Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 1

PINA YA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

Rorisang Jehova

Rorisang Jehova

TEMANA YA RONA YA SELEMO YA 2025: “Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tshwanelwa ke thoriso.”PES. 96:8.

NTLHAKGOLO

Ithute hore na re ka rorisa Jehova jwang ka tsela e mo tshwanelang.

1. Batho ba bangata mehleng ee ba amehile ka eng?

 NA O kile wa hlokomela ka moo batho ba bangata mehleng ee ba inkang ba le betere ho feta batho ba bang ka teng? Ka mohlala, ba bang ba ya boholeng ba ho sebedisa metjha ya puisano ho ipitsetsa mahlo le ho ithorisa ka dintho tseo ba di finyeletseng. Le ha ho le jwalo, ke batho ba seng bakae feela mehleng ena ba rorisang Jehova Modimo. Sehloohong sena, re tlo ithuta hore na ho bolelang ho rorisa Jehova le hore na keng e lokelang ho re susumeletsa ho etsa jwalo. Re tla boela re ithute hore na re ka rorisa Modimo jwang ka tsela e mo tshwanelang le hore na yena o tla halaletsa lebitso la hae jwang haufinyane.

HO RORISA JEHOVA HO BOLELANG?

2. Jehova o ile a bontsha kganya ya hae jwang Thabeng ya Sinai? (Sheba setshwantsho.)

2 Thoriso ke eng? Ka Bibeleng, lentswe “thoriso” le ka bolela ntho le ha e le efe e etsang hore motho a tsotehe. Jehova o ile a bontsha kganya ya hae e tsotehang matsatsi a seng makae feela ka mora hore a lopolle Baiseraele naheng ya Egepeta. Nahana ka ketsahalo ena: Baiseraele ba dimilione ba bokane botlaseng ba Thaba ya Sinai ho ya kopana le Modimo wa bona. Leru le leholo, le letsholetsho le kwahetse thaba. Hanghang, thaba eo e kubella mosi kahohle. Lefatshe le reketla ka matla mme ha le ntse le reketla jwalo, ho ba le diaduma le mahadima le modumo o lerata haholo wa lenaka. (Ex. 19:​16-18; 24:17; Pes. 68:8) O se o ka inahanela feela hore na Baiseraele ba ile ba hlollwa hakaakang ha ba bona ka moo Jehova a leng matla ka teng.

Thabeng ya Sinai, Jehova o ile a bontsha matla a hae ho Baiseraele (Sheba serapa sa 2)


3. Re ka rorisa Jehova jwang?

3 Ho thweng ka rona batho? Na re ka kgona ho rorisa Jehova? E, re ka kgona. Tsela e nngwe eo re ka rorisang Jehova ka yona ke ka ho bolella batho ba bang ka makgabane a hae le ka dintho tse hlollang tseo a di entseng. Re boetse re rorisa Modimo ka ho mo tlotlisa ka dintho tseo re di finyeletseng ka matla a hae. (Esa. 26:12) Morena Davida ke mohlala o motle wa motho ya ileng a rorisa Jehova. Ha Davida a ne a rapela Modimo ka pela phutheho ya Baiseraele, o ile a re: “Wena Jehova, o moholo, o na le matla le bokgabane ebile o a hlompheha hobane dintho tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng ke tsa hao.” Ka mora hore Davida a rapele, “Baiseraele ba rorisa Jehova.”—1 Dikron. 29:​11, 20.

4. Jesu o ile a rorisa Jehova jwang?

4 Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a rorisa Ntate wa hae ka ho bolella batho hore Jehova ke yena ya mo fileng matla a ho etsa mehlolo. (Mar. 5:​18-20) Jesu o ile a boela a tlotlisa Jehova ka tsela eo a neng a bua ka Ntate wa hae ka yona le ka tsela eo a neng a tshwara batho ka yona. Ka letsatsi le leng, Jesu o ne a ntse a ruta ka tlung ya thapelo. Hara bamamedi ba hae ho ne ho ena le mosadi ya neng a qetile dilemo tse 18 a holofaditswe ke modemona. Modemona o ne a entse hore a kotlobane haholo hoo a neng a sa kgone ho inamoloha ho hang. Ka nnete taba ena e ne e utlwisa bohloko. Jesu o ile a utlwela mosadi eo bohloko yaba o a mo atamela, o bua le yena ka mosa, o re: “Ngwaneso, o tlo fola.” Ka mora moo a mo beha matsoho mme hanghang mosadi eo a otloloha “yaba o rorisa Modimo.” O ne a thabile haholo hore ebe Jehova o ile a mo fodisa. (Luka 13:​10-13) Mosadi eo o ne a ena le lebaka le utlwahalang la ho rorisa Jehova, jwalo ka rona.

KE ENG E RE SUSUMELETSANG HO RORISA JEHOVA?

5. Re na le mabaka afe a ho hlompha Jehova?

5 Re rorisa Jehova hobane re mo hlompha haholo. Re na le mabaka a mangata a ho mo hlompha. Jehova o matla ohle mme ha a kgathale. (Pes. 96:​4-7) Bohlale ba hae bo babatsehang, bo bonahala ka ho hlaka dinthong tseo a di bopileng. O re file bophelo le dintho tsohle tseo re di hlokang e le hore re phele. (Tshen. 4:11) O a tshepahala. (Tshen. 15:4) Ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang e a atleha, hape o dula a phethahatsa ditshepiso tsa hae. (Josh. 23:14) Ha se feela moprofeta Jeremia a ileng a re ka Jehova: “Hara batho bohle ba bohlale ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya bona, ho hang ha ho ya tshwanang le wena.” (Jer. 10:​6, 7) Ka nnete re na le mabaka a utlwahalang a ho hlompha Ntate wa rona wa lehodimo. Ke nnete hore re hlompha Jehova empa ha ho felle moo, re boetse re a mo rata.

6. Ke hobaneng ha re rata Jehova?

6 Re rorisa Jehova hobane re mo rata haholo. Re rata Jehova ka lebaka la makgabane a hae. O mohau ebile o re utlwela bohloko. (Pes. 103:13; Esa. 49:15) Ha re utlwa bohloko le yena o utlwa bohloko. (Zak. 2:8) O re thusa hore re mo tsebe le hore re be metswalle ya hae. (Pes. 25:14; Dik. 17:27) Hape o ikokobeditse hobane “o inamela tlase hore a shebe lehodimo le lefatshe. O phahamisa ya tlase leroleng.” (Pes. 113:​6, 7) Ke mang ya ke keng a batla ho rorisa Modimo ya moholo hakaalo?—Pes. 86:12.

7. Re na le monyetla ofe o ikgethang?

7 Re rorisa Jehova hobane re batla hore ba bang ba mo tsebe. Batho ba bangata ha ba tsebe nnete ka Jehova. Hobaneng? Hobane Satane o foufaditse dikelello tsa bona ka ho hasa mashano ka Jehova. (2 Bakor. 4:4) Satane o entse hore batho ba dumele hore Jehova o kgopo, ha a re tsotelle ebile ke yena ya re bakelang mathata. Empa re tseba nnete ka Modimo wa rona. Re na le monyetla wa ho bolella batho ba bang nnete ka Modimo e le hore le bona ba mo rorise. (Esa. 43:10) Pesaleme ya 96 e bua haholo ka ho rorisa Jehova. Pesalemeng ena re tlo ithuta hore na re ka fa Jehova thoriso e mo tshwanelang jwang.

RE KA FA JEHOVA THORISO E MO TSHWANELANG JWANG?

8. Re ka rorisa Jehova jwang? (Pesaleme ya 96:​1-3)

8 Bala Pesaleme ya 96:​1-3. Re ka rorisa Jehova ka dintho tseo re di buang ka yena. Ditemaneng tsena, batho ba Jehova ba memelwa ho ‘binela Jehova,’ ho ‘rorisa lebitso la hae,’ ho ‘bolela ditaba tse monate tsa ka moo a pholosang ka teng’ le ho ‘bolella ditjhaba ka kganya ya hae.’ Tsena ke ditsela tseo re ka rorisang Ntate wa rona wa lehodimo ka tsona. Bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng, ba ne ba tjhesehela ho bolella ba bang ka makgabane le dintho tsohle tse molemo tseo Jehova a ba etseditseng tsona. (Dan. 3:​16-18; Dik. 4:29) Re ka ba etsisa jwang?

9, 10. O ithuta eng ho se ileng sa etsahalla Angelena? (Sheba setshwantsho.)

9 Nahana ka se ileng sa etsahalla moradi wa bo rona wa Amerika ya bitswang Angelena. a O ile a emela lebitso la Jehova ka sebete ha a le mosebetsing. Jwalo ka ha Angelena a ne a sa tswa hirwa mosebetsing, o ile a memelwa kopanong moo basebetsi ba sa tswa hirwa ba neng ba fuwa monyetla wa hore ba itsebahatse. Angelena o ile a lokisetsa ho ba bontsha difoto tsa ka moo a thabileng ka teng jwalo ka e mong wa Dipaki Tsa Jehova. Le ha ho le jwalo, monna e mong ya sebetsang le yena o ile a bua pele, a re o hodiseditswe ka phuthehong, yaba o qala ho bua hampe ka Dipaki Tsa Jehova le ka seo di se dumelang. Angelena o re: “Ke ne ke tshohile haholo. Empa ke ile ka re ka pelong: ‘Na nka thola feela motho a ntse a bua dintho tse tjee ka Jehova? Tjhe, batho bana ba tlameha ho tseba seo e leng nnete ka Jehova.’”

10 Ka mora hore mosebetsimmoho le yena eo a qete ho bua, Angelena o ile a etsa thapelo e kgutshwanyane ka pelong. Ka mora moo, o ile a bua ka mosa, a re: “Le nna ke hodisitswe jwalo ka wena. Le nna ke hodiseditswe ka phuthehong mme ke ntse ke le Paki ya Jehova le lena le hodimo.” Le hoja a ne a le tlasa kgatello, o ile a dula a kgobile matshwafo, a emela tumelo ya hae mme a bontsha basebetsimmoho le yena difoto tsa ha a ne a ena le metswalle ya hae ya Dipaki. (1 Pet. 3:15) Ho ile ha etsahalang? Ha Angelena a qeta ho bua, monna eo o ne a se a kokobetse. Monna eo o ile a ba a bua ka dinako tse monate tseo a bileng le tsona ha a ntse a hola nakong eo a ntseng a kopanela. Angelena o re: “Ke ha bohlokwa ho emela lebitso la Jehova ebile ke tlotla ho bolella ba bang nnete ka yena.” Le rona re na le monyetla o ikgethang wa ho rorisa Jehova ha batho ba bang ba mo bua hampe.

Re ka rorisa Jehova ka dintho tseo re di buang, ka dintho tsa rona tsa bohlokwa le ka boitshwaro ba rona (Sheba serapa sa 9, 10) b


11. Ho theosa le dilemo barapedi ba nnete ba ile ba latela molaomotheo o hlahang ho Pesaleme ya 96:8 jwang?

11 Bala Pesaleme ya 96:8. Re ka rorisa Jehova ka dintho tsa bohlokwa tseo re nang le tsona. Haesale barapedi ba Jehova ba rorisa Jehova ka dintho tseo ba nang le tsona. (Diprov. 3:9) Ka mohlala, Baiseraele ba ile ba fana ka tjhelete le dintho tsa bohlokwa tseo ba nang le tsona e le hore tempele e hahwe ebe e hlokomelwe. (2 Mar. 12:​4, 5; 1 Dikron. 29:​3-9) Barutuwa ba Kreste ba ne ba sebedisa “dintho tseo ba nang le tsona” ho thusa Jesu le baapostola ba hae. (Luka 8:​1-3) Hape, Bibele e bontsha hore Bakreste ba dulang dibakeng tse ding ba ile ba romela tjhelete ya diphallelo ho Bakrestemmoho le bona. (Dik. 11:​27-29) Le rona re ka rorisa Jehova ka hore re ithaopele ho ntsha menehelo.

12. Menehelo eo re e ntshang e ka tlotlisa Jehova jwang? (Sheba setshwantsho.)

12 A re ke re bueng ka mohlala wa ka moo menehelo ya rona e ileng ya tlotlisa Jehova ka teng. Ka 2020, naha ya Zimbabwe e ile ya angwa ke komello e ileng ya nka nako e telele. Batho ba dimilione ba ne ba le kotsing ya ho shwa hobane ba ne ba se na dijo, ho akareletsa le moradi wa bo rona ya bitswang Prisca. Le maemong ao a thata, Prisca o ne a dula a ya tshimong Laboraro le Labohlano le nakong ya ha ho ne ho lengwa. Baahisani ba hae ba ne ba mo soma ha a ne a kgetha ho bolela ditaba tse monate ho ena le hore a sebetse masimong a hae. Ba ne ba re: “O tlo shwa ke tlala.” Prisca o ne a kgodisehile hore Jehova o tla mo hlokomela. O ne a dula a ba araba ka ho re: “Jehova ha a eso ka a lahla bahlanka ba hae le ka mohla.” Nakwana ka mora moo, o ile a fuwa diphallelo tse tswang mokgatlong wa rona. Ka hoo, menehelo eo re e ntshang e ka sebedisetswa ho thusa batho ba tshwanang le Prisca hore ba fumane dijo le dintho tseo ba di hlokang. Baahisani ba Prisca ba ne ba hloletswe hoo ba ileng ba re: “Modimo ha a eso ka a o lahla le ka mohla, re ka thabela ho ithuta haholwanyane ka yena.” Ba supileng ba bona ba ile ba qalella ho ya dibokeng.

Re ka rorisa Jehova ka dintho tsa rona tsa bohlokwa (Sheba serapa sa 12) c


13. Boitshwaro ba rona bo ka rorisa Jehova jwang? (Pesaleme ya 96:9)

13 Bala Pesaleme ya 96:9. Re ka rorisa Jehova ka tsela eo re itshwarang ka yona. Baprista ba neng ba sebeletsa tempeleng ya Jehova ba ne ba lokela ho hlapa le ho hlweka. (Ex. 40:​30-32) Le rona re lokela ho dula re hlwekile mmeleng, empa ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore re qobe ho etsa ntho le ha e le efe eo Jehova a e hloileng mme re hlweke boitshwarong. (Pes. 24:​3, 4; 1 Pet. 1:​15, 16) Re lokela ho sebetsa ka thata ho ‘hlobola botho ba kgale’ le diketso tsa bona mme re “apare botho bo botjha,” bo re thusang hore re nahane le ho etsa dintho tse tla thabisa Jehova le ho bonahatsa makgabane a hae. (Bakol. 3:​9, 10) Ka thuso ya Jehova, le batho ba entseng dintho tse mpe ka ho fetisisa ba ka fetoha mme ba apara botho bo botjha.

14. O ithuta eng phihlelong ya Jack? (Sheba setshwantsho.)

14 Ka mohlala, Jack e ne e le setlokotsebe se kotsi, o ne a bile a bitswa Modemona. Jack o ile a ahlolelwa lefu ka lebaka la ditlolo tsa molao tseo a neng a di entse. Le ha ho le jwalo, ha Jack a ntse a emetse ho bolawa, o ile a dumela ho ithuta Bibele le morabo rona e mong ya neng a tlwaetse ho etela teronkong eo a neng a le ho yona. Ho sa tsotellehe dintho tse ngata tse mpe tseo a di entseng, o ile a hlobola botho ba hae ba kgale a ba a tshwaneleha ho kolobetswa. Jack o ile a fetola bophelo ba hae haholo hoo ka letsatsi la hae la ho bolawa, bahlokomedi ba bang ba teronko ba ne ba tletse dikgapha ka mahlong ha ba mo dumedisa. Sajene e neng e sebetsa hona teronkong eo, e ile ya re: “Jack e kile ya eba motshwaruwa ya kotsi ka ho fetisisa sebakeng sena. Empa hona jwale e se e le e mong wa batho ba molemo.” Beke ka mora hore Jack a bolawe, bara ba bo rona ba ileng ba kgutlela teronkong ho yo tshwara diboka, ba ile ba kopana le motshwaruwa e mong ya neng a tlile dibokeng tseo ka lekgetlo la pele. Ke hobaneng ha a ile a etsa qeto ya ho tla dibokeng? O ne a kgahlilwe ke tsela eo Jack a ileng a fetola bophelo ba hae ka yona mme le yena o ne a batla ho tseba hore na o lokela ho etsang e le hore a rorise Jehova. Ka nnete tsela eo re itshwarang ka yona e ka etsa hore Ntate wa rona wa lehodimo a roriswe.—1 Pet. 2:12.

Re ka rorisa Jehova ka boitshwaro ba rona (Sheba serapa sa 14) d


JEHOVA O TLA HALALETSA LEBITSO LA HAE JWANG HAUFINYANE?

15. Jehova o tla halaletsa lebitso la hae jwang haufinyane? (Pesaleme ya 96:​10-13)

15 Bala Pesaleme ya 96:​10-13. Ditemana tsena tse qetellang tsa Pesaleme ya 96, di hlalosa Jehova e le Moahlodi le Morena ya lokileng. Jehova o tla halaletsa lebitso la hae jwang haufinyane? Ka ho tlisa toka. Haufinyane o tla ahlola bodumedi ba bohata hobane bo entse dintho tse mpe le ho ruta batho mashano ka yena. (Tshen. 17:​5, 16; 19:​1, 2) Ha bodumedi ba bohata bo se bo fedisitswe, batho ba bang ba ka nna ba kgetha ho ba barapedi ba Jehova. Qetellong ka ntwa ya Armagedone, Jehova o tla fedisa Satane le lefatshe la hae, a fedise bohle ba mo hanyetsang, ba mo hloileng le ba buang leshano ka yena. Empa o tla pholosa bohle ba mo ratang, ba mo mamelang le ba motlotlo ho mo rorisa. (Mar. 8:38; 2 Bathes. 1:​6-10) Ka mora teko ya ho qetela e tlang ho ba ka mora Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete, Jehova o tla be a halaleditse lebitso la hae ka ho feletseng. (Tshen. 20:​7-10) Ka nako eo, “batho bohle ba tla tseba matla a Jehova. Tsebo eo e tla ba ngata jwalo ka ha metsi a kwahetse lewatle.”—Hab. 2:14.

16. O ikemiseditse ho etsang? (Sheba setshwantsho.)

16 Re tla thaba haholo ha batho bohle lefatsheng ba se ba rorisa Jehova ka tsela e mo tshwanelang. Le hona jwale, re ka etsa sohle se matleng a rona ho bua le ho etsa dintho tse isang thoriso ho Modimo. Ho hatisa bohlokwa ba taba ena, Sehlopha se Busang se kgethile Pesaleme ya 96:8 e le temana ya selemo ya 2025, e reng: “Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tshwanelwa ke thoriso.”

Qetellong, batho bohle lefatsheng ba tla rorisa Jehova hobane lebitso la hae le tshwanelwa ke thoriso (Sheba serapa sa 16)

PINA YA 12 Jehova, Modimo e Moholo

a Mabitso a mang a fetotswe.

b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Tshwantshetso ya ntho e etsahaletseng Angelena.

c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Tshwantshetso ya ntho e etsahaletseng Prisca.

d TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Tshwantshetso ya ntho e etsahaletseng Jack.