Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 2

PINA YA 19 Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena

Na o Itokiseditse Letsatsi la Bohlokwa ka ho Fetisisa Selemong?

Na o Itokiseditse Letsatsi la Bohlokwa ka ho Fetisisa Selemong?

“Le nne le etse tjena ho nkgopola.”LUKA 22:19.

NTLHAKGOLO

Re tlo bua ka hore na ke hobaneng ha Sehopotso e le sa bohlokwa, re ka itokisetsa sona jwang le hore na re ka thusa batho ba bang jwang hore ba be teng ho sona.

1. Ke hobaneng ha letsatsi la Sehopotso e le la bohlokwa ka ho fetisisa? (Luka 22:​19, 20)

 BAHLANKA ba Jehova ba nka letsatsi la Sehopotso sa lefu la Kreste e le letsatsi la bohlokwa ka ho fetisisa selemong. Lebaka ke hobane ketsahalo ena ke yona feela eo Jesu a laetseng balatedi ba hae hore ba ikgopotse yona. (Bala Luka 22:​19, 20.) Re na le mabaka a mangata a etsang hore re ikemisetse ho ya Sehopotsong. A re bueng ka a mang a ona.

2. Ke mabaka afe a mang a etsang hore re ikemisetse ho ya Sehopotsong?

2 Sehopotso se re thusa ho nahana ka moo sehlabelo sa Jesu se leng bohlokwa ka teng ho rona. Hape se re hopotsa hore na re ka etsang ho bontsha hore re ananela sehlabelo sa Jesu. (2 Bakor. 5:​14, 15) Se re fa monyetla wa ho “kgothatsana” le bara le baradi ba bo rona. (Bar. 1:12) Selemo le selemo bara le baradi ba bo rona ba kgaoditseng ho tla dibokeng ba eba teng Sehopotsong. Tsela eo bara le baradi ba bo rona ba ba tshwarang ka yona ha ba tlile Sehopotsong e etsa hore ba bang ba batle ho kgutlela ho Jehova. Batho ba bang ba thabiswa ke seo ba se bonang le ho se utlwa ha ba tlile Sehopotsong mme ba etsa qeto ya hore ba ithute Bibele. Ke ka hoo Sehopotso e leng ketsahalo ya bohlokwa ho rona.

3. Sehopotso se etsa hore re momahane ka tsela efe le Bakrestemmoho le rona lefatsheng lohle? (Sheba setshwantsho.)

3 Lebaka le leng le etsang hore re ikemisetse ho ya Sehopotsong ke hobane re a tseba hore letsatsi leo le etsa hore re momahane le Bakrestemmoho le rona lefatsheng lohle. Dipaki Tsa Jehova di bokana lefatsheng lohle letsatsing leo ha letsatsi le dikela. Kaofela ha rona re mamela puo e hlalosang hore na ke hobaneng ha sehlabelo sa Jesu e le sa bohlokwa. Re bina dipina tse pedi, ho fetiswa bohobe le veine ebe re re “amen” ka mora dithapelo tse nne tse etswang. Diphutheho tsohle di etsa ntho e tshwanang letsatsing leo. Nahana feela hore na Jehova le Jesu ba thaba hakae ha ba bona re ba tlotlisa ka tsela ena lefatsheng lohle.

Sehopotso se etsa hore Bakrestemmoho ba momahane lefatsheng lohle (Sheba serapa sa 3) f


4. Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

4 Sehloohong sena re tlo araba dipotso tsena: Re ka etsang e le hore re itokisetse Sehopotso? Re ka thusa batho ba bang jwang hore ba tle Sehopotsong? Re ka thusa Bakrestemmoho le rona ba kgaoditseng ho tla dibokeng jwang? Dikarabo tsa dipotso tsena di tla re thusa hore re itokisetse ketsahalo ena ya bohlokwa.

RE KA ETSANG E LE HORE RE ITOKISETSE SEHOPOTSO?

5. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho nahanisisa ka bohlokwa ba topollo? (Pesaleme ya 49:​7, 8) (b) O ithutileng videong ya Ke Hobaneng ha Jesu a ile a Shwa?

5 Ntho e nngwe ya bohlokwa eo re ka e etsang ho itokisetsa Sehopotso ke hore re nahane ka moo sehlabelo sa Jesu Kreste se leng bohlokwa ka teng. Re ne re ke ke ra kgona ho itokolla sebeng le lefung. (Bala Pesaleme ya 49:​7, 8; sheba video ya Ke Hobaneng ha Jesu a ile a Shwa?) a Jehova o ile a lokisetsa hore Jesu a fane ka bophelo ba hae ho re lopolla. Ka hoo, Jehova le Jesu ba ile ba itela haholo. (Bar. 6:23) Haeba re tswela pele ho nahanisisa ka dintho tseo Jehova le Jesu ba di tetseng molemong wa rona, re tla bontsha hore re ananela topollo. Re tlo bua ka dintho tseo Jehova le Jesu ba ileng ba di tela e le hore re lopollwe. Pele re bua ka tsona, topollo e akareletsang?

6. Topollo e akareletsang?

6 Topollo ke tjhelete eo motho a e patalang ho lokolla ntho ya hae eo motho e mong a neng a e tshwere kapa a e nkile. Adama ke yena motho wa pele mme ha Modimo a ne a mo bopa o ne a se na sebe. Ha a ne a etsa sebe, o ile a lahlehelwa ke monyetla wa hore yena le bana ba hae ba phele ka ho sa feleng. Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo e le hore a ka lopolla bana ba Adama sebeng. Ha Jesu a le lefatsheng, “ha a ka a etsa sebe ebile ho ne ho se na bolotsana ho yena.” (1 Pet. 2:22) Nakong eo Jesu a neng a bolawa, bophelo ba hae bo ne bo tshwana hantle le ba Adama pele a etsa sebe. Ka hoo, bophelo ba Jesu bo ne bo patalla sebe seo Adama a neng a se entse.—1 Bakor. 15:45; 1 Tim. 2:6.

7. Ke mathata afe ao Jesu a ileng a ba le ona ha a ne a le lefatsheng?

7 Ha Jesu a ne a le mona lefatsheng o ile a mamela Jehova nthong e nngwe le e nngwe le hoja ka dinako tse ding ho ne ho le thata hore a mamele. Ha Jesu esale ngwana, o ile a tlameha ho mamela batswadi ba hae bao ka dinako tse ding ba neng ba etsa diphoso le hoja yena a tswetswe a se na sebe a bile a sa etse diphoso. (Luka 2:51) Ha Jesu esale motjha, o ile a hlola kgatello ya batho ya hore a se ke a mamela batswadi ba hae kapa a se ke a tshepahalla Jehova. Ha Jesu a se a le moholo, o ile a hana ho etsa dintho tseo Satane Diabolose a neng a re a di etse, ho akareletsa le ya hore a se ke a tshepahalla Modimo. (Mat. 4:​1-11) Satane o ne a batla hore Jesu a etse sebe e le hore a se ke a lopolla batho sebeng.

8. Ke mathata afe a mang ao Jesu a ileng a a mamella?

8 Ha Jesu a ne a le lefatsheng a etsa mosebetsi wa boboledi, o ile a tlameha ho mamella mathata. Batho ba ile ba mo hlorisa mme ba leka ho mo bolaya. (Luka 4:​28, 29; 13:31) O ile a tlameha ho mamella diphoso tsa balatedi ba hae. (Mar. 9:​33, 34) Pele Jesu a bolawa, o ile a hloriswa haholo a ba a tlotlollwa. Ka mora moo, o ile a bolawa jwalo ka leshodu le ka tsela e sehloho. (Baheb. 12:​1-3) O ile a tlameha ho mamella mathata ao a le mong Jehova a sa mo sireletse. bMat. 27:46.

9. Re ikutlwa jwang ka Jesu ha re nahana ka dintho tseo a di mameletseng? (1 Petrose 1:8)

9 Jesu o ile a mamella dintho tse bohloko e le hore a ka lopolla batho sebeng le lefung. Ho nahana ka mathata a mangata ao Jesu a ileng a a mamella e le hore re ka lopollwa, ho etsa hore re mo rate le ho feta.—Bala 1 Petrose 1:8.

10. Jehova o ile a lahlehelwa ke eng e le hore re ka lopollwa?

10 Jehova o ne a ikemiseditse ho lahlehelwa ke eng e le hore Jesu a ka re lopolla? Jehova le Jesu ba ne ba ena le kamano e matla eo ntate le mora ba nang le yona. (Diprov. 8:30) Re ka inahanela feela hore na Jehova o ne a ikutlwa jwang ha a bona Jesu a mameletse mathata ao a neng a ena le ona. E tlameha ebe o ne a utlwile bohloko haholo ha a bona Mora wa hae a tshwerwe hampe, batho ba mo hloile a bile a utlwa bohloko.

11. Fana ka mohlala o bontshang ka moo Jehova a neng a ikutlwa ka teng ha Jesu a ne a bolawa.

11 Motswadi e mong le e mong ya kileng a hlokahallwa ke ngwana o tseba hantle bohloko ba ho hlokahallwa ke ngwana. Re na le tumelo e matla ya hore ho tla ba le tsoho ya bafu empa taba eo ha e tlose bohloko boo re bo utlwang ha re hlokahallwa ke motho eo re mo ratang. Mohlala ona o re thusa ho utlwisisa hore na e ka nna yaba Jehova o ne a ikutlwa jwang ha a bona Mora wa hae eo a mo ratang a utlwa bohloko a bile a shwa ka selemo sa 33. cMat. 3:17.

12. Re ka etsang ha nako ya Sehopotso e ntse e atamela?

12 Ha re ntse re letetse letsatsi la Sehopotso hore le fihle, re ka ithuta ka topollo Borapeding ba Lelapa kapa ha re ithuta re le bang. O ka sebedisa buka ya Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova kapa wa sebedisa dingolwa tse ding tse buang ka topollo e le hore o ithute dintlha tse ding. d O ka boela wa latela mmalo wa Bibele wa Sehopotso o hlahang ho Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona. Hape ka letsatsi la Sehopotso, o se ke wa lebala ho shebella lenaneo le kgethehileng la Temana ya Letsatsi. Ha re itokisetsa Sehopotso re tla kgona ho thusa le batho ba bang hore ba be teng ho sona le hore ba se thabele.—Esdr. 7:10.

THUSA BATHO BA BANG HORE BA BE TENG SEHOPOTSONG

13. Re ka etsang ho thusa batho ba bang hore ba tle Sehopotsong?

13 Re ka thusa batho ba bang jwang hore ba be teng Sehopotsong? Ntho ya pele eo re ka e etsang ke ho ba mema hore ba tle Sehopotsong. Re ka mema batho bao re kopanang le bona tshimong. Hape re ka etsa lethathamo la batho bao re batlang ho ba mema. Batho bana e ka ba ba lelapa, basebetsimmoho, bao re kenang sekolo le bona le batho ba bang bao re ba tsebang. Haeba re se na dimemo tse hatisitsweng tse lekaneng, re ka ba romella link ya memo disebedisweng tsa bona tsa elektronike. Re ka makala hore na ke batho ba bakae ba ka tlang Sehopotsong.—Moek. 11:6.

14. Fana ka mohlala wa hore na ho memela batho Sehopotsong ho ka etsang.

14 O se ke wa kgella fatshe taba ya ho memela motho Sehopotsong hobane motho eo a ka nna a tla Sehopotsong. Ka letsatsi le leng, moradi wa bo rona e mong eo monna wa hae eseng Paki ya Jehova o ile a makala ha monna wa hae a re o tlo ya le yena Sehopotsong. Ke hobaneng ha a ne a maketse? Ke hobane nakong e fetileng o ne a mo kopile ka makgetlo a mangata hore a ye le yena Sehopotsong empa ha a ka a ya. Ke eng e ileng ya fetola maikutlo a monna wa hae? Monna wa hae o re: “Ke ile ka fuwa memo e hatisitsweng ya Sehopotso.” O hlalosa hore morabo rona wa moholo eo a neng a mo tlwaetse o ile a mo mema. Monna wa moradi wa bo rona o ile a ya Sehopotsong selemong seo mme o ile a dula a ya ho sona dilemo tse ngata ka mora moo.

15. Re lokela ho hopolang ha re memela batho Sehopotsong?

15 Dula o hopola hore batho bao o ba memang ba ka nna ba eba le dipotso, haholoholo haeba e le lekgetlo la pele ba tla dibokeng. Re lokela ho nahana ka dipotso tseo ba ka nnang ba di botsa mme re itokisetse ho di araba. (Bakol. 4:6) Ka mohlala, ba ka ipotsa dipotso tse latelang: ‘Ho tla etsahalang moo?’ ‘Ho tlo nkwa nako e kae?’ ‘Ke lokela ho apara jwang?’ ‘Na ke lokela ho patala ha ke kena?’ ‘Na ho ntshwa koleke?’ Ha re memela motho Sehopotsong, re ka mo botsa hore na o na le dipotso ebe re a di araba. Re ka boela ra sebedisa video ya Ikgopotse Lefu la Jesu le ya Ho Etsahala Eng Holong ya Mmuso? e le ho mo thusa hore a utlwisise hore diboka di tshwarwa jwang. Hape re ka sheba kgaolo ya 28 ya buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! E fana ka dintlha tsa bohlokwa tseo re ka di bontshang motho eo re mo memang.

16. Batho ba menngweng Sehopotsong ba ka nna ba ipotsa eng?

16 Ka mora Sehopotso, batho ba ka thabelang ho ithuta Bibele ba ka nna ba eba le dipotso tse ding. Mohlomong ba ka ipotsa hore na ke hobaneng ha e le batho ba mmalwa feela ba jang bohobe le ba nwang veine (haeba ba ne ba le teng). Hape e ka nna yaba ba a ipotsa hore na re tshwara Sehopotso hangata hakae. E ka nna yaba ba batla ho tseba hore na diboka tsa Dipaki Tsa Jehova kaofela di tshwarwa ka tsela e tshwanang. Le hoja puong ya Sehopotso ho buuwa ka tse ding tsa dintlha tsena, batho ba qalang ho ya Sehopotsong ba ka nna ba batla ho tseba dintlha tse ding. Sehlooho se hlahang ho jw.org/st-za se reng “Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di sa Keteke Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena ka Tsela eo Madumedi a Mang a Etsang ka Yona?” se ka re thusa ho araba dipotso tse ding tseo ba nang le tsona. Pele ho Sehopotso, nakong ya sona le ka mora sona re batla ho leka ka matla ho thusa ‘batho bao dipelo tsa bona di ba susumetsang hore ba amohele lentswe’ e le hore ba ka thabela ketsahalo ena.—Dik. 13:48.

THUSA BA KGAODITSENG HO TLA DIBOKENG

17. Baholo ba ka etsang ho thusa batho ba seng ba kgaoditse ho tla dibokeng? (Ezekiele 34:​12, 16)

17 Nakong ya ha ho lokisetswa Sehopotso, baholo ba ka etsang ho thusa batho ba kgaoditseng ho tla dibokeng? Ba lokela ho ba bontsha hore ba a ba tsotella. (Bala Ezekiele 34:​12, 16.) Baholo, pele Sehopotso se qala etsang bonnete ba hore le letsetsa ba bangata ka moo le ka kgonang. Le ba kgodise hore le ntse le ba rata ebile le batla ho ba thusa. Ba memeleng Sehopotsong. Haeba ba tla, ba amoheleng ka mofuthu. Ka mora Sehopotso, tswelang pele le letsetsa le ho etela bara le baradi bana ba bo rona mme le ba thuse ka ntho le ha e le efe e tla ba thusa hore ba kgutlele ho Jehova.—1 Pet. 2:25.

18. Re ka thusa batho ba seng ba sa tle dibokeng jwang? (Baroma 12:10)

18 Batho bohle ka phuthehong ba ka thusa batho ba seng ba kgaoditse ho tla dibokeng hore ba tle Sehopotsong. Re ka ba thusa jwang? Ka hore re ba bontshe lerato, mosa le tlhompho. (Bala Baroma 12:10.) Hopolang hore e ka nna yaba ha ho bonolo hore ba kgutlele dibokeng. Mohlomong ba ne ba tshaba hore ba ke ke ba amohelwa hantle. e Ka hoo, qobang ho ba botsa dipotso tse ka ba hlabisang dihlong kapa ka ho bua dintho tse ka ba utlwisang bohloko. (1 Bathes. 5:11) Re thabela ho boela re sebeletsa Jehova ha mmoho le bara le baradi bana ba bo rona.—Pes. 119:176; Dik. 20:35.

19. Re fumana melemo efe ha re hopola lefu la Jesu?

19 Re thabela hore ebe Jesu o lokiseditse hore re hopole lefu la hae selemo le selemo. Ho na le melemo e mengata eo re e fumanang ha re ya Sehopotsong le eo batho ba bang ba e fumanang. (Esa. 48:​17, 18) Ho ya Sehopotsong ho etsa hore re rate Jehova le Jesu le ho feta. Re bontsha hore re ananela seo ba re etseditseng sona. Re ba le kamano e matla le Bakrestemmoho le rona. Hape re ka thusa batho ba bang hore ba bone hore na ke jwang ba ka fumanang ditlhohonolofatso tseo re di fumanang ka lebaka la topollo. Ka hoo, a re lekeng ka matla ho itokisetsa Sehopotso sa selemong sena hobane ke letsatsi la bohlokwa haholo.

RE KA ETSANG HO . . .

  • itokisetsa Sehopotso?

  • thusa ba bang hore ba tle Sehopotsong?

  • thusa ba kgaoditseng ho tla dibokeng?

PINA YA 18 Re a Leboha ka Thekollo

a Sebedisa karolo ya batla e ho jw.org/st-za ho fumana dihlooho le divideo tse hlahang sehloohong sena.

b Sheba sehlooho se reng “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” se hlahang ho Tora ya ho Lebela ya April 2021.

d Sheba lebokose le reng “ Dintho Tseo o ka Etsang Dipatlisiso ka Tsona.”

e Sheba ditshwantsho le lebokose le reng “ Phutheho e Ile ya ba Tshwara Jwang?” Morabo rona ya neng a kgaoditse ho tla dibokeng o tshaba ho kena ka hare ho Holo ya Mmuso empa qetellong o a kena. O amohelwa ka mofuthu ebile o thabela ho ba le bara le baradi ba bo rona.

f TLHALOSO YA DITSHWANTSHO: Ha batho ba le Sehopotsong karolong e nngwe ya lefatshe, bara le baradi ba bo rona ba bang ba itokisetsa ketsahalo ena ya bohlokwa dikarolong tse ding tsa lefatshe.