Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 4

Jehova o a re Hlohonolofatsa ha re Leka ka Hohle ho Ikgopotsa Lefu la Jesu

Jehova o a re Hlohonolofatsa ha re Leka ka Hohle ho Ikgopotsa Lefu la Jesu

“Le nne le etse tjena ho nkgopola.”​—LUKA 22:19.

PINA YA 19 Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1, 2. Ke hobaneng ha re eya Sehopotsong selemo le selemo?

 HOO e ka bang dilemo tse 2 000 tse fetileng, Jesu o ile a re shwela e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Bosiung ba pele Jesu a shwa, o ile a laela balatedi ba hae hore ba hopole lerato leo a ileng a ba bontsha lona ka hore ba etse mokete ka bohobe le veine.​—1 Bakor. 11:​23-26.

2 Re mamela taelo ya Jesu hobane re mo rata haholo. (Joh. 14:​15) Selemo le selemo pele ho Sehopotso le ka mora sona, re bontsha hore re ananela seo Jesu a re etseditseng sona ka hore re iphe nako ya ho rapela le ho nahanisisa ka hore na lefu la hae le re tswela molemo jwang. Re boetse re leka ka hohle ho mema batho ba bangata hore ba be le rona moketeng ona wa bohlokwa. Re ikemiseditse hore re se ke ra dumella ntho le ha e le efe ho re sitisa ho ya Sehopotsong.

3. Re tlo bua kang sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tse tharo tseo bahlanka ba Jehova ba ileng ba leka ka hohle ho di etsa ho ikgopotsa lefu la Jesu: (1) ka hore ba keteke Sehopotso ka tsela eo Jesu a ba rutileng, (2) ka hore ba memele batho ba bang Sehopotsong le (3) ka hore ba keteke Sehopotso ho sa tsotellehe mathata ao ba bang le ona.

RE KETEKA SEHOPOTSO KA TSELA EO JESU A RE RUTILENG

4. Selemo le selemo ho arajwa dipotso dife Sehopotsong, hona ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re tsebe dikarabo tsa tsona? (Luka 22:​19, 20)

4 Selemo le selemo ha re le Sehopotsong, re mamela puo e thehilweng Bibeleng e arabang dipotso tse ngata ka tsela e hlakileng. Re ithuta hore na ke hobaneng ha batho ba hloka ho lopollwa le hore na ke jwang lefu la motho a le mong le ka lokollang batho ba bangata dibeng. Re hopotswa hore na bohobe le veine di tshwantshetsang le hore na ke bomang ba tshwanelang ho nwa veine le ho ja bohobe. (Bala Luka 22:​19, 20.) Hape re nahanisisa ka ditlhohonolofatso tseo batho ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng ba tla di fumana lefatsheng le letjha. (Esa. 35:​5, 6; 65:​17, 21-23) Ha re a lokela ho nka taba ena hanyane. Batho ba bangata ha ba tsebe dintho tsena ebile ha ba utlwisise hore na sehlabelo sa Jesu ke sa bohlokwa hakae. Ha ba ikgopotse lefu la Jesu ka tsela eo a rutileng balatedi ba hae ka yona. Ke hobaneng ha ho le jwalo?

5. Ka mora hore baapostola ba bangata ba hlokahale, batho ba ile ba qala ho ikgopotsa lefu la Jesu jwang?

5 Hanghang ka mora hore baapostola ba Jesu ba bangata ba hlokahale, Bakreste ba bohata ba ile ba kena ka phuthehong. (Mat. 13:​24-27, 37-39) Ba ile ba “sotha nnete ho kgelosa barutuwa hore ba ba sale morao.” (Dik. 20:​29, 30) Ba ile ba “sotha nnete” ya hore Jesu o ile a fana ka mmele wa hae “hanngwe ebile e le la ho qetela hore a jare dibe tsa ba bangata” jwalo ka ha Bibele e boletse. Ba ile ba re sehlabelo sa hae se lokela ho phetwa ka makgetlo a mangata. (Baheb. 9:​27, 28) Kajeno batho ba bangata ba kgolwa leshano lena. Ba ya dikerekeng beke le beke kapa letsatsi le leng le le leng ho etsa mokete oo ba o bitsang “Mmisa.” b Madumedi a mang ha se hangata a ketekang lefu la Jesu ebile ditho tsa ona ha di utlwisise hantle hore na sehlabelo sa Jesu se bohlokwa hakae. Batho ba bang ba ka nna ba ipotsa, ‘Na ka nnete lefu la Jesu le ka etsa hore dibe tsa rona di tshwarelwe?’ Ke hobaneng ha ba ipotsa potso ee? Ba thetsitswe ke batho ba belaellang taba ya hore re ka tshwarelwa dibe tsa rona ka lebaka la sehlabelo sa Jesu. Balatedi ba Jesu ba nnete ba thusitse batho jwang ho utlwisisa taba ee ka tsela e nepahetseng?

6. Ka 1872, sehlopha sa Diithuti Tsa Bibele se ile sa utlwisisa eng?

6 Ka 1870, sehlopha sa Diithuti Tsa Bibele se neng se eteletswe pele ke Charles Taze Russell se ile sa qalella ho ithuta Bibele. Se ne se batla ho tseba nnete mabapi le sehlabelo sa Jesu le hore na lefu la hae le lokela ho hopolwa ka tsela efe. Ka 1872, Diithuti Tsa Bibele di ile tsa utlwisisa hore Jesu o ile a fana ka topollo bakeng sa batho bohle. Ha di a ka tsa thola ka seo di ithutileng sona. Ho ena le hoo, di ile tsa tsebisa batho taba ena di sebedisa dibuka, dikoranta le dimakasine. Hanghang ka mora moo, di ile tsa qala ho etsisa Bakreste ba mehleng ya baapostola ka hore di keteke Sehopotso hanngwe ka selemo.

7. Dintho tseo Diithuti Tsa Bibele di ileng tsa ithuta tsona di re tswela molemo jwang?

7 Dintho tseo Diithuti Tsa Bibele di ileng tsa ithuta tsona dilemo tse ngata tse fetileng di re tswela molemo le mehleng ena. Di re tswela molemo jwang? Jehova o ile a re thusa ho utlwisisa nnete ka sehlabelo sa Jesu le hore na se tla tswela batho bohle molemo jwang. (1 Joh. 2:​1, 2) Re boetse re ithutile ka moo Bibele e hlalosang tshepo eo batho ba thabisang Modimo ba nang le yona. Ba bangata ba tla phela ka ho sa feleng lefatsheng mme ba bang ba tla phela ka ho sa feleng lehodimong ba sa shwe. Re ba metswalle ya Jehova ha re hlokomela hore na o re rata hakae le hore na sehlabelo sa Jesu se re tswela molemo jwang. (1 Pet. 3:​18; 1 Joh. 4:9) Re etsisa Bakreste ba nakong e fetileng ka hore re meme batho ba bang hore ba tlo ikgopotsa le rona lefu la Jesu ka tsela eo a ileng a ruta balatedi ba hae hore ba etse ka yona.

RE MEMELA BATHO BA BANG SEHOPOTSONG

O ka etsang hore o itokisetse ho ba teng mosebetsing wa ho memela batho Sehopotsong? (Sheba serapa sa 8-10) e

8. Bahlanka ba Jehova ba ile ba etsang ho memela batho ba bang Sehopotsong? (Sheba setshwantsho.)

8 Haesale bahlanka ba Jehova ba ntse ba memela batho Sehopotsong ka dilemo tse ngata. Ka 1881, bara le baradibabo rona ba Amerika ba ile ba memelwa ho ya keteka ketsahalo eo ya bohlokwa ntlong ya morabo rona e mong e Allegheny, Pennsylvania. Ha morao, phutheho e nngwe le e nngwe e ile ya itshwarela Sehopotso. Ka March 1940, ditho tsa phutheho di ile tsa bolellwa hore di ka mema motho e mong le e mong ya thabelang ho ya Sehopotsong. Ka 1960, Bethele e ile ya romella diphutheho dimemo tse hatisitsweng ka lekgetlo la pele. Ho tloha ka nako eo, ho ile ha fanwa ka dimemo tse ngata tsa Sehopotso. Ke hobaneng ha re sebetsa ka thata hakana ho mema batho ba bang?

9, 10. Ha re memela batho Sehopotsong, seo se tswela bomang molemo? (Johanne 3:16)

9 Lebaka leo ka lona re memelang batho hore ba tle Sehopotsong ke hore ba qalang ho tla ka lekgetlo la pele ba tsebe dintho tseo Jehova le Jesu ba re etseditseng tsona. (Bala Johanne 3:​16.) Re na le tshepo ya hore seo ba se bonang le ho se utlwa Sehopotsong se tla etsa hore ba batle ho ithuta dintho tse ding mme e be bahlanka ba Jehova. Ho na le batho ba bang bao Sehopotso se ba tswelang molemo.

10 Re boetse re mema batho ba seng ba tlohetse ho sebeletsa Jehova. Re etsa jwalo ho ba hopotsa hore Modimo o ntse a ba rata. Ba bangata ba kgona ho tla mme re thabela ho ba bona. Ha ba tlile Sehopotsong, sena se ba hopotsa ka moo ba neng ba thabela ho sebeletsa Jehova ka teng nakong e fetileng. Nahana ka pale ya Monica. c E ile ya eba mohweletsi hape nakong ya sewa sa COVID-19. Ka mora hore a ye Sehopotsong ka 2021, o ile a re: “Sehopotso sena e ne e le sa bohlokwa haholo ho nna. Ka lekgetlo la pele ka mora dilemo tse 20, ke ile ka kgona ho bolella batho molaetsa wa Bibele le ho ba memela Sehopotsong. Ke ile ka leka ka hohle hore ke meme batho hobane ke ananela seo Jehova le Jesu ba nketseditseng sona.” (Pes. 103:​1-4) Ho sa tsotellehe hore na batho ba amohela memo kapa tjhe, re etsa sohle seo re ka se kgonang ho ba memela Sehopotsong hobane re a tseba hore Jehova o ananela dintho tseo re di etsang.

11. Jehova o re hlohonolofatsa jwang ha re leka ka hohle ho memela batho Sehopotsong? (Hagai 2:7)

11 Jehova o hlohonolofaditse sohle seo re se entseng ho memela batho Sehopotsong. Ho sa tsotellehe dithibelo tse ileng tsa eba teng ka lebaka la sewa sa COVID-19, batho ba 21 367 603 ba ile ba ya Sehopotsong ka 2021. Palo ena e feta ya Dipaki Tsa Jehova tse teng lefatsheng lohle ka makgetlo a mabedi le halofo. Jehova ha a shebe feela palo ya batho ba tlileng Sehopotsong empa o ela hloko motho e mong le e mong ya tlileng. (Luka 15:7; 1 Tim. 2:​3, 4) Re ka kgodiseha hore ha re mema batho ke tsela eo Jehova a re thusang ka yona hore re fumane batho ba thabelang ho ithuta Bibele.​—Bala Hagai 2:7.

RE THABELA HO YA SEHOPOTSONG LE HA RE ENA LE MATHATA

Jehova o a re hlohonolofatsa ha re leka ka hohle hore re tshware Sehopotso (Sheba serapa sa 12) f

12. Keng e ka etsang hore ho be thata hore re ye Sehopotsong? (Sheba setshwantsho.)

12 Jesu o ile a re matsatsing a ho qetela ho tla ba le mathata a mangata a kang ho hanyetswa ke ba lelapa, ho hloriswa, dintwa le tlala. (Mat. 10:​36; Mar. 13:9; Luka 21:​10, 11) Ka dinako tse ding, maemo ao a ka etsa hore ho be thata hore re ikgopotse lefu la Jesu. Bakrestemmoho le rona ba thusitswe keng ho hlola maemo ao a thata, hona Jehova o ba thusitse jwang?

13. Jehova o ile a hlohonolofatsa Artem jwang ka mora hore a tshware Sehopotso a le teronkong?

13 Bakreste ba teronkong. Bakrestemmoho ba kwalletsweng ka lebaka la tumelo ya bona ba leka ka hohle hore ba ikgopotse lefu la Jesu. Nahana ka pale ya Artem. Nakong ya Sehopotso sa 2020, o ile a kwallwa ka seleng e nyenyane e bolelele ba dimithara tse nne le bophara ba dimithara tse nne eo ho neng ho ka fella batho ba ka bang bahlano ho yona. Ho sa tsotellehe hore o ne a tshwerwe, o ile a kgona ho fumana bohobe ba Sehopotso le veine mme a itshwarela puo ya Sehopotso. Ba neng ba kwalletswe le yena ka seleng ba ne ba itsubela ebile ba ntse ba rohakana. O ile a etsang? O ile a ba kopa hore ba mpe ba emise ho tsuba le ho rohakana hora e le nngwe feela. Artem o ile a makala ha batshwaruwa bao ba kgaotsa ho tsuba le ho rohakana nakong ya Sehopotso. Artem o re: “Ke ile ka ba hlalosetsa ka Sehopotso.” Le hoja ba ne ba itse ha ba batle ho utlwa letho ka ketsahalo eo, ka mora hore ba bone le ho utlwa Artem a tshwara Sehopotso, ba ile ba mo botsa ka sona.

14. Ke ditlhophiso dife tse ileng tsa etswa hore ho tshwarwe Sehopotso ho sa tsotellehe sewa sa COVID-19?

14 Sewa sa COVID-19. Ha sewa sena se qala, Dipaki Tsa Jehova di ne di sa kgone ho tshwarela Sehopotso diholong. Taba eo ha e a ka ya ba sitisa ho tshwara Sehopotso. d Diphutheho tse ding di ile tsa tshwara Sehopotso di sebedisa marangrang. Batho ba bang ba neng ba se na Inthanete ba ile ba etsa jwang? Dinaheng tse ding diofisi tsa makala di ile tsa hlophisa hore lenaneo la Sehopotso le haswe thelevisheneng le radiong. Diofisi tsa makala di ile tsa boela tsa rekota puo ya Sehopotso ka dipuo tse fetang 500 molemong wa diphutheho tse se nang Inthanete hore le tsona di ka mamela puo eo. Barababo rona ba ile ba isa dipuo tse rekotilweng diphuthehong tse neng di di hloka.

15. Keng eo o ithutileng yona paleng ya Sue?

15 Ha ba lelapa ba re hanela ho sebeletsa Jehova. Batho ba bang ha ba kgone ho ya Sehopotsong hobane ba malapa a habo bona ha ba batle ha ba sebeletsa Jehova. A re ke re bueng ka pale ya moithuti e mong wa Bibele e leng Sue. Ka 2021 letsatsi pele ho Sehopotso, Sue o ile a bolella motho ya ithutang Bibele le yena hore a ke ke a kgona ho ya Sehopotsong hobane ba lelapa labo ba mo hanela ha a ya. Motho eo a ithutang Bibele le yena o ile a mo balla Luka 22:​44. Ka mora moo, o ile a mo hlalosetsa hore ha re eba le mathata re lokela ho etsisa mohlala wa Jesu ka hore re rapele Jehova le ho mo tshepa. Letsatsi le latelang, Sue o ile a fumana bohobe le veine mme a shebella lenaneo la Temana ya Letsatsi le kgethehileng ho jw.org. Mantsiboyeng ao, Sue o ile a ya kamoreng ya hae yaba o mamela lenaneo la Sehopotso ka founo. Ka mora Sehopotso, Sue o ile a ngolla motho ya ithutang Bibele le yena a re: “O nkgothaditse haholo maobane. Ke lekile ka hohle hore ke be teng Sehopotsong mme Jehova o ile a nthusa. Ke thabile hona hoo ke sa tsebeng le hore na nka o leboha ke reng.” Na o nahana hore le wena Jehova a ka o thusa ha o le boemong bo tshwanang le ba Sue?

16. Ke hobaneng ha re kgodisehile hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re eba teng Sehopotsong? (Baroma 8:​31, 32)

16 Jehova o a ananela ha re leka ka hohle hore re ikgopotse lefu la Jesu. Re kgodisehile hore o tla re hlohonolofatsa haeba re bontsha hore re ananela seo a re etseditseng sona. (Bala Baroma 8:​31, 32.) E se eka re ka ikemisetsa ho ba teng Sehopotsong sa selemong sena le ho eketsa nako eo re e qetang re sebeletsa Jehova.

PINA YA 18 Re a Leboha ka Thekollo

a Ka Labobedi la 4 April 2023, batho ba bangata lefatsheng lohle ba tla be ba ikgopotsa lefu la Kreste. Batho ba bang ba tla be ba qala ho ya Sehopotsong. Ba bang ba ileng ba tlohela ho sebeletsa Jehova le ho ya Sehopotsong ka dilemo tse ngata le bona ba tla be ba le teng. Maemo a batho ba bang a etsa hore ho be thata hore ba ye Sehopotsong, ho ntse ho le jwalo ba kgona ho ba teng. Ho sa tsotellehe hore na maemo a hao ke afe, o ka kgodiseha hore Jehova o tla thabiswa ke hore o ba teng Sehopotsong.

b Nakong eo dikereke di etsang mokete ona, di dumela hore bohobe bo fetoha mmele wa Kreste mme veine e fetoha madi a hae. Nako le nako ha di etsa mokete ona, di nahana hore di etsa sehlabelo ka mmele le madi a Jesu.

c Mabitso a mang a fetotswe.

d O ka boela wa bala dihlooho tse reng, “Sehopotso sa 2021” ho jw.org.

e DITSHWANTSHO: Haesale ho tloha ka 1960 dimemo tsa Sehopotso di ntse di ntlafatswa mme hona jwale di se di fumaneha di hatisitswe le Inthaneteng.

f DITSHWANTSHO: Dipaki Tsa Jehova di tshwere Sehopotso nakong eo ho nang le dintwa sebakeng seo di dulang ho sona.