ka bontsha jwang hore re fela re rata Jehova le Jesu? Hlalosa.

13 Re bontsha hore re fela re rata Jehova le Jesu ka hore re ikemisetse ho tela dintho tse itseng molemong wa bona. Hangata re lokela ho tela dintho tse sa tshwaneng e le hore feela re kgone ho ya dibokeng. Diphutheho tse ding di ba le seboka mantsiboya, e leng nako eo ka yona e ka nnang yaba batho ba kgathetse. Ebe seboka se seng sona se ba mafelobeke, e leng nako eo ba bang ba phomolang ka yona. Na ebe Jehova o a hlokomela ha re tla dibokeng le hoja re kgathetse? Ee, o a hlokomela. Ha e le hantle, Jehova o ananela le ho feta ha a bona re etsa boiteko bohle ho tla dibokeng le ha ka nako tse ding ho nyolosetsa. Hobane o nka hore ka ho etsa jwalo, re bontsha hore re a mo rata.—Mar. 12:41-44.

14. Jesu o re behetse mohlala wa ho bontsha lerato le nang le boitelo jwang?

14 Jesu o re behetse mohlala wa ho bontsha lerato le nang le boitelo. O ne a sa ikemisetsa ho shwela barutuwa ba hae feela. Empa letsatsi le letsatsi, o ne a bontsha hore o a ba nahanela. Bona ka mohlala, o ne a ipha nako ya ho ba le balatedi ba hae le ha maemong a mang, a ne a kgathetse kapa a imetswe maikutlong. (Luka 22:39-46) O ne a boetse a amehile ka ho etsetsa ba bang dintho tse molemo, eseng ho fumana ho hong ho bona. (Mat. 20:28) Jwale haeba le rona re hlile re rata Jehova le bara le baradibabo rona, re tla etsa sohle seo re ka se kgonang hore re be teng Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena esita le dibokeng tsohle tsa phutheho.

15. Ke mang eo ka ho kgetheha re batlang ho mo thusa?

15 Ke nnete hore re thabela ho qeta nako e ngata ka moo re ka kgonang re mema batho hore ba be le rona Sehopotsong. Le ha ho le jwalo, ka ho kgetheha re batla ho thusa “ba amanang le rona tumelong” ba seng ba kgathalletswe ke pere. (Bagal. 6:10) Re tla be re bontsha hore re a ba rata haeba re ba kgothalletsa hore ba tle dibokeng, haholoholo Sehopotsong. Feela jwalo ka Jehova le Jesu, re ameha dipelo haholo ha re bona ngwanabo rona a kgutlela ho Jehova, Ntate wa rona ya lerato le Modisa wa rona.—Mat. 18:14.

16. (a) Re ka kgothatsana jwang, hona diboka di ka re thusa jwang? (b) Ke hobaneng ha hona jwale e le nako e nepahetseng ya ho hopola mantswe a Jesu a ho Johanne 3:16?

16 Dibekeng tse tlang, mema batho ba bangata ka moo o ka kgonang ka teng hore ba tle Sehopotsong mantsiboya ka Labohlano la la 19 April 2019. (Sheba lebokose le reng “ Na o Tla Mema ba Bang?”) Ho tloha jwale ho ya pele, e se eka re ka kgothatsana ka ho ya dibokeng tsohle ka mehla, etswe ke tokisetso ya Jehova. Jwalo ka ha re bona hore bofelo bo haufi haholo, re hloka diboka ho re thusa hore re dule re ikokobeditse, re le sebete ebile re na le lerato. (1 Bathes. 5:8-11) E se eka re ka bontsha ka ho felletseng hore re ananela lerato leo Jehova le Jesu ba re bontshitseng lona.—Bala Johanne 3:16.

PINA YA 126 Fadimehang, Emang le Tiile, Matlafalang

^ par. 5 Sehopotso sa lefu la Kreste se tlang ho ba mantsiboyeng a Labohlano la la 19 April 2019, e tla ba seboka sa bohlokwa ka ho fetisisa selemong seo kaofela. Ebe keng e re susumelletsang hore re be teng sebokeng see? Ha ho potang hore ke hobane re batla ho thabisa Jehova. Sehloohong sena, re tlo ithuta hore na ho ba teng Sehopotsong le dibokeng beke le beke, ho bontshang ka rona.

^ par. 52 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona ya teronkong ka lebaka la tumelo ya hae, o kgothatswa ke ho bala lengolo le tswang ho lelapa la hae. O a thaba ha a utlwa hore ha ba a mo lebala le hore ba ntse ba tswela pele ho tshepahalla Jehova ho sa tsotellehe merusu ya dipolotiki sebakeng seo ba dulang ho sona.