Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DINTHO TSE KA O THUSANG HA O ITHUTA

Ho Toroya ho Tla o Thusa ho Hopola

Ho Toroya ho Tla o Thusa ho Hopola

Mohlomong le wena jwalo ka batho ba bangata o thatafallwa ke ho hopola dintho tseo o ithutileng tsona. Empa na o kile wa hlokomela ka moo dipapiso tsa Jesu di hopolehang ha bonolo ka teng? Re kgona ho iketsetsa setshwantsho sa tsona ka hloohong mme ho etsa jwalo ho re thusa hore re dule re hopola dintho tseo Jesu a neng a di ruta. Ka tsela e tshwanang, o ka hopola dintho tse ngata tseo o ithutang tsona ka hore o iketsetse ditshwantsho tsa ntho eo o ntseng o e bala. O ka etsa seo jwang? Ka hore o toroye ditshwantsho ha o ntse o ithuta.

Hangata batho ba toroyang ditshwantsho ha ba ntse ba ithuta, ba hopola dintho tseo ba ntseng ba ithuta tsona ha bonolo. Ho etsa jwalo ho ba thusa hore ba se ke ba hopola mantswe feela empa ba hopole le dintlha tsa bohlokwa tseo ba ithutileng tsona ha ba ntse ba bala. Ha ba toroele bokgabane empa ba toroya ditshwantsho tse bonolo feela tse ba thusang ho hopola. Dipatlisiso di bontsha hore ho toroya ditshwantsho ho ka thusa haholoholo batho ba hodileng hore ba hopole dintho tseo ba ithutileng tsona.

Nakong e tlang ha o ithuta o ka nna wa leka ho toroya tse ding tsa ditshwantsho tsa ntho eo o ntseng o ithuta yona. O ka nna wa makatswa ke ho bona ka moo o tla hopola dintho tse ngata ka teng.