Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 5

“Lerato Leo Kreste a Nang le Lona le a re Susumetsa”

“Lerato Leo Kreste a Nang le Lona le a re Susumetsa”

‘Lerato leo Kreste a nang le lona le a re susumetsa . . . e le hore re se ke ra hlola re iphelela.’​—2 BAKOR. 5:​14, 15.

PINA YA 13 Kreste, Mohlala wa Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1, 2. (a) Ho nahana ka bophelo ba Jesu le tshebeletso ya hae ho ka etsa hore re ikutlwe jwang? (b) Re tlo ithutang sehloohong see?

 HA MOTHO eo re mo ratang a hlokahala, re mo hopola haholo. Qalong re ka utlwa bohloko ha re nahana ka nako eo re e qetileng le yena pele a hlokahala, haholoholo ha re hopola bohloko boo a neng a bo utlwa. Ha nako e ntse e eya, re ka qala ho thaba ha re nahana ka ntho eo a re rutileng yona, eo a re etseditseng yona kapa tsela eo a re kgothaditseng ka yona e ileng ya etsa hore re thabe.

2 Ka tsela e tshwanang, re utlwa bohloko ha re bala ka bohloko boo Jesu a ileng a bo utlwa le ka lefu la hae. Nakong ena ya Sehopotso, re lokela ho nahana ka moo sehlabelo sa Jesu se leng bohlokwa ka teng. (1 Bakor. 11:​24, 25) Le ha ho le jwalo, re thaba haholo ha re nahana ka dintho tsohle tseo Jesu a di buileng le tseo a di entseng ha a ne a le lefatsheng. Re boetse re a kgothala ha re nahana ka dintho tseo a di etsang hona jwale le tseo a tla re etsetsa tsona nakong e tlang. Ho nahanisisa ka dintho tsena le lerato leo a re ratang ka lona, ho tla re susumetsa hore re bontshe ka diketso hore re ananela dintho tseo, jwalo ka ha re tlo ithuta sehloohong sena.

KANANELO E RE SUSUMETSA HORE RE BE BALATEDI BA JESU

3. Ke mabaka afe a etsang hore re ananele topollo?

3 Ho nahanisisa ka bophelo ba Jesu le lefu la hae ho etsa hore re be le kananelo. Ha Jesu a ntse a le lefatsheng, o ile a ruta batho ka ditlhohonolofatso tseo Mmuso wa Modimo o tlo di tlisa. Re ananela seo Bibele e se rutang ka topollo le dintho tse ntle tse tliswang ke yona. Re ananela topollo hobane e etsa hore re thabele ho ba metswalle ya Jehova le Jesu. Batho bohle ba dumelang ho Jesu ba boetse ba na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng le ho bona baratuwa ba bona ba hlokahetseng. (Joh. 5:​28, 29; Bar. 6:​23) Ha ho na letho leo re le entseng hore ebe Jehova o re hlohonolofaditse ka tsela ena ebile re ke ke ra kgona ho patala Modimo le Kreste ka dintho tsena tseo ba re etseditseng tsona. (Bar. 5:​8, 20, 21) Empa re ka ba bontsha hore re a di ananela. Re ka etsa seo jwang?

Ho nahanisisa ka mohlala wa Maria Magdalena ho etsa hore o batle ho bontsha kananelo jwang? (Sheba serapa sa 4 le 5)

4. Maria Magdalena o ile a bontsha jwang hore o ananela seo Jesu a mo etseditseng sona? (Sheba setshwantsho.)

4 A re bueng ka mohlala wa mosadi wa Mojuda e leng Maria Magdalena. Boemo ba hae bo ne bo le bobe haholo hobane bademona ba supileng ba ne ba mo sotla. E ka nna yaba o ne a bona eka ha ho na motho ya ka kgonang ho mo thusa. Ako nahane hore na o ne a thabile hakaakang ha Jesu a leleka bademona bao ho yena. Ho ananela ho ile ha mo susumeletsa hore e be molatedi wa Jesu mme o ile a sebedisa nako, matla le dintho tsa hae ho tshehetsa Jesu mosebetsing wa hae. (Luka 8:​1-3) Le hoja Maria a ne a ananela seo Jesu a mo etseditseng sona, e ka nna yaba o ne a sa tsebe hore Jesu o ne a tlo mo etsetsa ntho e kgolo ho feta moo. O ne a tlo fana ka bophelo ba hae molemong wa batho, “e le hore e mong le e mong ya bontshang hore o dumela ho yena” a ka fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 3:​16) Maria o ile a bontsha hore o ananela Jesu ka hore a mo tshepahalle. Ha Jesu a ntse a utlwa bohloko palong, Maria o ne a le pela hae, a tshedisa Jesu le ba bang. (Joh. 19:​25) Ka mora hore Jesu a shwe, Maria le basadi ba bang ba babedi ba ile ba isa dioli tse nkgang ha monate lebitleng bakeng sa lepato la Jesu. (Mar. 16:​1, 2) Jehova o ile a hlohonolofatsa Maria haholo ka ha o ile a tshepahalla Jesu. O ile a ba le monyetla wa ho kopana le ho bua le Jesu ka mora hore a tsoswe e leng monyetla oo barutuwa ba bangata ba sa kang ba eba le wona.​—Joh. 20:​11-18.

5. Re ka bontsha jwang hore re ananela dintho tsohle tseo Jehova le Jesu ba re etseditseng tsona?

5 Re ka bontsha hore re ananela dintho tsohle tseo Jehova le Jesu ba re etseditseng tsona ka ho sebedisa nako ya rona, matla a rona le tjhelete ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, re ka thusetsa ka ho haha mehaho eo re e sebedisetsang ho rapela Jehova le ho e boloka e le maemong a matle.

LERATO LEO RE RATANG JEHOVA LE JESU KA LONA LE RE SUSUMETSA HO RATA BA BANG

6. Ke hobaneng ha re ka re topollo ke mpho eo e mong le e mong wa rona a e filweng?

6 Ha re nahana ka moo Jehova le Jesu ba re ratang ka teng, le rona re susumeletseha hore re ba rate. (1 Joh. 4:​10, 19) Re ba rata le ho feta ha re hlokomela hore Jesu o shwetse e mong le e mong wa rona. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela sena mme a bontsha kananelo ha a ne a ngolla Bagalata a re: ‘Mora wa Modimo o ile a nthata a ba a fana ka bophelo ba hae molemong wa ka.’ (Bagal. 2:​20) Ka ha Jesu o ile a re shwela, Jehova o kgona ho re hulela ho yena hore re be metswalle ya hae. (Joh. 6:​44) Ho a thabisa hore ebe Jehova o ile a bona dintho tse ntle ho wena mme a patala theko e phahameng e le hore o ka ba e mong wa metswalle ya hae. E tlameha ebe taba ena e etsa hore o rate Jehova le Jesu le ho feta. Re lokela ho ipotsa, ‘Lerato leo ke ratang Jehova le Jesu ka lona le lokela ho ntshusumeletsa ho etsang?’

Lerato leo re ratang Modimo le Kreste ka lona le re susumeletsa hore re bue le batho bohle ka molaetsa wa Mmuso (Sheba serapa sa 7)

7. Kaofela ha rona re ka bontsha jwang hore re rata Jehova le Jesu jwalo ka ha setshwantsho se bontsha? (2 Bakorinthe 5:​14, 15; 6:​1, 2)

7 Lerato leo re ratang Modimo le Kreste ka lona le etsa hore re rate ba bang. (Bala 2 Bakorinthe 5:​14, 15; 6:​1, 2.) Tsela e nngwe eo re bontshang ka yona hore re a ba rata ke ka ho ruta molaetsa wa Bibele ka tjheseho. Re bua le motho e mong le e mong eo re kopanang le yena. Ha re kgetholle batho ka lebaka la morabe, setso, maemo a bona a ditjhelete le hore na ba rutehile kapa tjhe. Ha re etsa jwalo, re etsa seo Jehova a se batlang hobane thato ya hae ke hore “batho ba mefuta yohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ya nnete.”​—1 Tim. 2:4.

8. Re ka bontsha jwang hore re rata Bakrestemmoho le rona?

8 Re boetse re bontsha hore re rata Modimo le Kreste ka hore re rate Bakrestemmoho le rona. (1 Joh. 4:​21) Re bontsha hore re a ba kgathalla hape re a ba thusa ha ba ena le mathata. Re a ba tshedisa ha ba hlokahaletswe, re a ba etela ha ba kula hape re a ba kgothatsa ha ba nyahame. (2 Bakor. 1:​3-7; 1 Bathes. 5:​11, 14) Re dula re ba rapella hobane re a tseba hore “thapedi ya motho ya lokileng e matla haholo.”​—Jak. 5:16.

9. Re ka bontsha jwang hape hore re rata Bakrestemmoho le rona?

9 Re bontsha hore re rata Bakrestemmoho le rona ka hore re sebetse ka thata hore re dule re ena le kgotso le bona. Re leka ho etsisa tsela eo Jehova a tshwarelang batho ba bang ka yona. Haeba Jehova o ne a ikemiseditse ho tela Mora wa hae e le hore a shwele dibe tsa rona, na le rona re ka ikemisetsa ho tshwarela Bakrestemmoho le rona ha ba re kgopisa? Ha re batle ho tshwana le lekgoba le kgopo leo Jesu a buileng ka lona ho e nngwe ya dipapiso tsa hae. Le ka mora hore monga lona a hlakole sekoloto sa lona se seholo, lekgoba leo lona ha le a ka la tshwarela lekgobammoho le lona le neng le le kolota tjhelete e nyenyane. (Mat. 18:​23-35) Haeba ho bile le ho se utlwisisane pakeng tsa hao le Mokrestemmoho le wena, na o ka ya ho yena e le hore le bope kgotso pele o ya Sehopotsong? (Mat. 5:​23, 24) Ha o etsa jwalo, o tla be o bontsha hore o rata Jehova le Jesu haholo.

10, 11. Baholo ba ka bontsha jwang hore ba rata Jehova le Jesu? (1 Petrose 5:​1, 2)

10 Baholo ba ka bontsha jwang hore ba rata Jehova le Jesu? Tsela ya bohlokwa ke ka ho hlokomela dinku tsa Jesu. (Bala 1 Petrose 5:​1, 2.) Jesu o ile a hlakisetsa moapostola Petrose taba ena hantle. Ka mora hore Petrose a latole ka makgetlo a mararo hore o tseba Jesu, o ile a batla ho bontsha hore o mo rata haholo. Ka mora hore Jesu a tsoswe, o ile a botsa Petrose a re: “Simone mora wa Johanne, na o a nthata?” Re ka kgodiseha hore Petrose o ne a ka etsa eng kapa eng ho bontsha hore o rata Monga hae. Jesu o ile a re ho Petrose: “Disa dinku tsa ka tse nyenyane.” (Joh. 21:​15-17) Petrose o ile a hlokomela dinku tsa Morena bophelo ba hae bohle ho bontsha hore o a mo rata.

11 Baholo, dibeke pele ho Sehopotso le ka mora sona, le ka bontsha jwang hore mantswe ao Jesu a a buileng ho Petrose ke a bohlokwa ho lona? Le ka bontsha hore le rata Jehova le Jesu ka hore le dule le etsa maeto a bodisa le ka ho thusa batho ba seng ba tlohetse ho sebeletsa Jehova hore ba kgutlele ho yena. (Ezek. 34:​11, 12) Le ka boela la kgothatsa batho ba ithutang Bibele le batho ba tlileng Sehopotsong. Re batla hore ba ikutlwe ba amohetswe hobane re na le tshepo ya hore le bona e tla ba balatedi ba Jesu.

LERATO LEO RE RATANG KRESTE KA LONA LE RE SUSUMETSA HORE RE BE SEBETE

12. Ke hobaneng ha ho nahana ka mantswe ao Jesu a a buileng bosiung ba pele a shwa ho etsa hore re be sebete? (Johanne 16:​32, 33)

12 Bosiung ba pele Jesu a shwa, o ile a re ho barutuwa ba hae: “Lefatsheng mona le tla hlahelwa ke mathata empa le be sebete, ke hlotse lefatshe.” (Bala Johanne 16:​32, 33.) Ke eng e thusitseng Jesu hore a be sebete ha a kopana le dira tsa hae le hore a dule a tshepahala ho fihlela a shwa? O ne a tshepile Jehova. O ile a kopa hore Jehova a sireletse balatedi ba hae hobane o ne a tseba hore le bona ba tla hlahelwa ke diteko tse tshwanang. (Joh. 17:​11) Ke hobaneng ha taba ee e etsa hore re be sebete? Ke hobane Jehova o matla ho feta dira tsohle tsa rona. (1 Joh. 4:4) Jehova o bona dintho tsohle. Re kgodisehile hore haeba re tshepa Jehova, o tla re thusa hore re se ke ra tshoha le hore re be sebete.  

13. Josefa wa Arimathea o bontshitse jwang hore o sebete?

13 A re bueng ka mohlala wa Josefa wa Arimathea. Bajuda ba ne ba mo hlompha haholo. E ne e le setho sa lekgotla le phahameng la Bajuda e leng Sanhedrine. Empa ha Jesu a ntse a etsa tshebeletso ya hae lefatsheng, Josefa o ile a bontsha sebete. Johanne o ile a re Josefa e ne e le “morutuwa wa Jesu ka sekgukgu hobane o ne a tshaba Bajuda.” (Joh. 19:​38) Josefa o ne a rata molaetsa wa Mmuso empa o ile a patela ba bang hore o dumela ho Jesu. Mohlomong o ne a tshaba hore batho ha ba sa tla hlola ba mo hlompha ha ba ka utlwa hore ke morutuwa wa Jesu. Le ha ho le jwalo, Bibele e re bolella hore ka mora hore Jesu a shwe, qetellong Josefa o ile “a ba sebete a ya ka pela Pilato mme a kopa setopo sa Jesu.” (Mar. 15:​42, 43) Ho tloha ka nako eo, Josefa ha a ka a pata hore ke morutuwa wa Jesu.

14. O lokela ho etsang haeba o na le bothata ba ho tshaba batho?

14 Na le wena o tshaba batho jwalo ka Josefa? Na ka dinako tse ding ha o le sekolong kapa mosebetsing o swabela ho bolella batho ba bang hore o Paki ya Jehova? Na o tshaba ho ba mohweletsi kapa ho kolobetswa hobane o tshwenyeha ka hore na ba bang ba tla nahanang ka wena? O se ke wa dumella maikutlo ao hore a o thibele ho etsa ntho e nepahetseng. Rapela Jehova ka matla, mo kope hore a o fe sebete sa ho etsa thato ya hae. Ha o bona Jehova a araba dithapelo tsa hao, o tla ba sebete le ho feta.​—Esa. 41:​10, 13.

THABO E RE SUSUMETSA HORE RE SEBELETSE JEHOVA RE SA KGAOTSE

15. Ka mora hore Jesu a hlahe ho barutuwa ba hae, tsela eo ba neng ba thabile ka yona e ile ya ba susumeletsa hore ba etseng? (Luka 24:​52, 53)

15 Ha Jesu a ne a shwa, barutuwa ba hae ba ne ba utlwile bohloko haholo. Nahana feela hore na o ne o tla ikutlwa jwang haeba e ne e le wena ya boemong boo. Ba ne ba utlwile bohloko haholo hobane ba ne ba lahlehetswe ke motswalle wa bona eo ba mo ratang ebile ba feletswe le ke tshepo. (Luka 24:​17-21) Le ha ho le jwalo, ha Jesu a hlaha ho bona o ile a ba thusa hore ba utlwisise hore na o phethahaditse boprofeta ba Bibele jwang. O ile a boela a ba fa mosebetsi wa bohlokwa oo ba neng ba lokela ho o etsa. (Luka 24:​26, 27, 45-48) Ka mora matsatsi a 40 ha Jesu a nyolohela lehodimong, barutuwa ba hae ba ne ba se ba sa utlwa bohloko empa ba ne ba thabile. Ba ne ba thabile haholo hobane ba ne ba tseba hore Jesu o a phela ebile o ne a tlo ba thusa hore ba etse mosebetsi oo a ba fileng wona. Ba ne ba thabile hoo ba neng ba rorisa Jehova ba sa kgaotse.​—Bala Luka 24:​52, 53; Dik. 5:42.

16. Re ka etsisa barutuwa ba Jesu jwang?

16 Re ka etsisa barutuwa ba Jesu jwang? Re ka thabela ho sebeletsa Jehova ka dinako tsohle eseng feela nakong ya Sehopotso. Sena se bolela hore Mmuso wa Modimo e lokela ho ba ntho e tlang pele bophelong ba rona. Ka mohlala, batho ba bangata ba fokoditse nako eo ba sebetsang ka yona e le hore ba kgone ho buisana le batho ka Bibele, ho ya dibokeng le ho etsa borapedi ba lelapa ka mehla. Ba bang ba entse qeto ya hore ba se ke ba ba le dintho tseo batho ba bang ba di nkang e le tsa bohlokwa e le hore ba ka kgona ho etsa mesebetsi e meng ka phuthehong kapa ba ye moo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi. Le hoja re hloka mamello e le hore re tswele pele ho sebeletsa Jehova, o tshepisa hore o tla re hlohonolofatsa haholo ha re etsa hore Mmuso wa hae e be yona ntho e tlang pele bophelong ba rona.​—Diprov. 10:​22; Mat. 6:​32, 33.

Nakong ya Sehopotso, iphe nako ya ho nahanisisa ka dintho tseo Jehova le Jesu ba o etseditseng tsona (Sheba serapa sa 17)

17. O ikemiseditse ho etsang nakong ee ya Sehopotso? (Sheba setshwantsho.)

17 Re tla thabela ho ya Sehopotsong ka Labobedi la 4 April. Le ha ho le jwalo, o se ke wa emela hore letsatsi leo le fihle ebe ke hona o nahanang ka bophelo ba Jesu le ka lefu la hae le ka moo yena le Ntate wa hae ba bontshitseng hore ba re rata ka teng. Dula o nahana ka dintho tsena dibeke pele ho Sehopotso le ka mora sona. Ka mohlala, iphe nako ya ho bala le ho nahanisisa ka diketsahalo tse tjhateng e reng “Beke ya ho Qetela Jesu a le Lefatsheng,” ho dintlha tsa B12 Bibeleng ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha. Ha o ntse o bala tjhate ena, sheba ditemana tsa Bibele tse tla etsa hore o tswele pele ho bontsha kananelo, lerato, sebete le thabo. Ka mora moo, o leke ho nahana ka ditsela tseo o ka bontshang kananelo ka tsona. O ka kgodiseha hore Jesu o tla thabiswa ke ntho e nngwe le e nngwe eo o e etsang hore o ikgopotse lefu la hae nakong ena ya Sehopotso.​—Tshen. 2:19.

PINA YA 17 “Ke a Batla”

a Dibeke pele ho Sehopotso le ka mora sona, re kgothaletswa ho nahanisisa ka bophelo ba Jesu, lefu la hae le ka lerato leo yena le Ntate wa hae ba re bontshitseng lona. Ho nahanisisa ka dintho tsena ho tla etsa hore re bontshe hore re ananela seo Jehova le Jesu ba re etseditseng sona. Sehloohong sena re tla bua ka ditsela tseo re ka bontshang hore re ananela hore ebe Jesu o re lopollotse le ka moo re ka bontshang ka teng hore re rata Jehova le Jesu. Re tla boela re bone hore na re ka bontsha jwang hore re sebete, re rata Bakrestemmoho le rona le hore na re ka thaba jwang ha re ntse re sebeletsa Jehova.