Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 30

Dula o le Nneteng

Dula o le Nneteng

“Ha ho letho le nthabisang ho feta dintho tsena, hore ebe ke utlwa hore bana ba ka ba tswela pele ho tsamaya nneteng.”​—3 JOH. 4.

PINA YA 54 “Tsela ke Yona Ena”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jwalo ka ha 3 Johanne 3, 4 e bontsha, ke eng e etsang hore re thabe?

NA O ka nahana ka moo moapostola Johanne a ileng a thaba ka teng ha a utlwa hore batho bao a ileng a ba thusa hore ba tsebe nnete, ba ntse ba tswela pele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi? Ba ile ba ba le mathata a mangata, empa Johanne o ne a sebetsa ka thata ho matlafatsa tumelo ya Bakreste bana ba tshepahalang bao e neng e ka ke bana ba hae. Ka tsela e tshwanang, re a thaba haeba bana ba rona kapa bao re ba thusitseng hore ba ithute nnete ba inehela ho Jehova ebile ba tswela pele ho mo sebeletsa.​—Bala 3 Johanne 3, 4.

2. Morero wa mangolo ao Johanne a ile a a ngola e ne e le ofe?

2 Ho ka etsahala hore Johanne o ne a dula Efese kapa haufi le yona ka selemo sa 98. Mohlomong o ile a dula moo ka mora hore a lokollwe teronkong e neng e le sehlekehlekeng sa Patmose. Hoo e ka bang ka yona nako eo, moya wa Jehova o ile wa mo susumelletsa hore a ngole mangolo a mararo. Morero wa mangolo ao e ne e le ho kgothalletsa Bakreste ba tshepahalang hore ba tswele pele ba na le tumelo ho Jesu le ho dula ba tsamaya nneteng.

3. Re tlo araba dipotso dife?

Johanne e ne e le moapostola wa ho qetela ya neng a phela ka nako eo mme o ne a tshwenyehile ka tshusumetso e mpe eo dithuto tsa bohata di neng di ba le yona ka phuthehong. * (1 Joh. 2:​18, 19, 26) Bakwenehi bao ba ne ba re ba tseba Modimo empa ha ba a ka ba mamela melao ya hae. Sehloohong sena re tlo hlahloba keletso eo Johanne a ile a fana ka yona re be re arabe dipotso tsena tse tharo: Ho tsamaya nneteng ho bolelang? Ke eng e ka re thibelang hore re tsamaye nneteng? Hona re ka thusana jwang hore re dule nneteng?

HO TSAMAYA NNETENG HO BOLELANG?

4. Ho ya ka 1 Johanne 2:3-6 le 2 Johanne 4, 6, ke eng eo re hlokang ho e etsa e le hore re tsamaye nneteng?

4 E le hore re tsamaye nneteng re hloka ho tseba nnete e ka Lentsweng la Modimo Bibele. Ho feta moo, re tlameha ho “boloka ditaelo tsa [Jehova,]” e leng se bolelang hore re di mamele. (Bala 1 Johanne 2:3-6; 2 Johanne 4, 6.) Jesu o re behetse mohlala o motle ka ha o ne a mamela Jehova. Ka hoo, tsela ya bohlokwa eo re ka mamelang Jehova ka yona ke hore re latele mohlala wa Jesu ka hohle ka moo re ka kgonang.​—Joh. 8:29; 1 Pet. 2:21.

5. Re lokela ho kgodiseha ka eng?

5 E le hore re dule re tsamaya nneteng, re tlameha ho kgodiseha hore Jehova o dula a bua nnete le hore ntho e nngwe le e nngwe eo a re bolellang yona ka Bibeleng ke nnete. Re boetse re tlameha ho kgodiseha hore Jesu ke Mesia ya tshepisitsweng. Batho ba bangata kajeno ba a belaela hore Jesu ke Morena ya kgethilweng wa Mmuso wa Modimo. Johanne o ile a lemosa hore ho na le “bathetsi ba bangata” ba ka kgelosang batho ba nang le tumelo e fokolang. (2 Joh. 7-11) Johanne o ile a re: “Ke mang ya leshano haeba e se ya latolang hore Jesu ke Kreste?” (1 Joh. 2:22) Tsela feela eo ka yona re ka qobang ho thetswa ke haeba re ithuta Lentswe la Modimo. Haeba re etsa jwalo re tla tseba Jehova le Jesu. (Joh. 17:3) Hape re tla kgodiseha hore re fumane nnete.

KE ENG E KA RE THIBELANG HORE RE TSAMAYE NNETENG?

6. Ke eng e ka thibelang batjha ba Bakreste hore ba tsamaye nnete?

6 Bakreste bohle ba tlameha ho hlokomela hore ba se ke ba kgeloswa ke dithuto tseo batho ba di rutang. (1 Joh. 2:26) Batjha ba Bakreste ka ho kgetheha ba hloka ho elellwa leraba lena. Moradiwabo rona Alexia * ya dilemo di 25 ya dulang France o re: “Ha ke ntse ke kena sekolo ke ile ka rutwa hore dintho di iphetotse le dithuto tse ding tseo batho ba di rutang mme dintho tsena di ile tsa etsa hore ke belaelle nnete, ka ha di ne di utlwahala e ka ke nnete. Empa ke ile ka bona hore ke phoso ho se mamele seo Bibele e se rutang le ho mamela ntho e nngwe le e nngwe eo matitjhere aka a neng a nthuta yona. Alexia o ile a ithuta buka ya Life​—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? mme ka mora dibeke tse mmalwa dipelaelo tsa hae di ile tsa fela. O boetse o re: “Ke ile ka ikgodisa hore seo Bibele e se buang ke nnete. Hape ka hlokomela hore ho phela ka melao ya Bibele ho a nthabisa ebile ho mpha kgotso.”

7. Re tlameha ho hlokomela hore re se ke ra etsang, hona hobaneng?

7 Bakreste bohle e bang ba banyane kapa ba baholo, ba tlameha ho hlokomela hore ba se ke ba etsa e ka ba sebeletsa Jehova ha ka lehlakoreng le leng ba ntse ba etsa dintho tse fosahetseng. Johanne o ile a bontsha hore re ke ke ra re re tsamaya nneteng ha ka lehlakoreng le leng re itshwere hampe. (1 Joh. 1:6) Ka hoo haeba re batla ho amohelwa ke Jehova, re tlameha ho hopola hore o kgona ho bona ntho e nngwe le e nngwe eo re e etsang.​—Baheb. 4:13.

8. Re tlameha ho hanela ho etsang?

8 Ha re a lokela ho nahana ka tsela eo batho ba nahanang ka yona mabapi le sebe. Moapostola Johanne o ile a re: “Haeba re re: ‘Ha re na sebe,’ re a ithetsa.” (1 Joh. 1:8) Mehleng ya Johanne, bakwenehi ba ne ba re motho o ne a ka nna a etsa dintho tseo Modimo a reng di fosahetse mme e nne e be motswalle wa hae. Kajeno batho bao re phelang le bona ba na le maikutlo a tshwanang le ao. Batho ba bangata ba re ba dumela ho Modimo empa ha ba dumellane le maikutlo a hae mabapi le sebe haholoholo se mabapi le thobalano. Seo Jehova a reng ke boitshwaro bo bobe, bona ba re bo a amoheleha ebile motho a ka bo etsa haeba a batla.

Batjha ithuteng hore na ke hobaneng ha Jehova a re dintho tse ding di fosahetse kapa di nepahetse ha le etsa jwalo le tla kgona ho hlalosa hore na ke hobaneng ha le kgetha ho etsa dintho tse nepahetseng (Sheba serapa sa 9) *

9. Ke hobaneng ha ho le molemo hore batjha ba etse seo Bibele e reng se nepahetseng?

9 Ho ka nna ha ba thata ho batjha ba Bakreste hore ba dule ba na le pono e nepahetseng ka thobalano haeba batho bao ba kenang sekolo le bona kapa ba sebetsang le bona ba sa mamele seo Bibele e se rutang ka yona. Sena ke sona se ileng sa etsahalla Aleksandar. O re: “Banana ba bang sekolong ba ile ba leka ho nqobella hore ke robale le bona. Ha ke hana ba ile ba re ke gay.” Ka hoo le wena o ka etsahallwa ke ntho e tshwanang, empa haeba o etsa seo o tsebang hore Bibele e re se nepahetse o tla thaba, o itshireletse le ho ba le kamano e ntle le Jehova. Hape haeba o sa dumelle batho hore ba o qobelle ho etsa dintho tse fosahetseng ho tla ba bonolo hore o etse dintho tse nepahetseng. Hape o hopole hore tsela eo batho ba nkang thobalano ka yona e hlaha ho Satane. Ka hoo, ha o sa nahane jwalo ka bona o ‘hlola ya kgopo.’​—1 Joh. 2:14.

10. 1 Johanne 1:9 e re thusa jwang hore re sebeletse Jehova ka letswalo le se nang molato?

10 Re a dumela hore Jehova o na le tokelo ya ho re bolella hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. Hape re etsa sohle seo re ka se kgonang hore re se ke ra etsa sebe. Empa haeba re entse sebe re lokela ho se bolella Jehova. (Bala 1 Johanne 1:9.) Haeba re entse sebe se tebileng re lokela ho kopa thuso ho baholo ka ha Jehova o ba kgethile hore ba re thuse. (Jak. 5:14-16) Le ha ho le jwalo ha re a lokela ho ikutlwa re le molato ka lebaka la diphoso tseo re di entseng nakong e fetileng. Hobaneng? Hobane Ntate wa rona ya lerato o fane ka sehlabelo sa Mora wa hae e le hore re ka tshwarelwa dibe. Ha Jehova a re o tla tshwarela motho ya bakileng o feela a etsa jwalo. Ka hoo ha ho letho le ka re thibelang ho sebeletsa Jehova ka letswalo le se nang molato.​—1 Joh. 2:1, 2, 12; 3:19, 20.

11. Re ka itshireletsa jwang kgahlanong le dithuto tse ka fokodisang tumelo ya rona?

11 Ha re a tlameha ho amohela dithuto tsa bakwenehi. Ho tloha ha ho thehwa phutheho ya Bokreste esale Satane a leka ho fokodisa tumelo ya bahlanka ba tshepahalang ba Modimo. Ka hoo re hloka ho tseba seo e leng nnete le seo e leng leshano. * Dira tsa rona di ka nna tsa bua leshano ka rona Inthaneteng kapa metjheng ya puisano e le ho leka ho fokodisa tumelo ya rona ho Jehova le hore re se ke ra rata Bakrestemmoho. Ka hoo o se ke wa kgolwa mashano ao ka ha a tswa ho Satane.​—1 Joh. 4:1, 6; Tšen. 12:9.

12. Ke hobaneng ha re tlameha ho matlafatsa tumelo ya rona mabapi le nnete eo re ithutileng yona?

12 E le hore Satane a se ke a fokodisa tumelo ya rona re lokela ho tshepa Jesu le ka moo Jehova a mo sebedisang ka teng ho phethahatsa morero wa hae. Re lokela ho tshepa batho bao Jehova a ba sebedisang kajeno ho tataisa mokgatlo wa hae. (Mat. 24:45-47) Re matlafatsa tumelo ya rona ka hore re ithute Lentswe la Modimo ka mehla. Ha re etsa jwalo tumelo ya rona e tla tshwana le sefate seo methapo ya sona e tebileng. Pauluse o ile a bua se tshwanang ha a ne a ngolla phutheho ya Kolose. O ile a re: “Jwalo ka ha le amohetse Kreste Jesu Morena, le tswele pele le tsamaya bonngweng le yena, le metse ka metso mme le ntse le hahuwa ho yena mme le ntse le tsitsiswa tumelong.” (Bakol. 2:6, 7) Ka hoo haeba re sebetsa ka thata ho matlafatsa tumelo ya rona, Satane le batshehetsi ba hae ba ke ke ba kgona ho re thibela ho tsamaya nneteng.​—2 Joh. 8, 9.

13. Ke eng seo re lokelang ho se lebella, hona hobaneng?

13 Re tlameha ho lebella hore batho ba re hloye. (1 Joh. 3:13) Johanne o re hopotsa hore “lefatshe lohle le rapaletse matleng a ya kgopo.” (1 Joh. 5:19) Ha bofelo ba lefatshe lena bo ntse bo atamela, Satane o halefa le ho feta. (Tšen. 12:12) O sebedisa tsela e potelletseng ho etsa hore re etse boitshwaro bo bobe le ho kgolwa mashano a bakwenehi. Hape o sebedisa tsela e tobileng ka hore batho ba re hlorise. Satane o a tseba hore o saletswe ke nako e kgutshwane ya hore a thibele mosebetsi wa rona kapa a fokodise tumelo ya rona. Ka hoo ha ho makatse hore e be dinaheng tse ding mosebetsi wa rona o thibetswe ka ho felletseng ha ho tse ding ho thibetswe o itseng wa ona. Ho ntse ho le jwalo, bara le baradibabo rona ba dulang dinaheng tsena ba a mamella. Ka hoo ho sa tsotellehe hore na Satane o re etsang re ka dula re tshepahala.

A RE THUSANENG HORE RE DULE NNETENG

14. Ke ka tsela efe re ka thusang bara le baradibabo rona hore ba dule nneteng?

14 E le hore re thuse bara le baradibabo rona hore ba dule nneteng re tlameha ho ba le qenehelo. (1 Joh. 3:10, 11, 16-18) Re hloka ho ratana le hoja re na le mathata. Ka mohlala, na o tseba motho ya sa tswa hlokahallwa ke motho eo a mo ratang, ya hlokang ho kgothatswa kapa ya hlokang ho thuswa? Kapa na o utlwile ka Bakrestemmoho ba lahlehetsweng ke thepa ya bona ka lebaka la koduwa ya tlhaho, ba hlokang ho thuswa ho hahelwa Diholo tsa Mmuso le matlo a bona? Ka hoo re bontsha ka dipuo le ka diketso hore re rata bara le baradibabo rona ebile re ba utlwela bohloko.

15. Jwalo ka ha 1 Johanne 4:7, 8 e bontsha, ke eng seo re lokelang ho se etsa?

15 Re tla be re etsisa Ntate wa rona ya lehodimong haeba re ratana. (Bala 1 Johanne 4:7, 8.) Tsela e nngwe eo re bontshanang lerato ka yona ke haeba re tshwarelana. Ka mohlala, motho e mong a ka nna a re utlwisa bohloko yaba o kopa tshwarelo. Re tla be re bontsha hore re a mo rata haeba re mo tshwarela mme re lebala ka phoso eo a re entseng yona. (Bakol. 3:​13) Morabo rona e mong ya bitswang Aldo o ile a utlwa bohloko ha mora e mong eo a neng a mo hlompha a ne a bua hampe ka batho ba tswang moo a hlahang teng. Aldo o re: “Ke ne ke dula ke rapela Jehova hore a nthuse ke se ke ka nka morabo rona hampe.” Empa Aldo o ile a etsa ho fetang hoo. O ile kopa mora eo wabo rona hore a ye le yena tshimong. Ha ba ntse ba sebetsa ha mmoho tshimong, Aldo ile a hlalosetsa mora eo wabo rona hore o ile a utlwiswa bohloko ke seo morabo rona a ile a se bua. Aldo o boetse o re: “Ha morabo rona a utlwa hore seo a ileng a se bua se ile sa nkutlwisa bohloko, o ile a kopa tshwarelo. Tsela eo a ileng a bua ka yona e ile ya bontsha hore o ikwahlaela seo a se buileng mme ka mora moo re ile ra boela ra ba metswalle.”

16, 17. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

16 Moapostola Johanne o ne a rata Bakrestemmoho le yena haholo mme a batla ho ba thusa hore ba be le tumelo e matla. Lerato la hae le bonahala ka ho hlaka keletsong eo a ileng a ba fa yona mangolong a hae a mararo. Ka nnete ke ho kgothatsang ho tseba hore banna le basadi ba tlo busa le Jesu lehodimong ba rata batho ebile ba a ba kgathalla jwalo ka Johanne.​—1 Joh. 2:27.

17 E se e ka re ka mamela keletso ya Johanne eo re buileng ka yona. Re ka etsa sena ka hore re tswele pele ho tsamaya nneteng le hore re mamele Jehova nthong e nngwe le e nngwe eo re e etsang. Ithute Lentswe la hae mme o le tshepe, eba le tumelo e matla ho Jesu hape o hane dithuto tseo batho le bakwenehi ba di rutang. O se ke wa etsa e ka o sebeletsa Jehova ha ka lehlakoreng le leng o etsa dintho tse fosahetseng hape o se ke wa mamela batho ba o susumelletsang hore o etse dintho tse fosahetseng. Phela ka melao ya Jehova hape o thuse bara le baradibabo rona hore ba be le tumelo e matla ka hore o ba tshwarele ha ba o utlwisitse bohloko. Ha re etsa jwalo, ho sa tsotellehe hore na re ba le mathata afe re tla tswela pele ho tsamaya nneteng.

PINA YA 49 Ho Thabisa Pelo ya Jehova

^ par. 5 Re phela lefatsheng le buswang ke ntate wa leshano e leng Satane. Ka hoo ho ka ba thata hore re tsamaye nneteng. Bakreste ba mehleng ya baapostola le bona ba ile ba ba le bothata bo tshwanang. E le hore Jehova a ba thuse a be a thuse le rona o ile a etsa hore moapostola Johanne a ngole mangolo a mararo. Mangolong ao re tlo ithuta hore na keng e ka etsang hore re tlohele ho tsamaya nneteng le hore na re ka hlola seo jwang.

^ par. 3 Sheba lebokose le reng, “ Mangolo a Johanne a Ngolletsweng?

^ par. 6 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 11 Sheba sehlooho se reng “Na o na le Dintlha Kaofela?” se hlahang ho Tora ya ho Lebela ya August 2018.

^ par. 59 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ha moradiwabo rona e mong ya motjha a le sekolong, o bona le ho utlwa dintho tse etsang e ka ho ratana le batho ba bong bo tshwanang ke ntho e nepahetseng. Ha morao o etsa dipatlisiso e le hore a matlafatse tumelo ya hae mabapi le seo Jehova a reng se nepahetse. Sena se mo thusa hore a etse qeto e nepahetseng.