Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 28

Mmuso wa Modimo o a Busa!

Mmuso wa Modimo o a Busa!

“Mmuso wa lefatshe o fetohile Mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae.”​—TŠEN. 11:15.

PINA YA 22 Mmuso o Hlonngwe​—Ha o ke o Tle!

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Keng eo re kgodisehileng ka yona, hona hobaneng?

 NA O thatafallwa ke ho dumela hore dintho di tla loka ha o bona mathata ao lefatshe le leng ka hara ona hona jwale? Ditho tsa malapa ha di sa ratana jwalo ka pele. Batho ba se ba rata ntwa le ho feta ebile ke baithati. Batho ba bangata ba thatafallwa ke ho tshepa ba boholong pusong. Empa ona maemo ana a ka re kgodisa hore dintho di tla loka. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Lebaka ke hobane batho ba etsa dintho jwalo ka ha ho hlalositswe boprofeteng bo mabapi le ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Tim. 3:1-5) Motho ya nang le nnete a ke ke a hana hore boprofeta bona bo a phethahala. Ho phethahala ha bona ke bopaki ba hore Kreste Jesu ke Morena wa Mmuso wa Modimo. Empa bona ha se bona feela boprofeta bo buang ka Mmuso wa Modimo. Tumelo ya rona e tla matlafatswa ke ho hlahloba boprofeta bo bong bo phethahetseng dilemong tsa morao tjena.

Boprofeta bo hlahang lengolong la Daniele le la Tšenolo bo dumellana hantle ho re fa setshwantsho se hlakileng sa hore na re hokae diketsahalong tsa boprofeta ba Jehova (Sheba serapa sa 2)

2. Re tlo bua kang sehloohong see, hona hobaneng? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

2 Sehloohong sena, re tlo bua ka (1) boprofeta bo re thusang ho tseba hore na Mmuso wa Modimo o qadile ho busa neng, (2) boprofeta bo re thusang ho tseba hore Jesu ke Morena wa Mmuso wa Modimo lehodimong le (3) boprofeta bo re senolelang ka moo dira tsa Mmuso wa Modimo di tla fediswa ka teng. Re tlo bona ka moo boprofeta bona kaofela bo dumellanang hantle, ho re fa setshwantsho se hlakileng sa hore na re hokae diketsahalong tsa boprofeta ba Jehova.

RE TSEBA JWANG HORE NA MMUSO WA JEHOVA O THEHILWE NENG?

3. Boprofeta bo ho Daniele 7:13, 14 bo re tiisetsa eng?

3 Boprofeta bo ho Daniele 7:13, 14 bo a re tiisetsa hore Kreste Jesu e tla ba Morena ya ipabolang wa Mmuso wa Modimo. Batho ba tswang ditjhabeng tsohle ba tla ‘mo sebeletsa’ ba thabile mme ho ke ke ha eba le morena ya tla busa ka mora hae. Boprofeta bo bong hape ba Daniele bo ile ba bolela esale pele hore Jesu o tla busa ka mora hore ho fete dinako tse supileng. Na re ka kgona ho tseba hore na o qadile ho busa neng?

4. Hlalosa hore na Daniele 4:10-17 e re thusa jwang ho fumana selemo seo Kreste e ileng ya eba Morena ka sona. (Sheba mongolo o botlaseng ba leqephe.)

4 Bala Daniele 4:10-17. “Dinako tse supileng” di emela dilemo tse 2 520. Nako eo e qadile ka selemo sa 607 pele Jesu a tla lefatsheng ha Bababylona ba tlosa morena wa ho qetela teroneng ya Jehova e Jerusalema. E ile ya fela ka 1914 ha Jehova a beha Jesu “ya nang le tokelo ya molao” e le Morena wa Mmuso wa Modimo. *​—Ezek. 21:25-27.

5. Re rua molemo ofe ha re ithuta boprofeta bo mabapi le “dinako tse supileng?”

5 Boprofeta boo bo ka re tswela molemo jwang? Ha re utlwisisa boprofeta bo buang ka “dinako tse supileng” re tla kgodiseha hore Jehova o phethahatsa ditshepiso tsa hae ka nako e nepahetseng. Jehova o ile a kgetha nako eo a tla etsa Jesu Morena ka yona. Ha nako eo e fihla, o ile a fela a mo etsa Morena. Ka hoo, re a tseba hore o tla boela a phethahatse boprofeta bo bong bohle ka nako eo a e behileng. Ka nnete letsatsi la Jehova le ‘ke ke la siuwa ke nako.’​—Hab. 2:3.

RE TSEBA JWANG HORE KRESTE E SE E LE MORENA WA MMUSO WA MODIMO?

6. (a) Ke dintho dife tse etsahalang lefatsheng tse pakang hore Kreste o a busa lehodimong? (b) Dintho tsee di dumellana jwang le boprofeta bo ho Tšenolo 6:2-8?

6 Ho elella qetellong ya tshebeletso ya hae lefatsheng, Jesu o ile a bolela esale pele dintho tse neng di tla etsahala tse neng di tla thusa balatedi ba hae hore ba tsebe ha a se a qadile ho busa lehodimong. O ile a bua ka dintho tse kang tlala, dintwa le ditshisinyeho tsa lefatshe. O ile a boela a bolela hore ho tla ba le mafu a sewa “sebakeng se seng ka mora se seng” mme sewa sa COVID-19 ke mohlala wa seo. Diketsahalo tsena ke karolo ya seo Bibele e se bitsang “pontsho” ya ho ba teng ha Kreste. (Mat. 24:3, 7; Luka 21:7, 10, 11) Dilemo tse fetang 60 ka mora hore Jesu a bolawe a be a kgutlele lehodimong, o ile a kgodisa moapostola Johanne hore dintho tseo di tla fela di etsahale. (Bala Tšenolo 6:2-8.) Dintho tsena tsohle di etsahetse ho tloha ka 1914 ha Jesu e eba Morena.

7. Ke hobaneng ha ho ile ha etsahala dintho tse bohloko ho tloha ha Jesu a qala ho busa e le Morena?

7 Ke hobaneng ha maemo a lefatshe a ile a mpefala ha Jesu e eba Morena? Tšenolo 6:2 e fana ka lesedi la bohlokwa. E re ntho ya pele eo Jesu a ileng a e etsa ka mora hore e be Morena wa Mmuso wa Modimo ke ho lwana. O ne a lwantsha mang? O ne a lwantsha Diabolose le bademona ba hae. Ho ya ka Tšenolo kgaolo ya 12, Satane le bademona ba hae ba ile ba hlolwa yaba ba lahlelwa tlase lefatsheng. Satane o ile a halefa haholo hoo a ileng a ntshetsa kgalefo ya hae ho batho ba phelang lefatsheng e leng ho ileng ha fella ka ‘bomadimabe lefatsheng.’​—Tšen. 12:7-12.

Le hoja re sa thabele ho bona dintho tse mpe di etsahala empa ho bona boprofeta ba Bibele bo phethahala ho a re kgodisa hore Mmuso wa Modimo o a busa (Sheba serapa sa 8)

8. Re fumana molemo ofe ha re bona boprofeta bo mabapi le Mmuso wa Modimo bo phethahala?

8 Boprofeta boo bo re tswela molemo jwang? Diketsahalo tsa lefatshe le boitshwaro ba batho bo ntseng bo mpefala, bo re thusa ho bona hore Jesu e se e le Morena. Ka hoo ho ena le hore re utlwe bohloko ha re bona batho e le baithati ebile ba le kgopo, re lokela ho hopola hore diketso tsa bona di phethahatsa boprofeta ba Bibele. Mmuso wa Modimo o a busa. (Pes. 37:1) Ha Armagedone e atamela, re ka lebella hore dintho di tla mpefala le ho feta. (Mar. 13:8; 2 Tim. 3:13) Ka hona re leboha Ntate wa rona ya lehodimong ka ho re thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha lefatshe le tletse ka mathata a mangata hakana.

DIRA TSA MMUSO WA MODIMO DI TLA FEDISWA JWANG?

9. Daniele 2:28, 31-35 e hlalosa mmuso wa ho qetela jwang, hona o qadile ho busa neng?

9 Bala Daniele 2:28, 31-35. Boprofeta bona le bona bo a phethahala mehleng ena. Toro ya Nebukadnezare e ile ya bontsha hore na ho tla etsahalang “karolong e qetellang ya matsatsi” ka mora hore Kreste a qale ho busa. Dira tsa Jesu tse lefatsheng di ne di tla akarelletsa mmuso wa ho qetela oo Bibele e profetileng ka wona o tshwantshetswang ke ‘maoto a tshepe le letsopa.’ Mmuso oo o se o ntse o busa. O qadile ho busa nakong ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe ha Brithani le United States di theha setswalle se haufi e leng mmuso o kopanetsweng wa Manyesemane le Maamerika. Toro ya Nebukadnezare ya setshwantsho e ile ya bolela esale pele dintho tse pedi ka mmuso ona tse etsang hore o fapane le mebuso e tlileng pele ho wona.

10. (a) Keng eo re e bonang mmusong wa Manyesemane le Maamerika eo boprofeta ba Daniele bo buileng ka yona? (b) Re lokela ho qoba kotsi efe? (Sheba lebokose le reng “ Hlokomela Letsopa!”)

10 Phapang ya pele ke hore mebuso e meng e tshwantshetswa ke kgauta feela kapa silevera. Empa mmuso o kopanetsweng wa Manyesemane le Maamerika o tshwantshetswa ke tshepe e kopaneng le letsopa. Letsopa le emela “bana ba moloko wa batho.” (Dan. 2:43) Kajeno re bona ka ho hlakileng tshusumetso eo batho ba nang le yona dikgethong tsa dipolotiki, matsholong a boipelaetso a ditokelo tsa botho, ditoitoing le mekgatlong ya basebetsi e leng ntho e etsang hore babusi ba mmuso ona ba sitwe ho finyella dintho tseo ba di batlang.

11. Taba ya hore mmuso wa Manyesemane le Maamerika ke wona o busang, e re kgodisa jwang hore re phela mehleng ya bofelo?

11 Phapang ya bobedi ke hore mmuso wa Manyesemane le Maamerika o tshwantshetswang ke maoto a setshwantsho se seholo ke wona wa ho qetela oo Bibele e buileng ka wona. Ho ke ke ha eba le mmuso o mong o tla busa ka mora wona. Ho ena le hoo, Mmuso wa Modimo o tlo o fedisa ha mmoho le mebuso e meng ka Armagedone. *​—Tšen. 16:13, 14, 16; 19:19, 20.

12. Ke bopaki bofe bo bong boo boprofeta ba Daniele bo fanang ka bona bo re tshedisang le ho re fa tshepo?

12 Boprofeta boo bo ka re tswela molemo jwang? Boprofeta ba Daniele bo fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore re phela mehleng ya bofelo. Dilemo tse ka hodimo ho 2 500 tse fetileng, Daniele o ile a bolela esale pele hore ka mora Babylona mebuso e meng e mene ya lefatshe e ne e tla ba le matla ho batho ba Modimo. Ho feta moo, o ile a bolela hore mmuso wa ho qetela e ne e tla ba wa Manyesemane le Maamerika. Taba ena e a re tshedisa ebile e re fa tshepo ya hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tla fedisa mebuso yohle ya batho mme o buse lefatsheng lohle.​—Dan. 2:44.

13. “Morena wa borobedi” le “marena a leshome” ao ho buuweng ka ona ho Tšenolo 17:9-12 a tshwantshetsa eng, hona boprofeta boo bo phethahetse jwang?

13 Bala Tšenolo 17:9-12. Ka lebaka la tshenyo e bakilweng ke Ntwa ya Pele ya Lefatshe, ho ile ha etsahala ho hong ho phethahatsang boprofeta ba Bibele bo mabapi le mehla ya bofelo. Baetapele ba lefatshe ba ne ba batla hore ho be le kgotso lefatsheng. Ka hoo, ka January 1920, ba ile ba theha mokgatlo wa Selekane sa Ditjhaba o ileng wa nkelwa sebaka ke Matjhaba a Kopaneng ka October 1945. Mokgatlo oo o bitswa “morena wa borobedi.” Empa ha se mmuso wa lefatshe. O na le matla ka lebaka la mebuso e o tsheheditseng. Bibele e re mebuso eo ke “marena a leshome.”

14, 15. (a) Tšenolo 17:3-5 e reng ka “Babylona e Moholo?” (b) Ho etsahalang ka batho ba tshehetsang bodumedi ba bohata?

14 Bala Tšenolo 17:3-5. Ponong moapostola Johanne o ile a bona seotswa e leng “Babylona e Moholo” e tshwantshetsang mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata. Pono eo e ile ya phethahala jwang? Ka nako e telele bodumedi ba bohata bo ile ba sebedisana haufiufi le mebuso ya lefatshe le ho e tshehetsa. Le ha ho le jwalo, haufinyane Jehova o tla ho kenya ka dipelong tsa mebuso ya dipolotiki “ho phetha monahano wa hae.” See se tla fella ka eng? Mebuso eo ya dipolotiki e leng “marena a leshome” e tla hlasela mekgatlo ya bodumedi ba bohata mme e e fedise.​—Tšen. 17:1, 2, 16, 17.

15 Re tseba jwang hore ho fediswa ha Babylona e Moholo ho atametse? E le hore re arabe potso eo, ke ha bohlokwa ho hopola hore motse wa Babylona ya boholoholo o ne o sireleditswe ke metsi a noka e kgolo ya Eufrate. Lengolo la Tšenolo le tshwantsha batho ba dimilione ba tsheheditseng Babylona e Moholo le “metsi” a e sireleditseng. (Tšen. 17:15) Empa le boetse le re metsi ao a tla “psha” e leng ho bontshang hore mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata o tla lahlehelwa ke batshehetsi ba wona ba bangata. (Tšen. 16:12) Mehleng ena boprofeta bona bo a phethahala hobane batho ba bangata ha ba sa rata bodumedi mme ba batla tharollo ya mathata a bona dinthong tse ding.

16. Ho utlwisisa boprofeta bo mabapi le ho thehwa ha Matjhaba a Kopaneng le ho fediswa ha Babylona e Moholo ho re tswela molemo jwang?

16 Boprofeta boo bo ka re tswela molemo jwang? Ho thehwa ha Matjhaba a Kopaneng le hore ebe batho ba bangata ha ba sa tshehetsa bodumedi ba bohata, ho paka hore re phela mehleng ya bofelo. Taba ya hore batho ba bangata ha ba sa tshehetsa Babylona ha se yona e tla fedisa mekgatlo ya bodumedi ba bohata. Jwalo ka ha ho bontshitswe dirapeng tse fetileng, Jehova o tla ho kenya ka hare ho dipelo tsa “marena a leshome” e leng mebuso ya dipolotiki e tshehetsang Matjhaba a Kopaneng “ho phetha monahano wa hae.” Ka tshohanyetso mebuso eo e tla hlasela Babylona e Moholo e leng ho tla makatsa lefatshe lohle. * (Tšen. 18:8-10) Ho fediswa ha Babylona e Moholo ho tla sisinya lefatshe kaofela ho be ho bake mathata a mangata empa batho ba Modimo ba tla be ba e na le bonyane mabaka a mabedi a ho dula ba thabile. Bodumedi ba bohata boo esale e eba sera sa Jehova Modimo ka nako e telele, bo tla be bo fedisitswe mme re tla be re le haufi le ho lokollwa lefatsheng lena le kgopo.​—Luka 21:28.

EBA LE TUMELO YA HORE JEHOVA O TLA SIRELETSA BATHO BA HAE NAKONG E TLANG

17, 18. (a) Re ka tswela pele ho matlafatsa tumelo ya rona jwang? (b) Re tlo bua kang sehloohong se latelang?

17 Daniele o ile a bolela esale pele hore “tsebo ya nnete” e ne “e tla ba ngata.” Ho ile ha fela ha etsahala jwalo. Hona jwale re utlwisisa boprofeta bo mabapi le mehla ya rona. (Dan. 12:4, 9, 10) Ho nepahala ha boprofeta bona ho etsa hore re hlomphe Jehova le Lentswe la hae ka ho tebileng. (Esa. 46:10; 55:11) Ka hoo, tswela pele ho matlafatsa tumelo ya hao ka ho ithuta Mangolo ka hloko le ho thusa ba bang ho ba le setswalle le Jehova. O tla sireletsa bohle ba mo tshepang ka ho feletseng mme o tla ba fa “kgotso e sa kgaotseng.”​—Esa. 26:3.

18 Sehloohong se latelang re tlo bua ka boprofeta bo mabapi le phutheho ya Bokreste mehleng ya bofelo. Jwalo ka ha re tla bona, boprofeta bona le bona bo tiisa hore re phela matsatsing a ho qetela. Re tla bona bopaki bo bong ba hore hona jwale Jesu ke Morena wa rona ya etellang pele balatedi ba hae ba tshepahalang.

PINA YA 61 Tswelang Pele Lona Dipaki!

^ Re phela nakong e thabisang haholo. Jwalo ka ha boprofeta bo bongata ba Bibele bo bontsha, hona jwale Mmuso wa Modimo o a busa. Sehloohong sena re tlo hlahloba bo bong ba boprofeta boo e le hore re matlafatse tumelo ya rona ho Jehova. Hape ho hlahloba boprofeta bona ho tla re thusa ho dula re kgobile matshwafo mme re tshepe Jehova hona jwale le nakong e tlang.

^ Sheba kgaolo ya 32 ntlha ya bone bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! le video ya Mmuso wa Modimo o Qadile ho Busa ka 1914, ho jw.org.

^ Ho fumana dintlha tse eketsehileng ka boprofeta ba Daniele, sheba Molula-Qhooa wa June 15, 2012, leq. 14-19.

^ Ho fumana dintlha tsa hore na ho tla etsahalang nakong e tlang, sheba kgaolo ya 21 bukeng ya Mmuso wa Modimo o a Busa!