Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 2

Fetola Tsela eo o Nahanang ka Yona

Fetola Tsela eo o Nahanang ka Yona

“Le dumelle Modimo hore a fetole tsela eo le nahanang ka yona e le hore le ka ikgodisa hore thato ya Modimo e molemo, e a amoheleha hape e phethahetse.”​—BAR. 12:2.

PINA YA 88 Ntsebise Ditsela Tsa Hao

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1, 2. Re lokela ho dula re etsang ka mora hore re kolobetswe mme ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re etse jwalo?

 O HLWEKISA ntlo ya hao hangata hakae? E ka nna yaba pele o qala ho dula ho yona o ile wa e hlwekisa haholo. Empa e ne e tla ba jwang haeba o ne o ke ke wa hlola o e hlwekisa ka mora moo? Kapele feela e ne e tla ba lerole mme e be bohlaswa. O lokela ho hlwekisa ntlo ya hao hangata e le hore e dule e hlwekile.

2 Ka tsela e tshwanang, re lokela ho dula re lokisa tsela eo re etsang dintho ka yona le eo re nahanang ka yona. Pele re kolobetswa, re ile ra sebetsa ka thata ho lokisa tsela eo re etsang dintho ka yona e le hore re ‘itlhwekise mmeleng le kelellong.’ (2  Bakor. 7:1) Le ha ho le jwalo, re lokela ho latela keletso ya moapostola Pauluse e reng ‘re nne re ntjhafatse tsela eo re nahanang ka yona.’ (Baef. 4:​23) Ke hobaneng ha re lokela ho dula re lokisa tsela eo re etsang dintho ka yona? Lebaka ke hore lefatshe le ka etsa hore re silafale kapele feela. E le hore re qobe ho silafatswa ke lefatshe lena le hore re dule re kgahlisa Jehova, re lokela ho dula re hlahloba dintho tseo re di ratang, tseo re di nahanang le botho ba rona.

DULANG LE ‘FETOLA TSELA EO LE NAHANANG KA YONA’

3. Ho fetola tsela eo re nahanang ka yona ho bolelang? (Baroma 12:2)

3 Re lokela ho etsang e le hore re fetole tsela eo re nahanang ka yona? (Bala Baroma 12:2.) Polelwana ya Segerike e fetoletsweng e le ‘ho fetola tsela eo le nahanang ka yona’ e ka boela ya bolela ho lokisa tsela eo re nahanang ka yona jwalo ka ha motho a ntjhafatsa ntlo. Sena se bolela hore ha re a lokela ho etsa dintho tse seng kae feela tse ntle. Ho ena le hoo, re lokela ho itseba hantle hore na re batho ba jwang mme re etse diphetoho tse hlokahalang e le hore re ka mamela melao ya Jehova ka hohle ka moo re ka kgonang. Re lokela ho etsa sena ka mehla eseng hanngwe feela.

Na diqeto tseo ke di etsang mabapi le ho ya yunivesithi le mosebetsi oo ke o kgethang di bontsha hore ke beha dintho tse amanang le Mmuso wa Modimo pele? (Sheba serapa sa 4 le 5) c

4. Re ka etsang hore tsela eo re nahanang ka yona e se ke ya susumetswa ke lefatshe lee?

4 Ha re se re phethahetse, re tla dula re etsa dintho tse kgahlisang Jehova nthong e nngwe le e nngwe eo re e etsang. Empa hona jwale ha re ntse re emetse nako eo, re lokela ho sebetsa ka thata hore re kgahlise Jehova. Ho Baroma 12:​2, Pauluse o re re dumelle Modimo hore a fetole tsela eo re nahanang ka yona e le hore re tsebe hore na thato ya hae ke efe. Ho ena le ho dumella lefatshe hore le susumetse tsela eo re etsang dintho ka yona, re lokela ho itlhahloba e le hore re bone hore na diqeto tseo re di etsang le dintho tseo re di labalabelang di susumetswa ke Modimo kapa ke lefatshe lena.

5. Ke dipotso dife tseo re ka ipotsang tsona ho bona hore na re nahana jwang ka letsatsi la Jehova le haufi? (Sheba setshwantsho.)

5 Nahana ka mohlala ona. Jehova o batla hore ‘re nne re lebelle letsatsi la hae mme re dule re le hopola.’ (2 Pet. 3:​12) Ipotse: ‘Na tsela eo ke phelang ka yona e bontsha hore ke a utlwisisa hore lefatshe lee le kgopo le haufi le ho fela? Na diqeto tseo ke di etsang mabapi le mosebetsi kapa ho ya yunivesithi di bontsha hore ntho e tlang pele bophelong ba ka ke ho sebeletsa Jehova? Na ke dula ke tshwenyehile ka dintho tseo ke di hlokang ho ena le ho ba le tumelo ya hore Jehova o tla ntlhokomela le lelapa la ka?’ Jehova o thaba haholo ha a bona re leka ho etsa thato ya hae nthong e nngwe le e nngwe eo re e etsang.​—Mat. 6:​25-27, 33; Bafil. 4:​12, 13.

6. Keng eo re lokelang ho dula re e etsa?

6 Re lokela ho dula re hlahloba tsela eo re nahanang ka yona mme re etse diphetoho tse hlokahalang. Pauluse o ile a eletsa Bakorinthe a re: “Le nne le itlhahlobe hore na tumelo ya lona e tiile, le nne le itlhahlobe hore na le batho ba mofuta ofe.” (2 Bakor. 13:5) Ho ba le ‘tumelo e tiileng’ ha ho bolele feela ho ya dibokeng tsa Bokreste ka mehla le ho ya tshimong. Ho akareletsa dintho tseo re di nahanang, tseo re di labalabelang le sepheo sa rona sa ho etsa dintho. Ka hoo, re lokela ho fetola dikelello tsa rona ka ho bala Lentswe la Modimo, re nahane ka tsela eo a nahanang ka yona mme re etse dintho tsohle tse hlokahalang e le hore re mo kgahlise.​—1 Bakor. 2:​14-16.

“LE APARE BOTHO BO BOTJHA”

7. Ho ya ka Baefese 4:​31, 32, keng hape eo re lokelang ho e etsa, hona ke hobaneng ha ho ka ba thata?

7 Bala Baefese 4:​31, 32. Ntle le ho fetola tsela eo re nahanang ka yona, re boetse re lokela ho ‘apara botho bo botjha.’ (Baef. 4:​24) Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re etse jwalo. Re lokela ho sebetsa ka thata ho hlola mekgwa e mebe jwalo ka bohale le lehloyo. Ke hobaneng ha ho ka ba thata? Hobane mekgwa e meng ho ka ba thata ho e tlohela. Ka mohlala, Bibele e re batho ba bang ‘ba bohale’ hape ‘ba rata ho halefa.’ (Diprov. 29:​22) Ho ke ke ha eba bonolo ho laola mekgwa ena ha re se re e tlwaetse. Ka hoo, ho hlokahala hore re dule re sebetsa ka thata esita le ka mora hore re kolobetswe. Re tla bona sena mohlaleng o latelang.

8, 9. Mohlala wa Morabo rona Stephen o bontsha jwang hore re lokela ho tswela pele ho hlobola botho ba kgale?

8 Morabo rona Stephen o ne a thatafallwa ke ho laola bohale. O re: “Ke ile ka nna ka lokela ho sebetsa ka thata ho laola kgalefo esita le ka mora hore ke kolobetswe. Ka mohlala, ha re ntse re sebetsa ka ntlo le ntlo tshimong, ke ile ka lelekisa leshodu le neng le qeta ho utswa radio koloing ya ka. Ha ke le haufi le ho fihla ho lona, le ile la lahla radio eo yaba le a baleha. Ha ke bolella batho ba bang hore na ke fumane radio ya ka jwang, moholo e mong o ile a mpotsa a re: ‘Stephen, o ne o tlo etsang ha o ne o ka mo tshwara?’ Potso eo e ile ya etsa hore ke nahane mme e ile ya nthusa ho sebetsa ka thata hore ke dule ke ena le kgotso le batho ba bang.” b

9 Mohlala wa Morabo rona Stephen o bontsha hore mekgwa e mebe eo re ileng ra e lwantsha e ka kgutla re sa hlokomele. Haeba seo se o etsahalla, o se ke wa nyahama mme wa nahana hore o hlolehile. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha ke batla ho etsa dintho tse nepahetseng, tse mpe di teng ho nna.” (Bar. 7:​21-23) Bakreste bohle ha ba a phethahala mme ba lokela ho dula ba lwantsha mekgwa e seng metle e jwalo ka lerole le ditshila tse silafatsang ntlo. Re lokela ho dula re sebetsa ka thata e le hore re dule re hlwekile. Re ka etsa seo jwang?

10. Ke jwang re ka lwantshang mekgwa e mebe? (1 Johanne 5:​14, 15)

10 Rapela Jehova hore a o thuse ho sebetsana le mekgwa e mebe eo ho leng thata ho e tlohela, o kgodisehile hore o tla arabela thapelo ya hao mme a o thuse. (Bala 1 Johanne 5:​14, 15.) Jehova a ka o fa matla a ho lwantsha mekgwa e mebe eo o nang le yona le hoja a ke ke a e fedisa ka mohlolo. (1 Pet. 5:​10) Ho ntse ho le jwalo, sebetsa ka thata hore o etse dintho tumellanong le dithapelo tsa hao ka hore o qobe dintho tse tla etsa hore o kgutlele bothong ba kgale. Ka mohlala, o se ke wa shebella dimovie, wa shebella mananeo a thelevishene kapa wa bala dipale tse ka etsang hore o kgutlele bothong ba kgale. Hape o se ke wa dumella kelello ya hao hore e dule e nahana ka dintho tse fosahetseng.​—Bafil. 4:8; Bakol. 3:2.

11. Re ka etsang e le hore re tswele pele ho apara botho bo botjha?

11 Ka mora hore re hlobole botho ba kgale, ke ha bohlokwa hore re apare botho bo botjha. Re ka etsa seo jwang? Ikemisetse ho etsisa Jehova ha o ntse o ithuta ka makgabane a hae. (Baef. 5:​1, 2) Ka mohlala, ha o bala tlaleho ya Bibele e bontshang ka moo Jehova a tshwarelang ka teng, ipotse: ‘Na ke tshwarela batho ba bang?’ Ha o bala tlaleho e buang ka moo Jehova a utlwelang batho ba futsanehileng bohloko ka teng, ipotse: ‘Na ke bontsha boikutlo bo tshwanang ho Bakrestemmoho le nna ba hlokang, hona na ke etsa ho hong ho ba thusa?’ Dula o fetola tsela eo o nahanang ka yona ka ho apara botho bo botjha mme o be le mamello ha o ntse o etsa jwalo.

12. Morabo rona Stephen o ile a bona jwang hore Bibele e fetola batho?

12 Morabo rona Stephen eo re buileng ka yena o re o ile a hlokomela hore o atlehile ho apara botho bo botjha butlebutle. O re: “Ho tloha ha ke kolobetswa, ke ile ka ba maemong ao ho wona ke ileng ka tlameha ho laola kgalefo. Ke ile ka ithuta hore ke lokela ho tloha ho batho ba nkgalefisang kapa ke fumane tsela ya ho thibela boemo boo ho mpefala. Batho ba bangata ho akareletsa le mosadi wa ka, ba ile ba mpabatsa ka moo ke ileng ka sebetsana le maemo ana ka teng. Le nna ke ne ke sa ikgolwe. Ha ke ithorise ka diphetoho tsena tseo ke di entseng. Ho ena le hoo, ke dumela hore ke bopaki ba hore Bibele e kgona ho fetola batho.”

DULA O LWANTSHA DITAKATSO TSE FOSAHETSENG

13. Keng e ka re thusang hore re etse dintho tse nepahetseng? (Bagalata 5:16)

13 Bala Bagalata 5:​16. Jehova o fana ka moya wa hae o halalelang ho re thusa ho atleha ho etsa se nepahetseng. Ha re bala Lentswe la Modimo, re dumella moya oo o halalelang hore o re susumetse. Re boetse re fumana moya o halalelang ha re le dibokeng. Re ba le bara le baradibabo rona ba lekang ka thata ho etsa se nepahetseng jwalo ka rona mme taba eo e a re kgothatsa. (Baheb. 10:​24, 25; 13:7) Hape Jehova o re fa moya o halalelang ha re mo kopa hore a re thuse ho lwantsha mefokolo ya rona. Moya oo o halalelang o re fa matla mme o re thusa hore re se ke ra tela. Le hoja dintho tsena di ke ke tsa fedisa ditakatso tse fosahetseng, di ka re thusa hore re se ke ra hlolwa ke ditakatso tseo. Jwalo ka ha Bagalata 5:​16 e bontsha, ba tataiswang ke moya o halalelang ‘ba ke ke ba batla ho etsa dintho tse mpe.’

14. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho dula re lwanela ho etsa dintho tse nepahetseng?

14 Ha re se re qadile ho etsa dintho tse tla re thusa ho matlafatsa setswalle sa rona le Jehova, ho bohlokwa hore re dule re etsa dintho tseo. Hape re dule re batla ho etsa dintho tse nepahetseng. Hobaneng? Hobane ka dinako tsohle, re tla dula re lekeha ho etsa dintho tse fosahetseng. Le ka mora hore re kolobetswe, re ka nna ra ba le takatso ya ho etsa dintho tse fosahetseng. Ka mohlala, dintho tseo e ka ba ho betjha, botahwa le pornography. (Baef. 5:​3, 4) Morabo rona e mong e motjha o re: “E nngwe ya dintho tse thata tseo ke ileng ka lwantshana le tsona, ke ho kgahlwa ke batho ba bong bo tshwanang le ba ka. Ke ne ke nahana hore maikutlo ao a tla fela empa ke ntse ke ena le ona.” O ka thuswa keng haeba o ena le takatso e matla e fosahetseng?

Ha o eba le ditakatso tse fosahetseng, o se ke wa lahla tshepo. Batho ba bang ba ile ba eba le ditakatso tse fosahetseng mme ba di hlola. (Sheba serapa sa 15 le 16)

15. Ke hobaneng ha ho kgothatsa ho tseba hore “batho ba bang” ba ntse ba eba le ditakatso tse fosahetseng? (Sheba setshwantsho.)

15 Ha o ntse o lwantshana le takatso e matla e fosahetseng, hopola hore ha o mong. Bibele e re: “Diteko tsohle tse le hlahelang di kile tsa hlahela batho ba bang.” (1 Bakor. 10:​13a) Phetolelo e nngwe ya Bibele ha e fetolela temana ena e re: “Ha ho moleko o le hlahetseng o sa tlwaelehang ho batho.” Mantswe ao a ne a lebisitswe ho banna le basadi ba Bakreste phuthehong ya Korinthe. Ba bang pele e eba Bakreste ba ne ba phela ka boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano, ba tahwa hape banna ba robala le banna ba bang. (1 Bakor. 6:​9-11) Na o nahana hore ka mora hore ba kolobetswe ba ne ba se ba se na ditakatso tse fosahetseng tseo ba lokelang ho di lwantsha? E ke ke yaba ho jwalo. Ke nnete hore kaofela ha bona e ne e le Bakreste ba tlotsitsweng empa le bona ba ne ba sa phethahala. Ha ho pelaelo hore ba ile ba tlameha ho dula ba ntse ba lwantshana le ditakatso tse fosahetseng. Taba eo e lokela ho o kgothatsa. Hobaneng? Hobane e bontsha hore takatso efe kapa efe e fosahetseng eo o lwantshanang le yona, motho e mong o kgonne ho e hlola. Ho hlakile hore o ka kgona ho dula o ena le ‘tumelo e matla, o tseba hore dintho tse bohloko tse o hlahelang di ntse di hlahela bana beno bohle lefatsheng.’​—1 Pet. 5:9.

16. Ke kotsi efe eo re lokelang ho e qoba, hona hobaneng?

16 Qoba kotsi ya ho nahana hore ha ho na motho ya ka utlwisisang bothata bo itseng boo o tobaneng le bona. Ho nahana ka tsela eo ho ka etsa hore o se ke wa ba le tshepo hape o nahane hore ha o na matla a ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng. Empa Bibele yona e re: “Modimo o a tshepahala mme a ke ke a dumella hore le hlahelwe ke diteko tseo le ke keng la kgona ho di mamella. Ha le lekwa, o tla le thusa e le hore le kgone ho mamella.” (1 Bakor. 10:​13b) Ka hoo, Le ha takatso e fosahetseng e ka ba matla, re ka kgona ho dula re tshepahalla Jehova. A ka re thusa hore re se ke ra inehela.

17. Le hoja re ke ke ra qoba ho ba le ditakatso tse fosahetseng, keng eo re ka e etsang?

17 Dula o hopola hore re ke ke ra qoba ho ba le ditakatso tse fosahetseng hobane ha re a phethahala. Empa re ka kgona ho di hanela kapele feela jwalo ka ha Josefa a ile a etsa ha a baleha mosadi wa Potifaro. (Gen. 39:​12) Ha ho hlokahale hore o inehele ditakatsong tse fosahetseng.

TSWELA PELE HO SEBETSA KA THATA

18, 19. Ke dipotso dife tseo re ka ipotsang tsona ha re ntse re lwanela ho fetola tsela eo re nahanang ka yona?

18 Ho fetola tsela eo re nahanang ka yona ho bolela ho dula re etsa bonnete ba hore menahano ya rona le diketso tsa rona di kgahlisa Jehova. Ka hoo, re lokela ho itlhahloba mme re ipotse: ‘Na tsela eo ke etsang dintho ka yona e bontsha hore ke a hlokomela hore re phela matsatsing a ho qetela? Na ke ntse ke tswela pele ho apara botho bo botjha? Na ke dumella moya o halalelang wa Jehova ho ntataisa bophelong e le hore nka hanela ditakatso tse fosahetseng?’

19 Ha o itlhahloba, o se ke wa lebella hore o ke ke wa ba le diphoso, empa o thabele diphetoho tseo o seng o di entse. O se ke wa nyahama ha o hlokomela hore o lokela ho etsa diphetoho. Ho ena le hoo, latela keletso e ho Bafilipi 3:​16 e reng: “A re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse.” Ha o ntse o etsa jwalo, kgodiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho fetola tsela eo o nahanang ka yona.

PINA YA 36 Re Lebela Dipelo Tsa Rona

a Moapostola Pauluse o ile a eletsa badumedimmoho le yena hore ba se ke ba etsa dintho ka tsela eo batho ba sa sebeletseng Modimo ba di etsang ka yona. Keletso ena e bohlokwa haholo le ho rona mehleng ena. Re lokela ho etsa bonnete ba hore tsela eo re etsang dintho ka yona ha e susumetswe ke batho ba sa rapeleng Modimo. E le hore re atlehe, re lokela ho dula re lokisa tsela eo re nahanang ka yona haeba re hlokomela hore ha e kgahlise Modimo. Sehloohong sena re tla hlahloba hore na re ka thuswa keng ho etsa jwalo.

b Sheba sehlooho se reng “Bophelo ba ka bo ne bo Ntse bo Mpefala” ho Molula-Qhooa wa July 1, 2015.

c DITSHWANTSHO: Morabo rona e motjha o ntse a nahana ka hore na o tla ya yunivesithi kapa e tla ba pulamadiboho.