Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 5

PINA YA 108 Lerato la Nnete la Modimo

Re Fumana Ditlhohonolofatso Dife ha re Ratwa ke Jehova?

Re Fumana Ditlhohonolofatso Dife ha re Ratwa ke Jehova?

“Kreste Jesu o ile a tla lefatsheng ho pholosa baetsadibe.”1 TIM. 1:15.

NTLHAKGOLO

Tefo ya topollo e re tswela molemo jwang, hona re ka bontsha Jehova jwang hore re a e ananela?

1. Jehova o thaba haholo ha re etsang?

 NAHANA o fa motho eo o mo ratang mpho e ikgethang, e ntle le e ka mo thusang. O ne o ka ikutlwa o swetsehile haeba motho eo a ne a ka e beha ka setorong ebe ka mora moo ha a sa na taba le yona. Empa o ne o ka thaba haeba motho eo a ne a ka e sebedisa mme a bontsha hore o a e ananela. Re ithutang mohlaleng oo? Jehova o fane ka Mora wa hae molemong wa rona. E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha re bontsha hore re ananela mpho eo ya bohlokwa le lerato la hae le entseng hore a fane ka tefo ya topollo.—Joh. 3:16; Bar. 5:​7, 8.

2. Re tlo ithutang sehloohong see?

2 Ha nako e ntse e ya re ka nna ra qala ho nka mpho ya tefo ya topollo hanyane. Haeba re etsa jwalo, ho tla be ho tshwana le ha re nka mpho ena e ntle e tswang ho Modimo ebe re e beha ka setorong, moo re ke keng ra e bona le ho nahana ka yona. Ho qoba hore seo se etsahale, re lokela ho dula re nahana ka seo Modimo le Kreste ba re etseditseng sona. Sehlooho sena se tlo re thusa ho etsa jwalo. Re tlo ithuta hore na tefo ya topollo e re tswela molemo jwang hona jwale le hore na e tla re tswela molemo jwang nakong e tlang. Re tla boela re bone hore na re ka bontsha jwang hore re ananela lerato la Jehova, haholoholo nakong ya Sehopotso.

RE RUA MOLEMO JWANG HONA JWALE?

3. Tefo ya topollo e re tswela molemo jwang hona jwale?

3 Re se re ntse re rua molemo sehlabelong sa Kreste. Ka mohlala, Jehova o re tshwarela dibe ka lebaka la tefo ya topollo. Ha se setlamo hore a re tshwarele empa o re tshwarela hobane a batla. Mopesaleme o ile a bontsha kananelo ya hae ha a re: “Jehova, o molemo ebile o ikemiseditse ho tshwarela.”—Pes. 86:5; 103:​3, 10-13.

4. Jehova o fane ka tefo ya topollo bakeng sa bomang? (Luka 5:32; 1 Timothea 1:15)

4 Ba bang ba ka utlwa ba sa tshwanelwe ke hore Jehova a ba tshwarele. Ha e le hantle, kaofela ha rona ha re tshwanelwe ke hore Jehova a re tshwarele. Moapostola Pauluse o ne a tseba hore ha a “tshwanelehe ho bitswa moapostola.” Empa o ile a re: “Ka lebaka la mosa o moholo wa Modimo, ke moapostola.” (1 Bakor. 15:​9, 10) Ha re bakela dibe tsa rona, Jehova o re tshwarela hobane a re rata eseng hobane re tshwaneleha. Haeba o nahana hore ha o tshwanelwe ke hore Jehova a o tshwarele, hopola hore Jehova ha a fana ka tefo ya topollo bakeng sa batho ba lokileng. O fane ka yona bakeng sa baetsadibe ba bakelang dibe tsa bona.—Bala Luka 5:32; 1 Timothea 1:15.

5. Hlalosa hore na ke hobaneng ha e se setlamo hore Jehova a re tshwarele.

5 Ha re a lokela ho nahana hore ke setlamo hore Jehova a re tshwarele hobane feela re mo sebeleditse ka dilemo tse ngata. Ke nnete hore o hopola dintho tsohle tseo re mo etseditseng tsona. (Baheb. 6:10) Empa o re file Mora wa hae e le mpho, eseng hobane a re patalla ho mo sebeletsa. Ka hoo, ho tla be ho fosahetse ho nahana hore ke setlamo hore Jehova a re tshwarele hobane feela re mo etseditse dintho tse ngata. Haeba re nahana jwalo, ho tla be ho tshwana le ha re re ho ne ho sa hlokahale hore Kreste a re shwele.—Bapisa le Bagalata 2:21.

6. Ke hobaneng ha Pauluse a ne a sebeletsa Jehova ka thata?

6 Pauluse o ne a tseba hore ha se setlamo hore Modimo a mo tshwarele ho sa tsotellehe hore na o mo sebeleditse ka thata hakae. Jwale ke hobaneng ha a ne a sebeletsa Jehova ka thata hakaalo? Hobane o ne a batla ho bontsha hore o ananela ka moo Jehova a mo bontshitseng mosa le mohau ka teng. (Baef. 3:7) Jwalo ka Pauluse, re tswela pele ho sebeletsa Jehova ka mafolofolo ho bontsha hore re ananela mosa wa hae.

7. Re fumana molemo ofe o mong ka lebaka la tefo ya topollo? (Baroma 5:1; Jakobo 2:23)

7 Molemo o mong oo re o fumanang hona jwale ka lebaka la tefo ya topollo ke ho ba metswalle ya Jehova. a Jwalo ka ha re utlwile sehloohong se fetileng, ha re a hlaha re se re ntse re le metswalle ya Modimo. Empa ka lebaka la mpho ya tefo ya topollo, re ka thabela ho ba le “kgotso . . . le Modimo” mme ra ba metswalle ya hae.—Bala Baroma 5:1; Jakobo 2:23.

8. Ho rapela ho re tswela molemo jwang?

8 Monyetla o mong o ikgethang oo re nang le wona ka lebaka la ho ba metswalle ya Jehova ke wa ho mo rapela. Jehova o mamela dithapelo tseo re di etsang ha re bokane mmoho esita le tseo re di etsang ha re le bang. Ha re rapela, re ikutlwa re imolohile empa oo ha se wona feela molemo oo re o fumanang. Ho rapela ho boetse ho matlafatsa setswalle sa rona le Modimo. (Pes. 65:2; Jak. 4:8; 1 Joh. 5:14) Jesu o ne a rapela hangata ha a le lefatsheng hobane a tseba hore Jehova o mo mametse. Hape o ne a tseba hore thapelo e tla etsa hore a dule a ena le setswalle se matla le Ntate wa hae. (Luka 5:16) Re ananela haholo hore ebe re kgona ho ba metswalle ya Jehova le ho bua le yena ka thapelo ka lebaka la sehlabelo sa Jesu.

RE TLA RUA MOLEMO JWANG NAKONG E TLANG?

9. Bahlanka ba Jehova ba tla rua molemo ofe tefong ya topollo nakong e tlang?

9 Bahlanka ba Jehova ba tla rua molemo ofe tefong ya topollo nakong e tlang? Jehova o tla ba fa bophelo bo sa feleng. Batho ba bangata ba nahana hore seo se ke ke sa kgoneha hobane haesale batho ba ntse ba hlokahala. Empa morero wa Jehova ho tloha qalong e ne e le hore batho ba phele ka ho sa feleng. Hoja Adama ha a ka a etsa sebe, ho ka be ho se na motho ya nahanang hore ho phela ka ho sa feleng ke toro feela. Le hoja hona jwale ho le thata ho ipona re se re phela ka ho sa feleng, re ka kgodiseha hore seo se tla etsahala. Lebaka ke hobane re a tseba hore Jehova o patetse tefo e phahameng, e leng bophelo ba Mora wa hae, hore re tle re phele ka ho sa feleng.—Bar. 8:32.

10. Batlotsuwa le ba dinku tse ding ba lebelletseng?

10 Le hoja re tla fumana bophelo bo sa feleng nakong e tlang, Jehova o batla hore re nahane ka bona hona jwale. Batlotsuwa ba lebelletse ka tjantjello ho yo phela ha monate lehodimong ba busa lefatshe le Kreste. (Tshen. 20:6) Ba dinku tse ding bona ba tatetse ho phela paradeiseng lefatsheng moo ho tla beng ho se na bohloko le maswabi. (Tshen. 21:​3, 4) Na o karolo ya dinku tse ding tse nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng? O se ke wa utlwa eka moputso wa ho phela lefatsheng ha se letho ha o bapiswa le wa ho phela lehodimong. Jehova o bopetse batho hore ba phele lefatsheng, ka hoo re tla thaba haholo ha re phela ka ho sa feleng lefatsheng.

11, 12. Ke ditlhohonolofatso dife tseo re tatetseng ho di fumana Paradeiseng? (Sheba ditshwantsho.)

11 Nahana hore na o tla phela jwang Paradeiseng lefatsheng. O ke ke wa hlola o tshwenyeha ka ho kula kapa ho shwa. (Esa. 25:8; 33:24) Jehova o tla o fa dintho tsohle tse molemo tseo o di batlang. O batla ho ithutang? Na o ka thabela ho ithuta ka diphoofolo, ho bapala diletsa kapa ho toroya? Ha ho pelaelo hore paradeiseng re tlo hloka dihwai, batho ba tsebang ho etsa meralo ya matlo le dihahi. Hape ho tla hlokeha batho ba phehang, ba etsang disebediswa, ba lemang dirapa le ba di hlokomelang. (Esa. 35:1; 65:21) Ha o se o phela ka ho sa feleng o tla ba le nako ya ho etsa dintho tsena kaofela le tse ding tse ngata.

12 E tla ba ntho e thabisang hakaakang ho amohela ba tla tsoswa. (Dik. 24:15) Hape nahana ka moo o tla thabela ho ithuta ka Jehova ka teng dinthong tse ngata tseo a di bopileng. (Pes. 104:24; Esa. 11:9) Ho thabisang le ho feta ke hore o ke ke wa hlola o etsa sebe. Ka hoo, o tla kgona ho sebeletsa Jehova mme ho ke ke ha hlokahala hore o kope tshwarelo. Na o ka tela ditlhohonolofatso tsee hore feela o “thabele ho etsa sebe ka nakwana”? (Baheb. 11:25) Ho hang. Dintho tseo re lokelang ho di tela hona jwale, ha se letho ha di bapiswa le bophelo boo re tla bo phela ka nako eo. Hopola hore Paradeise e ke ke ya dula e le ntho feela eo re e letetseng. Qetellong e tla ba sebaka seo re phelang ho sona letsatsi le letsatsi. Dintho tsena kaofela di tla etsahala hobane Jehova o re ratile haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae hore a re shwele.

O tatetse ditlhohonolofatso dife Paradeiseng? (Sheba serapa sa 11 le 12)


BONTSHA HORE O ANANELA LERATO LA JEHOVA

13. Re ka bontsha jwang hore re ananela tefo ya topollo? (2 Bakorinthe 6:1)

13 Re ka bontsha jwang hore re ananela tefo ya topollo eo Jehova a faneng ka yona? Ka ho etsa bonnete ba hore ho mo sebeletsa ke yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba rona. (Mat. 6:33) Ha e le hantle, Jesu o ile a shwa ‘e le hore re se ke ra hlola re iphelela empa re phelele ya ileng a re shwela mme a tsoswa.’ (2 Bakor. 5:15) Ka hoo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho bontsha hore re ananela mosa wa Jehova.—Bala 2 Bakorinthe 6:1.

14. Re ka bontsha jwang hore re tshepa tataiso ya Jehova?

14 Re ka boela ra bontsha hore re ananela lerato la Jehova ka ho mo tshepa le ho latela tataiso ya hae. Jwang? Ha re lokela ho etsa qeto mabapi le dintho tse kang thuto e phahameng kapa mosebetsi, re nahane ka hore na Jehova o ne a ka batla hore re etseng. (1 Bakor. 10:31; 2 Bakor. 5:7) Ha re etsa diqeto tse bontshang hore re tshepa Jehova, tumelo ya rona le setswalle sa rona le yena di tla matlafala. Hape re ka kgodiseha hore re tla phela ka ho sa feleng.—Bar. 5:​3-5; Jak. 2:​21, 22.

15. Nakong ya Sehopotso, re ka bontsha jwang hore re ananela lerato la Jehova?

15 Ho na le tsela e nngwe hape eo re ka bontshang ka yona hore re ananela lerato la Jehova. Ke ka hore re etse sohle seo re ka se kgonang nakong ena ya Sehopotso ho bontsha hore re ananela tefo ya topollo eo Jehova a faneng ka yona. Re ka etsa jwalo ka hore re ye Sehopotsong le ho memela batho ba bang ho sona. (1 Tim. 2:4) Hlalosetsa batho bao o ba memang hore na ho tlo etsahalang Sehopotsong. O ka ba bontsha video ya Ke Hobaneng ha Jesu a Ile a Shwa? le ya Ikgopotse Lefu la Jesu tse hlahang ho jw.org/st-za. Baholo le bona ba lokela ho mema batho ba seng ba sa kopanele. Nahana ka thabo e bang teng lehodimong le lefatsheng ha dinku tsa Jehova tse neng di lahlehile di kgutlela mohlapeng. (Luka 15:​4-7) Ka Sehopotso, a re etseng bonnete ba hore ha re dumedise Bakrestemmoho feela empa re dumedise haholoholo batho ba qalang ho tla kapa bao e leng kgale ba sa tle. Re batla hore ba ikutlwe ba amohelehile.—Bar. 12:13.

16. Ke hobaneng ha ho ka ba hotle hore o eketse tshebeletso ya hao nakong ya Sehopotso?

16 Ho ka ba hotle haholo hore o eketse tshebeletso ya hao nakong ya Sehopotso. Ho etsa jwalo ke tsela e molemo haholo ya ho bontsha hore o ananela dintho tsohle tseo Modimo le Kreste ba o etseditseng tsona. Ha re ntse re sebeletsa Jehova ka matla haholwanyane, re tla bona ka moo a re tshehetsang ka teng mme re tla mo tshepa le ho feta. (1 Bakor. 3:9) Hape, etsa bonnete ba hore o bala mmalo wa Bibele wa Sehopotso o hlahang bukaneng ya Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla kapa tjhateng e hlahang kemisong ya diboka tsa hara beke. O ka boela wa etsa dipatlisiso ka mmalo oo wa Bibele.

17. Jehova o thabiswa keng? (Sheba lebokose le reng “ O ka Bontsha Jwang Hore o Ananela Lerato la Jehova?”)

17 Ka lebaka la maemo a hao, o ka nna wa se ke wa kgona ho etsa dintho tsohle tse boletsweng sehloohong sena. Hopola hore Jehova ha a bapise bokgoni ba hao le ba batho ba bang. O ananela lerato leo o mo ratang ka lona. O a thaba ha a bona hore o ananela mpho ya bohlokwa eo a faneng ka yona, e leng tefo ya topollo.—1 Sam. 16:7; Mar. 12:​41-44.

18. Ke mabaka afe a etsang hore re ananele lerato la Jehova Modimo le la Jesu Kreste?

18 Tefo ya topollo ke yona feela e etsang hore re tshwarelwe dibe, re be metswalle ya Jehova le hore re be le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng. E se eka re ka dula re bontsha hore re ananela lerato la Jehova le mo susumeditseng hore a re fe ditlhohonolofatso tsena. (1 Joh. 4:19) Hape e se eka re ka boela ra bontsha hore re ananela Jesu, ya re bontshitseng lerato ka ho re shwela.—Joh. 15:13.

PINA YA 154 Lerato la Nnete

a Jehova o ile a tshwarela bahlanka ba hae ba phetseng pele Jesu a shwa hobane a kgodisehile hore Jesu o tla tshepahala ho fihlela a shwa. Ka hoo, ho Jehova ho ne ho tshwana le ha eka tefo ya topollo e se e patetswe le pele Jesu a shwa.—Bar. 3:25.