Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 2

PINA YA 132 Jwale re Nama e le Nngwe

Monna, Hlompha Mosadi wa Hao

Monna, Hlompha Mosadi wa Hao

“Lona banna, . . . le ba [abele] tlhompho.”1 PET. 3:​7, Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang.

NTLHAKGOLO

Ka moo monna a ka hlomphang mosadi wa hae ka teng ka seo a se buang le seo a se etsang.

1. Ke hobaneng ha Jehova a fane ka mpho ya lenyalo?

 JEHOVA ke “Modimo ya thabileng,” mme o batla hore le rona re thabe. (1 Tim. 1:11) O re file dimpho tse ngata tse re thusang ho thabela bophelo. (Jak. 1:17) E nngwe ya tsona ke lenyalo. Ha monna le mosadi ba nyalana, ba ikana hore ba tla ratana, ba hlomphane, ba be ba hlokomelane. Ha monna le mosadi ba tiisa maqhama a lerato dipakeng tsa bona, ba tla thaba haholo.—Diprov. 5:18.

2. Banna ba bangata ba tshwara basadi ba bona jwang mehleng ee?

2 Ka maswabi, mehleng ena banyalani ba bangata ha ba sa ratana le ho hlomphana jwalo ka ha ba ne ba tshepisane ka letsatsi la bona la lenyalo. Seo se etsa hore ba se ke ba thaba. Tlaleho ya moraorao ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo e bontsha hore banna ba bangata ba hlekefetsa basadi ba bona ka ho ba otla, ho ba buela mantswe a bohloko kapa ho ba tshwara hampe ka ditsela tse ding tse ba utlwisang bohloko maikutlong. Banna bana ba ka etsa eka ba tshwara basadi ba bona ka tlhompho ha ba le bathong, empa ha ba le hae ba ba tshwara hampe. Banna ba bangata ba shebella pornography mme sena le sona se etsa hore basadi ba bona ba ikutlwe ba sa ratwe ebile ba sa thaba.

3. Ke hobaneng ha banna ba bang ba hlekefetsa basadi ba bona?

3 Ke hobaneng ha banna ba bang ba hlekefetsa basadi ba bona? Ho ka etsahala hore ebe ba bone boitshwaro boo ho bontate ba bona, kahoo ba ka nna ba nahana hore bo nepahetse. Banna ba bang ba hlekefetsa basadi ba bona hobane feela e le tlwaelo sebakeng seo ba leng ho sona. Ba ba hlekefetsa hobane feela ba batla ho bontsha hore ba na le matla a ho ba laola. Ba bang ha ba a ka ba rutwa ho laola maikutlo le kgalefo ya bona. Ba bang bona ba tlwaetse ho shebella pornography mme seo se etsa hore ba be le pono e fosahetseng ka basadi le thobalano. Ho ekelletsa moo, ditlaleho di bontsha hore nakong ya sewa sa COVID-19, banna ba bangata ba ile ba qala ho hlekefetsa basadi ba bona. Empa ha ho na lebaka le ha e le lefe leo monna a lokelang ho hlekefetsa mosadi wa hae ka lona.

4. Banna ba Bakreste ba lokela ho hlokomela hore ba se ke ba etsang, hona hobaneng?

4 Banna ba Bakreste ba lokela ho hlokomela hore ba se ke ba eba le pono e fosahetseng ka basadi jwalo ka ha lefatshe lena le ena le yona. a Hobaneng? Lebaka ke hobane tsela eo motho a nahanang ka yona e susumetsa tsela eo a etsang dintho ka yona. Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba tlotsitsweng ba Roma hore ba “kgaotse ho etsisa batho ba lefatshe lena.” (Bar. 12:​1, 2) Ha a ne a ba ngolla, ba ne ba se ba ena le dilemo tse mmalwa ba le ka phuthehong, empa mantswe a Pauluse a bontsha hore ba bang ba bona ba ne ba ntse ba susumetswa ke ditlwaelo le tsela eo lefatshe le nahanang ka yona. Ke ka hoo a ileng a ba kgothaletsa hore ba fetole tsela eo ba nahanang ka yona le eo ba itshwarang ka yona. Kgothaletso eo e ntse e sebetsa le ho banna ba Bakreste mehleng ena. Ka maswabi, ba bang ba bona ba susumeditswe ke tsela eo lefatshe le nahanang ka yona, ba ba ba qetella ba hlekefeditse basadi ba bona. b Jehova o lebeletse hore monna a tshware mosadi wa hae jwang? Re fumana karabo lengolong la rona la sehlooho.

5. Ho ya ka 1 Petrose 3:​7, monna o lokela ho tshwara mosadi wa hae jwang?

5 Bala 1 Petrose 3:7. Jehova o laela monna e mong le e mong hore a hlomphe mosadi wa hae. Monna ya hlomphang mosadi wa hae o tla mo tshwara ka tsela e mosa le e lerato. Sehloohong sena, re tlo ithuta hore na ke jwang monna a ka bontshang hore o hlompha mosadi wa hae. Empa a re qaleng pele ka ho hlahloba dintho tseo monna a sa lokelang ho di etsa ho mosadi wa hae.

O SE KE WA ETSA DINTHO TSE TLA UTLWISA MOSADI WA HAO BOHLOKO

6. Jehova o ikutlwa jwang ka banna ba otlang basadi ba bona? (Bakolose 3:19)

6 Monna ha a lokela ho lwantsha mosadi wa hae. Jehova o hloile bohle ba ratang ntwa. (Pes. 11:5) Ka ho kgetheha o hloile monna e mong le e mong ya hlekefetsang mosadi wa hae. (Mal. 2:16; bala Bakolose 3:19.) Ho ya ka lengolo la rona la sehlooho e leng 1 Petrose 3:​7, haeba monna a sa tshware mosadi wa hae hantle, ho etsa jwalo ho ka ama kamano ya hae le Modimo. Hape Jehova a ka nna a se ke a mamela dithapelo tsa hae.

7. Ho ya ka Baefese 4:​31, 32, banna ba lokela ho qoba dipuo tse jwang? (Sheba “Tlhaloso.”)

7 Monna ha a lokela ho hlekefetsa mosadi wa hae ka mantswe. Ha banna ba bang ba halefile, ba bua mantswe a ka utlwisang basadi ba bona bohloko haholo. Empa Jehova o hloile batho ‘ba bohale, ba etsang lerata ba halefile le ba buang dipuo tse hlabang.’ c (Bala Baefese 4:​31, 32.) Jehova o utlwa ntho e nngwe le e nngwe. O tsotella tsela eo monna a buisang mosadi wa hae ka yona le ha ba le bang. Monna ya buisang mosadi wa hae hampe o senya lenyalo la hae le setswalle sa hae le Modimo.—Jak. 1:26.

8. Jehova o ikutlwa jwang ka pornography, hona hobaneng?

8 Monna ha a lokela ho shebella pornography. Jehova o ikutlwa jwang ka pornography? O e hloile. Ka hoo, monna ya shebang ditshwantsho tse ditshila o senya kamano ya hae le Jehova ebile ha a hlomphe mosadi wa hae. d Jehova o lebeletse hore monna a tshepahalle mosadi wa hae ka dintho tseo a di etsang le tseo a di nahanang. Jesu o ile a re monna ya shebang mosadi e mong e le hore a be le takatso ya ho etsa thobalano le yena, o se a febile le yena “ka pelong ya hae.” eMat. 5:​28, 29.

9. Ke hobaneng ha Jehova a hloile banna ba hatellang basadi ba bona hore ba etse thobalano le bona ka tsela eo ba sa e thabeleng?

9 Banna ha ba a lokela ho qobella basadi ba bona ho etsa thobalano le bona ka tsela e tla etsa hore basadi ba bona ba ikutlwe ba sa hlomphehe. Banna ba bang ba hatella basadi ba bona hore ba etse thobalano le bona ka tsela e etsang hore ba ikutlwe eka ba a hlekefetswa kapa e sa dumellaneng le matswalo a bona. Jehova o hloile boitshwaro boo ba boithati le ba ho se tsotelle. O lebeletse hore monna a rate mosadi wa hae, a mo tshware ka mosa a be a hlomphe maikutlo a hae. (Baef. 5:​28, 29) Ho thweng haeba monna wa Mokreste o se a ntse a otla mosadi wa hae kapa a shebella pornography, kapa hona ho etsa thobalano le mosadi wa hae ka tsela eo mosadi wa hae a sa e thabeleng? Ebe a ka fetola tsela eo a nahanang le ho etsa dintho ka yona jwang?

MONNA A KA ETSANG HO KGAOTSA HO ETSA BOITSHWARO BO BOBE?

10. Banna ba ka ithuta eng mohlaleng wa Jesu?

10 Ke eng e ka thusang monna ho kgaotsa ho hlekefetsa mosadi wa hae le ho mo theola seriti? A ka leka ka matla ho etsisa Jesu. Le hoja Jesu a sa ka a nyala, tsela eo a neng a tshwara barutuwa ba hae ka yona, ke mohlala o motle wa ka moo banna ba lokelang ho tshwara basadi ba bona ka teng. (Baef. 5:25) Ka mohlala, re tlo bona hore na banna ba ka ithuta eng tseleng eo Jesu a neng a bua le baapostola ba hae ka yona le ka moo a neng a ba tshwara ka teng.

11. Jesu o ile a tshwara baapostola ba hae jwang?

11 Jesu o ne a tshwara baapostola ba hae ka mosa le ka tlhompho. Ha ho mohla a neng a bua le bona ka bohale kapa a iketsa mmampodi. Le hoja a ne a le matla haholo ho ba feta, o ne a sa sebedise matla ao ho etsa hore ba ikutlwe ba le basesaane kapa ba mo tshaba. Ho ena le hoo, o ile a ba sebeletsa ka boikokobetso. (Joh. 13:​12-17) O ile a re ho barutuwa ba hae: “Le ithute ho nna hobane ke bonolo ebile ke ikokobeditse mme le tla kgatholoha.” (Mat. 11:​28-30) Hlokomela hore Jesu o ne a le bonolo. Ha se hore ha motho a le bonolo o a fokola. Ho ena le hoo, o matla haholo hoo a kgonang ho itshwara. Le ha a ka a halefiswa, o dula a kgobile matshwafo le ho laola maikutlo a hae.

12. Jesu o ne a bua le batho ba bang jwang?

12 Jesu o ne a bua ka tsela e tshedisang le e kgothatsang ba bang. O ne a sa bue le balatedi ba hae ka tsela e bohale. (Luka 8:​47, 48) Le hoja bahanyetsi ba hae ba ne ba mo rohaka le ho leka ho mo halefisa, “ha a ka a ba rohaka.” (1 Pet. 2:​21-23) Ka dinako tse ding, Jesu o ne a kgetha ho itholela ho ena le ho araba ka tsela e bohale. (Mat. 27:​12-14) O behile mohlala o motle hakaakang bakeng sa banna ba Bakreste.

13. Jwalo ka ha ho boletswe ho Matheu 19:​4-6, monna a ka ‘kgomarela mosadi wa hae’ jwang? (Sheba setshwantsho.)

13 Jesu o laetse banna hore ba tshepahalle basadi ba bona. O ile a qotsa mantswe a Ntate wa hae ha a ne a re monna o lokela ho ‘kgomarela mosadi wa hae.’ (Bala Matheu 19:​4-6.) Leetsi la Segerike le sebedisitsweng temaneng ena, le fetoletsweng e le “ho kgomarela” le bolela “ho manamisa ka glue.” Monna le mosadi ba lokela ho momahana jwalo ka ha eka ba kgomareditswe ka glue. Ntho le ha e le efe e ka ba arohanyang e ka ba siya ba lemetse bobedi ba bona. Haeba monna a momahane le mosadi wa hae ka tsela eo, o tla qoba mefuta yohle ya pornography. O tla hana ho “sheba dintho tse se nang thuso” hanghang. (Pes. 119:37) Ha e le hantle, o etsa selekane le mahlo a hae sa hore, ntle le mosadi wa hae, a ke ke a sheba mosadi le ha e le ofe e le hore a be le takatso ya ho etsa thobalano le yena.—Jobo 31:1.

Monna ya tshepahalang o hana ho sheba ditshwantsho tsa pornography (Sheba serapa sa 13) g


14. Ke mehato efe eo monna ya hlekefetsang mosadi wa hae a lokelang ho e nka e le hore a lokise kamano ya hae le Jehova le kamano ya hae le mosadi wa hae?

14 Monna ya otlang mosadi wa hae le ho mo hlekefetsa ka mantswe, o lokela ho nka mehato e mmalwa ho lokisa kamano ya hae le Jehova le kamano ya hae le mosadi wa hae. Mehato eo ke efe? Wa pele, o lokela ho hlokomela hore o na le bothata bo tebileng. Ha ho na ntho e patehileng mahlong a Jehova. (Pes. 44:21; Moek. 12:14; Baheb. 4:13) Wa bobedi, o lokela ho kgaotsa ho hlekefetsa mosadi wa hae mme a fetole boitshwaro ba hae. (Diprov. 28:13) Wa boraro, o lokela ho kopa tshwarelo ho mosadi wa hae le ho Jehova. (Dik. 3:19) O boetse o lokela ho kopa Jehova hore a mo fe tabatabelo ya ho fetoha le ho mo thusa hore a laole tsela eo a nahanang ka yona, eo a buang ka yona le eo a etsang dintho ka yona. (Pes. 51:​10-12; 2 Bakor. 10:5; Bafil. 2:13) Wa bone, o lokela ho etsa dintho tumellanong le dithapelo tsa hae, ka hore a ithute ho hloya mefuta yohle ya ntwa le mantswe a hlabang. (Pes. 97:10) Wa bohlano, o lokela ho kopa thuso hanghang ho baholo ba phutheho. (Jak. 5:​14-16) Wa botshelela, o lokela ho etsa moralo wa dintho tse ka mo thusang hore na o lokela ho qoba eng e le hore a se ke a iphumana a kgutletse mekgweng eo e mebe hape. Monna ya shebellang pornography le yena o lokela ho nka mehato ena e tsheletseng eo re buileng ka yona mona. Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hae ba ho fetola boitshwaro ba hae. (Pes. 37:5) Empa ha ho a lekana hore monna a kgaotse ho etsa dintho tse utlwisang mosadi wa hae bohloko. O boetse o lokela ho ithuta ho hlompha mosadi wa hae. A ka etsa seo jwang?

O KA HLOMPHA MOSADI WA HAO JWANG?

15. Monna a ka bontsha mosadi wa hae jwang hore o a mo rata?

15 Mo bontshe hore o a mo rata. Bara ba bo rona ba bang ba thabileng lenyalong ba etsa bonnete ba hore letsatsi le leng le le leng, ho na le ntho eo ba e etsang ho bontsha ka moo ba ratang basadi ba bona ka teng. (1 Joh. 3:18) Monna a ka bontsha hore o rata mosadi wa hae ka ho mo etsetsa dintho tse nyenyane, jwalo ka ho mo tshwara ka letsoho kapa ho mo haka ka tsela e mofuthu. A ka mo romella molaetsa o reng “Ke o hopotse” kapa a mo botse, a re “O ntse o ya jwang?” Nako le nako a ka mo romella karete e ngotsweng mantswe a monate a kgethilweng hantle a mo bolellang ka moo a mo ratang ka teng. Ha monna a etsa dintho tsena, o hlompha mosadi wa hae ebile o matlafatsa lenyalo la hae.

16. Ke hobaneng ha monna a lokela ho rorisa mosadi wa hae?

16 Mo bolelle hore ke wa bohlokwa. Monna ya hlomphang mosadi wa hae o a mo bolella hore na ke hobaneng ha a mo nka e le wa bohlokwa. Tsela e nngwe eo a etsang sena ka yona ke ka ho hopola ho mo leboha ka dintho tsohle tseo a di etsang ho mo tshehetsa. (Bakol. 3:15) Ha monna a rorisa mosadi wa hae e le ka nnete, o thabisa pelo ya hae. Mosadi wa hae o tla ikutlwa a sireletsehile, a ratwa a bile a hlomphuwa.—Diprov. 31:28.

17. Monna o lokela ho bontsha mosadi wa hae jwang hore o a mo hlompha?

17 Mo tshware ka mosa le ka tlhompho. Monna ya ratang mosadi wa hae o mo nka e le wa bohlokwa ebile ha a batle letho ka yena. O mo nka e le letlotlo la bohlokwa le tswang ho Jehova. (Diprov. 18:22; 31:10) Ka hoo, o mo tshwara ka mosa le ka tlhompho, esita le nakong eo ba thabelang tokelo ya bona ya lenyalo. A ke ke a hatella mosadi wa hae ho etsa thobalano le yena ka tsela e tla etsa hore a ikutlwe a sa phutholoha, a ikutlwe eka o a hlekefetswa kapa ka tsela e sa dumellaneng le letswalo la hae. f Monna le yena o lokela ho boloka letswalo la hae le hlwekile nakong eo ba thabelang tokelo ya bona ya lenyalo.—Dik. 24:16.

18. Monna o lokela ho ikemisetsa ho etsang? (Sheba lebokose le reng “ Ditsela Tse Nne Tseo Monna a ka Bontshang Hore o Hlompha Mosadi wa Hae ka Tsona.”)

18 Banna, le ka kgodiseha hore Jehova o a bona ebile o ananela boiteko boo le bo etsang ba ho hlompha basadi ba lona dikarolong tsohle tsa bophelo ba lona. Ikemisetse ho mo hlompha ka hore o qobe ntho le ha e le efe e ka mo utlwisang bohloko, o be mosa o be o bontshe ka diketso hore o a mo rata. Ha o etsa jwalo o a bontsha hore o a mo rata ebile o mo nka e le wa bohlokwa. Hlompha mosadi wa hao e le hore o sireletse kamano ya bohlokwa ka ho fetisisa, e leng setswalle sa hao le Jehova.—Pes. 25:14.

PINA YA 131 “Seo Modimo a se Kopantseng ha Mmoho”

a Banna ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba bala sehlooho se reng “Na o Tshwara Basadi ka Tsela eo Jehova a ba Tshwarang ka Yona?” se Hlahang ho Tora ya ho Lebela ya January 2024.

b Haeba o se o kile wa hlekefetswa ke molekane, o tla rua molemo ha o ka bala sehlooho se reng “Keng e ka Thusang Batho ba Hlekefetswang ka Malapeng?” se hlahang tlasa “Dihlooho Tse Ding” ho jw.org le ho JW Library®.

c TLHALOSO: “Dipuo tse hlabang” di akareletsa ho bua dintho tse mpe ho motho e le ho mo rohaka kapa ho etsa hore a ikutlwe a le mosesaane. Di boetse di akareletsa ho dula o bolella motho dintho tseo o sa di rateng ka yena. Ka hoo, ntho e nngwe le e nngwe eo monna a e buang ho utlwisa mosadi wa hae bohloko kapa ho mo rohaka e nkwa e le dipuo tse hlabang.

d Sheba sehlooho se reng “Ho Shebella Pornography ho ka Senya Lenyalo” ho jw.org le ho JW Library.

e Mosadi eo monna wa hae a shebellang pornography a ka thuswa ke sehlooho se reng “O ka Etsang ha Molekane wa Hao a Shebella Pornography? se hlahang ho Tora ya ho Lebela ya August 2023.

f Bibele ha e tjho hore na ke mekgwa efe e lokileng le e sa lokang ya ho etsa thobalano pakeng tsa banyalani. Banyalani ba Bakreste ba lokela ho etsa diqeto tse bontshang hore ba ikemiseditse ho hlompha Jehova, tse tla etsa hore ba thabe ka bobedi le hore ba dule ba ena le matswalo a hlwekileng. Ha ho a tlwaeleha hore banyalani ba buisane le batho ba bang ka hore na ba kopanela diphate jwang, etswe ke lekunutu la bona.

g TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Basebetsimmoho le morabo rona bao eseng Dipaki ba leka ho mo bontsha makasine ya pornography.