Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 3

PINA YA 35 “Nepisisa Dintho Tsa Bohlokwa Haholo”

Etsa Diqeto Tse Thabisang Jehova

Etsa Diqeto Tse Thabisang Jehova

“Mohato wa pele wa ho fumana bohlale ke ho hlompha Jehova. Ho tseba Ya Halalelang ka ho Fetisisa ho bolela kutlwisiso.”DIPROV. 9:10.

NTLHAKGOLO

Ka moo tsebo, kutlwisiso le temoho di ka o thusang ka teng ho etsa diqeto tse nepahetseng.

1. Ke ntho efe e boima eo re lokelang ho e etsa?

 RE LOKELA ho etsa diqeto letsatsi le leng le le leng. Ho batla ho le bonolo ho etsa diqeto tse ding, jwalo ka hore na o tla jang hoseng kapa hore na o tla robala ka nako mang. Empa ho na le diqeto tse ding tseo ho batlang ho le thata ho di etsa. Di ka ama taba ya ho phela hantle mmeleng, thabo ya rona le ba malapa a rona kapa tsela eo re sebeletsang Jehova ka yona. Re batla hore diqeto tsa rona di tswele rona le ba malapa a rona molemo. Ka hodima tsohle, re na le tshepo ya hore diqeto tsa rona di tla thabisa Jehova.—Bar. 12:​1, 2.

2. Ke mehato efe e ka o thusang ho etsa diqeto tse nepahetseng?

2 Hangata o ka kgona ho etsa diqeto tse nepahetseng haeba (1) o batla dintlha ka botlalo, (2) o nahana ka hore na Jehova o ikutlwa jwang ka taba eo ebile (3) o nahana ka hloko ka hore na o tla kgetha ho etsang. Sehlooho sena se tla re thusa ho hlahloba mehato ena haholwanyane. Se tla boela se re thuse ho bona hore na re ka ithuta ho sebedisa dikelello tsa rona jwang.—Diprov. 2:11.

BATLA DINTLHA KA BOTLALO

3. Fana ka mohlala o bontshang hore na ke hobaneng ha o lokela ho batla dintlha ka botlalo pele o etsa qeto.

3 Ntho ya pele eo o lokelang ho e etsa e le hore o etse qeto e nepahetseng ke ho fumana dintlha ka botlalo. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho etsa jwalo? Nahana ka mokudi ya yang ngakeng hobane a kula haholo. Na ngaka e ne e tla etsa qeto ya hore na e tla fa mokudi moriana ofe ntle le hore e mo hlahlobe pele kapa e mo botse dipotso? Le letho. Le wena o tla etsa diqeto tse nepahetseng haeba o qala pele ka ho batla dintlha ka botlalo tse amanang le bothata ba hao. O ka etsa seo jwang?

4. Ho ya ka Diproverbia 18:​13, o ka etsang e le hore o etse bonnete ba hore o tseba dintlha ka botlalo? (Sheba setshwantsho.)

4 Hangata o ka fumana dintlha ka botlalo ka hore o botse dipotso. Ka mohlala, a re re o memetswe ho ya mmokeng. Na o lokela ho ya? Haeba o sa tlwaelana le motho ya o memang kapa o sa tsebe hore na ho tlo etswang mmokeng oo, o lokela ho mo botsa dipotso tse kang: “Mmoka oo o tlo ba hokae, hona neng? Ho tlo ba le batho ba bakae? Ke mang ya filweng boikarabelo ba ho beha dintho leihlo? Ho tla be ho ena le bomang? Ho tlo etswang mmokeng oo? Na ho tlo nowa jwala?” Dikarabo tsa dipotso tsena di tla o thusa hore o etse qeto e nepahetseng.—Bala Diproverbia 18:13.

Botsa e le hore o fumane dintlha ka botlalo (Sheba serapa sa 4) a


5. O lokela ho etsang ka mora ho fumana dintlha ka botlalo?

5 Ka mora ho fumana dintlha ka botlalo, nahanisisa ka hloko ka boemo ka kakaretso. Ka mohlala, ho thweng haeba o fumane hore ho tla be ho ena le batho ba sa mameleng melao ya Jehova mmokeng oo kapa ho tla be ho ena le jwala empa ho se na motho ya ikarabellang ka ho etsa bonnete ba hore batho ha ba nwe jwala ka tsela e feteletseng? Na o bona eka mmoka oo o ka qetella e le phathi e sa laoleheng? (1 Pet. 4:3) Ka lehlakoreng le leng, o lokela ho etsang haeba mmoka oo o tla etsa hore o fetwe ke diboka kapa ke tshimo? Ha o nahana ka dintlha ka botlalo tse amang boemo bona, ho tla ba bonolo hore o etse qeto e nepahetseng. Empa ho na le ntho e nngwe hape eo o lokelang ho e etsa. O se o tseba hore na o ikutlwa jwang ka boemo bona empa ipotse: ‘Jehova yena o ikutlwa jwang ka bona?’—Diprov. 2:6.

NAHANA KA HORE NA JEHOVA O IKUTLWA JWANG

6. Ho ya ka Jakobo 1:​5, ke hobaneng ha re lokela ho rapela Jehova hore a re thuse?

6 Kopa Jehova hore a o thuse ho utlwisisa hore na yena o ikutlwa jwang ka taba eo. Jehova o re tshepisa hore o tla re fa bohlale ba ho lemoha hore na qeto e itseng e tla mo thabisa kapa tjhe. O fana ka bohlale bo jwalo “ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa ahlole.”—Bala Jakobo 1:5.

7. O ka etsang e le hore o tsebe hore na Jehova o ikutlwa jwang? Etsa mohlala.

7 Ha o se o rapeletse tataiso ya Jehova, leka ka hohle ho bona tsela eo a tla o araba ka yona. Ka mohlala, haeba ho na le moo o yang ebe o a lahleha, o ka nna wa kopa motho ya dulang sebakeng seo hore a o thuse. Empa na o ne o tla tsamaya pele a o araba? Tjhe. O ne o tla mamela ka hloko hore na o re o tsamaye ka tsela efe. Ka tsela e tshwanang, ka mora ho kopa bohlale ho Jehova, leka ho lemoha karabo ya hae ka hore o fumane hore na ke melao le melaomotheo efe e amang boemo ba hao. Ka mohlala, ha o lokela ho etsa qeto ya hore na o tla ya mmokeng oo re buileng ka wona pejana kapa tjhe, o ka nna wa lokela ho nahana ka hore na Bibele e reng ka diphathi tse sa laoleheng, ho tlwaelana le batho ba fosahetseng le bohlokwa ba ho etsa hore Mmuso wa Modimo ebe yona ntho e tlang pele bophelong ba hao.—Mat. 6:33; Bar. 13:13; 1 Bakor. 15:33.

8. O ka etsang ha o hloka thuso ya ho fumana dintlha tseo o di hlokang? (Sheba setshwantsho.)

8 Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding o ka nna wa hloka thuso ya ho fumana dintlha tseo o di hlokang. O ka nna wa fumana ditlhahiso ho mora kapa moradi wa bo rona ya nang le boiphihlelo. Empa o ntse o ka rua molemo ha o iketsetsa dipatlisiso ka bowena. Ho na le dintho tse ngata ka hara dithulusi tsa rona tsa ho ithuta, tse kang Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso ya Dipaki Tsa Jehova le Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste. Hopola hore sepheo ke ho etsa diqeto tse tla thabisa Jehova.

Nahana ka hore na Jehova o ikutlwa jwang (Sheba serapa sa 8) b


9. Re ka kgodiseha jwang hore qeto eo re e etsang e tla thabisa Jehova? (Baefese 5:17)

9 Re ka kgodiseha jwang hore qeto eo re e etsang e tla thabisa Jehova? Ntho ya pele eo re lokelang ho e etsa ke ho mo tseba haholwanyane. Bibele e re: “Ho tseba Ya Halalelang ka ho Fetisisa ho bolela kutlwisiso.” (Diprov. 9:10) E le hore re be le kutlwisiso eo, re lokela ho tseba makgabane a Jehova, morero wa hae le hore na o rata eng kapa o hloile eng. Ipotse, ‘ho ya ka moo ke tsebang Jehova ka teng, a ka thabiswa ke ha nka etsa qeto efe?’—Bala Baefese 5:17.

10. Ke hobaneng ha melaomotheo ya Bibele e le bohlokwa haholo ho feta tsela eo lelapa le tlwaetseng ho etsa dintho ka yona kapa meetlo ya sebakeng seo o dulang ho sona?

10 Ka dinako tse ding, re lokela ho swetsa batho ba haufi le rona e le hore re thabise Jehova. Ka mohlala, batswadi ba ka nna ba phehella moradi wa bona hore a nyalwe ke morabo rona ya emeng hantle ditjheleteng kapa ya ka patalang mahadi a mangata le hoja morabo rona eo e se motho wa moya. Batswadi bao ba ka nna ba etsa jwalo ka sepheo se setle. Ke nnete hore ba tla be ba batla hore ngwana wa bona a phele ha monate. Empa moradi eo o lokela ho ipotsa hore na monna eo o tla mo thusa hore a hodise setswalle sa hae le Jehova kapa tjhe, le hore na Jehova o ikutlwa jwang ka taba eo. Re fumana karabo ho Matheu 6:33. Lengolong leo, Jesu o ile a phehella Bakreste hore ba etse hore Mmuso wa Modimo e be ntho e tlang pele bophelong ba bona. Le hoja re hlompha batswadi ba rona le batho ba bang, ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore re thabise Jehova.

NAHANISISA KA HORE NA O BATLA HO KGETHANG

11. Ho ya ka Bafilipi 1:​9, 10, ke eng e tla o thusa ho nahanisisa ka hore na o ka kgethang?

11 Ka mora hore o hlahlobisise melaomotheo e amang qeto ya hao, o lokela ho nahanisisa ka hloko ka hore na o batla ho kgetha ho etsang. (Bala Bafilipi 1:​9, 10.) Ho ba le temoho ho tla o thusa hore o bone hore na qeto ka nngwe eo o batlang ho e etsa e tla ba le diphello dife. Ka dinako tse ding ho ka ba bonolo ho etsa qeto. Empa ha se diqeto tsohle tse bonolo. Temoho e tla o thusa hore o etse diqeto tse nepahetseng le ha boemo bo le thata.

12, 13. Temoho e tla o thusa ho etsa qeto e nepahetseng jwang ha o kgetha mosebetsi?

12 Nahana ka boemo bona. O ntse o batla mosebetsi e le hore o hlokomele lelapa la hao mme ho na le mesebetsi e mmedi. O nahana ka dintlha tse eketsehileng tse kang hore na ke mosebetsi wa mofuta ofe, o tlo sebetsa nako e kae, ho tlo o nka nako e kae hore o fihle mosebetsing le dintlha tse ding. Mesebetsi ena ka bobedi ha e hanane le melaomotheo ya Bibele. Mohlomong o batla mosebetsi o mong ho feta o mong hobane e le mosebetsi oo o o ratang kapa o patalang haholo. Le ha ho le jwalo, ho na le dintlha tse ding hape tseo o lokelang ho nahana ka tsona pele o nka qeto.

13 Ka mohlala, na o mong wa mesebetsi eo o tla o sitisa ho ya dibokeng? Na o mong wa mesebetsi eo o tla o sitisa hore o hlokomele lelapa la hao maikutlong le moyeng? Ho ipotsa dipotso tsena ho tla o thusa hore o lemohe “dintho tsa bohlokwa haholo,” e leng borapedi ba hao le ditlhoko tsa lelapa la hao, ho ena le ho batla ho etsa tjhelete e ngata. Jwale o tla kgona ho etsa qeto eo Jehova a tla e hlohonolofatsa.

14. Ho ba le temoho le ho rata batho ba bang ho tla re thusa jwang hore re qobe ho ba kgopisa?

14 Ho ba le temoho ho tla boela ho re thuse ho nahana hore na qeto ya rona e tla ama ba bang jwang, e le hore re qobe ho “kgopisa ba bang.” (Bafil. 1:10) Taba ena ke ya bohlokwa ha motho a etsa diqeto tse mo amang mabapi le hore na o tla aparang le hore na o tla itlhopha jwang. Ka mohlala, re ka nna ra rata ho apara diaparo tse itseng kapa ho itlhopha ka tsela e itseng. Empa ho thweng haeba ho etsa jwalo ho kgopisa Bakrestemmoho le rona kapa batho bao eseng Bakreste? Ho ba le temoho ho tla re thusa hore re hlomphe maikutlo a bona. Lerato le tla re susumeletsa hore re etse dintho tse tla tswela “ba bang” molemo le hore re itlhomphe. (1 Bakor. 10:​23, 24, 32; 1 Tim. 2:​9, 10) Ka hoo, re tla etsa diqeto tse bontshang hore re rata batho ba bang ebile re a ba hlompha.

15. O lokela ho etsang pele o etsa qeto ya bohlokwa haholo?

15 Haeba o lokela ho etsa qeto ya bohlokwa haholo, nahana ka hore na o lokela ho etsang e le hore e atlehe. Jesu o re rutile hore re lokela ho “bala ditshenyehelo.” (Luka 14:28) Ka hoo, nahana ka hore na ho tla o hloka nako e kae, ditshenyehelo tse kae le matla a makae hore qeto ya hao e atlehe. Maemong a mang, o ka nna wa buisana le ba lelapa ka hore na ba ka kenya letsoho jwang hore qeto eo e atlehe. Ke hobaneng ha taba ee e le ya bohlokwa? Ho ka nna ha etsa hore o hlokomele hore o hloka ho etsa diphetoho tse itseng kapa hore o etse qeto e fapaneng. Hape haeba o kenyeletsa ba lelapa ebile o mamela maikutlo a bona, ba tla ikemisetsa ho o thusa ho etsa hore qeto eo e atlehe.—Diprov. 15:22.

ETSA QETO E TLA ATLEHA

16. Ke mehato efe e ka o thusang hore o etse qeto e tla atleha? (Sheba lebokose le reng “ O ka Etsa Diqeto Tse Nepahetseng Jwang?”)

16 Haeba o se o latetse mehato eo ho builweng ka yona sehloohong sena, o tla kgona ho etsa qeto e nepahetseng. O se o fumane dintlha ka botlalo mme o hlahlobile melaomotheo e tla o thusa ho etsa qeto e thabisang Jehova. Jwale o ka kopa Jehova hore a o thuse hore qeto ya hao e atlehe.

17. Ke eng ntho e ka sehloohong e tla o thusa hore o etse diqeto tse nepahetseng?

17 Le haeba nakong e fetileng o ile wa etsa diqeto tse ngata tse ileng tsa atleha, hopola hore ntho e ka sehloohong e tla o thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng ke ho itshetleha ka bohlale bo tswang ho Jehova, eseng ka bohlale ba hao kapa boiphihlelo ba hao. Ke yena feela ya ka o fang tsebo ya nnete, kutlwisiso le temoho, e leng tsona dintho tsa bohlokwa tse tla etsa hore o be bohlale. (Diprov. 2:​1-5) Jehova a ka o thusa ho etsa diqeto tse mo thabisang.—Pes. 23:​2, 3.

PINA YA 28 Ho Fumana Botswalle ba Jehova

a TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Bara le baradi ba bo rona ba batjha ba buisana ka memo ya ho ya phathing eo ba e fumaneng difonong tsa bona.

b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: E mong wa bara ba bo rona o etsa dipatlisiso pele a etsa qeto ya ho ya phathing.