Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 4

PINA YA 30 Ntate wa ka, Modimo wa ka le Motswalle

Jehova o a o Rata

Jehova o a o Rata

“Jehova o lerato.”JAK. 5:11.

NTLHAKGOLO

Ka moo lerato la Jehova le ka re atametsang haufi le yena ka teng le ho etsa hore re ikutlwe re sireletsehile, re hlokomelehile re bile re kgatholohile.

1. O nahana hore Jehova o jwang?

 NA O kile wa ipotsa hore na Jehova o jwang? Ha o mo rapela, ho tla eng ka kelellong ya hao? Le hoja Jehova a sa bonahale, Bibele e mo hlalosa ka ditsela tse fapaneng. Jehova o bitswa “letsatsi le thebe” le “mollo o fedisang.” (Pes. 84:11; Baheb. 12:29) Ezekiele o ile a ba le pono eo ho yona Jehova a neng a tshwana le lejwe la safire, tshepe e kganyang le mookodi. (Ezek. 1:​26-28) Tse ding tsa ditsela tsena tseo Jehova a hlaloswang ka tsona di ka etsa hore re utlwe re hlollwa kapa tsa re tshosa.

2. Ke eng e ka re sitisang ho atamela haufi le Jehova?

2 Re ka nna ra fumana ho le thata ho dumela hore Jehova o a re rata hobane ha re mo bone. Batho ba bang ba nahana hore Jehova a ke ke a ba rata le ka mohla ka lebaka la dintho tse bohloko tse ba etsahaletseng nakong e fetileng. Mohlomong ba ne ba se na bontate ba ba ratang. Jehova o a utlwisisa ha re ikutlwa ka tsela eo ebile o a utlwisisa hore na ke hobaneng ha ho ka ba thata ho atamela haufi le yena. O re thusa ka hore a re hlalosetse ka Lentsweng la hae hore na ke Modimo ya jwang.

3. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho ithuta ka lerato leo Jehova a nang le lona?

3 Lentswe le hlalosang Jehova hantle ke lerato. Bibele e re “Modimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Le susumetsa ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang. Lerato leo Modimo a nang le lona le mofuthu ebile le matla hoo a le bontshang le batho ba sa mo rateng. (Mat. 5:​44, 45) Sehloohong sena, re tlo ithuta ka Jehova le lerato leo a nang le lona. Ha re ntse re tswela pele ho ithuta ka Modimo wa rona, re tla mo rata le ho feta.

JEHOVA O RE RATA HAHOLO

4. Tsela eo Jehova a re ratang ka yona e etsa hore o ikutlwe jwang? (Sheba setshwantsho.)

4 “Jehova o lerato.” (Jak. 5:11) Ka Bibeleng, o itshwantsha le mme ya lerato. (Esa. 66:​12, 13) A ko nahane ka mme ya ratang ngwana wa hae e monyenyane a bile a mo hlokomela. Ka mofuthu o koietsa ngwana wa hae a mo behile mangoleng ebile o bua le yena ka lentswe le bonolo le le thobang maikutlo. Ha ngwana wa hae a lla kapa a utlwile bohloko, o etsa bonnete ba hore o mo fa seo a se hlokang. Ha re utlwile bohloko, re ka kgodiseha hore Jehova o a re rata. Mopesaleme o ile a re: “Ha ke tshwenyehile haholo, o ile wa ntshedisa wa ba wa etsa hore ke thabe.”—Pes. 94:19.

“Jwalo ka ha mme a tshedisa mora wa hae, le nna ke tla nne ke le tshedise” (Sheba serapa sa 4)


5. Botshepehi ba Jehova bo etsa hore o ikutlwe jwang?

5 Jehova o a tshepahala. (Pes. 103:​8, nal.) A ke ke a kgaotsa ho re rata ha re etsa phoso. Baiseraele ba ile ba fosetsa Jehova ka makgetlo empa ha ba ne ba baka o ne a ba kgodisa hore o ntse a ba rata. Ka mohlala, o ile a re: “O bile motho wa bohlokwa mahlong a ka, o ile wa hlomphuwa mme ke o ratile.” (Esa. 43:​4, 5) Jehova o ntse a re rata ka tsela e tshwanang le mehleng ena. Re ka tshepa lerato leo a re ratang ka lona. Le haeba re entse diphoso tse tebileng, Jehova a ke ke a re lahla. Haeba re baka mme re kgutlela ho yena, re tla bona hore o ntse a re rata. O tshepisa hore ‘o tla re tshwarela ka pelo yohle.’ (Esa. 55:7) Bibele e re ha Jehova a re tshwarela re tla ba le “dinako tse kgathollang . . . ho tswa ho Jehova.”—Dik. 3:​19, nal.

6. Zakaria 2:8 e re ruta eng ka Jehova?

6 Bala Zakaria 2:8. Ka ha Jehova o a re rata, o utlwisisa kapele hore na re ikutlwa jwang mme o labalabela ho re sireletsa. O utlwa bohloko ha re utlwile bohloko. Ka hoo, re ka kgodiseha hore o tla re araba ha re mo rapela re re: “Ntshireletse jwalo ka thaka ya leihlo la hao.” (Pes. 17:8) Leihlo ke karolo ya mmele e boi le ya bohlokwa haholo. Ka hoo, ha Jehova a re bapisa le thaka ya leihlo la hae, ho tshwana le ha eka o re: ‘Mang kapa mang ya le lematsang, batho ba ka, o lematsa ntho ya bohlokwa ho nna.’

7. Ke eng e ka etsang hore ho be thata hore o kgodisehe hore Jehova o a o rata?

7 Jehova o batla hore o kgodisehe hore o a o rata. Le ha ho le jwalo, o a tseba hore ka lebaka la dintho tse re etsahaletseng kgale, re ka nna ra belaella hore o a re rata. Kapa e ka nna yaba o tobane le mathata hona jwale a etsang hore o utlwe o sa kgodiseha hore Jehova o a o rata. Ke eng e ka matlafatsang kgodiseho ya rona? Ke ho ithuta ka moo Jehova a bontshitseng ka teng hore o rata Jesu, batlotsuwa le rona kaofela.

JEHOVA O BONTSHA LERATO LA HAE JWANG?

8. Ke hobaneng ha Jesu a ne a kgodisehile hore Ntate wa hae o a mo rata?

8 Jehova le Mora wa hae ba qetile nako e ngata ka ho fetisisa ba le mmoho. Ka dilemo tse ngata tseo ba di qetileng ba le mmoho lehodimong, ba ile ba utlwana le ho ratana haholo. Ho Matheu 17:​5, Jehova o ile a bontsha ka ho hlaka hore o rata Jesu. Jehova a ka be a ile a re feela, ‘Enwa ke Mora wa ka ya nkgahlisang.’ Empa o ne a batla hore re tsebe hore na o rata Jesu hakae, ke ka hoo a ileng a mo bitsa “Mora wa ka eo ke mo ratang.” Jehova o ne a le motlotlo ka Jesu, haholoholo hobane a ne a ikemiseditse ho tela bophelo ba hae. (Baef. 1:7) Jesu le yena o ne a sa belaelle hore Ntate wa hae o a mo rata. O ne a kgodisehile ho tswa botebong ba pelo ya hae hore Jehova o a mo rata. O ile a bua ka makgetlo hore Ntate wa hae o a mo rata.—Joh. 3:35; 10:17; 17:24.

9. Mantswe a sebedisitsweng qalong ha ho ne ho ngolwa Baroma 5:5 a hlalosa lerato leo Jehova a ratang batlotsuwa ka lona jwang?

9 Jehova o boetse o a bontsha hore o rata batlotsuwa. (Bala Baroma 5:5.) Ka puo eo lengolo lena le neng le ngotswe ka yona qalong, temana ena e fana ka maikutlo a hore lerato leo Jehova a ratang batlotsuwa ka lona le matla hoo le ka tshwantshwang le metsi a phallang. Papiso ena e bontsha ka ho hlaka hore Jehova o rata batlotsuwa haholo. Batlotsuwa ba a tseba hore ‘ba ratwa ke Modimo.’ (Juda 1) Moapostola Johanne o ile a hlalosa hore na ba ikutlwa jwang ha a ne a re: “Bonang hore na Ntate o re rata hakaakang! O re bitsa bana ba hae.” (1 Joh. 3:1) Na Jehova o rata batlotsuwa feela? Tjhe, Jehova o bontshitse hore o re rata kaofela.

10. Ke eng e ka sehloohong e bontshang hore Jehova o a o rata?

10 Ke eng e ka sehloohong e bontshang hore Jehova o a re rata? O ile a re lopolla. Ka ho etsa jwalo, Jehova o bontshitse lerato le fetang leo motho ofe kapa ofe a kileng a le bontsha. (Joh. 3:16; Bar. 5:8) Jehova o fane ka Mora wa hae eo a mo ratang hore a shwele batho bohle e le hore re ka tshwarelwa dibe re be re kgone ho ba metswalle ya hae. (1 Joh. 4:10) Ha re ntse re tswela pele ho nahanisisa ka hore na Jehova le Jesu ba lahlehetswe hakae, re tla utlwisisa haholwanyane hore na ba re rata hakae. (Bagal. 2:20) Ha re a lopollwa hobane feela melao ya Jehova ya toka e hloka hore re lopollwe. Jehova o re lopolotse hobane a re rata. Jehova o bontshitse hore o a re rata ka hore a tele motho wa bohlokwa ka ho fetisisa ho yena e leng Jesu. O ile a dumella hore Mora wa hae a utlwe bohloko a be a re shwele.

11. Re ithuta eng ho Jeremia 31:3?

11 Jwalo ka ha re se re bone, Jehova ha a pate tsela eo a ikutlwang ka yona ka rona empa o a re bolella hore na o re rata hakae. (Bala Jeremia 31:3.) Jehova o re huletse ho yena hobane a re rata. (Bapisa le Deuteronoma 7:​7, 8.) Ha ho na ntho kapa motho ya ka re arohanyang le lerato la hae. (Bar. 8:​38, 39) Lerato lee le etsa hore o ikutlwe jwang? Bala Pesaleme ya 23 mme o bone hore na Davida o ne a ikutlwa jwang ka lerato leo Jehova a neng a mo rata ka lona le hore na wena le ka etsa hore o ikutlwe jwang.

LERATO LEO JEHOVA A O RATANG KA LONA LE ETSA HORE O IKUTLWE JWANG?

12. Pesaleme ya 23 e bua ka eng?

12 Bala Pesaleme ya 23:​1-6. Pesalemeng ya 23, Davida o bina pina e bontshang ka moo a kgodisehileng ka teng hore Jehova o a mo rata le hore o tla mo hlokomela. O bitsa Jehova Modisa wa hae mme o hlalosa ka moo yena le Jehova e leng metswalle e haufi ka teng. Davida o ne a ikutlwa a sireletsehile ha Jehova a mo tataisa mme o ne a itshetleha ka yena ka ho feletseng. O ne a tseba hore lerato la Jehova le tla mo sala morao ka matsatsi ohle a bophelo ba hae. Ke hobaneng ha a ne a kgodisehile hakaale?

13. Ke hobaneng ha Davida a ne a kgodisehile hore Jehova o tla mo hlokomela?

13 “Nke ke ka hloka letho.” Davida o ne a utlwa a hlokomelehile hantle hobane Jehova o ne a dula a mo fa dintho tsohle tseo a di hlokang. Davida o ne a boetse a tseba hore Jehova ke motswalle wa hae le hore o thabisa Jehova. Ke ka hoo a neng a kgodisehile hore ho sa tsotellehe hore na o tla hlahelwa ke eng nakong e tlang, Jehova o tla dula a mo hlokomela ka dintho tsohle tseo a di hlokang. Ka ha Davida o ne a tseba hore Jehova o a mo rata le hore o tla mo hlokomela, o ne a sa tshwenyeha empa o ne a dula a thabile a bile a kgotsofetse.—Pes. 16:11.

14. Jehova a ka re hlokomela jwang?

14 Jehova o a re rata le ho re hlokomela, haholoholo ha dintho tse bohloko di re etsahalla. Moradi wa bo rona Claire a ya seng a ena le dilemo tse fetang 20 a le Bethele o ile a utlwa a sa tsebe hore na a ka thusa lelapa labo jwang ha le ne le hlahetswe ke mathata a boima a latellanang. Ntate wa hae o ile a otlwa ke stroke, ngwanabo wa ngwanana a kgaolwa, lelapa labo la eba le mathata a ditjhelete la ba la nkelwa ntlo. Jehova o ile a ba hlokomela jwang? Claire o re: “Jehova o ile a etsa bonnete ba hore lelapa leso le ba le dintho tseo le di hlokang letsatsi le letsatsi. Ka makgetlo a mangata, Jehova o ile a re fa dintho tse fetang tseo re neng re di hloka. Hangata ke dula ke nahana ka ditsela tseo Jehova a re thusitseng ka tsona mme le ka mohla nke ke ka lebala hore na o re rata hakae. Ho dula ke nahana ka dintho tsena ho nthusitse hore ke dule ke sebeletsa Jehova ke thabile le ha ke ena le mathata.”

15. Ke hobaneng ha Davida a ne a ikutlwa a kgatholohile? (Sheba setshwantsho.)

15 “O a nkgatholla.” Ka dinako tse ding Davida o ne a ikutlwa a imetswe ke mathata le diteko tseo a neng a kopana le tsona. (Pes. 18:​4-6) Empa lerato leo Jehova a mo ratang ka lona le tlhokomelo ya hae di ile tsa mo kgatholla. Jehova o ile a isa motswalle wa hae ya kgathetseng “makgulong a tletseng jwang” le “dibakeng tse nang le metsi a mangata moo [a] tla phomola teng.” Ka lebaka leo, Davida o ile a boela a ba matla hape mme a tswela pele a sebeletsa Jehova a thabile.—Pes. 18:​28-32.

Davida o ile a kgathollwa ke lerato leo Jehova a mo ratang ka lona le tsela eo a mo hlokomelang ka yona le ha a ntse a baleha dira tsa hae (Sheba serapa sa 15)


16. Lerato leo Jehova a o ratang ka lona le ile la o kgatholla jwang?

16 Ka tsela e tshwanang, mehleng ena “ha re eso timele hobane Jehova o lerato” ha re kopana le diteko le mathata bophelong. (Dillo 3:22; Bakol. 1:11) Nahana ka mohlala wa Rachel. O ne a utlwile bohloko haholo ha monna wa hae a mo siya a bile a tlohela Jehova nakong ya sewa sa COVID-19. Jehova o ile a mo thusa jwang? O re: “Jehova o ile a etsa bonnete ba hore ke ikutlwa ke ratwa. O ile a mpha metswalle e ileng ya qeta nako le nna, ya ntlisetsa dijo, ya nthomella melaetsa e monate le mangolo a Bibele a kgothatsang, ya bososela le nna ya ba ya dula e nkgopotsa hore Jehova o ne a ntlhokomela. Ke dula ke leboha Jehova ka mehla ka lelapa le leholo le nang le lerato leo a mphileng lona.”

17. Ke hobaneng ha Davida a ne a sa “tshabe letho le kotsi”?

17 “Ha ke tshabe letho le kotsi hobane o na le nna.” Hangata bophelo ba Davida bo ne bo dula bo le kotsing a bile a ena le dira tse ngata tse matla. Le ha ho le jwalo, lerato leo Jehova a mo ratang ka lona le ile la etsa hore a ikutlwe a bolokehile a bile a sireletsehile. Davida o ne a utlwa hore Jehova o na le yena maemong ohle mme seo se ne se etsa hore a kgaotse ho tshwenyeha. Ke ka hoo a ileng a bina a re: “[Jehova] o ile a mpholosa dinthong tsohle tseo ke di tshabang.” (Pes. 34:4) Le hoja ka dinako tse ding Davida a ne a ikutlwa a tshohile haholo, o ne a kgona ho hlola tshabo eo hobane a tseba hore Jehova o a mo rata.

18. Ho tseba hore Jehova o a re rata ho re fa matla jwang ha re tshohile?

18 Ho tseba hore Jehova o a re rata ho re fa matla jwang ha re tobane le maemo a re tshosang? Moradi wa bo rona Susi wa pulamadiboho o a hlalosa hore na yena le monna wa hae ba ile ba ikutlwa jwang ka mora hore mora wa bona a ipolaye. O re: “Ha ntho e bohloko jwalo ka ena e o hlahela bophelong, e o ama haholo mme e etsa hore o ikutlwe o se na matla. Empa lerato leo Jehova a re ratang ka lona le entse hore re ikutlwe re bolokehile re bile re sireletsehile.” Moradi wa bo rona Rachel ya boletsweng pejana o re: “Bosiu bo bong ha ke ne ke utlwile bohloko haholo, ke tshwenyehile ke bile ke tshohile, ke ile ka rapela Jehova ke lla ka lentswe le phahameng. Ka nako eo, ke ile ka utlwa ha Jehova a nthoba pelo a bile a nthusa hore ke kgone ho kgoba matshwafo jwalo ka ha mme a etsa ho lesea la hae, yaba ke kgona ho robala. Nke ke ka lebala nako eo.” Moholo ya bitswang Tasos o ile a kwallwa dilemo tse nne teronkong hobane a hanne ho ba lesole. O ile a utlwa jwang hore Jehova o a mo rata le ho mo tsotella? O re: “Jehova o ile a mpha dintho tse fetang tseo ke neng ke di hloka. Sena se ile sa matlafatsa kgodiseho ya ka ya hore nka mo tshepa ka ho feletseng. Hape Jehova o ile a sebedisa moya wa hae ho nthusa hore ke thabe le hoja ke ne ke le sebakeng se tepeletsang. Ke ile ka hlokomela hore ha ke dula ke tshepile Jehova, ke ne ke tla bona hore o a nthata. Ka hoo, ke ile ka ba pulamadiboho ya ka mehla ke ntse ke le teronkong.”

ATAMELA HO MODIMO WA HAO YA O RATANG

19. (a) Ho tseba hore Jehova o a re rata ho tlo etsa hore re mo rapele jwang? (b) Ke mantswe afe a hlalosang tsela eo Jehova a re ratang ka yona a o amang maikutlo? (Sheba lebokose le reng, “ Mantswe a re Thusang ho Utlwa Hore Jehova o re Rata ka Lerato le Mofuthu.”)

19 Dipale tsa bophelo tseo re buileng ka tsona di a paka hore Jehova, “Modimo ya lerato,” o na le rona. (2 Bakor. 13:11) O re tsotella re le batho ka bomong. Re kgodisehile hore o re “sireletsa . . . ka lerato la hae.” (Pes. 32:10) Ha re tswela pele re nahanisisa ka moo Jehova a re bontshang hore o a re rata, re bona haholwanyane hore o a re tsotella mme seo se etsa hore re atamele haufi le yena. Re ka mo rapela ka bolokolohi mme ra mo bolella ka moo re hlokang hore a re rate. Re ka mo bolella dintho tsohle tse re tshwenyang hobane re kgodisehile hore o a utlwisisa le hore o ikemiseditse ho re thusa.—Pes. 145:​18, 19.

20. Lerato leo Jehova a re ratang ka lona le re atametsa haufi le yena jwang?

20 Feela jwalo ka ha re atamela haufi le mollo ha ho bata, re atamela haufi le Jehova hobane a re rata. Jehova o re rata haholo ebile o bonolo. Ka hoo, thaba hobane Jehova o a o rata. E se eka re ka arabela leratong leo Jehova a re bontshang lona ka ho re: “Ke rata Jehova.”—Pes. 116:1.

O KA RENG?

  • O ka hlalosa lerato leo Jehova a re ratang ka lona jwang?

  • Ke hobaneng ha o ka kgodiseha hore Jehova o o rata haholo?

  • Lerato leo Jehova a o ratang ka lona le etsa hore o ikutlwe jwang?

PINA YA 108 Lerato la Nnete la Modimo

a Mabitso a mang a fetotswe.