Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 4

Sehopotso se re Rutang ka Jesu?

Sehopotso se re Rutang ka Jesu?

“Sena se bolela mmele wa ka. . . . Sena se bolela madi a selekane a ka.”—MAT. 26:26-28.

PINA YA 16 Rorisang Jah ka Lebaka la Mora wa Hae, ya Tlotsitsweng

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-2. (a) Ke hobaneng ha re ka lebella hore Jesu o ne a tla re bontsha tsela e bonolo ya ho hopola lefu la hae? (b) Re tlo ithutang ka Jesu?

NA O ka hlalosa se etsahalang Sehopotsong sa Lefu la Kreste selemo le selemo? Ntle ho pelaelo bongata ba rona re hopola dintho tse etsahalang Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena. Hobaneng? Hobane tokisetso ena ha e a rarahana. Le ha ho le jwalo ke ya bohlokwa. Ka hoo re ka nna ra botsa, ‘Ke hobaneng ha e le bonolo hakaale?’

2 Ha Jesu a le lefatsheng, o ne a tsejwa ka ho ruta nnete ka tsela e hlakileng le eo batho ba neng ba ka e utlwisisa ha bonolo. (Mat. 7:28, 29) Ka ho tshwanang, Jesu o re bontshitse tsela e bonolo le ya bohlokwa ya ho ikgopotsa lefu la hae. Ka hona, a re ke re nahanisiseng ho se hokae ka dijo tse bobebe tsa Sehopotso le dintho tseo Jesu a ileng a di bua le ho di etsa. Sena se tla re thusa ho utlwisisa hore Jesu ke motho ya ikokobeditseng, ya sebete le ya ratang batho. Hape re tla ithuta ka moo re ka mo etsisang ka teng.

JESU O IKOKOBEDITSE

Ditshwantshetso tsa Sehopotso e leng bohobe le waene, di re hopotsa hore Jesu o fane ka bophelo ba hae molemong wa rona le hore hona jwale, ke Morena ya busang lehodimong (Sheba serapa sa 3-5)

3. Ho latela Matheu 26:26-28, dijo tsa Sehopotso di ne di le bobebe hakae, hona dintho tse pedi tseo Jesu a di sebedisitseng di emelang?

3 Jesu o ne a na le baapostola ba hae ba tshepahalang ba 11 ha a ne a theha Sehopotso sa lefu la hae. O ile a nka dijo tse neng di setse ha ho ne ho entswe mokete wa Paseka mme a theha sehopotso ka tsona. (Bala Matheu 26:26-28.) O ile a sebedisa bohobe bo senang isti le waene e neng e setse. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore bohobe bo emela mmele wa hae, ha waene yona, e emela madi a hae, tseo a neng a tla fana ka tsona molemong wa bona. Mohlomong baapostola ba ne ba sa makatswa ke hore ebe Jesu o sebedisitse dijo tsena tse bobebe ho theha sehopotso. Hobaneng ha re tjho jwalo?

4. Keletso eo Jesu a neng a ile a e fa Maretha e re thusa jwang ho utlwisisa lebaka leo ka lona a ileng a etsa dijo tsa Sehopotso tse bobebe?

4 Hopola se ileng sa etsahala selemong sa boraro sa tshebeletso ya Jesu, ha a ne a tjhaketse metswalle ya hae ya hlooho ya kgomo e leng Lazaro, Maretha le Maria. Ha ba ntse ba iqoqela ho le monate, Jesu a qala ho ba ruta. O ne o ka ba wa nahana hore Maretha o ne a le siyo moo, ho latela ka moo a neng a phathahane ka teng a lokisa dijo tse ngata, a re o batla ho thentha moeti wa bona wa bohlokwa. Ha Jesu a bona sena, ka mosa o ile a kgalemela Maretha, a mo thusa ho utlwisisa hore ha se ka mehla ho hlokahalang matletsetletse a dijo. (Luka 10:40-42) Ha morao dihoranyana pele a shwa lefu la sehlabelo, o ile a sebedisa keletso eo ya hae. O ile a etsa bonnete ba hore dijo tsa Sehopotso e ba tse bobebe. Jwale see se re rutang ka Jesu?

5. Taba ya hore ebe Jesu o ile a etsa dijo tse bobebe e re rutang ka yena, hona seo se dumellana jwang le Bafilipi 2:5-8?

5 Ka mehla dipuo le diketso tsa Jesu di ne di bontsha hore o ikokobeditse. Ka hona, ha ho makatse hore ebe o ile a bontsha boikokobetso bo boholo bosiung ba pele a hlokahala. (Mat. 11:29) O ne a tseba hore o tla tloha a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo bakeng sa batho. Hape a tseba le hore Jehova o ne a tla mo tsosa mme a mo etse Morena lehodimong. Le ha ho le jwalo, ha a a ka a iketsa sebonwang ka hore a etse mokete wa semetletsahadi bakeng sa ho hopola lefu la hae. Ho e na le hoo, o ile a bolella barutuwa ba hae hore hang ka selemo, ba lokela ho mo hopola ka ho etsa dijo tsena tse bobebe. (Joh. 13:15; 1 Bakor. 11:23-25) Dijo tsena tse bobebe empa e le tsa bohlokwa, di ne di bontsha hore Jesu e ne e se motho ya iponang. Ruri re a thaba hore ebe Morena wa rona Jesu o na le boikokobetso bo ikgethang hakana.—Bala Bafilipi 2:5-8.

6. Re ka ikokobetsa jwalo ka Jesu jwang ha re tobana le diteko?

6 Re ka ikokobetsa jwalo ka Jesu jwang? Ka hore re behelle dintho tseo batho ba di ratang ka pele ho tseo rona re di ratang. (Bafil. 2:3, 4) A re bueng hanyane ka se ileng sa etsahala bosiung ba ho qetela pele Jesu a hlokahala. Jesu o ne a tseba hantle hore o mothating wa ho shwa lefu le sehloho. Ho ntse ho le jwalo, o ne a amehile ka baapostola ba hae ba tshepahalang, ba neng ba tla utlwiswa bohloko ke lefu la hae. Ka hoo, bosiung ba hae ba ho qetela, o ile a ba fa ditaelo, a ba kgothatsa le ho ba kgodisa. (Joh. 14: 25-31) Ka ho etsa jwalo, Jesu o ne a bontsha hore o amehile haholo ka batho ho feta ho ameha ka yena. O re behetse mohlala o motle hakaakang.

JESU O SEBETE

7. Jesu o ile a bontsha sebete jwang ka mora hore a thehe Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena?

7 Jesu o ile a bontsha sebete ka tsela e ikgethang ka mora hore a thehe dijo tsa Shwalane Tsa Morena. O entse seo jwang? O ile a dumela hore o tla phetha thato ya Ntate wa hae, le hoja seo se ne se bolela hore o ne a tla nyefolwa mme a bolawe jwalo ka tsotsi. (Mat. 26:65, 66; Luka 22:41, 42) Jesu o ile a dula a tshepahala e le hore a tlotlise lebitso la Modimo, a phahamise bobusi ba hae le ho fa batho ba bakileng monyetla wa hore ba phele ka ho sa feleng. Ha ka nako e tshwanang, a ne a lokiselletsa balatedi ba hae se larileng ka pele ho bona.

8. (a) Jesu o ile a reng ho baapostola ba hae ba tshepahalang? (b) Dilemo ka mora lefu la Jesu, baapostola ba hae ba ile ba bontsha sebete jwang jwalo ka yena?

8 Jesu o ile a bontsha sebete ka hore a se ke a dulela ho nahana ka diteko tseo ho ka nnang ha etsahala hore ebe o ile a tobana le tsona. Ho e na le hoo, o ne a amehile ka ditlhoko tsa baapostola ba hae ba tshepahalang. Dijo tse bobebe tseo a ileng a di theha ka mora hore a tebele Judase, di ne di tla hopotsa balatedi ba hae ba tlotsitsweng ka melemo e tliswang ke madi a hae a tsholotsweng le ho ba karolo ya selekane se setjha. (1 Bakor. 10:16, 17) E le hore Jesu a thuse balatedi ba hae hore ba dule ba tshepahala mme ba buse le yena lehodimong, o ile a ba bolella seo yena le Ntate wa hae ba se lebelletseng ho bona. (Joh. 15:12-15) O ile a boela a ba bolella ka diteko tse neng di larile ka pela bona. Yaba o ba kgothalletsa hore ba latele mohlala wa hae mme a re ho bona, “le be sebete!” (Joh. 16:1-4a, 33) Dilemo tse ngata ha morao, balatedi ba Jesu ba ne ba ntse ba tswela pele ho latela mohlala wa hae wa ho itela le ho bontsha sebete. Ba ile ba dula ba tshehetsana ditekong tseo ba neng ba tobana le tsona, le hoja seo se ne se bolela hore ba ka nna ba lokela ho utlwa bohloko ka tsela e itseng.—Baheb. 10:33, 34.

9. Rona re ka ba sebete jwalo ka Jesu jwang?

9 Le rona kajeno, re etsisa Jesu ka ho ba sebete. Ka mohlala, ho hlokahala hore re be sebete e le hore re thuse bara le baradibabo rona ba hloriswang ka lebaka la tumelo ya bona. Ka nako tse ding, bara le baradibabo rona ba ka nna ba tshwarwa ka ntle ho mabaka a utlwahalang. Ha seo se etsahala, re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho ba thusa mohlomong ka ho leka ho ba buella. (Bafil. 1:14; Baheb. 13:19) Tsela e nngwe hape eo re ka bontshang hore re sebete ka yona, ke ka ho tswela pele re bolela “ka sebete.” (Lik. 14:3) Jwalo ka Jesu, le rona re ikemiseditse ho bolela molaetsa wa Mmuso, ho sa tsotellehe hore na batho ba a re hanyetsa kapa ba a re hlorisa. Le ha ho le jwalo, ka nako tse ding re ka nna ra utlwa re tshaba. Ebe jwale re tla etsang?

10. Re lokela ho etsang dibeke pele ho Sehopotso, hona hobaneng?

10 Ho nahana ka tshepo eo sehlabelo sa thekollo sa Kreste se re fang yona, ho tla re thusa hore re be sebete. (Joh. 3:16; Baef. 1:7) Dibeke pele ho Sehopotso, re na le monyetla o kgethehileng wa ho bontsha hore re ananela thekollo. Nakong eo, re lokela ho bala mmalo wa Bibele wa Sehopotso mme ebe re nahanisisa ka diketsahalo tse etsahetseng nakwana pele Jesu a bolawa. Jwale e tla re ha re bokana ha mmoho Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena, ebe re utlwisisa le ho feta bohlokwa ba ditshwantshetso tsena tsa Sehopotso le hore di emela sehlabelo se ikgethang. Ha re ananela seo Jehova le Jesu ba re etseditseng sona, re bile re utlwisisa hore se tswela rona le batho bao re ba ratang molemo ofe, tshepo ya rona e tla ba matla mme re susumelletsehe ho mamella ka sebete ho fihlela kgweleng.—Baheb. 12:3.

11-12. Re ithutileng ho fihlela jwale?

11 Ho fihlela jwale, re se re ithutile hore Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena, ha di re hopotse ka sehlabelo sa bohlokwa sa thekollo feela. Empa di boetse hape di re hopotsa hore Jesu o na le botho bo ikgethang, ke motho ya ikokobeditseng le ya sebete. Ruri re thaba haholo hore ebe Jesu jwalo ka Moprista wa rona ya Phahameng, o tswela pele ho bontsha botho bona le ho re kopela ka tiyo ho Modimo. (Baheb. 7:24, 25) Jwale e le ho bontsha hore re ananela seo a re etseditseng sona, re lokela ho ikgopotsa lefu la hae feela jwalo ka ha a re laetse. (Luka 22:19, 20) Re etsa sena ka ho ba le sehopotso letsatsing le tsamaellanang le la la 14 Nisane khalendareng ya Sejuda, e leng la bohlokwa ka ho fetisisa selemong.

12 Ha re nahana ka moo Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena di neng di le bobebe ka teng, re ithuta botho bo bong bo ikgethang ba Jesu, bo ileng ba mo susumelletsa hore a be a re shwele. Ha a ntse a le lefatsheng mona, o ne a tsebahala ka botho bona. Ebe ke bofe?

JESU O LERATO

13. Johanne 15:9 le 1 Johanne 4:8-10 di hlalosa lerato leo Jehova le Jesu ba le bontshitseng jwang, hona ke bomang ba ruang molemo ho lona?

13 Dintho tsohle tseo Jesu a neng a di etsa, di ne di bontsha ka ho phethahetseng lerato leo Jehova a re ratang ka lona. (Bala Johanne 15:9; 1 Johanne 4:8-10.) Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore lerato leo, le ile la susumetsa Jesu hore a be a fane ka bophelo ba hae molemong wa rona. Ebang re batlotsuwa kapa re “dinku tse ding,” re ntse re rua molemo leratong leo Jehova le Jesu ba le bontshitseng ka ho fana ka sehlabelo sa thekollo. (Joh. 10:16; 1 Joh. 2:2) Hape nahana ka dijo tse sebediswang Sehopotsong, di bontsha hore Jesu o ne a rata barutuwa ba hae a bile a ba nahanela. Ka tsela efe?

Lerato leo Jesu a nang le lona le ile la mo susumelletsa hore a thehe mokete wa Sehopotso o sa rarahanang, e le ho nolofalletsa batho hore ba o keteke ho theosa le dilemo esita le tlasa maemo a thata (Sheba serapa sa 14-16) *

14. Jesu o bontshitse ka tsela efe hore o rata barutuwa ba hae?

14 Jesu o ile a bontsha hore o rata batlotsuwa ka ho etsa hore dijo tsa sehopotso e be tse bobebe. Ha nako e ntse e ya, batlotsuwa ba ne ba lokela ho ba le Sehopotso selemo le selemo tlasa maemo a sa tshwaneng, ho akarelletsa le diteronkong. (Tšen. 2:10) Na ba ile ba kgona ho mamela Jesu? Ee ba ile ba kgona.

15-16. Bara le baradi ba bang babo rona ba ile ba kgona jwang ho ba le Sehopotso le tlasa maemo a thata?

15 Ho tloha mehleng ya baapostola ho fihlela jwale, Bakreste ba nnete ba ile ba etsa boiteko ba ho ikgopotsa lefu la Jesu. Ba ile ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ho latela tokisetso e entsweng ya ho ikgopotsa lefu la Jesu le ha ka nako tse ding ho ne ho nyolosetsa. Ela hloko mehlala ena e latelang. Ha Morabo rona Harold King a ne a kwalletswe a le mong ka seleng teronkong e China, o ile a lokela ho loha leano la hore na o tla ikgopotsa lefu la Jesu jwang. O ile a etsa hore a se ke a bonwa ha a lokisetsa ditshwantshetso tsa Sehopotso ka dintho tseo a neng a na le tsona. A tlameha ho bala ka kelohloko letsatsi leo Sehopotso se neng se tla ba ka lona. Jwale ha letsatsi la Sehopotso le fihla, o ile a bina, a rapela a ba a fana ka puo ya Sehopotso a ntse a le mong to! ka monwana.

16 Mohlala o mong ke ona. Baradi ba bang babo rona ba neng ba kwalletswe kampong ya mahloriso nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba keteke Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena. Le ha ho le jwalo, ka ha dintho tse sebediswang bakeng sa Sehopotso di bobebe, ba ile ba kgona ho ba le sona le hoja ba ne ba lokela ho pata mohwasa. Ba ile ba re: “Re ne re eme re entse sekele mme bohareng, re behile tafolana e kwahetsweng ka lesela le lesweu. Ka hodima yona re behile ditshwantshetso tsa Sehopotso. Re ne re kgantshitse kerese, etswe lebone la motlakase le ne le ka tsosa dibata masene. . . . Yaba re kopa Ntate wa rona ka tiyo hore a re thuse ho sebedisa matla ohle a rona ho tlosa qoso lebitsong la hae le Halalelang.” Ruri ba ile ba bontsha tumelo e matla. Sena se re bontsha lerato leo Jesu a re ratang ka lona ka hore ebe o ile a etsa hore ho be bonolo ho ikgopotsa lefu la hae le ha re le tlasa maemo a thata.

17. Re ka nna ra ipotsa dipotso dife?

17 Ha Sehopotso se ntse se atamela, e ka ba hantle hore re ipotse dipotso tsena tse latelang: ‘Nka etsisa Jesu jwang ka hore le nna ke bontshe ba bang lerato? Na ke nahanela badumedimmoho le nna kapa ke itjhebile bonna feela? Na ke lebelletse hore bara le baradibabo rona ba etse se ka nqane ho matla a bona?’ E se eka hle, re ka dula re etsisa Jesu ka “ho utlwelana bohloko.”—1 Pet. 3:8.

DULA O HOPOLA DITHUTO TSENA

18-19. (a) Keng seo re ka kgodisehang ka sona? (b) Hona o ikemiseditse ho etsang?

18 Sehopotso sa lefu la Kreste, se ke ke sa ba teng ho ya ho ile. Ha Jesu “a fihla” nakong ya matshwenyeho a maholo, o tla bokella “bakgethwa ba hae” ba setseng ho ya lehodimong, ebe Sehopotso se kgaotsa ho ba teng.—1 Bakor. 11:26; Mat. 24:31.

19 Esita le ka mora hore Sehopotso se kgaotse ho ba teng, re ka kgodiseha hore bahlanka ba Jehova ba tla dula ba hopola dijo tsena tse bobebe e le pontsho ya boikokobetso, sebete haesitana le lerato leo Jesu a kileng a le bontsha. Ka nako eo, batho ba neng ba ba teng Sehopotsong, ba ke ke ba oma mathe ha ba phethela ba bang ka se neng se etsahala ka nako tsa Sehopotso mehleng ya bona. Empa e le hore Sehopotso se re tswele molemo hona jwale, re lokela ho ikemisetsa ho etsisa Jesu ka hore re be batho ba ikokobeditseng, ba sebete le ba nang le lerato. Ha re etsa jwalo, re ka kgodiseha hore Jehova o tla re putsa.—2 Pet. 1:10, 11.

PINA YA 13 Kreste, Mohlala wa Rona

^ par. 5 Haufinyane re tla ya Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena ho ikgopotsa lefu la Jesu Kreste. Ketsahalo ena e re ruta ho hongata ka boikokobetso, sebete le lerato leo Jesu a nang le lona. Jwale sehloohong sena, re tlo ithuta ka moo re ka etsisang Jesu ka teng dintlheng tsena.

^ par. 55 DINTSHWANTSHO DI A HLALOSWA Leqephe 22-23: Ena ke mehlala ya se ileng sa etsahala ha bahlanka ba tshepahalang ba Modimo ba le Sehopotsong mehleng ya baapostola, dilemong tsa bo 1800, kampong ya mahloriso ya Manazi le mehleng ya rona holong ya Mmuso e bulehileng kwana South America boemong bo futhumetseng ba lehodimo.