Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 1

“Ba Batlang Jehova ba ke ke ba Haellwa ke Letho le Molemo”

“Ba Batlang Jehova ba ke ke ba Haellwa ke Letho le Molemo”

TEMANA YA RONA YA SELEMO YA 2022: “Ba batlang Jehova ba ke ke ba haellwa ke letho le molemo.”​—PES. 34:10.

PINA YA 4 “Jehova ke Modisa wa Ka”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

Davida o ne a utlwa a sa ‘haellwe ke letho le molemo’ le dinakong tse thata (Sheba serapa sa 1-3) *

1. Ke boemo bofe bo boima boo Davida a neng a le ho bona?

DAVIDA o ne a baleha hobane Saule e leng morena ya matla wa Iseraele o ne a batla ho mo bolaya. Ha Davida a ne a hloka dijo, o ile a ya motseng wa Nobe moo a ileng a kopa mahobe a mahlano feela. (1 Sam. 21:1, 3) Ha morao yena le banna bao a neng a ena le bona ba ile ba balehela ka lehaheng. (1 Sam. 22:1) Ho tlile jwang hore Davida a be boemong boo?

2. Saule o ile a ipeha boemong bo kotsi ka ho etsang? (1 Samuele 23:16, 17)

2 Saule o ne a monela Davida haholo hobane batho ba bangata ba ne ba rata Davida ebile ba mo rorisa hobane a ile a hlola dintwa tse ngata. Saule o ne a boetse a tseba hore Jehova ha a sa mo nka e le morena wa Iseraele ka lebaka la ho se mamele ha hae le hore Jehova o kgethile Davida hore e tlo ba morena. (Bala 1 Samuele 23:16, 17.) Saule e ne e ntse e le morena wa Iseraele ka hoo o ne a ena le lebotho le leholo la masole le batho ba bangata ba mo tshehetsang, ke ka hoo Davida a ileng a lokela ho baleha. Na ebe ka nnete Saule o ne a nahana hore a ka thibela Modimo hore a etse Davida morena? (Esa. 55:11) Bibele ha e re letho ka taba eo empa re ka kgodiseha ka ntho e le nngwe feela hore Saule o ne a ipeha boemong bo kotsi. Batho ba kgahlanong le Modimo ka mehla ba a hlolwa.

3. Davida o ne a ikutlwa jwang ho sa tsotellehe maemo ao a neng a le ho ona?

3 Davida e ne e le motho ya ikokobeditseng. Ha a ka a ikgethela ho ba morena wa Iseraele empa ke Jehova ya mo kgethileng. (1 Sam. 16:1, 12, 13) Saule o ne a hloile Davida hona hoo. Empa Davida ha a ka a beha Jehova molato ka boemo bona bo kotsi boo a neng a le ho bona kapa ho tletleba ka dijo tse nyane tseo a neng a ena le tsona le ka hore o ipatile ka lehaheng. Ho ena le hoo, ho ka etsahala hore o ne a le ka lehaheng leo ha a ne a ngola pina e monate ya thoriso e nang le mantswe a temaneng ya rona ya sehlooho a reng: “Ba batlang Jehova ba ke ke ba haellwa ke letho le molemo.”​—Pes. 34:10.

4. Re tlo araba dipotso dife, hona ke hobaneng ha e le tsa bohlokwa?

4 Ka dinako tse ding, bahlanka ba bangata ba Jehova ba mehleng ena ha ba na dijo tse lekaneng kapa dintho tse ding tseo ba di hlokang e le hore ba tswele pele ba phela. * Sena se etsahalletse bahlanka ba bangata ba Jehova haholoholo nakong ena ya sewa sa Corona. Hape jwalo ka ha “matshwenyeho a maholo” a ntse a atamela, re ka lebella hore maemo a tla mpefala le ho feta. (Mat. 24:21) Re nahanne ka dintlha tsena, a re ke re arabeng dipotso tsena tse nne: Ke ka tsela efe Davida a neng a sa ‘haellwe ke letho le molemo’? Ke hobaneng ha re lokela ho ithuta ho kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona? Ke hobaneng ha re lokela ho tshepa hore Jehova o tla re hlokomela? Hona re ka itokisetsa nako e tlang jwang hona jwale?

“NKE KE KA HLOKA LETHO”

5-6. Pesaleme ya 23:1-6 e re thusa jwang ho utlwisisa hore na Davida o ne a bolelang ha a ne a re bahlanka ba Modimo ba ke ke ba “haellwa ke letho le molemo”?

5 Davida o ne a bolelang ha a ne a re bahlanka ba Jehova ba ke ke ba “haellwa ke letho le molemo”? Davida o sebedisitse mantswe a tshwanang lengolong la Pesaleme ya 23, ka hoo ho hlahlobisisa lengolo lena ho tla re thusa ho utlwisisa hore na o ne a bolelang. (Bala Pesaleme ya 23:1-6.) Davida o qadile ho ngola lengolo lena la pesaleme ka mantswe a reng: “Jehova ke Modisa wa ka. Nke ke ka hloka letho.” Lengolong lena lohle, Davida o bua ka dintho tsa bohlokwa haholo tse kang dintho tse molemo tseo Jehova a mo fileng tsona hobane a nka Jehova e le Modisa wa hae. Jehova o ne a tsamaisa Davida “ditseleng tsa ho loka” hape o ne a mo tshehetsa dinakong tse monate le tse mpe. Davida o ne a tseba hore le hoja a ne a le “makgulong a tletseng jwang” o ne a ntse a tla ba le mathata. Ka dinako tse ding o ne a eba le dira tse ngata mme o ne a nyahama jwalo ka ha eka o tsamaya “phuleng ya moriti o lefifi.” Empa ka ha Jehova e ne e le Modisa wa hae, Davida o ne a sa “tshabe letho le lebe.”

6 Jwale a re ke re arabe potso yane e reng: Ke ka tsela efe Davida a neng a sa ‘haellwe ke letho le molemo’? Lebaka ke hobane o ne a ena le dintho tsohle tseo a di hlokang tse neng di ka mo thusa hore a dule a ena le kamano e ntle le Jehova. O ne a sa hloke ho ba le dintho tse ngata e le hore a thabe. Davida o ne a kgotsofalletse dintho tseo Jehova a neng a mo fa tsona. Dintho tsa bohlokwa ho yena e ne e le tsela eo Modimo a neng a mo hlohonolofatsa le ho mo sireletsa ka yona.

7. Ho ya ka Luka 21:20-24, ke boemo bofe bo boima boo Bakreste ba mehleng ya baapostola ba Judea ba ileng ba eba le bona?

7 Mantswe a Davida a re thusa ho bona hore ha re a lokela ho nka dintho tseo re nang le tsona e le tsa bohlokwa haholo bophelong ba rona. Ke nnete hore re ka thabela dintho tseo re nang le tsona empa ha di a lokela hore e be tsona tse tlang pele bophelong ba rona. Ena ke ntho ya bohlokwa haholo eo Bakreste ba mehleng ya baapostola ba neng ba dula Judea ba neng ba lokela ho e utlwisisa. (Bala Luka 21:20-24.) Jesu o ile a ba lemosa hore ho na le nako eo ka yona motse wa Jerusalema o neng o tla ‘dikadiketswa ke mabotho a diahelong.’ Ha seo se etsahala, ba ne ba lokela hore “ba qale ho balehela dithabeng.” Haeba ba ne ba ka tloha motseng ba ne ba tla pholoha empa ba ne ba tla lahlehelwa ke dintho tse ngata. Dilemo tse mmalwa tse fetileng Molula-Qhooa o mong o ile wa re: “Ba ile ba siya masimo le mahae, ba bile ba sa phuthe le thepa ya bona ka matlung a bona. Ba kgodisehile hore Jehova o tla ba sireletsa le ho ba tshehetsa, ba ile ba etelletsa borapedi ba hae ka pele ho dintho tsohle tseo ho ka bonahalang e le tsa bohlokwa.”

8. Ke thuto efe ya bohlokwa eo re ka ithutang yona ho ntho e ileng ya etsahala ho Bakreste ba neng ba dula Judea ba mehleng ya baapostola?

8 Ke thuto efe ya bohlokwa eo re ka ithutang yona ho ntho e ileng ya etsahala ho Bakreste ba neng ba dula Judea ba mehleng ya baapostola? Molula-Qhooa oo re buileng ka ona o boetse o re: “Ho ka nna ha eba le diteko tse larileng ka pele mabapi le ka moo re tadimang dintho tse bonahalang ka teng; na ke tsona dintho tsa bohlokwahadi, kapa na pholoho e tla tlela bohle ba ka lehlakoreng la Modimo ke ya bohlokwa haholwanyane? E, ho baleha ha rona ho ka nna ha akarelletsa mathata a itseng le ho amohuwa dintho tse itseng. Re tla tlameha ho itokisetsa ho etsa eng kapa eng e hlokahalang, jwalo ka ha batho ba lekgolong la pele la dilemo ba neng ba le boemong bo tshwanang le ba rona ba ileng ba baleha Judea.” *

9. Keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Baheberu e o kgothatsa jwang?

9 O ka inahanela hore na ho ne ho le thata hakae ho Bakreste bao hore ba siye hoo e ka bang ntho e nngwe le e nngwe eo ba neng ba ena le yona mme ba qale bophelo bo botjha sebakeng se seng. Ba ne ba hloka ho ba le tumelo le ho tshepa hore Jehova o tla ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang. Empa keng e neng e tla ba thusa hore ba be le tumelo? Dilemo tse hlano pele Baroma ba potapota Jerusalema, moapostola Pauluse o ile a fa Baheberu keletso e molemo a re: “Mokgwa wa lona wa bophelo e ke e be o se nang lerato la tjhelete, ha le ntse le kgotsofaletse dintho tse teng. Etswe o itse: ‘Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla.’ E le hore re ka ba sebete mme ra re: ‘Jehova ke mothusi wa ka; nke ke ka tshaba. Motho a ka nketsang?’” (Baheb. 13:5, 6) Ha ho pelaelo hore ho ile ha eba bonolo hore batho ba ileng ba mamela keletso ya Pauluse pele Baroma ba hlasela, ba tlwaele ho phela ka dintho tse nyane tseo ba neng ba ena le tsona malapeng a bona a matjha. Ba ne ba kgodisehile hore Jehova o ne a tla ba fa dintho tseo ba di hlokang. Mantswe a Pauluse a re kgodisa hore le rona Jehova o tla re fa dintho tseo re di hlokang.

RE TLA KGOTSOFALLA DINTHO TSENA

10. Ke “sephiri” sefe seo Pauluse a re boleletseng sona?

10 Pauluse o ile a fa Timothea keletso e sebetsang le ho rona kajeno, e reng: “Ka hoo, ha re ena le dintho tsa ho iphedisa le diaparo le tshireletso, re tla di kgotsofalla.” (1 Tim. 6:8) Na see se bolela hore ha re a lokela ho ja dijo tse monate, ho dula sebakeng se setle kapa ho reka diaparo nako le nako? Pauluse o ne a sa bolele jwalo. Empa o ne a bolela hore re lokela ho kgotsofalla ntho e nngwe le e nngwe eo re nang le yona. (Bafil. 4:12) Sena e ne e le “sephiri” sa Pauluse. Ntho e lokelang ho ba bohlokwa bophelong ba rona ke kamano ya rona le Modimo wa rona eseng dintho tseo re nang le tsona.​—Hab. 3:17, 18.

Baiseraele ba ne ba sa ‘hloke letho’ ha ba ntse ba le lefeelleng ka dilemo tse 40. Na rona re ka kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona hona jwale? (Sheba serapa sa 11) *

11. Re ithutang ka ho kgotsofala ho seo Moshe a ileng a se bolella Baiseraele?

11 Dintho tseo re nahanang hore re a di hloka di ka nna tsa fapana le tseo Jehova a nkang re di hloka. Nahana ka seo Moshe a ileng a se bolella Baiseraele ka mora hore ba qete dilemo tse 40 ba le lefeelleng, o ile a re: “Jehova Modimo wa lona o le hlohonolofaditse mosebetsing o mong le o mong wa matsoho a lona. O tseba hantle ho tsamaya ha lona ho pholletsa le lefeella lena le leholo. Jehova Modimo wa lona o nnile a ba le lona ka dilemo tsena tse mashome a mane. Ha le a haellwa ke letho.” (Deut. 2:7) Dilemong tseo tse 40, Jehova o ile a fa Baiseraele manna hore ba je. Diaparo tseo ba neng ba di apere ha ba ne ba tloha Egepeta ha di a ka tsa fela. (Deut. 8:3, 4) Le hoja Baiseraele ba bang ba ne ba nahana hore dintho tseo ba neng ba ena le tsona di ne di sa lekana, Moshe o ile a ba hopotsa hore ba ne ba ena le dintho tsohle tseo ba di hlokang. Jehova o tla thaba haeba re ka ithuta ho kgotsofala le ho ananela dintho tseo a re fang tsona ebile re di nka e le tlhohonolofatso e tswang ho yena.

KGODISEHA HORE JEHOVA O TLA O HLOKOMELA

12. Ke eng e bontshang hore Davida o ne a tshepile Jehova eseng bokgoni ba hae?

12 Davida o ne a tseba hore Jehova o a tshepahala ebile o tsotella batho ba mo ratang. Le hoja bophelo ba Davida bo ne bo le kotsing nakong eo a neng a ngola lengolo la Pesaleme ya 34, ka tumelo o ile a bona ha “lengeloi la Jehova” le hlomme diahelo ho mo “potapota.” (Pes. 34:7) Mohlomong Davida o ne a bapisa lengeloi la Jehova le lesole le hlommeng diahelo naheng le dulang le shebile dira. Le hoja Davida e ne e le lesole le sebete ebile Jehova a mo tshepisitse hore e tla ba morena, ha a ka a itshetleha ka bokgoni ba hae ba ho sebedisa letjeketjane kapa sabole e le hore a hlole dira tsa hae. (1 Sam. 16:13; 24:12) O ne a tshepile Modimo ebile a kgodisehile hore lengeloi la Jehova le pholosa “ba mo tshabang.” Ke nnete hore ha re a lebella hore Jehova a re sireletse ka mohlolo. Le ha ho le jwalo, re a tseba hore batho bohle ba tshepang Jehova ba tla fumana bophelo bo sa feleng le hoja ba ka shwa.

Nakong ya matshwenyeho a maholo, Gogo wa Magogo a ka nna a leka ho re hlasela matlong a rona. Empa re ka kgodiseha hore Jesu le mangeloi a hae ba tla be ba bona se etsahalang mme ba tla re pholosa (Sheba serapa sa 13)

13. Ha Gogo wa Magogo a re hlasela ke hobaneng ha a tla bona eka ha re a sireletseha, hona ke hobaneng ha re sa lokela ho tshoha? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

13 Haufinyane dintho tse tla etsahala di tla leka tumelo eo re nang le yona ya hore Jehova o tla re sireletsa. Ha Gogo wa Magogo e leng ditjhaba tse ikopantseng a hlasela bahlanka ba Modimo, re ka nna ra bona eka bophelo ba rona bo kotsing. Re lokela ho kgodiseha hore Jehova o tla re pholosa. Ditjhaba tseo di tla bona re le jwalo ka dinku tse sa kgoneng ho itshireletsa. (Ezek. 38:10-12) Re tla be re se na dibetsa ebile re sa kwetlisetswa ntwa. Ditjhaba tseo di tla bona eka ho tla ba bonolo hore di re hlole. Di tla be di sa tsebe hore mangeloi a Jehova a itokiseditse ho re pholosa empa ka ha rona re na le tumelo re tla be re tseba hore a tla re sireletsa. Ka ha ha di dumele ho Modimo, di tla makala haholo ha di bona lebotho la mangeloi le re lwanela.​—Tšen. 19:11, 14, 15.

ITOKISETSE NAKO E TLANG HONA JWALE

14. Re ka etsang hona jwale hore re itokisetse nako e tlang?

14 Re ka etsang hona jwale ho itokisetsa nako e tlang? Ntlha ya pele, ha re a lokela ho nka dintho tseo re nang le tsona e le tsa bohlokwa haholo hobane ka letsatsi le leng re tlo di siya. Re boetse re lokela ho kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona le ho thabiswa ke hobane re na le kamano e ntle le Jehova. Ha re ntse re ithuta ka Modimo wa rona haholwanyane, re tla kgodiseha le ho feta hore o tla kgona ho re sireletsa ha Gogo wa Magogo a re hlasela.

15. Ke dintho dife tse ileng tsa etsahala ha Davida esale moshanyana tse ileng tsa mo bontsha hore Jehova a ke ke a mo phoqa le ka mohla?

15 Hlokomela hore na keng hape e ileng ya thusa Davida le hore na e ka re thusa jwang hore re itokisetse mathata ao re ka bang le ona. Davida o ile a re: “Latswang mme le bone hore Jehova o molemo; ho thaba monna ya shahlileng ya tshabelang ho yena.” (Pes. 34:8) Mantswe ana a bontsha hore Davida o ne a tseba hore a ka tshepa hore Jehova o tla mo tshehetsa. Davida o ne a dula a itshetlehile ka Jehova mme ha ho le ka mohla a ileng a mo phoqa. Ha Davida esale moshanyana o ile a tlameha ho lwantsha seqhenqha sa Mofilista e leng Goliathe mme o ile a re ho yena: “Letsatsing lena Jehova o tla nehelana ka wena letsohong la ka.” (1 Sam. 17:46) Ha morao ha Davida a ne a sebeletsa Morena Saule, Saule o ile a leka ho mo bolaya ka makgetlo a mangata empa “Jehova o ne a ena le” Davida. (1 Sam. 18:12) Ka ha Jehova o ne a ile a thusa Davida nakong e fetileng, Davida o ne a tseba hore o tla mo thusa ka mathata ao a nang le ona.

16. Re ka latswa molemo wa Jehova jwang?

16 Ha re tswela pele ho mamela tataiso ya Jehova, re tla kgodiseha le ho feta hore o tla re pholosa nakong e tlang. Re hloka ho ba le tumelo le ho ikemisetsa ho tshepa hore Jehova o tla re thusa ha re kopa matsatsi mosebetsing a hore re kgone ho ya dikopanong tse kgolo le tse nyane, kapa ha re kopa hore dihora tsa rona di fokotswe mosebetsing hore re kgone ho ya dibokeng tsohle le ho qeta nako e eketsehileng re le tshebeletsong ya tshimo. A re re motho eo re mo sebeletsang o hana seo re se kopang mme re fellwa ke mosebetsi. Na re a tshepa hore Jehova a ke ke a re lahla kapa hona ho re tlohela le hore o tla dula a re fa dintho tseo re di hlokang? (Baheb. 13:5) Batho ba bangata ba tshebeletsong ya nako e tletseng ba ka re bolella ka moo Jehova a ileng a ba thusa ka teng nakong eo ba neng ba mo hloka haholo. Ka nnete Jehova o a tshepahala.

17. Temana ya selemo ya 2022 e reng, hona ke hobaneng ha e le e loketseng?

17 Ha Jehova a le ka lehlakoreng la rona, ha re na lebaka la ho tshoha hore na ho tla etsahalang nakong e tlang. Modimo wa rona a ke ke a re tlohela ha feela re beha Mmuso wa hae pele bophelong ba rona. Sehlopha se Busang se kgethile Pesaleme ya 34:10 hore e be temana ya selemo sa 2022 e reng: “Ba batlang Jehova ba ke ke ba haellwa ke letho le molemo,” e le ho re hopotsa hore re lokela ho itokisa hona jwale bakeng sa matsatsi a thata a tlang le ho tshepa hore Jehova a ke ke a re tlohela.

PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa

^ par. 5 Temana ya rona ya selemo ya 2022 e nkuwe lengolong la Pesaleme ya 34:10, e reng: “Ba batlang Jehova ba ke ke ba haellwa ke letho le molemo.” Bahlanka ba Jehova ba bangata ba tshepahalang ha ba na dintho tse ngata kapa tjhelete e kaalo. Jwale ke jwang re ka reng ba ke ke ba “haellwa ke letho le molemo”? Hape ho utlwisisa temana ee ho ka re thusa jwang hore re itokisetse dinako tse thata tse tlang?

^ par. 4 Bala sehlooho se reng, “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” ho Molula-Qhooa wa September 15, 2014.

^ par. 54 DITSHWANTSHO: Le hoja Davida a ne a le ka lehaheng a ipatetse Morena Saule, o ne a ananela dintho tseo Jehova a neng a mo fa tsona.

^ par. 56 DITSHWANTSHO: Ka mora hore Baiseraele ba tlohe Egepeta, Jehova o ile a ba fa manna hore ba a je le ho etsa hore diaparo tsa bona di se ke tsa fela.