Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Ke Entse Seo ke Neng ke Tshwanela Hore Ebe ke se Entse

Ke Entse Seo ke Neng ke Tshwanela Hore Ebe ke se Entse

DONALD RIDLEY e bile leqwetha le emelang Dipaki Tsa Jehova ka dilemo tse fetang 30. O ne a phetha karolo ya bohlokwa ya ho thusa batho hore ba utlwisise hore bakudi ba na le tokelo ya ho ikgethela hore ba se ke ba tshelwa madi. O ile a thusa mokgatlo wa Jehova hore o hlole dinyewe tse ngata makgotleng a phahameng a dinyewe United States. E ne e le motho ya ikokobeditseng, ya itellang batho ba bang mme metswalle ya hae e ne e mmitsa Don.

Ka 2019, Don o ile a fumana hore o na le bolwetse bo sa phekoleheng. Bolwetse ba hae bo ile ba mpefala ka potlako mme o ile a hlokahala ka di 16 tsa August 2019. Ena ke pale ya hae.

Ke hlahetse St. Paul Minnesota U.S.A. ka 1954, batswadi baka ba ne ba sa rua hape ba sa futsaneha mme re ne re le Makhatholike. Ke ngwana wa bobedi baneng ba bahlano. Ha ke ne ke le ngwana ke ne ke kena sekolo sa Khatholike ebile ke thusa moprista ka mosebetsi o itseng. Ho ntse ho le jwalo ke ne ke sa tsebe hakaalo ka Bibele. Le hoja ke ne ke dumela hore e tlameha e be ho na le Modimo ya bopileng dintho tsohle, ke ne ke sa dumele hore kereke ya Khatholike e ka nthusa hore ke mo sebeletse.

KE ILE KA ITHUTA BIBELE LE DIPAKI TSA JEHOVA

Ka selemo sa pele ha ke ne ke ithutela ho ba leqwetha sekolong sa William Mitchell, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa tla lapeng. Ka ha ke ne ke ntse ke hlatswa diaparo banyalani bao ba ile ba re ba tla boela ba kgutle. Ha ba kgutla ke ile ka ba botsa dipotso tsena tse pedi: “Ke hobaneng ha batho ba kgopo ba atleha ho feta batho ba lokileng?” le “Batho ba hloka hore ba etseng e le hore ba thabe?” Ba ile ba mpha buka ya ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e nang le lekoko le letala. Ke ile ka dumela ho ithuta Bibele le bona. Dintho tseo ke ileng ka ithuta tsona moo di ile tsa nthabisa. Ke ile ka thaba haholo ha ke ithuta hore Mmuso wa Modimo o tla busa lefatsheng. Ke ile ka bona hore mmuso wa batho o hlolehile le hore o siile batho ba na le mathata.

Ke ile ka inehela ho Jehova maqalong a selemo sa 1982 mme ka kolobetswa ha morao hona selemong seo kopanong ya “Nnete ya Mmuso” e neng e tshwaretswe holong ya setjhaba ya St. Paul. Beke ka mora moo ke ile ka kgutlela holong ena e le hore ke tlo ngola tlhahlobo eo diithuti tse ithutelang boqwetha di e ngolang e le hore e be maqwetha. Maqalong a October, ke ile ka fumana hore ke pasitse tlhahlobo eo mme ke se ke tshwaneleha hore ke be leqwetha.

Ha ke le kopanong eo ya “Nnete ya Mmuso” e ile ka kopana le morabo rona Mike Richardson ya neng a sebetsa Bethele e Brooklyn mme o ile a mpolella hore ntlokgolo ho se ho na le ofisi ya molao. Ke ile ka hopola mantswe a leqhalaha la Moethiopia a ho Liketso 8:​36 yaba ke re ‘ke eng e nthibelang hore ke sebetse ofising ya molao?’ Ka hoo ke ile ka etsa kopo ya hore ke ye Bethele.

Batswadi ba ka ba ne ba sa thaba hore e be ke Paki ya Jehova. Ntate waka o ile a mpotsa hore na ho sebeletsa Watchtower ho tla ntswela molemo ofe jwalo ka ha ke le leqwetha. Ke ile ka mo bolella hore ke tla be ke le moithaopi le hore ke tla fumana tjhelete e nyane kgwedi le kgwedi e lekanang le ya batho ba bang ba sebeletsang Bethele.

Ka ha ke ne ke se ke dumetse ho sebetsa lekgotleng la dinyewe, ha ke a ka ka qala tshebeletso yaka ya Bethele hanghang empa ke ile ka ya Bethele e Brooklyn New York ka 1984. Ke ile ka sebetsa Ofising ya Molao. Tsebo eo ke ileng ka e fumana ha ke ntse ke sebetsa makgotleng a dinyewe e ile ya nthusa hore ke itokisetse se neng se ka etsahala.

HO LOKISWA STANLEY MOO HO NENG HO SHEBELLWA DIFILIMI

Ka moo Stanley e neng e le ka teng ha e ne e rekwa

Ka November 1983 ho ile ha rekwa sebaka seo ho neng ho shebellwa difilimi ho sona sa Stanley se New Jersey e Jersey City. Barababo rona ba ile ba kopa tumello ya ho lokisa motlakase le diphaephe tsa sebaka seo. Bara bana babo rona ba ile ba bolella ba boholong hore ba batla ho sebedisa sebaka sena sa Stanley hore e be holo ya kopano ya Dipaki Tsa Jehova. Seo se ile sa baka bothata. Molao wa Jersey City o mabapi le meaho o ne o itse meaho ya bodumedi e lokela ho ba moo batho ba dulang teng feela. Ka hoo ba boholong ba ile ba hana ho ba fa tumello hobane sebaka sena se ne se le hara meaho ya kgwebo. Barababo rona ba ile ba boela ba etsa kopo ho ba boholong empa ha e ya ka ya dumelwa.

Beke ya pele ha ke fihla Bethele, mokgatlo o ile wa isa bothata bona lekgotleng la dinyewe. Ka ha ke ne ke se ke na le dikgwedi tse pedi ke sebetsa lekgotleng la dinyewe la St. Paul Minnesota ke ne ke se ke tlwaelane le dinyewe tse kang tseo. E mong wa leqwetha la rona o ile a re Stanley e ile ya sebedisetswa diketsahalo tse fapaneng tse kang ho shebellwa ha dimovie le di konsarete tsa mmino. Jwale ke hobaneng ha e ne e le tlolo ya molao hore e sebedisetswe mekete ya bodumedi? Lekgotla la dinyewe le ile la etsa qeto ya hore Jersey City e kgahlanong le tokelo ya rona ya bodumedi. Ka hoo lekgotla le ile la fana ka tumello ya hore re sebedise Stanley bakeng sa borapedi ba rona mme ke ile ka bona ka moo Jehova a hlohonolofatsang mokgatlo wa hae ditabeng tsa molao e le hore mosebetsi wa hae o tswele pele. Ke ile ka thaba hore e be ke ile ka thusa mosebetsing ona.

Barababo rona ba ile ba qala mosebetsi o moholo wa ho lokisa Stanley mme ka di 8 tsa September 1985 e leng hoo e ka bang selemo ka mora hore ba lokise sebaka seo, ho ile ha tshwarwa tlelase ya bo 79 ya sekolo sa Gileade holong eo ya Jersey City. Ke ne ke thabile haholo hore e be ke ile ka etsetsa Jehova mosebetsi ona. O ile wa nthabisa ho feta mosebetsi oo ke neng ke o etsa jwalo ka leqwetha pele ke tla Bethele. Ke ne ke sa tsebe hore Jehova o tla etsa hore ke etse mesebetsi e mengata e tshwanang le ena.

HO SIRELETSA TOKELO YA HORE BATHO BA SE KE BA TSHELA MADI

Ka bo 1980 dingaka le dipetlele di ne di sa hlomphe qeto ya hore Paki e hodileng e se ke ya tshelwa madi. Hangata baahlodi ba ne ba re ka ho kgetheha basadi ba baimana ha bana tokelo ya ho hana ho tshelwa madi. Ba ne ba re haeba Mme a hana ho tshelwa madi o ne a ka hlokahala mme ngwana wa hae a hole a sena Mme.

Ka di 29 tsa December 1988, moradi e mong wa bo rona ya bitswang Denise Nicoleau o ile a lahlehelwa ke madi a mangata ka mora hore a belehe mora wa hae. Ka ha bophelo ba hae bo ne bo bonahala bo le kotsing, ngaka e ile ya mo bolella hore a tshele madi empa moradiwabo rona o ile a hana. Hoseng ho latelang, dingaka di ile tsa kopa moahlodi hore a fane ka tumello ya hore moradi enwa wa bo rona a tshelwe madi. Baahlodi ha ba a ka ba batla ho tseba maikutlo a Moradiwabo rona Nicoleau kapa a mohatsae ebile ha ba a ka ba mo bolella hore ba fane ka tumello ya hore a tshelwe madi.

Ka labohlano la di 30 tsa December dingaka di ile tsa tshela Moradiwabo rona Nicoleau madi le hoja mohatsae le ba lelapa ba ne ba sa dumele. Mantsiboyeng ao baholo ba bang le ba bang ba leloko ba ile ba kwallwa hobane ba ne ba qoswa ka hore ba ne ba thibela tsela e yang betheng ya Moradiwabo rona Nicoleau hore a se ke a tshelwa madi. Letsatsing le latelang dikoranta, thelevishene le di radio tse New York City kapa haufi le moo, di ile tsa bua ka ho tshwarwa hona ha Dipaki Tsa Jehova.

Ke nna le Philip Brumley ha re sa le batjha

Hoseng ho latelang ke ile ka bua le moahlodi ya phahameng e leng Milton Mollen. Ke ile ka mo hlalosetsa dintlha tsa nyewe eo mme ka mo hlakisetsa hore moahlodi eo o ile a fana ka tumello ya hore motho a tshelwe madi ntle le tumello ya hae. Moahlodi Mollen o ile a kopa hore ke tle ofising ya hae mantsiboya e le hore re tlo buisana ka dintlha le melao e amanang le taba ena. Moreso ya neng a etella pele e leng Philip Brumley o ile a ya le nna ofising ya Moahlodi Mollen mantsiboyeng ao. Moahlodi o ile a boela a mema maqwetha a sepetlele. Puisano ya rona e ne e tjhesa hoo Morabo rona Brumley a ileng a nngolla molaetsa bukeng wa hore ke kgobe matshwafo. Eo e ne e le keletso e molemo ka ha ke ne ke se ke halefa ha ke ntse ke leka ho bontsha hore maqwetha ao a sepetlele a fositse.

Ho tloha ka letsohong le letshehadi ho ya ka ho le letona: Richard Moake, Gregory Olds, Paul Polidoro, Philip Brumley, nna le Mario Moreno e leng maqwetha a neng a ile nyeweng e neng e le U.S. Lekgotleng le Phahameng la Dinyewe ha ho tshwarwa nyewe ya Watchtower mabapi le motsana wa Stratton.​—Sheba Tsoha! ya January 8, 2003

Ka mora hora Moahlodi Mollen o ile a re nyewe ena e tla ba ya pele hosane hoseng. Ha re tloha ofising ya Moahlodi Mollen o ile a re mosebetsi wa maqwetha a sepetlele o tla ba boima hosane. Sena se ne se bolela hore ho ne ho sa tlo ba bonolo hore maqwetha a sepetlele a fane ka bopaki ba hore sepetlele se na le tokelo ya ho hatella Moradiwabo rona Nicoleau hore a tshelwe madi. Ke ile ka utlwa e ka Jehova o a re kgodisa hore re ka hlola nyewe eo. Ho ne ho hlolla ho bona ka moo Jehova a ileng a re sebedisa ka teng ho phetha morero wa hae.

Re ile ra sebetsa ka thata bosiung boo e le hore re lokisetse seo re tlang ho se bua hoseng. Lekgotla la dinyewe le ne le le haufi le Bethele e Brooklyn, ka hoo boholo ba batho bao re sebetsang le bona Ofising ya Molao ba ile ba ya teng ka maoto. Ka mora hore baahlodi ba bane ba utlwe dintlha tsa rona ba ile ba etsa qeto ya hore ho ne ho sa tshwanela hore e be moradiwabo rona o tshetswe madi. Lekgotla le phahameng la dinyewe le ile la ba ka lehlakoreng la Moradiwabo rona Nicoleau mme la hlalosa hore ho kgahlanong le ditokelo tsa botho hore motho a tshelwe madi ntle le hore ho utluwe maikutlo a hae.

Ha morao lekgotla le phahameng la dinyewe la New York le ile la tiisa hore Moradiwabo rona Nicoleau o na le tokelo ya ho thuswa ntle le hore a tshelwe madi. Ena e ne e le nyewe ya pele ho tse nne tseo ke ileng ka thusa ka tsona makgotleng a phahameng a dinyewe a United States mabapi le ho tshelwa ha madi. (Sheba lebokose le reng, “ Re ile ra Hlola Makgotleng a Phahameng a Dinyewe.”) Ke ile ka boela ka sebetsa le maqwetha a Bethele mabapi le dinyewe tse kang ho nka ngwana ka molao, tlhalo, thekiso ya matlo le ditentshe.

BOPHELO BA LENYALO LE BA LELAPA

Nna le mosadi waka Denise

Ha ke qala ho kopana le Denise o ne a hladuwe mme a hodisa bana ba bararo. O ne a sebetsa hape e le pulamadiboho. O ile a ba le mathata bophelong mme ke ne ke kgahlwa ke tsela eo a ikemiseditseng ho sebeletsa Jehova ka yona. Ka 1992 re ile ra ya Kopanong ya Setereke ya “Bajari ba Lesedi” e neng e tshwaretswe New York City mme ke ile ka mo kopa hore re tsebane ha molemo mme ka mora selemo re ile ra nyalana. Ho ba le mosadi ya behang Jehova pele bophelong ba hae le ya ratang ho tsheha ke mpho e tswang ho Jehova. Denise esale a nketsetsa dintho tse molemo bophelong bohle ba rona.​—Liprov. 31:12.

Ha re nyalana le Denise, bana ba ne ba se ba le dilemo tse 11, 13 le 16. Ke ile ka bala le ho sebedisa ntho e nngwe le e nngwe eo ke neng ke e fumana dingolweng tsa rona tse neng di bua ka ho ba motswadi ya molemo lenyalong la bobedi. Ha nako e ntse e ya ho ile ha ba le mathata empa ke a thaba hore ebe bana ba ile ba nkamohela ke le motswalle le ntate wa bona. Metswalle ya bana ba rona e ne e amohelehile hore e ka tla lapeng mme re ne re thabela ho ba hara batjha bana ba mafolofolo.

Ka 2013, nna le Denise re ile ra fallela Wisconsin ho thusa ntate waka le batswadi ba hae ba neng ba se ba hodile. Ntho e ileng ya mmakatsa ke hore tshebeletso yaka ya Bethele ha e ya ka ya fela. Ke ile ka kopuwa hore ke nne ke tswele pele ke thusa mokgatlo ka dintho tse amanang le molao ke le moithaopi wa nakwana.

DINTHO DI ILE TSA FETOHA KE SA LEBELLA

Ka September 2018 ke ile ka hlokomela hore hona le bothata ka qoqotho yaka. Ngaka e ile ya ntlhahloba empa ha e a ka ya fumana hore na bothata keng. Ha morao ngaka e nngwe e ile ya nkgothalletsa hore ke ye ho neurologist. Ka January 2019 ngaka eo e ile ya mpolella hore ke na le bolwetse bo sa tlwaelehang bo ka amang mmele wohle waka ha nako e ntse e ya.

Matsatsi a mararo ka mora moo ha ke ntse ke bapala papadi eo ke e ratang ke ile ka wa mme ka robeha letsoho le letona. Ke ne ke tseba papadi ena haholo ka ha esale ke e bapala bophelo baka bohle. Ka hoo ke ile ka hlokomela hore ke fellwa ke bokgoni ba ho laola mesifa yaka. Ke ile ka tshoha ha ke bona ka moo bolwetse bona bo mpefalang ka teng. Ho ne ho ba thata le ho feta hore ke bue, ke tsamaye kapa ke kwenye.

Ke a thaba hore e be ke ile ka ba le monyetla wa ho thusa mokgatlo wa Jehova ka mosebetsi oo ke neng ke o etsa ke le leqwetha. Hape ke a thaba hore ebe ke kgona ho ngola dihlooho tsa dimakasine tse ka thusang dingaka, maqwetha le baahlodi. Hape ke fane ka dipuo lefatsheng ka bophara ho sireletsa tokelo eo bahlanka ba Modimo ba nang le yona ya hore ba thuswe ntle le hore ba tshelwe madi. Ho ntse ho le jwalo ke ikutlwa jwalo ka mongodi e mong wa Bibele e leng Luka ya ileng a re ho Luka 17:​10: ‘Ke lekgoba le se nang molemo. Seo ke se entseng ke seo ke neng ke tshwanela hore ebe ke se entse.’