Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 26

O ka Kgona ho Etsa Batho Barutuwa

O ka Kgona ho Etsa Batho Barutuwa

“Modimo ke yena . . . a sebetsang ho lona e le hore le rate le be le sebetse.”​—BAFIL. 2:13.

PINA YA 64 Ho Kotula ka Thabo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jehova o o etseditse eng?

HO TLILE jwang hore o be e mong wa Dipaki tsa Jehova? Mohlomong o ile wa utlwa molaetsa wa Bibele ho batswadi ba hao, mosebetsimmoho, moithutimmoho kapa ha e mong wa Dipaki Tsa Jehova a ne a o etetse lapeng. (Mar. 13:​10) Ka mora moo, motho eo o ile a etsa boiteko mme a qeta nako e ngata a ithuta Bibele le wena. Ha o ntse o ithuta, o ile wa hlokomela hore Jehova o a o rata yaba le wena o qala ho mo rata. Jehova o ile a o hulela ka phuthehong mme ka ha o morutuwa wa Jesu Kreste, o se o na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 6:​44) Re kgodisehile hore o ananela hore ebe Jehova o ile a susumelletsa motho e mong hore a ithute Bibele le wena le hore o o amohetse o le e mong wa bahlanka ba hae.

2. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

2 Ka ha re se re tseba Bibele, re na le monyetla o babatsehang wa ho thusa batho ba bang hore ba tsamaye le rona tseleng ena e isang bophelong bo sa feleng. Ho ka nna ha eba bonolo hore re bolele molaetsa wa Bibele ka ntlo le ntlo empa ra thatafallwa ke ho ithuta Bibele le batho. Na ke tsela eo o ikutlwang ka yona? Haeba ho jwalo, mohlomong ditlhahiso tse fanweng sehloohong sena di tla o thusa. Re tla bua ka hore na ke eng e re susumelletsang hore re etse batho barutuwa. Re tla boela re bue ka hore na ke jwang re ka hlolang mathata a ka re sitisang hore re ithute Bibele le batho. A re qale ka ho bua ka hore na ke hobaneng ha re lokela ho bolela le ho ruta molaetsa wa Bibele.

JESU O RE LAETSE HORE RE BOLELE LE HO RUTA MOLAETSA WA BIBELE

3. Ke hobaneng ha re bolela molaetsa wa Mmuso wa Modimo?

3 Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a fa balatedi ba hae mosebetsi o neng o ena le dikarolo tse pedi. O ile a qala ka ho ba bolella hore ba bolele molaetsa wa Mmuso wa Modimo mme a ba bontsha hore na ba lokela ho etsa mosebetsi oo jwang. (Mat. 10:7; Luka 8:1) Ka mohlala, Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae hore na ba lokela ho etsang ha batho ba mamela molaetsa wa Mmuso le ha ba sa o mamele. (Luka 9:​2-5) Hape o ile a bolela hore na balatedi ba hae ba ne ba tla etsa mosebetsi ona ho isa boholeng bofe, ha a ne a re ba ne ba tla fana ka “bopaki ho ditjhaba tsohle.” (Mat. 24:​14; Lik. 1:8) Ho sa tsotellehe hore na batho ba mamela molaetsa oo kapa tjhe, barutuwa ba ne ba lokela ho bolella batho ka Mmuso wa Modimo le hore na o tla finyellang.

4. Ho ya ka Matheu 28:​18-20, ke eng eo re lokelang ho e etsa ntle le ho bolela ka Mmuso?

4 Ke ntho efe ya bobedi eo Jesu a ileng a re barutuwa ba hae ba e etse? O ile a bolella balatedi ba hae hore ba rute batho ho boloka dintho tsohle tseo a ba laetseng tsona. Empa na mosebetsi wa ho bolela le ho ruta batho e ne e le wa Bakreste ba pele feela jwalo ka ha batho ba bolela? Ha ho jwalo, Jesu o ile a bontsha hore mosebetsi ona wa bohlokwa o ne o tla tswela pele le mehleng ena “ho fihlela qetellong ya tsamaiso ya dintho.” (Bala Matheu 28:​18-20.) E ka nna yaba Jesu o ile a fana ka taelo ena ha a ne a le ka pela barutuwa ba hae ba fetang 500. (1 Bakor. 15:6) Jesu o ile a bontsha Johanne ka ho hlaka ponong hore o batla hore barutuwa bohle ba hae ba thuse batho ba bang ho ithuta ka Jehova.​—Tšen. 22:17.

5. Ho ya ka 1 Bakorinthe 3:​6-9, Pauluse o ile a re mosebetsi wa ho bolela le wa ho ruta o amana jwang?

5 Moapostola Pauluse o ile a tshwantsha mosebetsi wa ho etsa barutuwa le ho hlaolela dijalo e le ha a bontsha hore ha re a lokela ho jala peo feela empa ho na le ho hong hoo re tlamehang ho ho etsa. O ile a hopotsa Bakorinthe a re: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa . . . Lona le tshimo ya Modimo e lengwang.” (Bala 1 Bakorinthe 3:​6-9.) Jwalo ka basebetsi ‘tshimong ya Modimo,’ ha re jale peo feela empa re boetse re a e nosetsa, ebe ka mehla re a sheba hore na e ntse e hola jwang. (Joh. 4:​35) Ho feta moo, re a hlokomela hore ke Modimo ya etsang hore peo e hole.

6. Ha re ruta batho Bibele, re lokela ho ba thusa hore ba etseng?

6 Re batla batho ba nang “le tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Lik. 13:​48) E le hore batho bao e be barutuwa, re lokela ho ba thusa (1) ho utlwisisa, (2) ho dumela le (3) ho etsa dintho tseo ba ithutang tsona ka Bibeleng. (Joh. 17:3; Bakol. 2:​6, 7; 1 Bathes. 2:​13) Bohle ka phuthehong ba ka thusa batho ba ithutang Bibele ka ho ba behela mohlala, ho ba bontsha lerato le ho etsa hore ba ikutlwe ba amohelehile ha ba le dibokeng. (Joh. 13:​35) Ha o ruta motho, o ka nka nako le matla o mo thusa ho tlohela ditlwaelo le ditumelo “tse metseng ka matla”. (2 Bakor. 10:​4, 5) Ho ka nka dikgwedi tse ngata o thusa motho hore a etse diphetoho e le hore a kolobetswe. Le ha ho le jwalo, boiteko boo o bo etsang ke ba bohlokwa haholo.

LERATO LE RE SUSUMETSA HO ETSA BATHO BARUTUWA

7. Ke eng e re susumelletsang ho etsa mosebetsi wa boboledi le ho etsa batho barutuwa?

7 Ke hobaneng ha re etsa mosebetsi wa boboledi le ho etsa batho barutuwa? Lebaka la pele ke hobane re rata Jehova. Ha o leka ka hohle ho mamela taelo ya ho etsa mosebetsi wa boboledi le ho etsa barutuwa, o bontsha hore o rata Modimo. (1 Joh. 5:3) Nahana ka taba ena: Ho rata Jehova ho se ho o susumelleditse ho etsa mosebetsi wa boboledi ka ntlo le ntlo. Na ho ne ho le bonolo ho mamela taelo eo? Mohlomong ha ho jwalo. Na o ne o tshohile lekgetlo la pele ha o ne o etsa mosebetsi wa boboledi? Ha ho pelaelo hore o ne o tshohile. Empa o ne o tseba hore mosebetsi ona ke oo Jesu a batlang hore o o etse mme o mametse taelo ya hae. Mohlomong ka mora nako e itseng o ile wa fumana ho se ho le bonolo ho etsa mosebetsi oo. Empa o ikutlwa jwang ka ho ithuta Bibele le motho? Na o ikutlwa o tshohile ha o nahana ka taba eo? Mohlomong. Kopa Jehova a o thuse hore o se ke wa tshaba le hore a o fe sebete sa ho ithuta Bibele le motho mme o tla o thusa hore o batle ho etsa batho barutuwa.

8. Ho ya ka Mareka 6:​34, ke eng hape e re susumelletsang ho ruta batho ba bang?

8 Lebaka la bobedi, ka ha re rata baahisani ba rona, re susumelletseha ho ba ruta Bibele. Ka lekgetlo le leng, Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba kgathetse haholo ka mora ho etsa mosebetsi wa boboledi. Ba ne ba hloka sebaka sa ho phomola le ha ho le jwalo bongata bo ile ba ba fumana. Jesu o ile a susumetswa ke kgauho mme a qala ho bo ruta “dintho tse ngata.” (Bala Mareka 6:​34.) Le hoja Jesu a ne a kgathetse, o ile a itela. Hobaneng? O ile a ipeha boemong ba batho bao. O ile a bona ka moo ba neng ba sotleha ka teng le ka moo ba se nang tshepo mme o ne a batla ho ba thusa. Le kajeno batho ba boemong bo tshwanang. Batho kajeno ba na le mathata mme ha ba na tshepo, le ha ba bonahala ba thabile ba bile ba kgotsofetse bophelong. Ba jwalo ka dinku tse lahlehileng, tse hlokang modisa ya ka di tataisang. Moapostola Pauluse o ile a re batho ba tjena ke ba sa tsebeng Modimo le ba se nang tshepo. (Baef. 2:​12) Ba ‘tseleng e isang timetsong’. (Mat. 7:​13) Ha re bona ka moo batho ba tshimong ya rona ba hlokang ho tseba Modimo ka teng, lerato le kutlwelo bohloko di etsa hore re ba thuse mme re ka etsa jwalo ka ho ithuta Bibele le bona.

9. Ho ya ka Bafilipi 2:​13, Jehova a ka o thusa jwang?

9 Mohlomong o tshaba ho ithuta Bibele le motho hobane o hlokomela hore o tla lokela ho nka nako e ngata o lokisetsa le ho ithuta le yena. Haeba ho jwalo, bolella Jehova ka moo o ikutlwang ka teng. Mo kope hore a o thuse o batle motho eo o ka ithutang Bibele le yena. (Bala Bafilipi 2:​13.) Moapostola Johanne o ile a re tiisetsa hore Modimo o tla araba dithapelo tsa rona haeba re rapela tumellanong le thato ya hae. (1 Joh. 5:​14, 15) Ka hona o ka kgodiseha hore Jehova o tla o thusa hore o batle ho etsa batho barutuwa.

KA MOO RE KA HLOLANG MATHATA A MANG KA TENG

10, 11. Ke eng e ka nnang ya re thibela ho ithuta Bibele le batho?

10 Re nka mosebetsi wa rona wa ho ruta e le wa bohlokwa le hoja re kopana le mathata a ka etsang hore re se ke ra o etsa ka moo re ka ratang ka teng. A re ke re boneng hore na a mang a mathata ao ke afe le hore na re ka a hlola jwang.

11 Maemo a rona a ka nna a re sitisa. Ka mohlala, bahweletsi ba bang ba se ba hodile haholo kapa ba a kula. Na le wena o boemong bo tshwanang? Haeba ho jwalo, hlokomela e nngwe ya dintho tseo re ithutileng tsona nakong ya sewa sa Corona. Re ile ra bona hore re ka kgona ho ithuta Bibele le batho re sebedisa difouno tsa rona kapa disebediswa tse ding tsa elektronike. Ka hona o ka kgona ho ithuta Bibele le motho o le ha hao. Hape ho na le molemo o mong. Batho ba bang ba ka nna ba rata ho ithuta Bibele empa ba sa fumanehe nakong eo re bolelang ka yona. Le ha ho le jwalo, ba ka fumaneha hoseng kapa mantsiboya. Na o ka ithuta Bibele le motho ka dinako tseo? Jesu o ile a ruta Nikodemase bosiu, e leng nako eo Nikodemase a neng a e thabela.​—Joh. 3:​1, 2.

12. Ke dintho dife tse ka re kgodisang hore re ka kgona ho ithuta Bibele le batho?

12 Re ka nna ra nahana hore re ke ke ra kgona ho ithuta Bibele le motho. Mohlomong re nahana hore re hloka ho ba le bokgoni kapa tsebo e eketsehileng e le hore re ka kgona ho ithuta Bibele le motho. Haeba o ikutlwa ka tsela eo, hlokomela dintlha tse tharo tse ka o kgodisang hore o ka kgona ho ithuta Bibele le motho. Ya pele, Jehova o o nka o tshwaneleha ho ruta batho ba bang. (2 Bakor. 3:5) Ya bobedi, Jesu ya nang le “matla ohle lehodimong le lefatsheng,” o o laetse hore o rute batho ba bang. (Mat. 28:​18) Ya boraro, o ka kopa thuso ho ba bang. Ha Jesu a ne a bua, o ne a itshetlehile ka dintho tseo Ntate wa hae a mo rutileng tsona mme le wena o ka etsa jwalo. (Joh. 8:​28; 12:​49) Ho ekelletsa moo, o ka kopa molebedi wa sehlopha sa tshebeletso ya tshimo, pulamadiboho, kapa mohweletsi ya nang le boiphihlelo hore a o thuse ho ithuta Bibele le motho. Tsela e nngwe e ka o thusang ke ka hore o tsamaye le e mong wa bahweletsi bana ha a ilo ithuta Bibele le motho.

13. Ke hobaneng ha re lokela ho ikemisetsa ho sebedisa mekgwa e metjha ya ho ruta?

13 Re ka nna ra fumana ho le thata ho sebedisa mekgwa e metjha le dithulusi tse ntjha tsa ho ruta. Hona jwale tsela eo re seng re ithuta Bibele le batho ka yona e se e fetohile. Buka eo re seng re ithuta Bibele le batho ka yona ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! e hloka hore re lokisetse le ho ruta batho ka tsela e fapaneng le eo re neng re ba ruta ka yona pele. Ha re ruta, re se re bala dirapa tse mmalwa ebe re buisana haholwanyane le moithuti. Re sebedisa divideo tse eketsehileng le dithulusi tsa elektronike tse kang JW Library®. Haeba o sa tsebe ho sebedisa dithulusi tsena, kopa motho e mong hore a o thuse. Re le batho re rata ho etsa dintho ka tsela eo re e tlwaetseng ebile ha ho bonolo hore re etse dintho ka tsela e ntjha. Ka thuso ya Jehova le batho ba bang, ho tla ba bonolo hore o sebedise mekgwa eo e metjha o be o thabele ho ithuta Bibele le batho. Pulamadiboho e nngwe e ile ya re mokgwa ona wa ho ithuta ke o “hlasimollang ho motho ya rutang le ya ithutang.”

14. Ke eng eo re lokelang ho e hopola ha re sebetsa tshimong e thata, hona 1 Bakorinthe 3:​6, 7 e re kgothatsa jwang?

14 E ka nna yaba re sebetsa tshimo eo ho leng thata hore re ithute Bibele le batho. Batho ba bang ba ka nna ba se ke ba thabela molaetsa wa rona kapa ba re hanyetsa. Ke eng e ka re thusang hore re dule re ena le tshepo ya hore batho ba jwalo ba ka mamela molaetsa wa Bibele? Hopola hore maemo a batho a ka fetoha kapele lefatsheng lena le tletseng mathata mme ba neng ba sa mamele molaetsa wa rona ba ka hlokomela hore ba hloka tataiso ya Modimo bophelong ba bona. (Mat. 5:3) Batho ba neng ba dula ba hana dingolwa tsa rona pele, ha morao ba ile ba dumela ho ithuta Bibele le rona. Re boetse re a tseba hore Jehova ke Monga kotulo. (Mat. 9:​38) O batla hore re nne re leme le ho nosetsa mme ke yena ya tla hodisa. (1 Bakor. 3:​6, 7) Ke ho kgothatsang hakaakang ho hopola hore le hoja hona jwale ho se na motho eo re ithutang Bibele le yena, Jehova ha a re putse ho ya ka hore na re tsamaisitse dingolwa tse kae kapa hore na re ithuta Bibele le bomang, o re putsa hobane re etsa boiteko ba ho thusa batho ba bang. *

FUMANA THABO KA HO ETSA BATHO BARUTUWA

Bona ka moo mosebetsi wa ho bolela le ho ruta o ka thusang motho ka teng (Sheba serapa sa 15-17) *

15. Jehova o ikutlwa jwang ha motho a dumela ho ithuta Bibele mme a etsa dintho tseo a ithutileng tsona?

15 Jehova o a thaba ha motho a dumela ho ithuta Bibele le rona mme a bolella ba bang dintho tseo a ithutileng tsona. (Liprov. 23:​15, 16) Jehova o thaba haholo ha a bona hore na ho etsahalang kajeno. Ka mohlala, selemong sa tshebeletso sa 2020, re ile ra ithuta Bibele le batho ba 7 705 765 ho sa tsotellehe lefu la sewa le bileng teng mme batho ba 241 994 ba ile ba inehela ho Jehova le ho kolobetswa. Barutuwa bana ba batjha le bona ba tla ithuta Bibele le batho ba bang mme ba ba thuse hore e be barutuwa. (Luka 6:​40) Ha ho pelaelo hore Jehova o a thaba ha re etsa batho barutuwa.

16. Re ka ikemisetsa ho etsang?

16 Ho etsa batho barutuwa ha ho bonolo empa ka thuso ya Jehova re ka nka karolo ho ruta ba batjha ka phuthehong hore ba rate Ntate wa rona. Na re ka ikemisetsa ho ithuta Bibele bonyane le motho a le mong? Re ka hlollwa ke hore na ho tla etsahalang ha re sebedisa menyetla yohle e ka hlahang ya ho kopa batho hore ba ithute Bibele le rona. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rona.

17. Re tla ikutlwa jwang ha re ithuta Bibele le batho?

17 Re na le monyetla o babatsehang hakaakang wa ho bolela le ho ruta batho Bibele. Ka nnete mosebetsi ona o a re thabisa. Moapostola Pauluse ya thusitseng batho ba bangata Thesalonika hore e be barutuwa, o ile a bua ka moo a neng a ikutlwa ka teng a re: “Etswe tshepo ya rona kapa thabo kapa moqhaka wa thabo e kgaphatsehang ke eng​—na ha e le hantle ha se lona?​—ka pela Morena wa rona Jesu ho beng teng ha hae? Ka sebele le kganya ya rona le thabo ya rona.” (1 Bathes. 2:​19, 20; Lik 17:​1-4) Batho ba bangata kajeno ba ikutlwa ka tsela e tshwanang. Moradiwabo rona Stéphanie le monna wa hae, ba se ba thusitse batho ba bangata hore ba kolobetswe mme o re: “Ha ho na ntho e nthabisang ho feta ho thusa batho hore ba inehele ho Jehova.”

PINA YA 57 A re Pakeleng Batho ba Mefuta Yohle

^ par. 5 Jehova o re file monyetla o babatsehang wa hore re bolele le ho ruta batho ho boloka dintho tsohle tseo Jesu a di laetseng. Ke eng e re susumelletsang hore re rute batho ba bang? Ke mathata afe ao re bang le ona ha re bolela le ha re etsa batho barutuwa? Hona re ka hlola mathata ao jwang? Sehlooho sena se tla araba dipotso tseo.

^ par. 14 E le hore re bone hore na jwalo ka phutheho re ka thusa jwang ho etsa barutuwa, bala sehlooho sa Tora ya ho Lebela ya March 2021 se reng “Phutheho e ka Thusa Batho ba Ithutang Bibele Jwang Hore ba Kolobetswe?

^ par. 53 DITSHWANTSHO: Bona ka moo ho ithuta Bibele ho ka thusang motho hore a etse diphetoho ka teng: Qalong bophelo ba hae bo bonahala bo se na morero a bile a sa tsebe Jehova. Ha morao Dipaki tsa Jehova di ile tsa mo etela mme a dumela ho ithuta Bibele. Dintho tseo a ithutileng tsona di ile tsa etsa hore a inehele le hore a kolobetswe. Ka mora nako le yena o etsa batho barutuwa. Qetellong, bohle ba thabela bophelo Paradeiseng.