Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 27

Eba le Mamello Jwalo ka Jehova

Eba le Mamello Jwalo ka Jehova

“Le tla rua meya ya lona ka ho mamella ha lona.”​—LUKA 21:19.

PINA YA 114 Tiisetsang

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Mantswe a Jehova a hlahang ho Esaia 65:​16, 17 a re thusa jwang hore re dule re mamelletse?

KOPANO ya setereke ya 2017 e ne e ena le sehlooho se monate se reng: “Mamellang!” Kopano eo e ile ya re thusa ho bona hore na re ka mamella mathata a rona jwang. Ho se ho fetile dilemo tse nne jwale empa re ntse re mamelletse mathata a lefatshe lena le kgopo.

2 O bile le mathata afe morao tjee? Na mong ka wena kapa motswalle wa hao o hlokahetse? Na o na le lefu le sa phekoleheng? Na o imetswe ke bophelo hobane o ntse o tsofala? Na o anngwe ke dintwa, dikoduwa tsa tlhaho kapa ho hloriswa? Kapa na mafu a mang a kang sewa sa Corona a amme bophelo ba hao ka tsela e itseng? Re labalabela nako eo ka yona mathata a tla be a le siyo, re se re lebetse ka ona mme ho se mohla a tla ipheta.​—Bala Esaia 65:​16, 17.

3. Re lokela ho etsang hona jwale, hona hobaneng?

3 Bophelo bo boima haholo hona jwale mme re ka nna ra tobana le mathata a boima le ho feta nakong e tlang. (Mat. 24:​21) Ka hoo, re lokela ho tswela pele re mamella. Hobaneng? Hobane Jesu o itse: “Le tla rua meya ya lona ka ho mamella ha lona.” (Luka 21:​19) Ho nahanisisa ka mehlala ya batho ba mamelletseng mathata a tshwanang le a rona ho tla re thusa hore le rona re mamelle.

4. Ke hobaneng ha re ka re Jehova ke yena ya re behetseng mohlala o motle ka ho fetisisa wa ho ba le mamello?

4 Ke mang ya re behetseng mohlala o motle ka ho fetisisa wa ho mamella? Ke Jehova Modimo. Na karabo ee e a o makatsa? E ka nna ya o makatsa ho fihlela o nahana ka yona ka botebo. Ka ha lefatshe lena le buswa ke Diabolose, le na le mathata a mangata. Jehova o na le matla a hore a fedise mathata ao hanghang empa o emetse nako eo ka yona a tla etsa jwalo. (Bar. 9:​22) Ka hona, Modimo wa rona o ntse a mamelletse ho fihlela nako eo e fihla. A re ke re bueng ka dintho tse robong tseo Jehova a di mamelletseng.

JEHOVA O KGETHILE HO MAMELLANG?

5. Lebitso la Modimo le nnile la hlomphollwa jwang, hona o ikutlwa jwang ka taba eo?

5 Ho senngwa ha lebitso la hae. Jehova o rata lebitso la hae ebile o batla hore batho bohle ba le hlomphe. (Esa. 42:8) Empa ka dilemo tse ka bang 6 000, lebitso la hae le nnile la hlomphollwa. (Pes. 74:​10, 18, 23) Tsena tsohle di qadile serapeng sa Edene ha Diabolose (e bolelang “Moetselletsi”) a ne a qosa Modimo ka hore o tima Adama le Eva dintho tseo ba di hlokang hore ba thabe. (Gen. 3:​1-5) Haesale ho tloha ka nako eo Jehova a qoswa ka mashano a hore o tima batho dintho tseo ba di hlokang. Jesu o ne a tshwenyehile haholo ka hore ebe lebitso la Ntate wa hae le a hlomphollwa. Ka hoo, o ile a ruta barutuwa ba hae hore ba rapele ka tsela ena: “Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le ke le halaletswe.”​—Mat. 6:9.

6. Ke hobaneng ha Jehova a dumelletse batho ba ipuse pele a bontsha hore ke yena ya loketseng ho busa?

6 Ho phephetswa ha bobusi ba hae. Ke Jehova feela ya nang le tokelo ya ho busa lehodimong le lefatsheng mme tsela ya hae ya ho busa ke e molemo ka ho fetisisa. (Tšen. 4:​11) Empa Diabolose o lekile ho thetsa batho le mangeloi hore Modimo ha a na matla a jwalo. Ka hoo, ho ne ho tla nka nako hore taba ena e rarollwe. Modimo o bile bohlale hore a dumelle batho ba ipuse ka nakwana e le hore ba bone hore ha ba ikarotse ho Mmopi ba ke ke ba atleha. (Jer. 10:​23) Ka ha Modimo o mamelletse, qetellong taba ena e tla rarollwa e fele. O tla bontsha hore ke yena feela ya nang le tokelo ya ho busa le hore Mmuso wa hae ke ona o tla tlisa kgotso le tshireletseho lefatsheng.

7. Ke bomang ba sa kang ba mamela Jehova, hona o tla etsang ka bona?

7 Ho se mamele ha bana ba bang ba hae. Jehova o bopile mangeloi le batho ba phethahetse, ba se na sekodi. Empa Satane (e bolelang “Mohanyetsi”) e leng lengeloi le sa mameleng, o ile a etsa hore Adama le Eva ba phethahetseng le bona ba se ke ba mamela Jehova. Mangeloi a mang le batho ba ile ba kgetha ho se mamele Modimo. (Juda 6) Ha morao le setjhaba sa Iseraele seo Modimo a se kgethileng, ha se a ka sa mo mamela yaba se qala ho rapela medimo ya bohata. (Esa. 63:​8, 10) Jehova o ile a utlwa bohloko haholo. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o mamelletse mme o tla etsa jwalo ho fihlela a fedisa batho bohle ba kgopo. Ka mora moo, Jehova le bohle ba mo tshepahallang ba tla thaba ha ba se ba sa mamelle dintho tse mpe tse teng lefatsheng.

8, 9. Ke mashano afe a buuwang ka Jehova, hona re lokela ho a nka jwang?

8 Mashano a Diabolose. Satane o ile a qosa Jobo le bahlanka ba Jehova hore ba sebeletsa Jehova ka mabaka a boithati. (Jobo 1:​8-11; 2:​3-5) Maikutlo a Diabolose a ntse a tshwana le ho fihlela lena le hodimo. (Tšen. 12:​10) Re ka bontsha hore Satane o leshano ka hore re mamelle mathata ao re nang le ona le hore re dule re tshepahalla Jehova hobane re mo rata. Jwalo ka Jobo, le rona Jehova o tla re putsa haeba re mamella.​—Jak. 5:11.

Satane o sebedisa baetapele ba badumedi ba bohata ho ruta batho hore Jehova o kgopo ebile ke yena ya bakelang batho mathata. Ba bang ba re ha bana ba shwa, ke Modimo ya ba nkileng hobane a hloka mangeloi. Ruri ba hlompholla Modimo ka tsela e ikgethang. Re a tseba hore taba ena ha se nnete. Ha re kula haholo kapa ha motho eo re mo ratang a hlokahala, ha re behe Modimo wa rona molato. Ho ena le hoo, re na le tshepo ya hore o tla lokisa dintho. Ka hoo, re bolella batho ba batlang ho re mamela hore Modimo o a re rata. Ka tsela eo, Jehova o kgona ho fana ka karabo ho ya mo nyedisang.​—Liprov. 27:11.

10. Pesaleme ya 22:​23, 24 e re bolellang ka Jehova?

10 Mathata ao bahlanka ba hae ba bang le ona. Jehova o re utlwela bohloko. O utlwa bohloko haholo ha a bona re mamelletse dintho tse bohloko tse kang ho hloriswa, ho kula kapa mefokolo ya rona. (Bala Pesaleme ya 22:​23, 24.) Jehova o utlwisisa maemo a rona hantle ebile o batla ho a lokisa mme o tla etsa jwalo. (Bapisa Exoda 3:​7, 8; Esaia 63:9.) Ka letsatsi le leng “o tla hlakola meokgo yohle mahlong a [rona], lefu ha le sa tla hlola le eba teng mme ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.”​—Tšen. 21:4.

11. Jehova o ikutlwa jwang ka bahlanka ba hae ba tshepahalang ba hlokahetseng?

11 Ho hlolohelwa metswalle ya hae e hlokahetseng. Jehova o ikutlwa jwang ka bahlanka ba hae ba tshepahalang ba seng ba hlokahetse? O labalabela ho ba bona hape. (Jobo 14:​15) O nahana hore Jehova o hlolohetswe motswalle wa hae Abrahama ho le hokae? (Jak. 2:​23) Kapa Moshe eo ba neng ba bua “difahleho di tadimane”? (Ex. 33:​11) Hape o nahana hore o tatile ho le hokae ho utlwa ha Davida le bangodi ba bang ba dipesaleme ba bina dipina tse mo rorisang? (Pes. 104:​33) Le hoja metswalle ena ya Jehova e hlokahetse, ha a e lebala. (Esa. 49:​15) O hopola ntho e nngwe le e nngwe ka yona. Bibele e re “kaofela ba a phela ho yena.” (Luka 20:​38) Ka le leng, o tla ba tsosa mme o tla thabela ho utlwa ha ba mo rapela a be a amohele borapedi ba bona. Haeba motho eo o mo ratang o hlokahetse, e se eka o ka kgothatswa ke dintho tsena.

12. Ke eng e utlwisang Jehova bohloko haholo matsatsing aa a ho qetela?

12 Ha batho ba kgopo ba hlorisa ba bang. Ha ho ne ho senyeha serapeng sa Edene, Jehova o ne a tseba hore maemo a tla mpefala haholo feela pele a ka loka. Jehova o hloile bokgopo, ho hloka toka le dintwa tse teng lefatsheng. Haesale a tsotella batho ba se nang mang wee, e leng ba fokolang le ba sa kgoneng ho itshireletsa ba kang dikgutsana le bahlolohadi. (Zak. 7:​9, 10) Ka ho kgetheha, Jehova o utlwa bohloko ha bahlanka ba hae ba tshepahalang ba hloriswa le ho iswa diteronkong. Re kgodisehile hore o rata bohle ba mamelletseng le yena.

13. Ke boitshwaro bofe bo nyonyehang boo Modimo a bonang batho ba bo etsa, hona o tla etsang ka bona?

13 Boitshwaro ba batho bo tswileng taolong. Modimo o bopile batho ka setshwantsho sa hae empa Satane yena o thabela ho ba susumelletsa ho etsa boitshwaro bo bobe. Ha Modimo “a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatsheng” mehleng ya Noe, o ile a ikwahlaya “hore ebe o entse batho lefatsheng mme pelo ya hae ya utlwa bohloko.” (Gen. 6:​5, 6, 11) Na maemo a ntlafetse ho tloha ka nako eo? Le letho! Diabolose o thaba haholo ha diketso tsohle tse mpe tsa ho etsa thobalano e eba ntho e tlwaelehileng mehleng ena, ebang ke dipakeng tsa batho ba bong bo fapaneng kapa bo tshwanang. (Baef. 4:​18, 19) Satane o thaba le ho feta ha a etsa hore barapedi ba Jehova ba etse sebe. Ha mamello ya Jehova e fela, o tla bontsha hore o hloile mekgwa yohle ya boitshwaro bo bobe ka hore a fedise batho ba bo etsang.

14. Batho ba tshwere popo ya Modimo jwang?

14 Ho senngwa ha popo ya hae. Motho o busa e mong “ho mo ntsha kotsi” hape ha a hlokomele lefatshe le diphoofolo tseo Jehova a di behileng tlhokomelong ya hae. (Moek. 8:9; Gen. 1:​28) Ditsebi tse ding di re ka lebaka la dintho tseo batho ba di etsang, mefuta * ya diphoofolo le dimela tse ka bang milione di kotsing ya ho fela dilemong tse seng kae tse tlang. Ke ka hoo batho ba amehileng ka dintho tsa tlhaho empa re a leboha hore ebe Jehova o tshepisa hore o tla “fedisa ba senyang lefatshe” ebe o etsa lefatshe paradeise.​—Tšen. 11:​18; Esa. 35:1.

O ITHUTANG HO JEHOVA KA HO BA LE MAMELLO?

15, 16. Etsa mohlala o bontshang hore na keng e ka re susumetsang hore re mamelle jwalo ka Jehova.

15 A ko nahane ka dintho tsohle tse bohloko tseo Jehova a di mamelletseng ka dilemo tse dikete. (Sheba lebokose le reng “ Jehova o Mamelletseng?”) Jehova a ka fedisa lefatshe lena le kgopo ka nako le motsotso feela empa ho mamella ha hae ho re thusitse haholo. Nahana ka mohlala ona. A re re banyalani ba bolellwa hore leseanyana la bona le tlo hlaha le ena le bokowa le hore le ka nna la hlokahala le sa le lenyenyane haholo. Le hoja ho tlo ba thata hore batswadi bao ba hodise lesea leo, ba thabela ho le hlokomela. Ka ha ba rata lesea la bona, ba mamella mathata ao ba tobanang le ona e le hore ba le fe bophelo bo botle.

16 Ka tsela e tshwanang, ditloholo tsohle tsa Adama le Eva di hlaha di sa phethahala. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o a di rata le ho di tsotella. (1 Joh. 4:​19) Ho fapana le batswadi bane bao re buileng ka bona, Jehova a ka kgona ho fedisa mathata a bana ba hae. O behile nako eo ka yona a tla fedisa mathata ohle a batho a bakang masisapelo. (Mat. 24:​36) Ho ratwa ke Jehova ho tlameha ho re susumelletsa hore le rona jwalo ka yena, re mamelle ka hohle ka moo re ka kgonang.

17. Tlaleho ya Jesu e ho Baheberu 12:​2, 3 e re kgothatsa jwang hore le rona re dule re mamelletse?

17 Jehova ke yena ya re behetseng mohlala o motle wa ho mamella. Jesu o ile a atleha ho etsisa Ntate wa hae ka hore a be le mamello. Ha a le lefatsheng, o ile a mamella ho rohakwa, ho nyediswa le ho shwa lefu le sehloho bakeng sa rona. (Bala Baheberu 12:​2, 3.) Mohlala wa Jehova wa ho mamella o ile wa fa Jesu matla a hore le yena a etse jwalo. Le rona o ka re thusa.

18. 2 Petrose 3:9 e re thusa ho utlwisisa hore Jehova o finyellang ka lebaka la ho ba le mamello?

18 Bala 2 Petrose 3:9. Jehova o tseba nako e nepahetseng ya ho fedisa lefatshe lena le kgopo. Ka ha Jehova o mamelletse, bongata bo boholo bo balwang ka dimilione bo kgonne ho bokellwa mme bo a mo sebeletsa. Batho bana kaofela ha bona ba a ananela hore ebe Jehova o ile a mamella ho fihlela ba tswalwa, ba ithuta ho mo rata le ho inehela ho yena. Qeto ya Jehova ya ho mamella e tla bonahala hore e nepahetse ha a putsa batho ba dimilione ba mamelletseng ho fihlela qetellong.

19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang, hona moputso wa rona e tla ba ofe?

19 Re ithuta ho Jehova hore na re ka kgona ho mamella jwang re thabile. Ho sa tsotellehe mathata le mahlomola ao Satane a re baketseng ona, Jehova e ntse e le “Modimo ya thabileng.” (1 Tim. 1:​11) Le rona re ka mamella re thabile ha re ntse re emetse hore Jehova a halaletse lebitso la hae, a bontshe hore ke yena feela ya ka busang batho, a fedise bokgopo bohle le hore a fedise mathata ohle ao re nang le ona hona jwale. A re ikemisetseng ho dula re mamelletse le ho tshediswa ke ho tseba hore Ntate wa rona le yena o ntse a mamelletse. Haeba re etsa jwalo, mantswe ana a tla phethahala ho e mong le e mong wa rona: “Ho thaba motho ya ntseng a tswela pele ho mamella teko, hobane ha e eba ya amohelehang o tla amohela moqhaka wa bophelo, oo [Jehova] a o tshepisitseng ba tswelang pele ho mo rata.”​—Jak. 1:12.

PINA YA 139 Ipone o le Teng ha Tsohle di se di le Ntjha

^ par. 5 Kaofela ha rona re na le mathata. Ka ha ha re kgone ho rarolla mathata a rona hona jwale, re lokela ho a mamella. Empa ha re a mamella re le bang. Jehova le yena o mamelletse dintho tse ngata. Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tse robong tseo a di mamelletseng. Re tla boela re bone hore na Jehova o finyelletseng ka ho ba le mamello le hore na re ka ithutang mohlaleng wa hae.

^ par. 14 “Mefuta” ena e hlahang mona ha re a lokela ho e amahanya le e hlahang ka Bibeleng e buang haholo ka dintho tse phelang.