Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 5

Sebedisa Nako ya Hao ka Bohlale

Sebedisa Nako ya Hao ka Bohlale

“Le dule le lebetse ka tiyo hore ka moo le tsamayang ka teng ha se jwalo ka batho ba seng bohlale empa ke jwalo ka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng.”​—BAEF. 5:15, 16.

PINA YA 8 Jehova ke Setshabelo sa Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Re ka qeta nako le Jehova jwang?

RE THABELA ho qeta nako le batho bao re ba ratang. Banyalani ba thabela ho qeta nako ba le mmoho. Batjha ba thabela ho ba le metswalle ya bona e haufi. Hape, kaofela ha rona re thabela ho qeta nako le bara le baradibabo rona. Empa ha bohlokwa ka ho fetisisa, re thabela ho ba le nako le Modimo wa rona. Re ka etsa jwalo ka ho mo rapela, ho bala Lentswe la hae le ho nahanisisa ka merero le makgabane a hae. Ka nnete nako eo re e qetang le Jehova ke ya bohlokwa haholo!​—Pes. 139:17.

2. Ke dintho dife tse ka etsang hore re se ke ra eba le nako?

2 Le hoja re thabela ho qeta nako le Jehova, ha se ka mehla ho leng bonolo. Re phathahane ka dintho tse ngata bophelong mme ho ka ba thata ho fumana nako ya ho sebeletsa Jehova. Mesebetsi, mabaka a lelapa le dintho tse ding di ka nka nako ya rona e ngata hoo re ka utlwang eka ha re na nako ya ho rapela, ho ithuta le ho nahanisisa.

3. Keng hape e ka re jellang nako?

3 Ho na le ntho e nngwe hape e ka re jellang nako. Haeba re se hlokolosi, ho ka ba le dintho tse sa fosahalang tseo re ka phathahanang ka tsona hoo re ka hlokang nako ya ho atamela ho Jehova. Ka mohlala, ke hantle ho ba le nako ya ho ikgatholla le ho ithabisa. Le haeba tsela eo re ithabisang ka yona e le e amohelehang empa haeba re qeta nako e ngata haholo re ithabisa, re ka hloleha ho fumana nako ya ho sebeletsa Jehova. Re lokela ho hopola hore ho ithabisa ha se yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa.​—Liprov. 25:27; 1 Tim. 4:8.

4. Re tlo bua kang sehloohong see?

4 Sehloohong sena, re tlo bona hore na ke hobaneng ha re lokela ho kgetha hore na ke dintho dife tse lokelang ho tla pele bophelong ba rona. Re tla boela re bone hore na re ka sebedisa nako ya rona ha molemo jwang re ithuta, re rapela re bile re nahanisisa le hore na ho etsa jwalo ho tla re tswela molemo jwang.

KGETHA KA BOHLALE KA HO ETSA HORE DINTHO TSA BOHLOKWA DI TLE PELE

5. Keletso e hlahang ho Baefese 5:15-17 e ka thusa motjha jwang hore a kgethe tsela e molemo ya bophelo?

5Kgetha tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho phela. Hangata batjha ba tshwenyeha ka hore na ba tla phela bophelo ba bona ka tsela e molemo jwang. Matitjhere le ba lelapa bao eseng Dipaki, ba ka ba kgothalletsa ho ya yunivesithi e le hore ba ka fumana mesebetsi e patalang hantle. Thuto ya yunivesithi e ka ba jella nako e ngata. Ka lehlakoreng le leng, metswalle le batswadi bao e leng Dipaki ba ka kgothalletsa batjha ho qeta bophelo ba bona ba sebeletsa Jehova. Keng e ka thusang motjha ya ratang Jehova hore a etse qeto e nepahetseng? A ka thuswa ke ho bala Baefese 5:15-17 le ho nahanisisa ka yona. (E bale.) Ka mora ho bala ditemana tsena, motjha a ka nna a ipotsa: ‘“Thato ya Jehova” ke efe? O tla thabiswa ke qeto efe? Ke qeto efe e tla nthusa hore ke sebedise nako ya ka hantle?’ Hopola hore “matsatsi a kgopo” mme haufinyane lefatshe lena le laolwang ke Satane le tla fela. Ke bohlale ho phela ka tsela e thabisang Jehova.

6. Maria o ile a etsa kgetho efe, hona ke hobaneng ha kgetho eo e ne e le e bohlale?

6Etsa hore dintho tsa bohlokwa di tle pele. Ka dinako tse ding, re ka kgetha pakeng tsa dintho tse pedi tse sa fosahalang e le hore re sebedise nako ya rona hantle. Re ka bona sena tabeng e ileng ya etsahala ha Jesu a etetse Maria le Maretha. Ka ha Maretha o ne a thabetse taba ya hore Jesu ke moeti wa hae, o ile a mo lokisetsa matletsetletse a dijo. Empa Maria o ile a dula le Jesu yaba o a mo mamela. Ntho eo Maretha a ileng a e etsa e ne e se phoso empa Jesu o ile a re Maria “o kgethile karolo e ntle.” (Luka 10:38-42) Ka mora nako, e ka nna yaba Maria o ile a lebala hore na ho ne ho phehilwe eng letsatsing leo. Empa re kgodisehile hore ha a ka a lebala dintho tseo a ithutileng tsona ho Jesu. Jwalo ka ha Maria a ile a nka nako eo a e qetang le Jesu e le ya bohlokwa, le rona re nka nako eo re e qetang le Jehova e le ya bohlokwa. Re ka sebedisa nako eo ha molemo jwang?

SEBEDISA NAKO YA HAO LE JEHOVA HANTLE

7. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho rapela, ho ithuta le ho nahanisisa?

7O lokela ho utlwisisa hore thapelo, ho ithuta le ho nahanisisa ke karolo ya borapedi ba rona. Ha re rapela, re buisana le Ntate wa rona wa lehodimo ya re ratang haholo. (Pes. 5:7) Ha re ithuta Bibele, re fumana “tsebo ya Modimo” ya bohlale ka ho fetisisa. (Liprov. 2:1-5) Ha re nahanisisa ka ho teba ka dintho tseo re ithutang tsona ka Jehova, re ela hloko makgabane a hae le dintho tse hlollang tseo a batlang ho di etsetsa batho. Ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho sebedisa nako ya rona. Empa re ka thuswa keng ho sebedisa nako ya rona ka tsela eo?

Batla sebaka se kgutsitseng e le hore o ithute (Sheba serapa sa 8 le 9)

8. Re ka ithutang tseleng eo Jesu a ileng a sebedisa nako ya hae ka yona ha a le lefeelleng?

8Haeba ho kgoneha, kgetha sebaka se kgutsitseng. Nahana ka mohlala wa Jesu. Pele a qala tshebeletso ya hae lefatsheng, o ile a qeta matsatsi a 40 lefeelleng. (Luka 4:1, 2) Ha Jesu a ntse a le sebakeng seo se kgutsitseng, o ne a ka rapela Ntate wa hae Jehova le ho nahanisisa ka thato ya Hae mabapi le yena. Taba eo e ile ya thusa Jesu hore a itokisetse diteko tseo haufi a neng a tlo kopana le tsona. O ka fumana molemo jwang mohlaleng wa Jesu? Haeba lapeng le bangata, e ka nna yaba ha se ka mehla ho leng bonolo ho fumana sebaka se kgutsitseng ka tlung. Boemong boo, o ka nna wa batla sebaka se kgutsitseng ka ntle. Ke seo moradiwabo rona Julie a se etsang ha a batla ho qeta nako le Jehova ka hore a mo rapele. Yena le monna wa hae ba dula ntlong e nyane France mme ha ho bonolo hore a be mong le hore ho se ke ha eba le letho le mo sitisang. Moradiwabo rona Julie o re: “Letsatsi le leng le le leng ke ya phakeng. Ke ba mong ha ke le moo mme ke kgona ho bua le Jehova hantle ho se letho le ntshitisang.”

9. Le hoja Jesu a ne a phathahane, o ile a bontsha jwang hore o nka setswalle sa hae le Jehova e le sa bohlokwa?

9 Bophelo ba Jesu bo ne bo le maphathaphathe. Batho ba bangata ba ne ba mo latela hohle moo a yang teng mme ba batla hore a qete nako le bona. Ka lekgetlo le leng, “motse wohle [o ile] wa bokana hona monyako” ho tla mo bona. Ho ntse ho le jwalo, Jesu o ile a etsa bonnete ba hore o ba le nako ya ho rapela Jehova. Pele letsatsi le tjhaba, o ile a ya “sebakeng se thoko” moo a neng a ka qeta nako le Ntate wa hae.​—Mar. 1:32-35.

10-11. Ho ya ka Matheu 26:40, 41, Jesu o ile a kgothalletsa barutuwa ba hae hore ba etseng, empa ho ile ha etsahalang?

10 Bosiung ba ho qetela Jesu a le lefatsheng ha tshebeletso ya hae e se e ntse e tla fela, o ile a boela a batla sebaka se ka thoko ho ya rapela le ho nahanisisa. O ile a fumana sebaka seo serapeng sa Gethesemane. (Mat. 26:36) Ha a le moo, o ile a bolella barutuwa ba hae ntho ya bohlokwa ka thapelo.

11 Nahana ka se ileng sa etsahala. Ha ba fihla serapeng sa Gethesemane, e ne e le bosiu haholo. Mohlomong e ne e le ka mora 12 bosiu. Jesu o ile a re baapostola ba ‘dule ba lebetse’ ha yena a ilo rapela. (Mat. 26:37-39) Ha Jesu a ntse a rapela, baapostola ba hae ba ile ba ya le sephume sa boroko. Ha a ba fumana ba robetse, o ile a ba kgothalletsa hape hore ba ‘dule ba lebetse mme ba rapele ba sa kgaotse.’ (Bala Matheu 26:40, 41.) Jesu o ile a hlokomela hore ba ne ba tshwenyehile haholo ba bile ba kgathetse. Ka kutlwelobohloko, o ile a hlokomela hore “nama e a fokola.” Ho ntse ho le jwalo, ka makgetlo a mang a mabedi, Jesu o ile a ya ho ya rapela mme ha a kgutla o ile a fumana baapostola ba hae ba robetse ho ena le hore ba rapele.​—Mat. 26:42-45.

Rapela ka nako eo o sa kgathalang haholo (Sheba serapa sa 12)

12. Re ka etsang haeba re tshwenyehile kapa re kgathetse haholo hoo re sitwang ho rapela?

12Kgetha nako e nepahetseng. Ka dinako tse ding, re ka tshwenyeha kapa ra kgathala hoo re sitwang le ho rapela. Haeba o kile wa ikutlwa jwalo, ha o mong. Boemong boo o ka etsang? Batho ba bang ba neng ba tlwaetse ho rapela Jehova bosiu, ba bone ho le molemo ho rapela pele e eba bosiu ha ba eso ka ba kgathala. Ba bang ba hlokometse hore ba kgona ho rapela hantle ha ba le boemong bo itseng, ka mohlala ha ba dutse kapa ba kgumame. Empa o ka etsang haeba o tshwenyehile haholo kapa o nyahame hoo o sa kgoneng ho rapela? Bolella Jehova hore na o ikutlwa jwang. O ka kgodiseha hore Ntate wa rona o tla utlwisisa hobane o mohau.​—Pes. 139:4.

Qoba ho araba melaetsa le diimeile ka nako ya diboka (Sheba serapa sa 13 le 14)

13. Disebediswa tsa elektronike di ka re sitisa jwang ha re leka ho rapela, ho ithuta le ha re le dibokeng?

13Ha o ithuta o se ke wa dumella letho ho o sitisa. Thapelo ha se yona feela tsela ya ho matlafatsa setswalle sa rona le Jehova. Dintho tse ding tse ka re thusang ho atamela ho Modimo ke ho ithuta Lentswe la hae le ho ya dibokeng. Na ho na le ntho e nngwe eo o ka e etsang e le hore o sebedise nako ya ho ithuta le ya diboka hantle? Ipotse, ‘Ke dintho dife tse ka ntshitisang ha ke le dibokeng kapa ha ke ntse ke ithuta?’ Na o sitiswa ke batho ba o letsetsang, diimeile kapa melaetsa e kenang fonong kapa sesebedisweng le ha e le sefe sa elektronike? Mehleng ena, batho ba bangata ba na le disebediswa tsena. Bafuputsi ba bang ba re ho thata ho beha maikutlo tabeng e itseng haeba fono e le teng pela rona. Setsebi se seng se re: “Ha o kgone ho beha kelello ya hao nthong eo o ntseng o e etsa, o ntse o nahana ka ntho e nngwe.” Pele kopano e qala, hangata re kopuwa ho beha disebediswa tsa rona tsa elektronike boemong boo di ke keng tsa sitisa batho ba bang. Re ka etsa se tshwanang ka disebediswa tsa rona tsa elektronike e le hore di se ke tsa re sitisa ha re ithuta, re rapela le ha re le dibokeng.

14. Bafilipi 4:6, 7 e re Jehova o tla o thusa jwang hore kelello ya hao e se ke ya lelera?

14Kopa hore Jehova a o thuse hore kelello ya hao e se ke ya lelera. Ha o hlokomela hore o ntse o nahana ka dintho tse ding ha o ithuta kapa o le dibokeng, kopa Jehova hore a o thuse. Haeba ho ena le ntho e o tshwenyang ho ka nna ha eba thata ho beha kelello ya hao Lentsweng la Modimo. Empa ho bohlokwa ho etsa jwalo. Rapella kgotso e tla lebela pelo ya hao le ‘matla a hao a kelello.’​—Bala Bafilipi 4:6, 7.

NAKO EO RE E QETANG LE JEHOVA E RE TSWELA MOLEMO

15. Ke molemo ofe oo re o fumanang ha re qeta nako le Jehova?

15 Haeba o ipha nako ya ho bua le Jehova, ho mo mamela le ho nahana ka yena, o tla fumana molemo o moholo. Jwang? Ntlha ya pele, o tla etsa diqeto tse bohlale. Bibele e re tiisetsa hore “ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” (Liprov. 13:20) Ka hoo haeba o qeta nako le Mohlodi wa bohlale e leng Jehova, o tla ba bohlale le ho feta. O tla utlwisisa hantle hore na o ka mo kgahlisa jwang le hore na ke jwang o ka qobang ho etsa diqeto tse ka mo utlwisang bohloko.

16. Ho qeta nako le Jehova ho re thusa jwang hore re be matitjhere a hlwahlwa?

16 Ntlha ya bobedi, o tla ba titjhere e hlwahlwa. Ha re ithuta Bibele le motho, ntho e ka sehloohong eo re e batlang ke ho mo thusa hore e be motswalle wa Jehova. Ha re dula re rapela Jehova le ho ithuta ka yena, re tla mo rata le ho feta. Ha re mo rata haholo, re tla kgona ho thusa batho bao re ithutang le bona hore ba mo rate. Nahana ka mohlala wa Jesu. O ile a bua ka Ntate wa hae ka tsela e amang maikutlo mme ho etsa jwalo ho ile ha thusa barutuwa ba hae hore ba rate Jehova.​—Joh. 17:25, 26.

17. Ke hobaneng ha re ka re ho rapela le ho ithuta ho matlafatsa tumelo ya rona?

17 Ntlha ya boraro, tumelo ya hao e tla matlafala. Nahana hore na ho etsahalang haeba o kopa Modimo hore a o tataise, a o tshedise kapa a o tshehetse. Ka mehla ha Jehova a arabela dithapelo tseo, tumelo ya hao e a matlafala. (1 Joh. 5:15) Ke eng hape e ka matlafatsang tumelo ya hao? Ke ho ithuta. Hopola hore “tumelo e latela ntho e utlwilweng.” (Bar. 10:17) Le ha ho le jwalo, e le hore re tle re be le tumelo e matla, re hloka ho etsa ho fetang feela ho ithuta. Ebe re hloka ho etsang hape?

18. Fana ka mohlala o bontshang hore na ke hobaneng ha re tlameha ho nahanisisa.

18 Re lokela ho nahanisisa ka ntho eo re ithutang yona. Nahana ka ntho e ileng ya hlahela mongodi wa Pesaleme ya 77. O ne a nyahame hobane o ne a utlwa eka Jehova ha a sa amohela setjhaba sa Iseraele ho akarelletsa le yena. Hape o ne a se a sa bo hlothe bosiu ka lebaka la ho tshwenyeha ka taba eo. (Ditemana 2-8) O ile a etsang? O ile a re ho Jehova: “Ke tla thuisa ka mosebetsi wohle wa hao, ke tla nahanisisa ka mesebetsi ya hao.” (Temana ya 12) Ke nnete hore mopesaleme o ne a tseba hantle dintho tseo Jehova a di etseditseng batho ba hae nakong e fetileng. Empa o ne a ntse a ipotsa: “Na Modimo o lebetse ho bontsha mohau, kapa na o thibile mehauhelo ya hae ka bohale?” (Temana ya 9) O ile a nahanisisa ka diketso tsa Jehova le hore o ne a ile a bontsha mohau le qenehelo nakong e fetileng. (Temana ya 11) Qetello ya seo e bile efe? Mopesaleme o ile a kgodiseha hore Jehova a ke ke a lahla batho ba hae. (Temana ya 15) Ka tsela e tshwanang, tumelo ya hao e tla matlafala ha o nahanisisa ka dintho tseo Jehova a seng a di etseditse batho ba hae le tseo a seng a o etseditse tsona.

19. Molemo o mong wa ho qeta nako le Jehova ke ofe?

19 Ntlha ya bone e bile e le ya bohlokwa ka ho fetisisa, ke hore o tla rata Jehova le ho feta. Lerato ke lona le ka sehloohong le tla o susumelletsa ho mamela Jehova, ho itella yena e le hore o mo thabise le ho mamella diteko le ha e le dife. (Mat. 22:37-39; 1 Bakor. 13:4, 7; 1 Joh. 5:3) Ha ho na ntho ya bohlokwa ho feta ho ba le setswalle se haufi le Jehova.​—Pes. 63:1-8.

20. O tla etsang hore o be le nako ya ho rapela, ho ithuta le ho nahanisisa?

20 Hopola hore ho ithuta, ho rapela le ho nahanisisa ke karolo ya borapedi ba rona. Etsisa Jesu ka hore o batle dibaka tse thotseng moo o ka qetang nako le Jehova. Qoba ditshitiso tse sa hlokahaleng. Kopa Jehova hore a o thuse ho beha kelello Lentsweng la hae. Haeba o sebedisa nako ya hao hantle hona jwale, Jehova o tla o putsa ka hore a o fe bophelo bo sa feleng lefatsheng le letjha.​—Mar. 4:24.

PINA YA 28 Ho Fumana Botswalle ba Jehova

^ par. 5 Jehova ke motswalle wa rona wa hlooho ya kgomo. Re nka setswalle sa rona le yena e le sa bohlokwa mme re batla ho mo tseba hantle. Feela jwalo ka ha ho nka nako ho tseba motho, le ho matlafatsa setswalle sa rona le Jehova ho nka nako. Ka ha bophelo bo maphathaphathe, re ka etsa nako ya ho atamela ho Ntate wa rona wa lehodimo jwang, hona ho etsa jwalo ho tla re tswela molemo jwang?