Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 3

O ka Sirelletsa Pelo ya Hao Jwang?

O ka Sirelletsa Pelo ya Hao Jwang?

“Ho feta tse ding tsohle tse lokelang ho lebelwa, o sirelletse pelo ya hao.”—LIPROV. 4:23.

PINA YA 36 Re Lebela Dipelo Tsa Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-3. (a) Ke hobaneng ha Jehova a ne a rata Solomone, hona o ile a mo hlohonolofatsa jwang? (b) Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

SOLOMONE e bile morena Iseraele a sa le monyenyane. Qalong ya puso ya hae, Jehova o ile a bua le yena torong mme a re: “Kopa seo ke lokelang ho o fa sona.” Yaba Solomone o re: “Ke sa le moshanyana. Ha ke tsebe ho tswa le ho kena. . . . O fe mohlanka wa hao pelo e mamelang hore a ahlole setjhaba sa hao.” (1 Mar. 3:5-10) Ha Solomone a ne a kopa “pelo e mamelang,” sena se ne se bontsha hore ke motho ya ikokobeditseng. Ha se feela Jehova a neng a mo rata hakana. (2 Sam. 12:24) Modimo o ile a tsota karabo ya mohlankana enwa hoo a ileng a mo “fa pelo e bohlale le e nang le kutlwisiso.”—1 Mar. 3:12.

2 Solomone o ne a fumana ditlhohonolofatso tse ngata ha feela a dula a tshepahala. O ile a ba a fuwa monyetla wa hore a hahe tempele bakeng sa “lebitso la Jehova Modimo wa Iseraele.” (1 Mar. 8:20) A ba a tuma ka lebaka la bohlale boo Modimo a neng a mo file bona. Hape Modimo o ile a mo sebedisa hore a ngole mangolo a mararo a Bibele. Le leng la ona ke la Liproverbia.

3 Lentswe pelo, le hlaha ka makgetlo a mangata lengolong la Liproverbia. Ka mohlala, Liproverbia 4:23 e re: “Ho feta tse ding tsohle tse lokelang ho lebelwa, o sirelletse pelo ya hao.” Ha e le hantle lentswe “pelo” temaneng ena le bolelang? Re tlo araba potso ena sehloohong sena. Re tla boela hape re arabe dipotso tse ding tse pedi: Ya pele, Satane o leka ho silafatsa kapa ho kgelosa dipelo tsa rona jwang? Hona re ka sirelletsa dipelo tsa rona jwang? Re lokela ho utlwisisa dikarabo tsa dipotso tsena tsa bohlokwa e le hore re dule re tshepahalla Modimo.

HA E LE HANTLE PELO E BOLELANG?

4-5. (a) Pesaleme ya 51:6 e re thusa jwang ho utlwisisa hore na lentswe “pelo” le bolelang? (b) Tsela eo re itlhokomelang ka yona mmeleng e bontsha jwang bohlokwa ba hore re hlokomele pelo ya rona ya tshwantshetso?

4 Lentswe “pelo” lengolong la Liproverbia 4:23, le bolela motho eo re leng yena ka hare. (Bala Pesaleme ya 51:6.) Ka mantswe a mang, “pelo” e bolela menahano ya rona, maikutlo, maikemisetso le ditakatso tsa rona. Ke motho eo ehlileng re leng yena ka hare, eseng feela eo re leng yena ka ntle.

5 Ela hloko ka moo ho itlhokomela mmeleng ho bontshang ka teng bohlokwa ba ho hlokomela motho eo re leng yena ka hare. Ka mohlala, e le hore re dule re phetse hantle mmeleng, re lokela ho ja dijo tse nang le phepo e ntle le ho ikwetlisa ka mehla. Ka ho tshwanang, e le hore re boloke pelo ya rona ya tshwantshetso e ntse e phetse hantle, re lokela ho bala Bibele ka mehla. Re boetse re lokela le ho bala dingolwa tse theilweng Bibeleng mme re bontshe hore re na le tumelo e matla ho Jehova. Ntho e nngwe e ka thusang hore dipelo tsa rona di dule di phetse hantle, ke ho sebedisa seo re ithutileng sona le ho ruta ba bang ka seo re se dumelang. (Bar. 10:8-10; Jak. 2:26) Re ka nna ra ithetsa ra nahana hore ntse re phetse hantle ha re sheba motho eo re leng yena ka ntle, athe motho eo re leng yena ka hare, o a kula. Ka tsela e tshwanang, re ka nna ra ithetsa ra nahana hore tumelo ya rona e matla ka lebaka la dintho tse ngata tseo re di etsang tshebeletsong. Empa ditakatso tse fosahetseng, di ka nna tsa re nanarela butlebutle. (1 Bakor. 10:12; Jak. 1:14, 15) Re lokela ho hopola hore Satane o batla ho re silafatsa ka menahano ya hae. Jwale o sebedisa maraba afe ho leka ho re tshwasa? Hona re ka itshirelletsa jwang?

SATANE O LEKA HO KGELOSA DIPELO TSA RONA JWANG?

6. Sepheo sa Satane ke sefe, hona o leka ho se fihlella jwang?

6 Ka ha Satane o ile a itjheba boyena feela, ha a a ka a mamela ditaelo tsa Jehova. Ka hoo, o batla hore re tshwane le yena. Empa Satane a ke ke a re qobella hore re etse dintho jwalo ka yena. Ka hona, o re lohela maqheka a hore a re tshwase. Ka mohlala, o sebedisa batho bao re phelang le bona bao a ba tshwaeditseng. (1 Joh. 5:19) O batla hore re qete nako le bona le hoja re tseba hantle hore ditlwaelano tse mpe di “senya” le ho “bodisa” tsela eo re etsang dintho ka yona le eo re nahanang ka yona. (1 Bakor. 15:33) Hopola hore o ile a sebedisa leqheka lena ho Morena Solomone. Solomone o ile a nyala basadi ba bangata ba bahetene, bao “butlebutle . . . [ba ileng ba] kgelosa pelo ya hae.”—1 Mar. 11:3.

O ka sirelletsa pelo ya hao jwang ha Satane a batla ho e susumetsa ka menahano ya hae? (Sheba serapa sa 7) *

7. Satane o sebedisang ho re susumetsa, hona ke hobaneng ha re lokela ho ba sedi?

7 Satane o sebedisa dimuvi le mananeo a TV ho re susumetsa. O a tseba hore ho shebella ditori ha se boithabiso feela, empa di susumetsa tsela eo re nahanang, re ikutlwang le ho etsa dintho ka yona. Jesu o ne a sebedisa dipapiso ha a ruta. Nka ka mohlala papiso ya Mosamaria ya nang le moya wa boahelani le papiso ya mora ya ileng a tloha habo mme a senya lefa la hae. (Mat. 13:34; Luka 10:29-37; 15:11-32) Batho bao Satane a ba tshwaeditseng ba sebedisa ditori ho re kgelosa. Ka hoo, re lokela ho ba le kahlolo e molemo. Ke nnete hore mananeo a TV le dimuvi di ka re kgatholla le ho re ruta di sa re silafatse. Empa re lokela ho ba sedi. Ha re kgetha boithabiso, e ka ba hantle hore re ke re ipotse, ‘Na ebe lenaneo lee kapa muvi oo o nruta hore ke inehele ditakatsong tsa ka?’ (Bagal. 5:19-21; Baef. 2:1-3) O lokela ho etsang ha o lemoha hore lenaneo le itseng le kgothalletsa menahano ya bosatane? Le qobe feela jwalo ka ha o ne o ka qoba lefu le tshwaetsanang.

8. Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang hore ba sirelletse dipelo tsa bona?

8 Batswadi, le na le boikarabelo bo kgethehileng ba ho sirelletsa bana ba lona ka ha Satane o batla ho silafatsa dipelo tsa bona. Re a tseba hore le etsa sohle se matleng a lona ho sirelletsa bana ba lona hore ba se ke ba kula. Ka mohlala, le etsa bonnete ba hore le a kolomaka e le hore mahae a lona a dule a hlwekile mme le lahla ntho efe kapa efe e ka kudisang lona le bana ba lona. Ka tsela e tshwanang, le lokela ho sirelletsa bana ba lona mananeong a TV, dimuving, dipapading tsa elektronike le diwebsaeteng tse ka nnang tsa ba kenya menahano ya Satane. Jehova o file lona batswadi boikarabelo ba hore le thuse bana ba lona hore ebe metswalle ya hae. (Liprov. 1:8; Baef. 6:1, 4) Ka hona, le se ke la tshaba ho ba behela melao e thehilweng Bibeleng. Ba bolelleng hore na ba ka shebellang le hore na keng eo ba sa lokelang ho e shebella mme le be le ba hlalosetse le mabaka. (Mat. 5:37) Ha bana ba lona ba ntse ba hola, ba kwetliseng ho latela melaomotheo ya Jehova e le hore ba tsebe ho lemoha se nepahetseng le se fosahetseng. (Baheb. 5:14) Hape, hopolang hore bana ba lona ba ithuta ho hongata dipuong tsa lona, empa ba ithuta le ho feta diketsong tsa lona.—Deut. 6:6, 7; Bar. 2:21.

9. Satane o leka ho silafatsa dikelello tsa batho jwang, hona ke hobaneng ha seo se le kotsi?

9 Satane o leka ho silafatsa dikelello tsa rona ka ho re susumelletsa hore re tshepe bohlale ba batho ho e na le ho tshepa Jehova. (Bakol. 2:8) Utlwa hore na o reng. O re ho ba morui ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong. Empa hase ka mehla batho ba mamelang keletso ena ya Satane, e bang barui. Ho mpang ho etsahala ke hore ba ipeha kotsing. Hobaneng? Hobane ba amehile ka ho ba le tjhelete hoo ba bonang ho le molemo hore ba mpe ba behe bophelo ba bona kotsing. Ba ikemiseditse le ho tela dikamano le ba malapa kapa hona ho tela botswalle le Modimo hore feela ba fihlelle seo ba se batlang. (1 Tim. 6:10) Empa rona re lehlohonolo hakaakang hore ebe Ntate wa rona ya lehodimong o re thusa ho ba le pono e nepahetseng ka tjhelete.—Moek. 7:12; Luka 12:15.

RE KA SIRELLETSA DIPELO TSA RONA JWANG?

Jwalo ka balebedi ba motse le balebedi ba dikeiti ba mehleng ya kgale, dula o fadimehile mme o nke bohato e le hore o sirelletse pelo ya hao tshusumetsong e mpe (Sheba serapa sa 10-11) *

10-11. (a) Re lokela ho etsang hore re itshirelletse? (b) Balebedi ba ne ba etsa mosebetsi ofe mehleng ya kgale, hona letswalo la rona le ka sebetsa jwalo ka molebedi jwang?

10 E le hore re atlehe ho sirelletsa dipelo tsa rona, re tshwanela ho lemoha dikotsi mme re nke bohato hanghang ho itshirelletsa. Polelwana ena “o sireletse” ho Liproverbia 4:23, e re hopotsa mosebetsi oo molebedi a neng a o etsa. Mehleng ya Morena Solomone, balebedi ba ne ba ema maboteng a motse ho sirelletsa baahi mme ha ba direng ba hlaha le mane, ba ne ba hlaba mokgosi. Ha re nahanisisa ka mohlala ona, seo se tla re thusa ho hanela Satane hore a silafatse tsela eo re nahanang ka yona.

11 Mehleng ya kgale, balebedi ba motse ba ne ba sebetsa haufiufi le balebedi ba dikeiti. (2 Sam. 18:24-26) Ba ne ba etsa bonnete ba hore dikeiti di kwetswe ha ba direng ba atamela mme ka ho etsa jwalo ba sirelletsa baahi. (Neh. 7:1-3) Ka ho tshwanang matswalo * a rona a kwetlisitsweng ka Bibele, a ka sebetsa jwalo ka molebedi ho re lemosa haeba Satane a leka ho hlasela menahano, maikutlo, maikemisetso le ditakatso tsa rona. Hang ha matswalo a rona a hlaba mokgosi feela, re lokela ho a mamela mme re kwale dikeiti tsa rona tsa tshwantshetso.

12-13. Re ka lekeha hore re etseng, hona re lokela ho sebetsa ditaba jwang?

12 Hlokomela mohlala o bontshang hore na re ka itshirelletsa jwang menahanong e mebe ya Satane. Jehova o re rutile hore “bohlola le ho se hlweke ha mofuta o mong le o mong di se ke tsa bolelwa hara [rona].” (Baef. 5:3) Empa re tla etsang ha basebetsimmoho kapa baithutimmoho le rona ba qoqa ka ditaba tsa thobalano? Re a tseba hore re lokela ho “hana ho hloka bomodimo le ditakatso tsa lefatshe.” (Tite 2:12) Letswalo la rona jwalo ka molebedi wa rona, le ka nna la hlaba mokgosi. (Bar. 2:15) Empa na re tla le mamela? Re ka nna ra lekeha hore re mamele dithaka tsa rona kapa ho sheba ditshwantsho tseo ba re bontshang tsona. Jwale ena ke yona nako ya hore re kwale dikeiti tsa rona tsa tshwantshetso, ka hore re fetole moqoqo kapa re itsamaele.

13 Re hloka ho ba sebete e le hore re hane ha dithaka tsa rona di re susumelletsa ho nahana kapa ho etsa dintho tse mpe. Re ka kgodiseha hore Jehova o bona boiteko boo re bo etsang le hore o tla re fa matla le bohlale boo re bo hlokang ho hana menahano ya Satane. (2 Likron. 16:9; Esa. 40:29; Jak. 1:5) Empa re ka boela ra sirelletsa dipelo tsa rona jwang?

DULA O FADIMEHILE

14-15. (a) Ke neng moo re lokelang ho bula dipelo tsa rona, hona re ka di bula jwang? (b) Liproverbia 4:20-22 e re thusa jwang hore re fumane molemo ha re bala Bibele? (Sheba le lebokose le reng “Ja Masapo a Hlooho ka Seo o se Balang.”)

14 E le hore re sirelletse dipelo tsa rona, ha re a lokela feela ho di kwala ha ho na le tshusumetso e mpe, empa re lokela ho di bula ha ho na le tshusumetso e ntle. Hopola mohlala wane wa mabota a sirelleditseng motse. Molebedi wa keiti o ne a kwala dikeiti ha ba direng ba hlasela. Empa ka nako tse ding o ne a di bula, e le hore ho ka tliswa dijo le dintho tse ding tseo baahi ba neng ba di hloka. Haeba dikeiti di ne di sa bulwe, baahi ba ne ba tla bolawa ke tlala. Ka tsela e tshwanang, le rona re lokela ho dumella tsela eo Modimo a nahanang ka yona hore e be yona e susumetsang dipelo tsa rona.

15 Bibele e re ruta tsela eo Jehova a nahanang ka yona. Ka hona, nako le nako ha re e bala, re dumella menahano ya hae hore e susumetse tsela eo re nahanang, re ikutlwang kapa re etsang dintho ka yona. Keng e tla re thusa hore re fumane molemo ha re bala Bibele? Re tla thuswa ke ho etsa thapelo. Moradi e mong wabo rona o re: “Pele ke bala Bibele, ke rapela Jehova, ke mo kopa hore a nthuse ho bona ‘dintho tse hlollang’ tse tswang Lentsweng la hae.” (Pes. 119:18) Ho phaella tabeng ya ho rapela, re boetse re lokela ho nahanisisa ka seo re se balang. Jwale ha re etsa jwalo, Lentswe la Modimo le tla fihla “ka hara pelo ya [rona]” mme re tla utlwa re rata tsela eo Jehova a nahanang ka yona le ho feta.—Bala Liproverbia 4:20-22; Pes. 119:97.

16. Batho ba bangata ba fumane molemo ofe ka ho shebella JW Broadcasting?

16 Ntho e nngwe e ka re thusang hore re susumetswe ke tsela eo Modimo a nahanang ka yona, ke ka ho shebella JW Broadcasting®. Banyalani ba bang ba re: “Lenaneo la kgwedi le kgwedi e bile karabo ya dithapelo tsa rona. Mananeo ana a a re matlafatsa le ho re kgothatsa ha re ikutlwa re nyahame. Athe ha e le dipina tsa Broadcasting tsona ha re sa bua, re dula re di letsitse ka tlung ka mona. Re di letsa ha re pheha, re kolomaka kapa re iphomoletse feela.” Mananeo ana a re thusa hore re sirelletse dipelo tsa rona. A boetse a re ruta ho nahana ka tsela e tshwanang le ya Jehova le ho re thusa ho hanela ho tshwaetswa ke tshusumetso e mpe ya Satane.

17-18. (a) Jwalo ka ha ho boletswe ho 1 Marena 8:61, ho etsahalang ha re sebedisa seo Jehova a re rutileng sona? (b) Re ka ithutang mohlaleng wa Morena Ezekiase? (c) Ho latela thapelo ya Davida e ho Pesaleme 139:23, 24, keng seo re ka se rapellang?

17 Ka mehla ha re bona melemo e tliswang ke ho etsa se setle, tumelo ya rona e ba matla le ho feta. (Jak. 1:2, 3) Jehova o ba motlotlo ka rona, ebile o re bitsa bana ba hae mme tabatabelo ya rona ya ho etsa thato ya hae, e ba matla le ho feta. (Liprov. 27:11) Teko e nngwe le e nngwe e re fa monyetla wa ho bontsha hore re ikemiseditse ho sebeletsa Ntate wa rona ya re kgathallang. (Pes. 119:113) Re boetse hape re bontsha hore re rata Jehova ka pelo yohle le hore re ikemiseditse ho mamela melao ya hae le ho etsa thato ya hae.—Bala 1 Marena 8:61.

18 Na ebe ho ka etsahala hore re etse diphoso? Ee, akere ha re a phethahala. Haeba ho ka etsahala hore re fose, re lokela ho hopola mohlala wa Morena Ezekiase. Le yena o ile a etsa diphoso. Empa a baka, a ba a tswela pele ho sebeletsa Jehova “ka pelo e felletseng.” (Esa. 38:3-6; 2 Likron. 29:1, 2; 32:25, 26) Jwale he, a re haneleng maqheka a Satane a ho leka ho re tshwaetsa ka menahano ya hae. E se eka re ka rapela Jehova hore a re fe “pelo e mamelang.” (1 Mar. 3:9; bala Pesaleme ya 139:23, 24.) Re ka dula re tshepahalla Jehova haeba ka hodima tsohle, re sirelletsa dipelo tsa rona.

PINA YA 54 “Tsela ke Yona Ena”

^ par. 5 Na re tla dula re tshepahalla Jehova kapa re tla dumella Satane hore a re qhekelle re se ke ra mamela Modimo? Karabo ya potso ena ha e a itshetleha ka hore na re lekwa hangata hakae, empa ka hore na re sirelletsa dipelo tsa rona hakae. Ebe lentswe “pelo” le bolelang? Satane o leka ho kgelosa dipelo tsa rona jwang? Hona re ka di sirelletsa jwang? Re tlo araba dipotso tsena tsa bohlokwa sehloohong sena.

^ par. 11 TLHALOSO YA LENTSWE: Jehova o re file matla a ho hlahloba menahano, maikutlo le diketso tsa rona le hore re ikahlole. Bibele e re matla ao ke letswalo. (Bar. 2:15; 9:1) Letswalo le kwetlisitsweng ka Bibele, le re thusa hore re sebedise melaomotheo ya Jehova jwalo ka ha e hlalositswe ka Bibeleng. Le boetse le re thusa ho hlahloba hore na ebe seo re se nahanang, re se etsang kapa re se buang se setle kapa tjhe.

^ par. 56 DINTSHWANTSHO DI A HLALOSWA LEQEPHE LA 15: Morabo rona ya kolobeditsweng o shebelletse TV. Ha a re mahlo tloha, ho se ho hlaha dintho tsa boitshwaro bo bobe. Jwale o lokela ho etsa qeto ya hore na o tla etsang.

^ par. 58 LEQEPHE LA 16: Molebedi wa motse o bona kotsi e sa tla le mane thoko ho motse. Jwale o hwelehetsa balebedi ba dikeiti ba emeng tlase mane mme ka pelepele ba a di kwala le ho di notlela ba le ka hare.