Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta

Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta

O Lokela ho Qala ka Eng ha o Ithuta?

Kaofela ha rona ha re na nako e lekaneng ya ho ithuta. Re ka etsang e le hore re sebedise nako eo re nang le yona hantle? Re ka qala pele ka hore re iketle ha re bala. Ho bala ho tla o tswela molemo haholo haeba o bala karolo e nyenyane ka hloko ho feta ha o bala dintho tse ngata ka nako e le nngwe.

Ntho e nngwe eo o ka e etsang ke ho kgetha hore na ke dintho dife tsa bohlokwa tseo o lokelang ho qala ka tsona. (Baef. 5:15, 16) O ka sebedisa ditlhahiso tsena:

  • Bala Bibele letsatsi le letsatsi. (Pes. 1:2) Ho ka ba molemo ho qala ka ho bala dikgaolo tse hlahang mmalong wa Bibele wa beke le beke o hlahang bukaneng ya seboka sa hara beke.

  • Lokisetsa Thuto ya Tora ya ho Lebela le diboka tsa hara beke o be o itokisetse ho araba.—Pes. 22:22.

  • Ha o na le nako, bala dintho tse ding tse thehilweng Bibeleng tse kang dimakasine tsa batho bohle, dihlooho tse hlahang ho jw.org/st-za o be o shebelle divideo.

  • Kgetha ntho eo o ka etsang dipatlisiso tse eketsehileng ka yona. O ka etsa dipatlisiso ka bothata bo itseng boo o nang le bona, potso eo o nang le yona kapa thuto ya Bibele eo o ka ratang ho e utlwisisa haholwanyane. E le ho bona hore na o ka kgetha eng, sheba karolo ya “Tsa Batjha” e hlahang ho jw.org/st.