Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 27

Itokisetse Mahloriso Hona Jwale

Itokisetse Mahloriso Hona Jwale

“Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomodimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hloriswa.”​—2 TIM. 3:⁠12.

PINA YA 129 Re Tla Mamella

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha re lokela ho itokisetsa mahloriso?

NAKWANA pele Jesu a bolawa, o ile a bolella balatedi ba hae hore ba ne ba tla hlouwa ke batho. (Joh. 17:14) Ho tloha ka nako eo ho fihlela hona jwale, Dipaki Tsa Jehova tse tshepahalang di ntse di hloriswa ke batho ba sa rapeleng Jehova. (2 Tim. 3:12) Ha bofelo bo ntse bo atamela, re lebelletse hore dira tsa rona di re hanyetse le ho feta.​—Mat. 24:9.

2-3. (a) Keng seo re lokelang ho se tseba ka ho tshoha? (b) Re tlo ithutang sehloohong sena?

2 Keng seo re lokelang ho se etsa hona jwale e le hore re mamelle mahloriso? Ha ho hlokahale hore re nahane ka dintho tse bohloko tse ka nnang tsa re etsahalla. Haeba re etsa jwalo, re ka tlelwa ke tshabo le matshwenyeho, e leng se ka etsang hore re kgaotse ho sebeletsa Jehova le pele mahloriso a fihla. (Liprov. 12:25; 17:22) Ho tshoha ke sebetsa se matla seo “Mohanyetsi wa [rona,] Diabolose” a se sebedisang. (1 Pet. 5:8, 9) Jwale, re lokela ho etsang hona jwale e le hore re imatlafatse?

3 Sehloohong sena, re tla ithuta hore na ke hobaneng ha re lokela ho matlafatsa kamano ya rona le Jehova le hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho etsa jwalo hona jwale. Re tla boela re hlahlobe hore na ke jwang re ka bang sebete mme qetellong re tla bona hore na re ka sebetsana le ho hlouwa ke bahanyetsi ba rona jwang.

O KA MATLAFATSA KAMANO YA HAO LE JEHOVA JWANG?

4. Ho latela Baheberu 13:5, 6, keng seo re lokelang ho kgodiseha ka sona, hona hobaneng?

4 Kgodiseha hore Jehova o a o rata mme a ke ke a o lahla. (Bala Baheberu 13:5, 6.) Dilemo tse ngata tse fetileng, Tora ya ho Lebela e ile ya re: “Motho ya tsebang Modimo hantle, o tla mo tshepa haholo ha a hlahelwa ke diteko.” Sena ke nnete. E le hore re mamelle mahloriso, re lokela ho rata le ho tshepa Jehova ka ho felletseng mme re se ke ra belaela hore o a re rata.​—Mat. 22:36-38; Jak. 5:11.

5. Keng e ka o thusang hore o bone hore Jehova o a o rata?

5 Bala Bibele letsatsi le letsatsi, ka morero wa ho batla ho atamela haufi le Jehova. (Jak. 4:⁠8) Ha o ntse o bala, leka ho bona ka moo a o ratang ka teng mme o shebe tsela eo a sebedisanang le batho ka yona, a buang le ho etsa dintho ka yona. (Ex. 34:6) Ho batho ba bang ho ka nna haeba thata hore ba dumele hore Modimo o a ba rata hobane ha ba so bontshwe lerato. Haeba o ikutlwa ka tsela ena, leka ho ngola dintho tseo Jehova a di entseng ho o bontsha mosa le mohau letsatsi le leng le le leng. (Pes. 78:38, 39; Bar. 8:32) Ha o ntse o nahanisisa ka dintho tse ileng tsa o etsahalla le ka seo o se badileng ka Bibeleng, o tla kgona ho bona dintho tse ngata tseo Jehova a o etseditseng tsona. Ka hoo, ha o ananela dintho tseo Jehova a o etsetsang tsona, setswalle sa hao le yena se tla matlafala.​—Pes. 116:1, 2.

6. Ho ya ka Pesaleme ya 94:17-19, ho rapela ho tswa pelong ho ka o thusa jwang?

6 Rapela ka mehla. Nahana ka moshanyana eo Ntate wa hae a mo tshwereng ka letsoho. Moshanyana enwa o ikutlwa a sireletsehile hoo a qoqelang Ntate wa hae ka dintho tse ntle le tse mpe tse mo etsahalletseng letsatsing leo. Le wena o ka thabela ho ba le setswalle se jwalo le Jehova haeba o mo rapela letsatsi le leng le le leng. (Bala Pesaleme ya 94:17-19.) Ha o rapela Jehova, “tshollela pelo ya hao jwalo ka metsi” mme o mo bolelle dintho tsohle tse o tshosang le tse o tshwenyang. (Lillo 2:19) Jwale o tla fumana molemo ofe? O tla fumana seo Bibele e reng ke “kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle.” (Bafil. 4:6, 7) Ha o ntse o rapela ka tsela ena, o tla ikutlwa o le haufi haholo le Jehova.​—Bar. 8:38, 39.

Re ba sebete ha re tshepa Jehova le Mmuso wa hae

Stanley Jones o ile a matlafatsa tumelo ya hae ka ho kgodiseha hore Mmuso wa Modimo ke wa sebele (Sheba serapa sa 7)

7. Ke hobaneng ha o lokela ho kgodiseha hore dintho tseo Modimo a re tshepisang tsona ka Mmuso wa hae di tla phethahala?

7 Kgodiseha hore dintho tseo Modimo a re tshepisang tsona ka Mmuso wa hae di tla phethahala. (Num. 23:19) Haeba o sa kgodiseha hore ditshepiso tsa Modimo di tla feela di phethahale, ho tla ba bonolo hore Satane le balatedi ba hae ba o tshose. (Liprov. 24:10; Baheb. 2:15) Jwale o ka etsang hona jwale, e tla o thusa ho matlafatsa tumelo ya hao mabapi le Mmuso wa Modimo? Etsa dipatlisiso ka dintho tseo Modimo a re tshepisang tsona ka Mmuso wa hae le hore ke hobaneng ha o ka kgodiseha hore di tla phethahala. Seo se tla o thusa jwang? Nahana ka mohlala wa Stanley Jones, ya ileng a kwallwa ka dilemo tse 7 ka lebaka la seo a se dumelang. * Ebe keng e ileng ya mo thusa hore a mamelle ka botshepehi? O re: “Ho tseba ka Mmuso wa Modimo le ho kgodiseha ka ona, ho ile ha mmatlafatsa. Ho ne ho sena letho le neng le tla etsa hore ke tlohelle ho sebeletsa Jehova.” Le wena haeba o ena le tumelo e matla ka ditshepiso tsa Modimo, o tla atamela haufi le yena mme o ke ke wa tshoha letho.​—Liprov. 3:25, 26.

8. Tsela eo re ikutlwang ka yona ka diboka, e bontshang ka rona? Hlalosa.

8 Eba teng dibokeng ka mehla. Diboka di re thusa ho atamela haufi le Jehova. Tsela eo re ikutlwang ka yona ka diboka, e bontsha hore na re tla mamella nakong ya mahloriso kapa tjhe. (Baheb. 10:24, 25) Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Haeba hona jwale re dumella dintho tse nyane ho re sitisa ho ba teng dibokeng, ho tla ba jwang nakong e tlang ha re tlameha ho beha bophelo ba rona kotsing e le hore re kopane le Bakrestemmoho? Ka lehlakoreng le leng, ha re ikemiseditse ho ba teng dibokeng ka mehla, re ke ke ra kgaotsa ha bahanyetsi ba rona ba leka ho re thibela ho bokana ha mmoho. Ka hoo, re lokela ho qala hona jwale ho rata diboka. Ha re rata ho ya dibokeng, ha ho na kganyetso kapa mmuso otla re thibela ho mamela Modimo ho ena le batho.​—Lik. 5:29.

Ho tshwarella Mangolo le dipina tsa Mmuso ka hlooho hona jwale, ho tla re tswela molemo nakong ya mahloriso (Sheba serapa sa 9) *

9. Ke hobaneng ha ho tshwarella Mangolo ka hlooho ho ka o thusa nakong ya mahloriso?

9 Tshwarella Mangolo ao o a ratang ka hlooho. (Mat. 13:52) Ke nnete hore ka dinako tse ding re a lebala, empa Jehova a ka sebedisa moya wa hae o halalelang ho re hopotsa Mangolo ao. (Joh. 14:26) Hlokomela seo morabo rona e mong ya ileng a tshwarwa East Germany mme a kwallwa a le mong ka seleng a se buang. O re: “Ke ile ka thaba haholo hore ebe ke ne ke tshwarelletse Mangolo a mangata ka hlooho. E ne e ka ha ke mong ka seleng hobane ke ne ke dula ke nahana ka dihlooho tse fapafapaneng tsa Bibele.” Mangolo ao a ile a thusa mora eo wabo rona hore a atamele haufi le Jehova le hore a mamelle ka botshepehi.

(Sheba serapa sa 10) *

10. Ke hobaneng ha re lokela ho tseba dipina tsa Mmuso ka hlooho?

10 Tseba dipina tsa Mmuso ka hlooho. Ha Pauluse le Silase ba ne ba tshwerwe Filipi, ba ile ba bina dipina tsa Mmuso tseo ba neng ba di tseba ka hlooho. (Lik. 16:25) Sena ke sona se ileng sa matlafatsa bara le baradibabo rona ba Soviet Union, ba ileng ba iswa botlamuweng Siberia. Ha moradiwabo rona Mariya Fedun a hopola se ileng sa etsahala, o re: “Re ne re bina dipina tsohle tsa Mmuso tseo re neng re di tseba.” O ile a re dipina tseo di ile tsa ba kgothatsa mme tsa etsa hore ba ikutlwe ba le haufi le Jehova. Na le wena o utlwa o matlafala ha o bina dipina tsa Mmuso tseo o di ratang? Haeba ho jwalo, qalella hona jwale ho di tseba ka hlooho.​—Sheba lebokose le reng “ Mphe Sebete.”

O KA ETSANG HORE O BE SEBETE?

11-12. (a) Ho ya ka 1 Samuele 17:37, 45-47, ke hobaneng ha Davida a ne a le sebete? (b) Re ithutang ya bohlokwa mohlaleng wa Davida?

11 Re hloka sebete e le hore re mamelle mahloriso. Empa o ka etsang haeba o hlokomela hore ha o motho ya sebete? Hopola hore ho ba sebete ha ho a itshetleha ka hore na o mo kae, o na le matla kapa bokgoni bo bokae. Nahana ka Davida ha a ne a tobane le Goliathe. Davida o ne a le monyane, a sena matla a bile a sena dihlomo tsa ntwa ha a bapiswa le senatla seo. O ne a bile a sena le sabole. Le ha ho le jwalo, o ne a le sebete mme o ile a matha ho ya lwantsha senatla seo se tletseng lenyatso.

12 Ke hobaneng ha Davida a ne a le sebete? Ke hobane o ne a kgodisehile hore Jehova o ne a tla mo tshehetsa. (Bala 1 Samuele 17:37, 45-47.) Davida ha a ka a tshwenyeha ka hore Goliathe o ne a le moholo ho yena ebile e le senatla. Ho e na le hoo, o ne a kgodisehile hore Goliathe ha se letho ha a bapiswa le Jehova. Re ithutang tlalehong ee? Le rona re ka ba sebete haeba re kgodisehile hore Jehova o na le rona le hore bahanyetsi ba rona ha se letho ha ba bapiswa le Modimo ya Matla Ohle. (2 Likron. 20:15; Pes. 16:8) Empa re ka etsang hore re be sebete hona jwale pele mahloriso a fihla?

13. Re ka etsang hore re be sebete? Hlalosa.

13 E le hore re be sebete, re lokela ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo. Hobaneng? Hobane ho bolela ditaba tse molemo ho etsa hore re tshepe Jehova le hore re se ke ra tshaba batho. (Liprov. 29:25) Feela jwalo ka ha mesifa ya rona e ba matla ha re ikwetlisa, re ka ba sebete haeba re bolela molaetsa wa Bibele ka ntlo le ntlo, phatlalatsa, neng le neng ha monyetla o hlaha kapa dibakeng tsa kgwebo. Ha re bolela molaetsa wa Bibele ka sebete hona jwale, re ke ke ra kgaotsa le ha o se o thibetswe.​—1 Bathes. 2:1, 2.

Nancy Yuen ha a ka a kgaotsa ho bolela ditaba tse molemo (Sheba serapa sa 14)

14-15. Re ithutang ho se ileng sa etsahalla Nancy Yuen le Valentina Garnovskaya?

14 Re ka ithuta ho hongata ho se ileng sa etsahalla baradibabo rona ba babedi ba ileng ba bontsha sebete ka tsela e hlollang. Moradiwabo rona Nancy Yuen o ne a le botelele ba dimithara tse 1,5 empa o ne a sa tshohe ha bonolo. * Ha a ka a kgaotsa ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo. Ka lebaka leo, o ile a kwallwa ka dilemo tse fetang 20 teronkong ya China. Mapolesa a neng a mo hloma dipotso a ile a re “ke motho ya manganga ka ho fetisisa” naheng ya habo.

Valentina Garnovskaya o ne a kgodisehile hore Jehova o na le yena (Sheba serapa sa 15)

15 Ka tsela e tshwanang, moradiwabo rona Valentina Garnovskaya o ile a tshwarwa kwana Soviet Union ka makgetlo a mararo ka dilemo tse ka bang 21. * Hobaneng ha a ile a tshwarwa? Lebaka ke hore o ne a ikemiseditse ho bolela ditaba tse molemo, hoo mapolesa a ileng a re ke “senokwane se kotsi.” Ebe keng e thusitseng baradi bana babo rona hore ba be sebete? Ba ne ba kgodisehile hore Jehova o na le bona.

16. Re hlokang e le hore re be sebete e le ka nnete?

16 Jwalo ka ha re se re ithutile, ho ba sebete ha ho a itshetleha ka bokgoni kapa matla a rona. Ho e na le hoo, re lokela ho tshepa Jehova ka ha o na le rona mme ke yena ya re lwanelang. (Deut. 1:29, 30; Zak. 4:6) Ke sona seo re se hlokang e le hore re be sebete e le ka nnete.

RE KA ETSANG HA BATHO BA RE HLOILE?

17-18. Ke temoso efe eo Jesu a re fang yona ho Johanne 15:​18-21? Hlalosa.

17 Ke nnete hore re a thaba ha batho ba re hlompha. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho ikutlwa eka ha re ba bohlokwa ha ba bang ba sa re rate. Jesu o ile a re: “Ho thaba lona neng kapa neng ha batho ba le hloya, le neng kapa neng ha ba le kgetholla mme ba le nyedisa mme ba lahla mabitso a lona e le a kgopo ka lebaka la Mora motho.” (Luka 6:22) Ha e le hantle Jesu o ne a bolelang?

18 Jesu o ne a sa bolele hore Bakreste ba thabela ho hlouwa. Le ha ho le jwalo, o ne a re lemosa ka se neng se tla re hlahela. Ha re karolo ya lefatshe. Re phela tumellanong le dintho tseo Jesu a neng a di ruta mme re bolela molaetsa oo a neng a o bolela. Ka lebaka leo, lefatshe le re hloile. (Bala Johanne 15:18-21.) Re batla ho thabisa Jehova. Ka hoo, ha re utlwe bohloko ha batho ba re hloile.

19. Re ka etsisa baapostola jwang?

19 Ha re a lokela ho hlajwa ke dihlong hore ebe re Dipaki Tsa Jehova, ka lebala la dintho tseo batho ba di buang ka rona kapa tseo ba di etsang. (Mik. 4:⁠5) Re ka hlola leraba la ho tshaba batho ka ho nahana ka seo baapostola ba ileng ba se etsa pele Jesu a bolawa, ha ba ne ba le Jerusalema. Ba ne ba tseba hore baetapele ba bodumedi ba Bajuda ba ne ba ba hloile. (Lik. 5:​17, 18, 27, 28) Le ha ho le jwalo, ba ne ba ya tempeleng letsatsi le letsatsi mme ba itsebahatsa phatlalatsa hore ke balatedi ba Jesu. (Lik. 5:42) Ha ba a ka ba dumella ho tshaba batho hore ho ba thibele ho bolela. Le rona re ka hlola leraba la ho tshaba batho haeba re bolella ba bang hore re Dipaki Tsa Jehova, ebang re mosebetsing, sekolong kapa sebakeng seo re dulang ho sona.​—Lik. 4:29; Bar. 1:16.

20. Ke hobaneng ha baapostola ba ne ba thabile le hoja ba ne ba hlouwe ke batho?

20 Ke hobaneng ha baapostola ba ne ba thabile? Ba ne ba nka e le tlotla e kgolo ho hlouwa ke batho ka lebaka la ho etsa thato ya Jehova. (Luka 6:23; Lik. 5:41) Ke ka hona ha morao moapostola Pauluse a ileng a ngola a re: “Esita le haeba le ka utlwa bohloko ka lebaka la ho loka, le a thaba.” (1 Pet. 2:19-21; 3:14) Jwale re ke ke ra kgaotsa ho sebeletsa Jehova, ka ha re a utlwisisa hore batho ba re hloile hobane re etsa se nepahetseng.

HO ITOKISELLETSA MAHLORISO HONA JWALE HO TLA RE TSWELA MOLEMO

21-22. (a) Keng seo o tla se etsa ho itokiselletsa mahloriso? (b) Re tlo ithutang sehloohong se latelang?

21 Ha re tsebe hore na mahloriso a tla fihla neng kapa hore na mosebetsi wa rona o tla thibelwa neng. Seo re se tsebang ke hore re lokela ho itokisa hona jwale ka hore re be le kamano e ntle le Jehova, re be sebete mme re mamelle ho hlouwa ke batho. Ha re itokisa hona jwale, re tla tswela pele ho sebeletsa Jehova le ha re hloriswa.

22 Empa re tla etsang ha mosebetsi wa rona o ka thibelwa? Sehloohong se latelang, re tlo ithuta melaomotheo ya Bibele e tla re thusa ho tswela pele re sebeletsa Jehova le ha mosebetsi wa rona o ka thibelwa.

PINA YA 118 Re fe Tumelo e Matla

^ par. 5 Ha re batle ho hlouwa. Empa haufinyane, kaofela ha rona re tla kopana le mahloriso. Sehlooho sena se tlo re thusa hore re be sebete ha re kopana le mahloriso.

^ par. 7 Sheba Tora ya ho Lebela ya Senyesemane ya December 15, 1965, leq. 756-767.

^ par. 14 Sheba Tora ya ho Lebela ya Senyesemane ya July 15, 1979 leq. 4-7.

^ par. 15 Sheba Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2008, leq. 191-192.

^ par. 67 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Nakong ya borapedi ba lelapa, batswadi ba thusa bana ba bona ho tshwara Mangolo ka hlooho, ka hore ba sebedise dikarete tse ngotseng ditemana tsa Bibele.

^ par. 70 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Batswadi le bana ba ka koloing mme ba bina dipina tsa Mmuso ha ba ya dibokeng.