Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Na Dipaki Tsa Jehova di lokela ho sebedisa diwebsaete tsa marato ho fumana balekane ba lenyalo?

Jehova o batla hore batho ba babedi ba tlo nyalana ba thabe le hore ba be le setswalle se haufi se tla dula se tiile. (Mat. 19:​4-6) Haeba o batla lenyalo, o ka fumana molekane ya loketseng jwang? Ka ha Jehova o re bopile, o a tseba hore na ke eng e tla etsa hore re thabe ha re ratana le ha re le lenyalong. Ka hoo, haeba o mamela melaomotheo eo a o fileng yona, o tla atleha. A ko nahane ka e meng ya melaomotheo eo.

Re lokela ho utlwisisa taba ena pele ka rona ya hore “pelo e bolotsana ho feta ntho le ha e le efe mme e tsitlella seo e se batlang.” (Jer. 17:9) Ha motho a leka ho batla motho eo e tla ba molekane wa hae wa lenyalo, maikutlo a lerato ao a ka bang le ona a ka hola ka potlako hoo a ka mo sitisang ho etsa diqeto tse nepahetseng. Ha batho ba etsa qeto ya ho nyalana ba itshetlehile feela ka maikutlo ao ba nang le ona, hangata ba utlwa bohloko. (Liprov. 28:​26) Ke ka hoo eseng bohlale hore batho ba bontshane maikutlo a lerato qalong haholo kapa ba etsetsane ditshepiso le pele ba ka tsebana hantle.

Liproverbia 22:3 e re: “Ya masene ke ya boneng tlokotsi mme a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele mme ba tla fumana kotlo.” Ke hobaneng ha ho le kotsi ho sebedisa diwebsaete tsa marato? Ka maswabi, batho ba bang ba ithutile ha bohloko ka ho sebedisa diwebsaete tsena ka hore ba kopane le batho bao ba sa ba tsebeng ba ileng ba bapala ka maikutlo a bona. Hape batho ba sa tshepahaleng ba sebedisa boitsebiso boo eseng ba bona ho utswa tjhelete ya batho ba bang. Ka dinako tse ding, batho bao ba sa tshepahaleng ba ne ba re ke Dipaki Tsa Jehova.

Kotsi e nngwe ke ena. Diwebsaete tse ding di le etsetsa qeto ya hore na wena le motho eo o mo ratang le a tshwanelana kapa tjhe. Le ha ho le jwalo, ha ho na bopaki bo bontshang hore mokgwa oo o a sebetsa. Na e ka ba bohlale ho sebedisa dikhompiyutha tse entsweng ke motho hore di o etsetse qeto ya ntho e bohlokwa e kang ho fumana molekane wa lenyalo? Na re ka di tshepa ho feta melaomotheo ya Bibele?​—Liprov. 1:7; 3:​5-7.

Molaomotheo o fumanehang ho Liproverbia 14:​15 o re: “Mang kapa mang ya se nang phihlelo o beha tumelo lentsweng le leng le le leng, empa ya masene o nahana ka mehato ya hae.” Pele o ka etsa qeto ya hore o tla nyalana le motho ya itseng, o lokela ho mo tseba hantle. Empa ho sebedisa Inthanete ho ka etsa hore taba eo e be thata. Le haeba o kgona ho bona boitsebiso ba motho eo kapa le qeta nako e itseng le romellana melaetsa, na ehlile o ka re o tseba motho eo? Batho ba bang ba neng ba nahana hore ba se ba fumane balekane ba bona, ba ile ba swetseha ha ba kopana le batho bao ka seqo.

Mopesaleme o ile a re: “Ha ke a dula le batho ba leshano, ha ke kene setswalleng le ba patang seo ba leng sona.” (Pes. 26:4) Batho ba bangata ba nka e le ntho e tlwaelehileng hore ba bue mashano ha ba ngola boitsebiso ba bona diwebsaeteng tsa marato e le hore ba ka rateha. Ba pata mekgwa ya bona kapa dintho tse mpe tseo ba di etsang ha ba romellana melaetsa le batho Inthaneteng. Le hoja batho ba bang ka re ke Dipaki Tsa Jehova, na ehlile ba kolobeditswe? Na ba rata Jehova? Setswalle sa bona le Jehova se jwang? Na ke batho ba tsheptjwang ka phuthehong? Kapa na ke mehlala e mebe hape ba tlwaelane le batho ba fosahetseng? (1 Bakor. 15:​33; 2 Tim. 2:​20, 21) Na ho ya ka melaomotheo ya Bibele ba ka kgona ho nyala kapa ho nyalwa? O lokela ho tseba dintho tsena empa ho ka ba thata haeba o sa buisane le Dipaki tse tsebang motho eo hantle. (Liprov. 15:​22) Hape o hopole hore mohlanka wa Jehova ya tshepahalang a ke ke a nahana ho nyalana le motho eo e seng Paki.​—2 Bakor. 6:​14; 1 Bakor. 7:39.

Re nahanne ka dikotsi tse ka bang teng ha re sebedisa diwebsaete tsa marato, ho na le mekgwa e meng e loketseng e ka thusang batho hore ba fumane balekane ba loketseng e le hore ba be le lenyalo le hlomphehang. Ke menyetla efe eo o ka bang le yona ya hore o kopane le motho eo e ka bang molekane wa hao? Ha mekgwa ya ho kopana e sa thibelwa, Dipaki Tsa Jehova di ka kgona ho kopana le batho ha di le dibokeng, dikopanong tse kgolo le tse nyane le dimmokeng.

Ha le qeta nako mmoho le tla bona hore na le rata le ho dumela dintho tse tshwanang

Ha menyetla ena ya ho kopana le batho e sa kgonehe jwalo ka nakong ya sewa sa Corona, re sebedisa Inthanete ho ba dibokeng moo ho bang le menyetla ya ho tsebana le Bakreste ba bang ba masoha. Re kgona ho ba utlwa ha ba fana ka dipuo le dikarabo tse tswang botebong ba pelo. (1 Tim. 6:​11, 12) Hape ka mora diboka le ka kgona ho buisana ka dihlotshwana le sebedisa di breakout room. Ha le kopane ka tsela eo ebile le bonana, o tla kgona ho elellwa hore na motho eo o mo ratang o tshwara batho ba bang jwang mme ntho eo e tla bontsha hore na ke motho wa mofuta ofe. (1 Pet. 3:4) Ha nako e ntse e ya le ntse le tsebana haholwanyane, le tla kgona ho bona hore na le rata dintho tse tshwanang le hore na le ka ba balekane ba lenyalo ba tshwanelanang.

Ha Bakreste ba masoha ba sebedisa melaomotheo ya Bibele ha ba batla balekane ba lenyalo, ba tla hlokomela bonnete ba maele ana a reng: “Na motho o fumane mosadi [kapa monna] ya molemo? O fumane ntho e molemo, mme o fumana kamohelo e tswang ho Jehova.”​—Liprov. 18:22.