Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta

Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta

Na o rata ho bala dipale tsa bophelo tsa Bakrestemmoho?

Banyalani ba bang ba balang pale ya bophelo hoseng ho hong le ho hong ba re: “Ho bala dihlooho tsena ho a re kgothatsa ebile ho etsa hore re thabe. Di a re hopotsa hore le rona re ka kgona ho tshepahala ho sa tsotellehe maemo ao re leng ho ona.” Moradiwabo rona e mong le yena o ikutlwa ka tsela eo, o re: “Dipale tsena tsa bophelo di a tshedisa, di a thabisa hape di etsa hore ke batle ho etsa ho hong tshebeletsong. Bakrestemmoho le rona ba dipaleng tsena ba a tseba hore na ba phelela eng. Dipale tsena di etsa hore ke batle ho eketsa nako eo ke e qetang ke ruta batho ka molaetsa wa Bibele ebile di nthusa hore ke kgothaletse bana ba ka hore ba be tshebeletsong ya nako e tletseng.”

Dipale tsa bophelo di ka etsa hore o batle ho eketsa nako eo o e qetang o sebeletsa Jehova, o qobe ho nyahamiswa ke mefokolo ya hao le hore o mamelle diteko tse boima o thabile. O ka fumana dipale tsee hokae?

  • Batla sehlooho se reng, “Dipale Tsa Bophelo” ho LAEBRARI E INTHANETENG YA Watchtower, Watchtower Library le ho jw.org.