Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 29

O se ke wa Ipapisa le Batho ba Bang

O se ke wa Ipapisa le Batho ba Bang

‘E mong le e mong . . . a be le sesosa sa thabo e kgaphatsehang mabapi le yena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.’​—BAGAL. 6:4.

PINA YA 34 Ho Tsamaya ka Botshepehi

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha Jehova a sa re bapise le batho ba bang?

JEHOVA o rata dintho tse sa tshwaneng. Re bona taba ena dinthong tseo a di bopileng, ho akarelletsa dimela tse sa tshwaneng, diphoofolo le batho. Kaofela ha rona re a ikgetha. Ka hoo ha ho mohla Jehova a o bapisang le batho ba bang. O hlahloba pelo ya hao mme o a bona hore na o motho ya jwang. (1 Sam. 16:7) O boetse o tseba dintho tseo o kgonang ho di etsa, tseo o sa kgoneng ho di etsa le hore na o hodisitswe jwang. Hape a ke ke a o kopa hore o etse ntho eo o ke keng wa e kgona. Re lokela ho etsisa Jehova ka hore re ipone ka tsela eo a re bonang ka yona. Ha re etsa jwalo, re tla ba le “kelello e hlaphohileng” mme re ke ke ra inka re le bohlokwa haholo kapa ra ikgalala.​—Bar. 12:3.

2. Ke hobaneng ha re sa lokela ho ipapisa le batho ba bang?

2 Ke nnete hore ho ithuta mohlaleng o motle wa mora kapa moradiwabo rona ya atlehang tshimong ho ka re tswela molemo. (Baheb. 13:7) Mohlala wa bona o ka re thusa ho bona hore na re ka etsa mosebetsi wa boboledi jwang ka tsela e atlehang. (Bafil. 3:​17) Empa ho na le phapang pakeng tsa ho etsisa mohlala wa motho ya itseng le ho ipapisa le yena. Haeba re ipapisa le batho ba bang, re ka nyahama le ho honohela batho ba bang kapa ra ikutlwa re sena thuso. Empa sehloohong se fetileng re ile ra ithuta hore ha re hlodisana le Bakrestemmoho, re ka senya kamano ya rona le Jehova. Ka hoo Jehova o re ho rona: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi wa hae o leng sona, jwale o tla ba le sesosa sa thabo e kgaphatsehang mabapi le yena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”​—Bagal. 6:4.

3. Ke diphetoho dife tseo o ileng wa di etsa tse o thabisang?

3 Jehova o batla hore o thabiswe ke dintho tsohle tseo o kgonang ho mo etsetsa tsona. Ka mohlala, haeba o kolobeditswe, e tlameha ebe o ile wa thaba haholo hore ebe o ile wa kgona ho etsa jwalo. O ile wa etsa qeto eo o le mong hobane o rata Modimo. Nahana ka dintho tsohle tseo o ileng wa kgona ho di etsa ho tloha ka nako eo. Ka mohlala, na o se o rata ho bala Bibele le ho ithuta haholwanyane? Na o se o kgona ho rapela Jehova ho tswa botebong ba pelo ho feta pele? (Pes. 141:2) Na o se o nolofallwa ho bua le batho le ho sebedisa dithulusi tsa ho ruta ha o le tshimong? Hona haeba o na le lelapa, na Jehova o o thusitse ho ba monna, mosadi kapa motswadi ya molemo? O ka thaba haholo ha o bona diphetoho tsohle tseo o ileng wa di etsa.

4. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

4 Re ka thusa batho ba bang hore ba thabiswe ke dintho tseo ba di etsetsang Jehova. Re ka boela ra ba thusa hore ba se ke ba ipapisa le batho ba bang. Sehloohong sena re tla bona hore na batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang, banyalani ba ka thusana jwang le hore na baholo le batho ba bang ka phuthehong ba ka thusa bara le baradibabo rona jwang. Qetellong, re tla bua ka melaomotheo e meng e ka Bibeleng e ka re thusang hore re be le dintho tseo re ka kgonang ho di finyella ho ya ka bokgoni le maemo a rona.

BATSWADI LE BANYALANI BA KA ETSA ENG?

Batswadi, bontshang ngwana e mong le e mong wa lona hore le thabela dintho tse ntle tseo a di etsang (Sheba serapa sa 5 le 6) *

5. Ho ya ka Baefese 6:​4, batswadi ba lokela ho qoba ho etsa eng?

5 Batswadi ba lokela ho ela hloko hore ba se ke ba bapisa bana ba bona le bana ba bang kapa ba lebelle hore bana ba bona ba etse dintho tseo ba ke keng ba kgona ho di etsa. Ha batswadi ba etsa jwalo, ba ka nyahamisa bana ba bona haholo. (Bala Baefese 6:4.) Moradiwabo rona Sachiko * o re: “Matitjhere a ka a ne a lebeletse hore ke pase ho feta bana ba bang ka tlelaseng. Hape mme wa ka o ne a batla hore ke pase sekolong e le hore titjhere ya ka le ntate wa ka eo e seng Paki ya Jehova, ba bone hore Dipaki di sebetsa ka thata. Ha e le hantle, o ne a batla hore ke dule ke nepa ntho e nngwe le e nngwe ha re ne re ngola ditlhahlobo, e leng ntho e neng e ke ke ya kgoneha hore ke e etse. Le hoja ke qetile sekolo dilemo tse ngata tse fetileng, ka dinako tse ding ke a ipotsa hore na ebe Jehova o thabiswa ke dintho tse ngata tseo ke kgonang ho mo etsetsa tsona.”

6. Batswadi ba ka ithutang ho Pesaleme ya 131:​1, 2?

6 Batswadi ba ka ithuta ntlha ya bohlokwa lengolong la Pesaleme ya 131:​1, 2. (E bale.) Morena Davida o ile a re ha a ka a etsa ‘dintho tse kgolo haholo’ kapa tse fetang matla a hae. Ka ha e ne e le motho ya ikokobeditseng, o ne a kgotsofetse ebile a ena le kgotso. Batswadi ba ka ithutang mantsweng a Davida? E le hore batswadi e be batho ba ikokobeditseng, ha ba a lokela ho lebella ho etsa dintho tse fetang matla a bona kapa hore bana ba bona ba etse tse fetang matla a bona. Batswadi ba ka etsa hore bana ba bona ba ikutlwe e le batho ba bohlokwa ka hore ba ba thuse ho bona hore na ke dintho dife tseo ba ka kgonang ho di etsa le tseo ba sa kgoneng ho di etsa. Hape ba ka ba thusa hore ba ipehele dintho tseo ba ka kgonang ho di finyella. Moradiwabo rona Marina o re: “Mme wa ka o ne a sa mpapise le banabeso kapa bana ba bang. O nthutile hore re na le bokgoni bo fapaneng le hore e mong le e mong wa rona ke motho wa bohlokwa ho Jehova. Ka lebaka la hae, ha se hangata ke ipapisang le batho ba bang.”

7, 8. Monna a ka bontsha jwang hore o hlompha mosadi wa hae?

7 Monna wa Mokreste o lokela ho hlompha mosadi wa hae. (1 Pet. 3:7) Ho hlompha ho akarelletsa ho tsotella motho e mong. Ka mohlala monna o bontsha hore o hlompha mosadi wa hae ka hore a mo nke e le motho wa bohlokwa. Ha a kope mosadi wa hae hore a etse dintho tseo a ke keng a kgona ho di etsa. Hape ha ho mohla a mo bapisang le basadi ba bang. Ebe mosadi a ka ikutlwa jwang haeba monna wa hae a mo bapisa le basadi ba bang? Monna wa moradiwabo rona Rosa eo e seng Paki hangata o mo bapisa le basadi ba bang. Mantswe a hae a bohloko a entse hore moradiwabo rona Rosa a se ke a itshepa. O re, “Ke hloka hore ke dule ke hopotswa hore Jehova o nnka ke le motho wa bohlokwa.” Le ha ho le jwalo, monna wa Mokreste o hlompha mosadi wa hae. O a tseba hore ho etsa jwalo ho ama kamano ya hae le mosadi wa hae le kamano ya hae le Jehova. *

8 Monna ya hlomphang mosadi wa hae o bua hantle ka yena bathong, o a mo bolella hore o a mo rata ebile o a mo babatsa. (Liprov. 31:​28) Monna wa moradiwabo rona Katerina, eo ho builweng ka yena sehloohong se fetileng o ile a etsa jwalo ho mo thusa ha a ne a utlwa eka ha se motho wa bohlokwa. Ha moradiwabo rona Katerina a ne a le monyane, mme wa hae o ne a dula a mo tshwaya diphoso mme hangata a mo bapisa le banana ba bang ho akarelletsa le metswalle ya hae. Ka lebaka leo, moradiwabo rona Katerina o ile a qala ho ipapisa le batho ba bang mme a tswela pele ho etsa jwalo le ka mora hore ebe Paki ya Jehova. Le ha ho le jwalo, monna wa hae o ile a mo thusa hore a kgaotse ho etsa jwalo mme a ipone ka tsela e nepahetseng. Moradiwabo rona Katerina o re: “Monna wa ka o a nthata, o a mpabatsa ha ke entse dintho tse ntle ebile o a nthapella. Hape o nkgopotsa makgabane a Jehova le ho nthusa hore ke fetole tsela eo ke nahanang ka yona.”

BAHOLO LE BATHO BA BANG KA PHUTHEHONG BA KA ETSANG?

9, 10. Baholo ba ile ba thusa moradiwabo rona ya neng a tlwaetse ho ipapisa le batho ba bang jwang?

9 Baholo ba ka thusa batho ba tlwaetseng ho ipapisa le batho ba bang jwang? Nahana ka ntho e ileng ya etsahalla moradiwabo rona Hanuni, ya neng a babatswa sewelo ha e ne e le ngwana. O re: “Ke ne ke le dihlong mme ke nka bana ba bang ba le bohlokwa ho mpheta. Ke qadile ho ipapisa le batho ba bang ho tloha ha ke le monyane.” Le ka mora hore ebe Paki ya Jehova, moradiwabo rona Hanuni o ne a ntse a ipapisa le batho ba bang. Ka lebaka leo, o ne a ikutlwa e se motho wa bohlokwa ka phuthehong. Le ha ho le jwalo, hona jwale ke pulamadiboho e thabileng. Ke eng e mo thusitseng hore a fetole tsela eo a neng a ikutlwa ka yona?

10 Moradiwabo rona Hanuni o re o ile a thuswa ke baholo. Ba ne ba mo bolella hore ke motho wa bohlokwa ka phuthehong mme ba mo babatsa ka lebaka la mohlala wa hae o motle. O re: “Baholo ba ile ba nkopa ka makgetlo a mmalwa hore ke kgothatse baradibabo rona ba bang ba neng ba hloka thuso. Mosebetsi oo o ile wa etsa hore ke ikutlwe ke le motho wa bohlokwa. Ke hopola ha baholo ba ne ba nteboha hore ebe ke ile ka kgothatsa baradibabo rona ba bang ba batjha. Ka mora moo ba ile ba mpalla lengolo la 1 Bathesalonika 1:​2, 3. Ntho eo e ile ya nthabisa haholo. Ke leboha baholo bana ba lerato haholo, ka ha hona jwale ke a tseba hore ke motho wa bohlokwa ka phuthehong.”

11. Re ka thusa batho ba “hateletsweng” le ba “moya o ikokobeditseng” ba boletsweng ho Esaia 57:​15 jwang?

11 Bala Esaia 57:​15. Jehova o tsotella motho e mong le e mong ya “hateletsweng le ya moya o ikokobeditseng.” Ha se baholo feela ba ka kgothatsang bara le baradi bana babo rona empa kaofela re ka ba kgothatsa. Re ka ba kgothatsa ka hore re ba bontshe hore re a ba kgathalla. Jehova o batla re ba bontshe hore na o ba rata hakae. (Liprov. 19:​17) Re ka boela ra thusa bara le baradibabo rona ka hore re be batho ba ikokobeditseng le ka hore re se ke ra ikgantsha. Ha re batle ho bua haholo ka rona hoo re ka etsang hore batho ba bang ba be mona. Ho ena le ho etsa jwalo, re batla hore dintho tseo re di buang le tseo re di etsang di kgothatse bara le baradibabo rona.​—1 Pet. 4:​10, 11.

Baapostola ba Jesu ba ne ba mo rata hobane o ne a sa inke a le bohlokwa ho ba feta. O ne a thabela ho qeta nako le metswalle ya hae (Sheba serapa sa 12)

12. Ke hobaneng ha batho ba boemong bo tlaase ba ne ba rata ho ba le Jesu? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

12 Re ka ithuta dintho tse ngata tabeng ya hore na re ka tshwara batho ba bang jwang ka ho nahana ka moo Jesu a neng a tshwara balatedi ba hae ka teng. Le hoja e ne e le motho e moholo ka ho fetisisa ya kileng a phela, o ne a ena le “maikutlo a bonolo mme [a] ikokobeditse pelong.” (Mat. 11:​28-30) O ne a sa ikgohomose ka lebaka la tsela eo a neng a le bohlale ka yona le ka lebaka la dintho tseo a neng a di tseba. O ne a ruta ka tsela e bonolo, a sebedisa mehlala eo ho leng bonolo hore batho ba e utlwisise e neng e ama batho ba boemo bo tlaase dipelo. (Luka 10:​21) Jesu o ne a fapane le baetapele ba bodumedi ba ikgohomosang, o ne a dula a etsa hore batho ba bang ba ikutlwe e le ba bohlokwa ho Modimo. (Joh. 6:​37) O ne a dula a hlompha batho ba boemo bo tlaase.

13. Jesu o ile a bontsha barutuwa ba hae mosa le hore o a ba rata jwang?

13 Tsela eo Jesu a neng a tshwara barutuwa ba hae ka yona, e ne e bontsha hore ke motho ya mosa hape o lerato. O ne a tseba hore ba na le bokgoni bo fapaneng le hore maemo a bona ha a tshwane. Ka hoo ba ne ba ke ke ba kgona ho etsa dintho tse tshwanang kapa ho etsa mosebetsi o lekanang tshebeletsong. Le ha ho le jwalo, o ne a ananela boiteko bohle bo neng bo etswa ke e mong le e mong wa bona. Re bona taba ena papisong eo a ileng a e etsa ya ditalenta. Papisong ena, monga makgoba o fa lekgoba le leng le le leng mosebetsi “ho ya ka bokgoni ba lona.” Ho makgoba a mabedi a sebeditseng ka thata, le leng le ile la tla le ho hongata ho feta le leng. Monga makgoba o ile a babatsa makgoba ao a mabedi ka mantswe a tshwanang a re: “O entse hantle, lekgoba le molemo le le tshepahalang!”​—Mat. 25:​14-23.

14. Re ka etsisa Jesu jwang tseleng eo re tshwarang ba bang ka yona?

14 Jesu o mosa mme o dula a sebetsana le rona ka lerato. O a tseba hore re na le bokgoni bo fapaneng le hore maemo a rona ha a tshwane mme o a thaba ha re etsa boiteko bohle boo re ka bo kgonang. Le rona re lokela ho tshwara batho ba bang jwalo ka Jesu. Ha re a lokela ho etsa hore mora kapa moradiwabo rona a ikutlwe a se na thuso kapa a le dihlong hobane a sa kgone ho etsa dintho jwalo ka batho ba bang. Ho ena le hoo, re lokela hore ka mehla re dule re babatsa bara le baradibabo rona ha ba ntse ba sebeletsa Jehova ka hohle ka moo ba ka kgonang.

IPEHELE DINTHO TSEO O KA KGONANG HO DI FINYELLA

Thabiswa ke dintho tseo o ipehetseng tsona tseo o ka kgonang ho di finyella (Sheba serapa sa 15 le 16) *

15, 16. Moradiwabo rona o ile a thuseha jwang ka hore a be le dintho tseo a kgonang ho di finyella?

15 Haeba re ipehela dintho tseo re batlang ho di finyella tshebeletsong ya Jehova, re tla thaba ebile bophelo ba rona bo tla ba le morero. Le ha ho le jwalo, ntho ya bohlokwa ke hore re ipehele dintho tseo re ka kgonang ho di finyella ho latela bokgoni ba rona le maemo a rona, eseng ho latela batho ba bang. Haeba re ipehela dintho tseo re batlang ho di finyella re ipapisitse le batho ba bang, re tla utlwa bohloko re be re nyahame. (Luka 14:​28) Nahana ka mohlala wa moradiwabo rona Midori wa pulamadiboho.

16 Ntate wa moradiwabo rona Midori eo e seng Paki, o ne a rata ho mo tlontlolla ka ho mo bapisa le banababo le bana bao a kenang sekolo le bona. Moradiwabo rona Midori o re: “Ke ne ke ikutlwa ke se na thuso.” Le ha ho le jwalo, moradiwabo rona Midori o ile a qala ho itshepa. O re, “Ke bala Bibele letsatsi le leng le le leng e le hore nka ba le kgotso pelong ya ka le hore ke bone hore Jehova o a nthata.” Ho ekelletsa moo, o ile a ipehela dintho tseo a ka kgonang ho di finyella mme o ile a rapela Jehova hore a mo thuse ntlheng eo. Ntho eo e ile ya thusa Moradiwabo rona Midori hore a thabele dintho tseo a kgonang ho di etsetsa Jehova.

DULA O SEBELETSA JEHOVA KA HOHLE KA MOO O KA KGONANG

17. Ke eng e ka re thusang hore re fetole tsela eo re nahanang ka yona, hona Jehova o re thusa jwang?

17 Ho nka nako ho fetola tsela e mpe eo re ikutlwang ka yona ka rona. Ka hoo Jehova o re kgothalletsa hore ‘re ntjhafale matleng a susumetsang dikelello tsa rona.’ (Baef. 4:​23, 24) E le hore re etse jwalo re lokela ho rapela, ho ithuta Lentswe la Modimo le ho nahanisisa ka lona. Dula o etsa dintho tsena mme o kope Jehova a o fe matla. Moya wa hae o halalelang o tla o thusa hore o tlohele ho ipapisa le batho ba bang. Jehova o tla o thusa hore o tsebe haeba o eba mohono kapa o qala ho ikgohomosa mme o tla o thusa hore o etse diphetoho kapele bophelong ba hao.

18. Mantswe a hlahang ho 2 Likronike 6:​29, 30 a o kgothatsa jwang?

18 Bala 2 Likronike 6:​29, 30. Jehova o a tseba hore na re ikutlwa jwang. O boetse o a tseba hore re lwantshana le ho se phethahale le tshusumetso e mpe ya lefatshe lena. Jehova o re rata le ho feta ha a ntse a re bona re lwantsha dintho tsena.

19. Ke mohlala ofe oo Jehova a o sebedisang ho bontsha hore na o ikutlwa jwang ka rona?

19 Jehova o sebedisa mohlala wa tsela eo mme a ratang ngwana wa hae ka yona ho bontsha hore na o ikutlwa jwang ka rona. (Esa. 49:​15) Nahana ka mohlala wa moradiwabo rona Rachel. O re: “Moradi wa ka Stephanie o hlahile pele ho nako. Ha ke ne ke qala ho mo bona o ne a le monyane haholo. Empa ngaka e ile ya ntumella hore ke mo kuke letsatsi le leng le le leng kgweding ya pele a qeta ho hlaha, ha a ntse a le sepetlele. Dinako tseo di ile tsa thusa nna le ngwana wa ka hore re be le kamano e haufiufi. Hona jwale o se a ena le dilemo tse tsheletseng, empa ha a lekane le dithaka tsa hae. Ke mo rata haholo feela hobane o ile a lwanela ho phela mme o entse hore ke thabe haholo bophelong.” Ho kgothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova le yena o re rata ka tsela eo ha a bona re lwanela ho mo sebeletsa ka moya wohle.

20. Bahlanka ba Jehova ba na le lebaka lefe la ho thaba?

20 Ka ha o mohlanka wa Jehova, o a ikgetha hape o motho wa bohlokwa haholo lelapeng la hae. Jehova ha a ka a o hulela ho yena hobane o le bohlokwa ho feta batho ba bang. Ho ena le hoo o ile a o hula hobane a bona hore o motho ya ikokobeditseng, ya ikemiseditseng ho ithuta ka yena le ho etsa diphetoho. (Pes. 25:9) Kgodiseha hore o a thaba ha a bona o etsa sohle seo o ka se kgonang ho mo sebeletsa. Taba ya hore o a mamella ebile o a tshepahala e bontsha hore o na le “pelo e ntle le e molemo.” (Luka 8:​15) Ka hoo tswela pele o sebeletsa Jehova ka hohle ka moo o ka kgonang. Ha o etsa jwalo, o tla ba le lebaka la ho thaba “mabapi le [wena o] le mong.”

PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa

^ par. 5 Jehova ha a re bapise le batho ba bang. Empa rona re ka nna ra ipapisa le batho ba bang mme ra ikutlwa eka ha re mo sebeletse hantle. Sehloohong sena, re tlo bua ka hore na ke hobaneng ha ho le kotsi ho ipapisa le batho ba bang. Re tla boela re bone hore na re ka thusa ba malapa a rona jwang le batho ba bang ka phuthehong hore ba ipone ka moo Jehova a ba bonang ka teng.

^ par. 5 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 7 Le hoja dintlha tsena di bua haholo le banna, empa melaomotheo e mengata e a sebetsa le ho basadi.

^ par. 58 DITSHWANTSHO: Nakong ya borapedi ba lelapa, batswadi ba thabetse ho bona hore na ngwana e mong le e mong o entseng bakeng sa areka ya Noe.

^ par. 62 DITSHWANTSHO: Moradiwabo rona ya hodisang ngwana wa hae e monyenyane a le mong o hlophisa maemo a hae hore a kgone ho ba pulamadiboho e thusang mme o thabile ha a kgonne ho etsa jwalo.