Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 4

Ke Hobaneng ha re Eya Sehopotsong?

Ke Hobaneng ha re Eya Sehopotsong?

“Le nne le etse sena ho nkgopola.”​—LUKA 22:19.

PINA YA 20 O Fane ka Mora wa Hao wa Bohlokwa

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-2. (a) Re hopola motho ya hlokahetseng neng ka ho kgetheha? (b) Jesu o ile a etsang bosiung ba pele a hlokahala?

HO SA tsotellehe hore na beng ka rona ba na le nako e kae ba hlokahetse, re ntse re ba hopola. Ha letsatsi leo ba hlokahetseng ka lona le fihla, re ba hopola haholo.

2 Selemo le selemo lefatsheng lohle, re ba hara batho ba bangata ka ho fetisisa ba ikgopotsang lefu la motho eo re mo ratang haholo e leng Jesu Kreste. (1 Pet. 1:8) Re bokana ha mmoho ho ikgopotsa motho ya ileng a fana ka bophelo ba hae e le thekollo bakeng sa ho re pholosa sebeng le lefung. (Mat. 20:28) Ha e le hantle, Jesu o ne a batla hore balatedi ba hae ba ikgopotse lefu la hae. Bosiung ba pele a shwa, o ile a theha moketjana o ikgethang yaba o re: “Le nne le etse sena ho nkgopola.” *​—Luka 22:19.

3. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

3 Ke batho ba fokolang ka palo ba bang teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ba nang le tshepo ya ho ya phela lehodimong. Empa batho ba dimilione ba nang le tshepo ya ho tla phela lefatsheng, le bona ba ba teng. Sehloohong sena, re tlo bua ka mabaka ao ka ona dihlopha tsena ka bobedi di labalabelang ho ba teng Sehopotsong selemo le selemo. Re tla boela re hlokomele hore na re fumana molemo ofe ha re eba teng. Empa a re qaleng ka ho bua ka mabaka a mang a etsang hore batlotsuwa ba be teng Sehopotsong.

KE HOBANENG HA BATLOTSUWA BA EBA TENG?

4. Ke hobaneng ha batlotsuwa ba ja bohobe le ho nwa veine Sehopotsong?

4 Selemo le selemo, batlotsuwa ba ba teng Sehopotsong e le hore ba je bohobe le ho nwa veine. Ke hobaneng ha ho loketse hore ebe ba ja bohobe le veine? E le hore re arabe potso eo, a ko nahane ka hore na ho ile ha etsahalang bosiung ba pele Jesu a shwa. Ka mora hore ba keteke Paseka, Jesu o ile a theha Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena tseo re di tlwaetseng haholo. O ile a kopa baapostola ba hae ba 11 ba tshepahalang hore ba je bohobe le veine tseo a ileng a ba fetisetsa tsona. O ile a bua ka dilekane tse pedi kapa ditumellano e leng selekane se setjha le selekane sa Mmuso. * (Luka 22:19, 20, 28-30) Dilekane tsena di ile tsa bula monyetla bakeng sa baapostola bao le palo e fokolang ya batho ba neng ba tla busa e le marena le baprista lehodimong. (Tšen. 5:10; 14:1) Ke masala a batlotsuwa * feela a leng dilekaneng tseo tse pedi a ka jang bohobe le ho nwa veine Sehopotsong.

5. Keng eo batlotsuwa ba e tsebang ka tshepo eo ba nang le yona?

5 Ho na le lebaka le leng hape leo ka lona batlotsuwa ba labalabelang ho ya Sehopotsong, e leng la hore ba ba le monyetla wa ho nahana ka tshepo ya bona. Jehova o ba file tshepo e babatsehang haholo ya ho thabela bophelo ba ho se shwe lehodimong ba sebetsa le Jesu Kreste ya tsositsweng ha mmoho le bohle ba 144,000. Hape ba tla thabela ho bona Jehova Modimo ka sebele. (1 Bakor. 15:51-53; 1 Joh. 3:2) Batlotsuwa ba a tseba hore ba memetswe ho ya thabela dintho tseo lehodimong empa e le hore ba dumellwe ho ya lehodimong, ba lokela ho tshepahala ho isa lefung. (2 Tim. 4:7, 8) Batlotsuwa ba thaba haholo ha ba nahana ka tshepo ya bona ya ho ya phela lehodimong. (Tite 2:13) Empa ho thweng ka “dinku tse ding”? (Joh. 10:16) Ke ka mabaka afe ao bona ba bang teng Sehopotsong?

KE HOBANENG HA DINKU TSE DING DI EBA TENG?

6. Ke hobaneng ha dinku tse ding di eba teng Sehopotsong selemo le selemo?

6 Ha dinku tse ding di ya Sehopotsong, ha di je empa di shebella feela. Ka 1938, batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba ile ba fuwa memo e ikgethang ya hore ba ye Sehopotsong ka lekgetlo la pele. Tora ya ho Lebela ya Senyesemane ya March 1, 1938 e ile ya re: “E, ke ntho e hlakileng le e utlwahalang hore ba dinku tse ding ba be teng sebokeng sa mofuta ona, e le hore ba shebelle hore na ho etsahalang. . . . Nako eo ke e thabisang esita le ho bona.” Jwalo ka ha bamemuwa ba thabela ho ya letjhatong, dinku tse ding di thabela ho ba bashebelli Sehopotsong.

7. Ke hobaneng ha dinku tse ding di labalabela ho mamela puo ya Sehopotso?

7 Dinku tse ding le tsona di nahana ka tshepo ya tsona. Di labalabela ho mamela puo ya Sehopotso, eo boholo ba yona e buang ka hore na Kreste le babusimmoho le yena ba 144,000 ba tla etsang bakeng sa batho ba tshepahalang nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete. Morena Jesu Kreste o tla etella babusi bao pele hore ba etse lefatshe paradeise le ho thusa batho ba mamelang hore ba phethahale. Ke ntho e thabisang ha bashebelli bana ba bang teng Sehopotsong ba nahana ka boprofeta ba Bibele bo tla phethahala, bo kang bo hlahang ho Esaia 35:5, 6; 65:21-23 le Tšenolo 21:3, 4. Ha ba ipona ba se ba le lefatsheng le letjha le baratuwa ba bona, ba matlafatsa tshepo eo ba nang le yona ka bokamoso hape ba ikemisetsa hore ba tla tswela pele ba sebeletsa Jehova.​—Mat. 24:13; Bagal. 6:9.

8. Ke lebaka lefe le leng leo ka lona dinku tse ding di yang Sehopotsong?

8 Nahana ka lebaka le leng leo dinku tse ding di bang teng Sehopotsong. Di batla ho bontsha batlotsuwa hore di a ba rata le ho ba tshehetsa. Lentswe la Modimo le ile la bolela esale pele hore batlotsuwa le ba dinku tse ding ba tla sebetsa mmoho ba momahane. Ka tsela efe? A re ke re bueng ka mehlala e seng mekae.

9. Boprofeta bo ho Zakaria 8:23 bo bontsha hore dinku tse ding di ikutlwa jwang ka batlotsuwa?

9 Bala Zakaria 8:23. Boprofeta bona bo bua ka tsela e amang maikutlo eo dinku tse ding di ikutlwang ka yona ka bara le baradibabo tsona ba batlotsuwa. Mantswe ana “Mojuda” le “lona” a bua ka sehlopha se le seng sa masala a batlotsuwa. (Bar. 2:28, 29) “Banna ba leshome ba tswang dipuong tsohle tsa ditjhaba” ba emela dinku tse ding. Mantswe a reng ‘ba tshwara’ a bolela hore ba ikamahanya le batlotsuwa ka hore ba be le bona borapeding bo hlwekileng. Ka tsela eo, mantsiboyeng a Sehopotso, dinku tse ding di bontsha hore di haufi le batlotsuwa ka hore di be mmoho le bona Sehopotsong.

10. Jehova o entseng ho phethahatsa boprofeta bo ho Ezekiele 37:15-19, 24, 25?

10 Bala Ezekiele 37:15-19, 24, 25. E le ho phethahatsa boprofeta bona, Jehova o kopantse batlotsuwa le dinku tse ding hore ba sebetse ha mmoho ka kutlwano. Boprofeta bona bo bua ka dithupa tse pedi. Ba nang le tshepo ya ho phela lehodimong, ba tshwantshwa le thupa ya “Juda” e leng moloko oo ho wona marena a Iseraele a neng a kgethwa ho wona. Ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng bona ba tshwantshwa le thupa ya “Efraime.” * Jehova o ne a tla kopanya dihlopha tsena tse pedi hore ebe “thupa e le nngwe.” Taba ena e bontsha hore ba sebetsa ba momahane tlasa Morena wa bona a le mong, Kreste Jesu. Selemo le selemo ha batlotsuwa le ba dinku tse ding ba ya Sehopotsong, ba ya e le “mohlape o le mong” tlasa ‘modisa a le mong,’ eseng e le dihlopha tse pedi.​—Joh. 10:16.

11. “Dinku” tse hlahang ho Matheu 25:31-36, 40, di thusa barababo Kreste ka mosebetsi ofe wa bohlokwa?

11 Bala Matheu 25:31-36, 40. “Dinku” tse hlahang papisong ena di emela batho ba lokileng nakong ya bofelo, ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng, e leng dinku tse ding. Ba tshehetsa barababo Kreste ba ntseng ba le lefatsheng ka ho ba thusa ho phetha mosebetsi wa bohlokwa haholo lefatsheng lohle wa ho bolela le ho etsa barutuwa.​—Mat. 24:14; 28:19, 20.

12-13. Ke ditsela dife tse ding tseo ka tsona dinku tse ding di bontshang hore di tshehetsa barababo Kreste?

12 Dibeke tse seng kae pele ho Sehopotso, dinku tse ding di bontsha hore di tshehetsa barababo Kreste ka ho kenya letsoho selemo le selemo ho mema batho lefatsheng lohle hore ba tle Sehopotsong. (Sheba lebokose le reng, “ Na o Itokisa Esale Pele Bakeng sa Nako ya Sehopotso?”) Di boetse di etsa bonnete ba hore Sehopotso se ka kgona ho tshwarwa diphuthehong tsohle lefatsheng lohle le hoja boholo ba diphutheho tseo di se na batlotsuwa. Dinku tse ding, di thabela ho thusa barababo Kreste ka ditsela tse kang tsena. Dinku tsena di a tseba hore dintho tseo di di etsang ho barababo Jesu ba tlotsitsweng, ho tshwana le ha eka di di etsetsa yena ka ho kgetheha.​—Mat. 25:37-40.

13 Ke mabaka afe a mang ao kaofela ha rona re bang teng Sehopotsong ho sa tsotellehe tshepo eo re nang le yona?

KE HOBANENG HA KAOFELA HA RONA RE EBA TENG?

14. Jehova le Jesu ba re bontshitse jwang hore ba re rata ka tsela e ikgethang?

14Re ananela taba ya hore Jehova le Jesu ba re bontshitse hore ba a re rata. Jehova o bontshitse ka ditsela tse ngata hore o a re rata empa ho na le e ikgethang ka ho fetisisa. Modimo wa rona o ile a bontsha hore o re rata ka tsela e ikgethang ha a ne a romela Mora wa hae eo a mo ratang hore a tlo utlwa bohloko le ho shwa bakeng sa rona. (Joh. 3:16) Re boetse hape re a hlokomela hore Jesu le yena o ile a bontsha hore o re rata haholo ka hore a tele bophelo ba hae bakeng sa rona. (Joh. 15:13) Re ke ke ra kgona ho busetsa letho ho Jehova le Jesu ka lebaka la hore ba re bontshitse lerato ka tsela ena. Empa letsatsi ka leng, re ka ba bontsha hore re a ba leboha ka tsela eo re phelang ka yona. (Bakol. 3:15) Ka hoo, re ba teng Sehopotsong hobane re batla ho nahana ka taba ya hore ba a re rata le ho ba bontsha hore le rona re a ba rata.

15. Ke hobaneng ha batlotsuwa le dinku tse ding ba ananela sehlabelo sa thekollo haholo?

15Re ananela mpho ya thekollo haholo. (Mat. 20:28) Batlotsuwa ba ananela thekollo haholo hobane e entse hore ba be le tshepo e babatsehang ka ho fetisisa. Jehova o ba nka ba lokile hore a ba amohele e le bana ba hae hobane ba bontsha tumelo sehlabelong sa Kreste. (Bar. 5:1; 8:15-17, 23) Dinku tse ding le tsona di ananela thekollo. Ka ha di dumela sehlabelong sa Jesu, di na le letswalo le letle ka pela Modimo, di kgona ho mo etsetsa tshebeletso e halalelang hape di na le tshepo ya hore di tla pholoha ‘matshwenyeho a maholo.’ (Tšen. 7:13-15) Tsela e nngwe eo batlotsuwa le dinku tse ding ba bontshang ka yona hore ba ananela thekollo ke ka hore ba be teng Sehopotsong selemo le selemo.

16. Re na le lebaka lefe hape la ho ya Sehopotsong?

16 Lebaka le leng leo ka lona re bang teng Sehopotsong, ke hobane re batla ho mamela Jesu. Ho sa tsotellehe hore na re na le tshepo efe, re mamela ka ho teba taelo eo Jesu a ileng a fana ka yona ha a ne a theha Sehopotso, e reng: “Le nne le etse sena ho nkgopola.”​—1 Bakor. 11:23, 24.

RE FUMANA MOLEMO OFE KAOFELA HA RONA HA RE EBA TENG SEHOPOTSONG?

17. Sehopotso se re atametsa haufi le Jehova jwang?

17Re ba haufi le Jehova. (Jak. 4:8) Sehopotso se re fa monyetla wa ho nahana ka tshepo eo Jehova a re fileng yona le ho nahanisisa ka taba ya hore na o re rata hakae. (Jer. 29:11; 1 Joh. 4:8-10) Ha re nahana ka tshepo eo re nang le yona ka bokamoso le ka hore na Modimo o re rata hakae, re matlafatsa setswalle sa rona le yena le tsela eo re mo ratang ka yona.​—Bar. 8:38, 39.

18. Ho nahanisisa ka mohlala wa Jesu ho re susumelletsa ho etsang?

18Re susumelletseha ho etsisa mohlala wa Jesu. (1 Pet. 2:21) Matsatsi pele ho Sehopotso, re nahanisisa ka ditlaleho tsa Bibele tse buang ka beke ya ho qetela Jesu a le lefatsheng, lefu la hae le ho tsoswa ha hae. Ebe mantsiboyeng a Sehopotso ho fanwa ka puo e re hopotsang hore na Jesu o re rata hakae. (Baef. 5:2; 1 Joh. 3:16) Ha re bala ka mohlala wa Jesu wa boitelo re bile re nahanisisa ka wona, re susumelletseha hore re “tsamaye feela jwalo ka ha a ile a tsamaya.”​—1 Joh. 2:6.

19. Re ka etsang hore re dule re le metswalle ya Modimo?

19Re ikemisetsa le ho feta ho dula re le metswalle ya Jehova. (Juda 20, 21) Re dula re le metswalle ya Modimo haeba re etsa boiteko bohle hore re mo mamele, re halaletse lebitso la hae re be re mo thabise. (Liprov. 27:11; Mat. 6:9; 1 Joh. 5:3) Ho ba Sehopotsong, ho re susumelletsa hore re ikemisetse hore letsatsi le letsatsi re phele ka tsela eo e kang re re ho Jehova, ‘Ke batla ho ba motswalle wa hao ka ho sa feleng.’

20. Ke mabaka afe a hlakileng ao ka ona re bang teng Sehopotsong?

20 Ebang re na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lehodimong kapa lefatsheng, kaofela ha rona re na le mabaka a hore re be teng Sehopotsong. Selemo le selemo ha re bokana ha mmoho ka letsatsi leo, re hopola lefu la motho eo re mo ratang haholo, Jesu Kreste. Ka hodimo ho tsohle, re hopola tsela e ikgethang eo Jehova a re ratileng ka yona e leng ya ho fana ka Mora wa hae e le thekollo. Selemong sena, Sehopotso se tla tshwarwa mantsiboya a Labohlano la 15 April, 2022. Re rata Jehova le Mora wa hae. Ka hoo ha re ikgopotsa lefu la Jesu, ha ho na ntho ya bohlokwa ho rona ho feta ho ba teng Sehopotsong.

PINA YA 16 Rorisang Jah ka Lebaka la Mora wa Hae

^ par. 5 Ho sa tsotellehe hore na re na le tshepo ya ho phela lehodimong kapa lefatsheng, kaofela ha rona re labalabela ho ya Sehopotsong selemo le selemo. Sehlooho sena se tlo bua ka mabaka a mangolo a hlakileng ao ka ona re bang teng Sehopotsong le hore na re fumana molemo jwang ha re ya ho sona.

^ par. 2 Mantswe ao a fetoletswe e le “Etsang hona hore le tle le nne le nkgopole” (Bibele Phetolelo e Ntjha).

^ par. 4 E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka selekane se setjha le selekane sa Mmuso, bala sehlooho se reng “Le Tla Fetoha Mmuso wa Baprista,” se ho Molula-Qhooa wa October 15, 2014 leq. 15-17.

^ par. 4 TLHALOSO: Polelwana masala a batlotsuwa, e bolela Bakreste ba tlotsitsweng ba ntseng ba le lefatsheng mona.

^ par. 10 E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka boprofeta bona bo buang ka dithupa tse pedi bo hlahang ho Ezekiele kgaolo ya 37, bala sehlooho se reng “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” se ho Molula-Qhooa wa July 2016.