Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 3

Dintho Tseo re ka Ithutang Tsona Makgetlong ao Jesu a Ileng a Lla ka Ona

Dintho Tseo re ka Ithutang Tsona Makgetlong ao Jesu a Ileng a Lla ka Ona

“Jesu a ntsha meokgo.”​—JOH. 11:35.

PINA YA 17 “Ke a Batla”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-3. Ke dintho dife tse ka etsang hore re lle?

O QETETSE neng ho lla? Ka dinako tse ding re lla hobane re thabile. Empa hangata re lla hobane re utlwile bohloko. Ka mohlala, re lla hobane re hlokahaletswe ke motho eo re mo ratang. Moradiwabo rona Lorilei wa United States o ile a ngola a re: “Ka dinako tse ding lefu la moradi wa ka le ne le nkutlwisa bohloko haholo hoo ke neng ke sa tshedisehe. Ke ne ke sa nahane hore ho na le mohla bohloko boo bo tla ke bo theohe.” *

2 Ho na le mabaka a mang hape a ka etsang hore re lle. Moradiwabo rona Hiromi wa pulamadiboho ya dulang Japane o re: “Ho na le nako eo ke utlwang bohloko ha batho bao ke ba bolellang molaetsa wa Bibele ba sa o thabele. Ka dinako tse ding ke kopa Jehova ke tletse dikgapha ka mahlong hore a nthuse ho fumana motho ya ntseng a batla ho ithuta Bibele.”

3 Na le wena o ye o ikutlwe jwalo ka baradi baa babo rona? Boholo ba rona re ye re ikutlwe jwalo. (1 Pet. 5:9) Re batla ho ‘sebeletsa Jehova ka thabo’ empa ka dinako tse ding re a lla ha motho eo re mo ratang a hlokahetse, ha re nyahame kapa ha re kopana le maemo a etsang hore ho be thata ho dula re tshepahalla Modimo. (Pes. 6:6; 100:2) Re ka etsang dinakong tse jwalo?

4. Re tlo bua kang sehloohong see?

4 Re ka ithuta mohlaleng wa Jesu. Le yena ka dinako tse ding o ile a kopana le maemo a ileng a etsa hore a lle. (Joh. 11:35; Luka 19:41; 22:44; Baheb. 5:7) A re hlahlobeng maemo ao. Ha re ntse re etsa jwalo, re tla bona hore na re ka ithutang ka Jesu le Ntate wa hae Jehova. Re tla boela re bone hore re ka etsang ha re kopana le maemo a re llisang.

JESU O ILE A LLELA METSWALLE YA HAE

Tshehetsa batho ba hlokahaletsweng jwalo ka ha Jesu a ile a etsa (Sheba serapa sa 5-9) *

5. Re ithutang ka Jesu lengolong la Johanne 11:32-36?

5 Mariheng a selemo sa 32, motswalle wa Jesu ya haufi ya bitswang Lazaro o ile a kula a ba a shwa. (Joh. 11:3, 14) Lazaro o ne a ena le dikgaitsedi tse pedi e leng Maria le Maretha mme Jesu o ne a rata lelapa lena haholo. Dikgaitsedi tsa Lazaro di ne di utlwile bohloko haholo ka lebaka la lefu la hae. Ka mora lefu la Lazaro, Jesu o ile a ya Bethani e leng motse oo Maria le Maretha ba neng ba dula ho wona. Ha Maretha a utlwa hore Jesu o ntse a tla, kapele o ile a tswa ho ya kopana le yena. Nahana hore na o ne a utlwile bohloko hakaakang ha a ne a re: “Morena, hoja o ne o le teng mona kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.” (Joh. 11:21) Nakwana ka mora moo, ha Jesu a bona Maria le batho ba bang ba ntse ba lla, o ile “a ntsha meokgo.”​—Bala Johanne 11:32-36.

6. Ke hobaneng ha Jesu a ile a lla?

6 Ke hobaneng ha Jesu a ile a lla? Insight on the Scriptures e re: “Lefu la motswalle wa hae Lazaro le bohloko boo dikgaitsedi tsa Lazaro di neng di bo utlwile, di ile tsa etsa hore Jesu a ‘bobole a be a ntshe meokgo.’” * E ka nna yaba Jesu o ile a nahana ka bohloko boo motswalle wa hae Lazaro a ileng a bo utlwa ha a ntse a kula, le ka hore na Lazaro o ile a ikutlwa jwang ha a hlokomela hore o se a ntse a tlo shwa. Jesu o ile a boela a lliswa ke ho bona ka moo lefu la Lazaro le neng le utlwisitse Maria le Maretha bohloko ka teng. Haeba o kile wa hlokahallwa ke motswalle ya haufi kapa setho sa lelapa, e tlameha ebe o ile wa ikutlwa ka tsela e tshwanang. Hlokomela dintho tse tharo tseo o ka ithutang tsona ketsahalong ena.

7. Re ithutang ka Jehova tabeng ya hore Jesu o ile a llela metswalle ya hae?

7Jehova o a utlwisisa hore na o ikutlwa jwang. Jesu ke “setshwantsho se nepahetseng hantle” sa Ntate wa hae. (Baheb. 1:3) Ha Jesu a ne a lla, o ile a bontsha hore na Jehova o ikutlwa jwang ha re hlokahallwa ke motho eo re mo ratang. (Joh. 14:9) Haeba o hlokahaletswe ke motho eo o mo ratang, o ka kgodiseha hore Jehova o a hlokomela hore o utlwile bohloko ebile le yena o utlwa bohloko. O batla ho thoba pelo ya hao e utlwileng bohloko.​—Pes. 34:18; 147:3.

8. Re ka kgodiswa keng hore Jesu o tla tsosa baratuwa ba rona?

8Jesu o batla ho tsosa baratuwa ba hao. Nakwana pele Jesu a lla, o ile a kgodisa Maretha a re: “Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.” Maretha o ile a kgolwa Jesu. (Joh. 11:23-27) Ka ha Maretha e ne e le morapedi ya tshepahalang wa Jehova, o ne a tseba hore moprofeta Elia le moprofeta Elisha ba ile ba tsosa batho nakong e fetileng. (1 Mar. 17:17-24; 2 Mar. 4:32-37) Hape e ka nna yaba o ile a utlwela ka batho bao Jesu a ba tsositseng. (Luka 7:11-15; 8:41, 42, 49-56) Le wena o ka kgodiseha hore o tla boela o bone baratuwa ba hao ba hlokahetseng. Jwale, re ithutang tabeng ya hore ebe Jesu o ile a lla ha a ne a tshedisa metswalle ya hae e utlwileng bohloko? Re ithuta hore o labalabela ho tsosa bafu!

9. O ka tshedisa batho ba hlokahaletsweng jwang jwalo ka Jesu? Fana ka mohlala.

9O ka tshehetsa batho ba hlokahaletsweng. Jesu ha a ka a lla le Maria le Maretha feela empa o ile a boela a ba mamela le ho ba tshedisa. Le rona re ka etsa se tshwanang ho batho ba hlokahaletsweng ke baratuwa ba bona. Morabo rona Dan wa moholo ya dulang Australia o re: “Ka mora hore mosadi wa ka a hlokahale, ke ne ke hloka tshehetso. Barababo rona ba bangata le basadi ba bona, ba ne ba dutse ba itokiseditse ho mmamela. Ba ne ba ntumella ho ntsha maikutlo ka bohloko boo ke neng ke bo utlwile mme ba ne ba sa ikutlwe ba swabile ha ke lla. Ba ile ba boela ba nthusa ka mesebetsi e meng e kang ho hlatswa koloi, ho ya mabenkeleng le ho pheha, ha ke ne ke sa kgone ho etsa dintho tsena. Hape ba ne ba rapela le nna hangata. Ba ile ba ipaka e le metswalle ya nnete le barabeso ba ‘tswaletsweng ha ho ena le mahlomola.’”​—Liprov. 17:17.

JESU O ILE A LLELA BAAHELANI BA HAE

10. Hlalosa ketsahalo e hlahang ho Luka 19:36-40.

10 Jesu o ile a fihla Jerusalema ka la 9 Nisane selemong sa 33. Ha a atamela motse, batho ba bangata ba ile ba bokana yaba ba ala diaparo tsa bona ka tseleng moo a tlo tsamaya teng, e le ho bontsha hore ba mo amohela e le Morena wa bona. Ho hlakile hore e ne e le thabo feela. (Bala Luka 19:36-40.) Ka hoo, e tlameha ebe barutuwa ba hae ba ne ba sa lebella ntho e ileng ya etsahala ka mora moo. “Ha [Jesu] a atamela, a tadima motse oo mme a o llela.” Ha a ntse a lla, o ile a bua ka dintho tse bohloko tseo haufinyane di neng di tla etsahalla motse wa Jerusalema.​—Luka 19:41-44.

11. Ke hobaneng ha Jesu a ile a llela baahi ba Jerusalema?

11 Jesu o ne a utlwile bohloko hobane o ne a tseba hore boholo ba Bajuda bo ke ke ba amohela molaetsa wa Mmuso. Ka lebaka leo, Jerusalema e ne e tla timetswa mme Bajuda ba pholohileng timetso ba ne ba tla iswa bokgobeng. (Luka 21:20-24) Ka maswabi, feela jwalo ka ha Jesu a ne a boletse, batho ba bangata ha ba a ka ba mo amohela. Moo o dulang teng, na ke batho ba bangata ba amohelang molaetsa wa Mmuso? Haeba ke ba seng bakae feela ba mamelang ha o leka ho ba ruta Bibele, o ka ithutang tabeng ya hore Jesu o ile a llela baahelani ba hae? Nahana ka dintlha tsena tse tharo.

12. Re ka ithutang ka Jehova tabeng ya hore ebe Jesu o ile a llela baahelani ba hae?

12Jehova o tsotella batho. Taba ya hore ebe Jesu o ile a lla e re hopotsa hore Jehova o rata batho haholo. “Ha a lakatse hore le ha e le mang a timetswe, empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Mehleng ena, re bontsha hore re rata batho bao re ba pakelang ka hore re dule re ntse re leka ho ba ruta ditaba tse molemo tsa Mmuso.​—Mat. 22:39. *

Fetofetola dinako tseo o pakang ka tsona jwalo ka Jesu (Sheba serapa sa 13 le 14) *

13-14. Jesu o ile a bontsha jwang hore o utlwela batho bohloko, hona re ka mo etsisa jwang?

13Jesu o ne a sebetsa ka thata mosebetsing wa ho bolela. O ile a bontsha hore o rata batho ka hore a nke monyetla o mong le o mong o hlahang hore a ba rute. (Luka 19:47, 48) O ne a susumetswa keng? Jesu o ne a ba utlwela bohloko. Ka dinako tse ding batho ba bangata ba ne ba batla ho utlwa molaetsa wa Jesu, hoo yena le barutuwa ba hae “ba neng ba sa kgone le ho ja dijo.” (Mar. 3:20) Hape ha monna e mong a ne a batla ho bua le yena bosiu, Jesu o ne a ikemiseditse ho kopana le yena. (Joh. 3:1, 2) Batho ba bangata ba neng ba mamela Jesu ha ba a ka ba fetoha barutuwa ba hae. Empa bohle ba ileng ba mo utlwa ba ile ba fumana bopaki bo phethahetseng. Le rona kajeno re batla ho fa motho e mong le e mong monyetla wa ho utlwa molaetsa wa Mmuso. (Lik. 10:42) E le hore re etse seo, re lokela ho fetola tsela eo re bolelang ka yona.

14Ikemisetse ho etsa diphetoho ha ho hlokahala. Haeba re sa fetofetole nako eo re yang tshimong ka yona, re ka nna ra se ke ra kopana le batho ba batlang ho ithuta Bibele. Moradiwabo rona Matilda wa pulamadiboho o re: “Nna le monna wa ka re leka ho etela batho malapeng ka dinako tse sa tshwaneng. Hoseng re ya tshimong ya kgwebo. Motshehare ha batho ba tsamaya diterateng re ya diteroling mme mantsiboya re fumana batho ba bangata malapeng a bona.” Ha re a lokela ho kgotsofalla feela ho paka ka nako e nepahetseng bakeng sa rona empa re lokela ho ikemisetsa ho fetola dinako tsa rona tsa ho paka e le hore re ka fumana batho ba bangata. Ha re etsa jwalo, re ka kgodiseha hore Jehova o tla thaba.

JESU O ILE A LLELA LEBITSO LA NTATE WA HAE

Rapela Jehova ka matla ha o kgathatsehile jwalo ka ha Jesu a ile a etsa (Sheba serapa sa 15-17) *

15. Luka 22:39-44 e re ho ile ha etsahalang bosiung ba ho qetela ba bophelo ba Jesu?

15 Bosiung ba la 14 Nisane selemong sa 33, Jesu o ile a ya serapeng sa Gethesemane. Ha a le moo, o ile a tshollela pelo ya hae ho Jehova. (Bala Luka 22:39-44.) Nakong eo e thata, Jesu “o ile a nyehela dithapedi . . . ka mehoo e matla le meokgo.” (Baheb. 5:7) Ke eng eo Jesu a ileng a e rapella bosiung boo ba ho qetela pele a bolawa? O ile a rapella matla a ho dula a tshepahalla Jehova le ho etsa thato ya Hae. Jehova o ile a utlwa thapelo ya Mora wa hae e tswang botebong ba pelo, yaba o romela lengeloi ho mo matlafatsa.

16. Ke hobaneng ha Jesu a ne a tshwenyehile ha a ntse a rapela serapeng sa Gethesemane?

16 E tlameha ebe Jesu o ile a lla ha a ntse a rapela serapeng sa Gethesemane hobane a ne a tshwenyehile ka hore batho ba ne ba tlo mo nka e le motho ya sa hlompheng lebitso la Modimo. O ne a tseba hore na ho bohlokwa hakae hore a dule a tshepahala le hore a sireletse lebitso la Modimo. Haeba le wena o tobane le boemo bo etsang hore ho be thata ho tshepahalla Jehova, o ka ithutang tabeng ya hore ebe Jesu o ile a lla? Nahana ka dintlha tse ding tse tharo.

17. Re ka ithutang ka Jehova tabeng ya hore o ile a mamela dithapelo tsa Jesu tse matla?

17Jehova o mamela dithapedi tsa hao. Jehova o ile a mamela dikopo tsa Jesu tse matla. Hobaneng? Hobane Jesu o ne a amehile haholo ka ho dula a tshepahalla Ntate wa hae le ho sireletsa lebitso la Hae. Haeba ntho e tlang pele ho rona e le ho dula re tshepahalla Jehova le ho halaletsa lebitso la hae, o tla mamela dikopo tsa rona ha re kopa thuso.​—Pes. 145:18, 19.

18. Jesu ke motswalle ya utlwisisang ka ditsela dife?

18Jesu o a utlwisisa hore na o ikutlwa jwang. Ha re tshwenyehile re a thaba ha re ena le motswalle ya utlwisisang hore na re ikutlwa jwang, haholoholo haeba a kile a kopana le mathata a tshwanang le a rona. Jesu ke motswalle ya jwalo, o a tseba hore na ho jwang ho ikutlwa o fokola ebile o hloka thuso. O utlwisisa mefokolo ya rona ebile o tla etsa bonnete ba hore re fumana thuso eo re e hlokang “ka nako e nepahetseng.” (Baheb. 4:15, 16) Jesu o ile a amohela thuso ya lengeloi ha a ne a le serapeng sa Gethesemane. Le rona re lokela ho amohela thuso eo Jehova a re fang yona, e bang ke ka sengolwa, video, puo kapa kgothatso eo re e fuwang ke moholo kapa Mokrestemmoho.

19. O ka matlafatswa keng ha ho ena le ntho e o tshwenyang? Etsa mohlala.

19Jehova o tla o fa ‘kgotso ya hae.’ Jehova o tla re matlafatsa jwang? Ha re rapela re tla fumana “kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle.” (Bafil. 4:6, 7) Kgotso eo Jehova a fanang ka yona e re thusa hore re kgobe matshwafo le hore re nahane ka tsela e hlakileng. Sena ke sona se ileng sa etsahalla moradiwabo rona Luz. O re: “Hangata ke jewa ke bodutu. Taba ena e etsa hore ka dinako tse ding ke utlwe eka Jehova ha a nthate. Empa ha seo se etsahala, hanghang ke bolella Jehova hore na ke ikutlwa jwang. Ho rapela ho nkokobetsa maikutlo.” Jwalo ka ha mohlala wa hae o bontsha, thapelo e ka re fa kgotso.

20. Re ithutileng makgetlong ao Jesu a ileng a lla ka ona?

20 Dintho tseo re ithutang tsona makgetlong ao Jesu a ileng a lla ka ona, di ka re tshedisa tsa ba tsa re thusa. Re hopoditswe ho tshehetsa metswalle ya rona e hlokahaletsweng le ho tshepa hore Jehova le Jesu ba tla re tshehetsa ha re hlokahaletswe ke motho eo re mo ratang. Ka ha Jehova Modimo le Jesu Kreste ba na le kutlwelo bohloko, re ikemiseditse ho bolela le ho ruta hobane re utlwela batho bohloko. Hape re tshediswa ke ho tseba hore Jehova le Mora wa hae ba a utlwisisa hore na re ikutlwa jwang. Ba tseba mefokolo ya rona ebile ba batla ho re thusa hore re mamelle. E se eka re ka tswela pele ho etsa dintho tseo re ithutileng tsona, ho fihlela Jehova a phethahatsa tshepiso ya hae ya ho “hlakola meokgo yohle mahlong a [rona].”​—Tšen. 21:4.

PINA YA 120 Eba Bonolo Jwalo ka Kreste

^ par. 5 Ha re bala Bibele re ithuta hore ka dinako tse ding Jesu o ile a lla. Sehloohong sena, re tlo buisana ka makgetlo a mararo ao ka ona Jesu a ileng a lla le hore na re ka ithutang ho ona.

^ par. 1 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 6 Sheba Insight on the Scriptures, Volume 2 leq. 69.

^ par. 12 Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “moahelani” ho Matheu 22:39 ha le bolele feela motho eo re haisaneng le yena. Le ka boela la bolela motho ofe kapa ofe eo motho a kopanang le yena.

^ par. 58 DITSHWANTSHO: Jesu o ne a batla ho tshedisa Maria le Maretha. Le rona re ka tshedisa batho ba hlokahaletsweng ke baratuwa ba bona.

^ par. 60 DITSHWANTSHO: Jesu o ne a ikemiseditse ho ruta Nikodemase bosiu. Re lokela ho ithuta Bibele le batho ka nako e nepahetseng bakeng sa bona.

^ par. 62 DITSHWANTSHO: Jesu o ile a rapella matla a hore a dule a tshepahalla Jehova. Le rona re lokela ho etsa se tshwanang ha re kopana le diteko.