Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 32

Etsisa Jehova ka Hore o Fetohe le Maemo

Etsisa Jehova ka Hore o Fetohe le Maemo

“Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.”—BAFIL. 4:5.

PINA YA 89 Mamela Mme o Putswe

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

O batla ho ba sefate sa mofuta ofe? (Sheba serapa sa 1)

1. Ke ka tsela efe Bakreste ba lokelang ho ba jwalo ka sefate? (Sheba setshwantsho.)

 “MOYA o ke ke wa roba sefate se kgonang ho kobeha.” Mantswe ana a hlalosa hore difate di lokela ho kobeha ha moya o foka ka matla e le hore di se ke tsa robeha. Ka tsela e tshwanang, le rona re lokela ho fetoha le maemo ha ho eba le diphetoho bophelong ba rona e le hore re ka tswela pele re sebeletsa Jehova re thabile. Jwang? Re lokela ho ba batho ba fetohang le maemo ka hore re amohele ha ho eba le diphetoho bophelong ba rona le ka hore re hlomphe maikutlo a batho ba bang le diqeto tseo ba di etsang.

2. Ke makgabane afe a tla re thusa ho ba batho ba kgonang ho fetoha le maemo mme re tlo ithutang sehloohong see?

2 Re le bahlanka ba Jehova, re batla ho ba batho ba fetohang le maemo. Re boetse re batla ho ba le boikokobetso le ho ba mohau. Sehloohong sena, re tlo ithuta hore na makgabane ana a thusitse Bakreste ba bang jwang ha maemo a bona a fetoha. Hape re tla bona hore na a ka re thusa jwang. Empa a re qaleng pele ka ho ithuta mohlaleng oo Jehova le Jesu ba re behetseng wona wa ho fetoha le maemo.

JEHOVA LE JESU BA KGONA HO FETOHA LE MAEMO

3. Ke bopaki bofe boo re nang le bona ba hore Jehova o fetoha le maemo?

3 Jehova o bitswa “Lefika” hobane o dula a tiile mme ha a sisinyehe. (Deut. 32:4) Le ha ho le jwalo, o kgona ho fetoha le maemo. Ha dintho di ntse di fetoha lefatsheng, Modimo wa rona le yena o fetoha le maemo e le hore morero wa hae o phethahale. Jehova o re bopile re tshwana le yena. Ka hoo, re na le bokgoni ba ho fetoha le maemo. O fane ka melaomotheo ka Bibeleng e re thusang ho etsa diqeto tse bohlale ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang. Mohlala oo Jehova a re behelang wona le melaomotheo eo a re fileng yona ke bopaki ba hore le hoja e le “Lefika,” o kgona ho fetoha le maemo.

4. Fana ka mohlala o bontshang hore Jehova o fetoha le maemo. (Levitike 5:7, 11)

4 Jehova o etsa dintho ka tsela e phethahetseng ebile o fetoha le maemo. Ha a tshware batho ka thata. Nahana ka mohlala wa ka moo Jehova a ileng a bontsha ka teng hore o fetoha le maemo ha a ne a nahanela Baiseraele. O ne a sa lebella hore batho ba ruileng le ba futsanehileng ba fane ka mahlabelo a lekanang. Ka dinako tse ding, o ne a dumella hore motho e mong le e mong a fane ka mahlabelo ho latela maemo a hae.—Bala Levitike 5:7, 11.

5. Fana ka mohlala o bontshang hore Jehova o ikokobeditse ebile o mohau.

5 Jehova o fetoha le maemo hobane a ikokobeditse ebile a le mohau. Ka mohlala, o ile a bontsha hore o ikokobeditse ha a ne a tlo fedisa batho ba kgopo ba Sodoma. Jehova o ile a roma mangeloi hore a yo bolella monna ya lokileng Lota hore a balehele dithabeng. Lota o ne a tshaba ho ya moo. Ka hoo, o ile a kopa Jehova hore a dumelle yena le lelapa la hae hore ba balehele Zoware e leng motse o monyenyane o neng o lokela ho timetswa. Jehova a ka be a ile a phehella Lota hore a latele ditaelo tsa hae feela jwalo ka ha a mo file tsona. Ho ena le hoo, o ile a mamela kopo eo ya Lota le hoja e ne e bolela hore ha a sa tla fedisa Zoware. (Gen. 19:18-22) Dilemo tse ngata ha morao, Jehova o ile a bontsha baahi ba Ninive mohau. O ile a romela moprofeta Jonase hore a yo bolella batho ba kgopo ba Ninive hore ba tlo fediswa ha mmoho le motse wa bona. Empa ha batho ba Ninive ba tlohela diketso tsa bona tse kgopo, Jehova o ile a ba utlwela bohloko yaba ha a fedise motse.—Jon. 3:1, 10; 4:10, 11.

6. Fana ka mehlala e bontshang hore Jesu o ile a etsisa Jehova ka hore a fetohe le maemo.

6 Jesu o ile a etsisa Jehova ka hore a fetohe le maemo. O ne a rometswe lefatsheng hore a tlo ruta “dinku tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele.” Empa o ile a bontsha hore o fetoha le maemo ha a ntse a etsa mosebetsi ona. Ka nako e nngwe, mosadi e mong eo e seng Moiseraele o ile a mo kopa hore a fodise moradi wa hae ya neng a “kenwe ke modemona ya mo sotlang hampe.” Jesu o ile a hauhela mosadi eo ka hore a fodise moradi wa hae. (Mat. 15:21-28) Nahana ka mohlala ona o mong. Qalong ya tshebeletso ya hae, Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ya ntatolang . . . , le nna ke tla mo latola.” (Mat. 10:33) Empa na o ile a latola Petrose, ya ileng a mo latola ka makgetlo a mararo? Tjhe, ha a ka a mo latola. Jesu o ne a tseba hore Petrose o bakile le hore ke monna ya nang le tumelo. Ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a hlaha ho Petrose mme e ka nna yaba o ile a mo kgodisa hore o mo tshwaretse le hore o a mo rata.—Luka 24:33, 34.

7. Ho ya ka lengolo la Bafilipi 4:5, re batla ho tsebahala re le batho ba jwang?

7 Re se re ithutile hore Jehova Modimo le Jesu Kreste ba fetoha le maemo. Empa rona re batho ba jwang? Jehova o lebeletse hore re be batho ba fetohang le maemo. (Bala Bafilipi 4:5.) Bibele e nngwe e fetoletse temana ena ka tsela ena: “Tsebahala o le motho ya sa tsitlelleng maikutlo a hao.” Re ka ipotsa dipotso tse latelang: ‘Na batho ba bona ke le motho ya sa tsitlelleng maikutlo a ka, ya fetohang le maemo ha ho hlokeha le ya hlomphang maikutlo a batho ba bang? Na ba bona ke le motho ya tshwarang batho ba bang ka thata kapa ya manganga? Na ke tsitlella hore batho ba bang ba etse dintho ho latela tsela eo ke nahanang hore di lokela ho etswa ka yona? Kapa na ke mamela batho ba bang le ho dumellana le maikutlo a bona ha ho loketse?’ Haeba re sa tsitlelle maikutlo a rona mme re kgona ho fetoha le maemo, re bontsha hore re etsisa Jehova le Jesu. A re hlahlobeng maemo a mabedi a hlokang hore re be batho ba fetohang le maemo e leng ha ho eba le diphetoho bophelong ba rona le ha maikutlo a batho ba bang le diqeto tseo ba di etsang di sa tshwane le tsa rona.

FETOHA LE MAEMO HA HO EBA LE DIPHETOHO BOPHELONG BA HAO

8. Ke dintho dife tse ka re thusang ho fetoha le maemo ha ho eba le diphetoho? (Sheba naletsana.)

8 Re lokela ho fetoha le maemo ha ho eba le diphetoho. Diphetoho tsena di ka etsa hore re hlahelwe ke mathata ao re neng re sa a lebella. Re ka kula ka tshohanyetso, maemo a moruo a fetoha ka tshohanyetso kapa maemo a dipolotiki a moo re dulang teng a re thatafaletsa bophelo. (Moek. 9:11; 1 Bakor. 7:31) Re ka thatafallwa ke ho amohela mosebetsi o mong oo re o fuwang ka hare ho mokgatlo wa Jehova. Ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang, re ka kgona ho fetoha le maemo ha ho eba le diphetoho, ha feela re etsa dintho tsena tse nne: (1) Amohela hore dintho ha di sa tshwana le pele, (2) nahana ka bokamoso, (3) nahana ka dintho tse kgothatsang mme (4) o thuse batho ba bang. b A re hlahlobeng mehlala ya batho ba ileng ba thuswa ke ho etsa dintho tsena tse nne.

9. Banyalani ba bang ba baromuwa ba ile ba etsang ha ba hlahelwa ke mathata ao ba sa a lebellang?

9 Amohela hore dintho ha di sa tshwana le pele. Emanuele le Francesca ba ile ba fuwa mosebetsi wa ho ba baromuwa naheng e nngwe. Hantle ka mora hore ba qale ho ithuta puo ya moo le ho tlwaela phutheho e ntjha, ho ile ha eba le sewa sa COVID-19 mme ba ile ba lokela ho tlohela ho kopana le batho ba bang. Ka mora moo, mme wa Francesca o ile a hlokahala ba sa lebella. Francesca o ne a batla ho ba le ba lelapa labo empa ka lebaka la sewa o ne a sa kgone ho ya ho bona. Keng e ileng ya mo thusa ho mamella mathata aa a bohloko? Ntho ya pele, Emanuele le Francesca ba ile ba rapela ha mmoho, ba kopa Jehova hore a ba thuse ho mamella letsatsi ka leng. Jehova o ile a arabela thapelo ya bona ka nako e nepahetseng a sebedisa mokgatlo wa hae. Ka mohlala, ba ile ba kgothatswa ke morabo rona ya neng a hlahile videong e nngwe ha a ne a re: ‘Empa ntho e ka re thabisang ke haeba re amohela maemo a matjha ao re leng ho ona ebile re sebedisa maemo ao re leng ho ona ha molemo.’ c Ntho ya bobedi, ba ile ba etsa qeto ya ho ntlafatsa tsela eo ba pakang ka founo ka yona mme ba qala ho ithuta Bibele le motho e mong. Ntho ya boraro, ba ile ba dumella hore Bakrestemmoho ba ba kgothatse le ho ba thusa. Moradi wa bo rona e mong ya neng a le mosa o ile a ba romella ditemana tsa Bibele letsatsi le letsatsi selemo kaofela. Le rona haeba re amohela maemo a rona a matjha, re tla kgotsofalla dintho tseo re kgonang ho di etsa.

10. Moradi wa bo rona e mong o ile a etsang ha ho eba le phetoho e kgolo bophelong ba hae?

10 Nahana ka bokamoso le ka dintho tse kgothatsang. Moradi wa bo rona Christina ya tswang Romania ya seng a dula Japane, o ne a utlwile bohloko ha phutheho ya Senyesemane eo a neng a le ho yona e kgaotsa ho ba teng. Le ha ho le jwalo, ha a ka a dula a nahana ka taba eo. Ho ena le hoo, o ile a ya phuthehong ya Sejapane mme a etsa sohle seo a ka se kgonang ho ruta batho Bibele ka Sejapane. O ile a kopa motho eo a neng a sebetsa le yena hore a mo thuse ho bua Sejapane hantle. Mosadi eo o ile a dumela ho ruta Moradi wa bo rona Christina Sejapane ba sebedisa Bibele le bukana ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! Ka hoo, Moradi wa bo rona Christina o ile a ntlafatsa tsela eo a buang Sejapane ka yona ebile mosadi eo a neng a ithuta le yena o ile a batla ho tseba Bibele haholwanyane. Haeba re sa nahane ka dintho tse fetileng ha ho eba le diphetoho empa re nahana ka bokamoso le dintho tse kgothatsang, re ka fumana ditlhohonolofatso tseo re sa di lebellang.

11. Ke eng e ileng ya thusa banyalani ba neng ba ena le mathata a ditjhelete?

11 Thusa batho ba bang. Banyalani ba bang ba dulang naheng eo mosebetsi wa rona o thibetsweng ba ile ba eba le mathata a ditjhelete ha moruo wa naha o wa. Ba ile ba fetoha le maemo jwang? Ba ile ba qala ho sebedisa tjhelete hantle ka hore ba kgaotse ho reka dintho tseo ba sa di hlokeng. Hape, ho ena le hore ba nahane ka mathata a bona, ba ile ba etsa qeto ya ho thusa batho ba bang ka hore ba etse mosebetsi wa boboledi. (Dik. 20:35) Morabo rona o ile a re: “Ho qeta nako e ngata re etsa mosebetsi wa boboledi ho entse hore re nahane haholo ka dintho tseo Modimo a batlang hore re di etse ho ena le ho nahana ka mathata a rona.” Ha maemo a rona a fetoha, re lokela ho hopola hore ke ha bohlokwa hore re thuse batho ba bang, haholoholo ka ho etsa mosebetsi wa boboledi.

12. Mohlala wa moapostola Pauluse o ka re thusa jwang ha re etsa mosebetsi wa boboledi?

12 Re lokela ho fetoha le maemo ha re etsa mosebetsi wa boboledi. Batho bao re ba bolellang molaetsa wa Bibele ba dumela dintho tse sa tshwaneng ebile ba tswa ditsong tse fapaneng. Moapostola Pauluse o ne a fetoha le maemo mme re ka ithuta mohlaleng wa hae. Jesu o ile a kgetha Pauluse hore e be “moapostola ya ronngweng” ditjhabeng. (Bar. 11:13) Pauluse o ile a bolela ditaba tse monate ho Bajuda, Bagerike, batho ba rutehileng, ba sa rutehang, ba hlaheletseng le ho marena. Pauluse e “bile dintho tsohle ho batho ba mefuta yohle” e le hore a kgone ho bolella batho ba sa tshwaneng ditaba tsena. (1 Bakor. 9:19-23) O ne a nahana ka setso sa batho bao a buang le bona, tsela eo ba hodisitsweng ka yona le dintho tseo ba di dumelang mme a fetola tsela eo a buang le bona ka yona. Le rona re ka atleha mosebetsing wa boboledi haeba re fetoha le maemo mme re ntlafatsa tsela eo re buisanang le batho ka yona e le hore re ka ba thusa.

HLOMPHA TSELA EO BATHO BA BANG BA ETSANG DINTHO KA YONA

Haeba re fetoha le maemo, re tla hlompha maikutlo a batho ba bang (Sheba serapa sa 13)

13. Ke kotsi efe e hlalositsweng ho 1 Bakorinthe 8:9 eo re ka e qobang haeba re hlompha tsela eo batho ba bang ba etsang dintho ka yona?

13 Ho fetoha le maemo ho boetse ho re thusa hore re hlomphe tsela eo batho ba bang ba etsang dintho ka yona. Ka mohlala, baradi ba bo rona ba bang ba rata ho itlotsa ka makeup, ha ba bang bona ba sa rate. Bakreste ba bang ba nwa jwala empa ba bang ba kgetha ho se nwe ho hang. Bakreste bohle ba batla ho phela hantle mmeleng empa ba kgetha mekgwa e sa tshwaneng ya ho ba le bophelo bo botle. Haeba re nahana hore re dula re nepile ebile re kgothaletsa bara le baradi ba bo rona ho etsa dintho tseo re di etsang, re ka qetella re ba kgopisa le ho etsa hore ho se ke ha eba le kgotso ka hare ho phutheho. Ho hang ha re batle ho etsa jwalo. (Bala 1 Bakorinthe 8:9; 10:23, 24) A re boneng mehlala e mmedi e bontshang ka moo ho sebedisa melaomotheo e tswang ka Mangolong ho ka re thusang ka teng ho ba le tekatekano le ho boloka kgotso.

Haeba re fetoha le maemo, re tla hlompha maikutlo a batho ba bang (Sheba serapa sa 14)

14. Ke melaomotheo efe ya Bibele eo re ka nahanang ka yona ha re kgetha hore na re tla aparang le ho lokisa moriri jwang?

14 Ho apara le ho itokisa. Jehova ha a re laele hore na re apareng empa o re file melaomotheo e re thusang hore re apare le ho itokisa hantle. Re lokela ho apara ka tsela e bontshang hore re bahlanka ba Modimo, re nahanela batho ba bang, re a itlhompha ebile ‘re na le kelello.’ (1 Tim. 2:9, 10; 1 Pet. 3:3) Ka hoo, ha re batle hore tsela eo re aparang ka yona e re bitsetse mahlo a batho ho sa hlokahale. Melaomotheo ya Bibele e boetse e thusa baholo hore ba qobe ho behela batho melao ya hore na ba apare le ho lokisa moriri jwang. Ka mohlala, baholo ba phutheho e nngwe ba ne ba batla ho thusa bara ba bo rona ba bang ba batjha ba neng ba etsisa feshene ya batjha bao e seng Dipaki ya ho kuta moriri ebe ba o siya o sa kangwa. Baholo ba ne ba ka ba thusa jwang ntle le hore ba etse molao? Molebedi wa potoloho o ile a re baholo ba eletse bara ba bo rona bao tjena: “Haeba o le sethaleng mme bamamedi ba shebile tsela eo o shebahalang ka yona ho ena le ho mamela seo o se buang, ho na le bothata ka moaparo wa hao le tsela eo o itokisitseng ka yona.” Tlhaloso eo e bonolo e ile ya rarolla bothata mme ha ho a ka ha hlokahala hore baholo ba etse molao. d

Haeba re fetoha le maemo, re tla hlompha maikutlo a batho ba bang (Sheba serapa sa 15)

15. Ke melao le melaomotheo efe ya Bibele e ka re thusang ha re etsa qeto ya hore na re tla phekolwa ka tsela efe? (Baroma 14:5)

15 Bophelo bo botle. Mokreste e mong le e mong o lokela ho ikgethela hore na o tla itlhokomela jwang. (Bagal. 6:5) Ha Bakreste ba kgetha hore na ba tla phekolwa jwang, ba lokela ho mamela melao ya Bibele e buang ka ho qoba madi le ho qoba ho buisana le badimo. (Dik. 15:20; Bagal. 5:19, 20) Maemong a mang ba ka ikgethela hore na ba tla phekolwa ka tsela efe. Batho ba bang ba kgetha ho phekolwa ke dingaka feela, ha ba bang ba kgetha mekgwa e meng ya phekolo. Ho sa tsotellehe hore na re kgodisehile hakae hore mofuta o itseng wa phekolo ke wona o nepahetseng, re lokela ho hlompha tokelo eo bara le baradi ba bo rona ba nang le yona ya ho kgetha hore na ba tla phekolwa ka tsela efe. Ka hoo, re lokela ho hopola dintlha tsena tse nne: (1) Ke Mmuso wa Modimo feela o tla etsa hore batho ba se ke ba hlola ba kula. (Esa. 33:24) (2) Mokreste e mong le e mong o lokela ho ‘kgodiseha ka botlalo’ ha a etsa qeto ya hore na ke phekolo efe e mo tshwanetseng. (Bala Baroma 14:5.) (3) Ha re ahlole ba bang ka diqeto tseo ba di etsang ebile ha re batle ho ba kgopisa. (Bar. 14:13) (4) Bakreste ba bontsha lerato ebile ba nka hore kgotso ya phutheho e bohlokwa ho feta maikutlo a bona. (Bar. 14:15, 19, 20) Ha re dula re nahana ka dintlha tsena, re tla utlwana le bara le baradi ba bo rona ebile re tla etsa hore ho be le kgotso ka hare ho phutheho.

Haeba re fetoha le maemo, re tla hlompha maikutlo a batho ba bang (Sheba serapa sa 16)

16. Moholo a ka bontsha jwang hore o fetoha le maemo ha a sebedisana le baholo ba bang? (Sheba ditshwantsho.)

16 Baholo ba lokela ho beha mohlala o motle ka hore ba fetohe le maemo. (1 Tim. 3:2, 3) Ka mohlala, moholo ha a lokela ho lebella hore maikutlo a hae a tla dula a amohelwa hobane feela a feta baholo ba bang ka dilemo. O a hlokomela hore moya wa Jehova o ka sebedisa moholo e mong le e mong e le hore ba etse qeto e bohlale. Haeba baholo ba bangata ba dumellana ka qeto e itseng e seng kgahlanong le melaomotheo ya Bibele, moholo ya fetohang le maemo o tla tshehetsa qeto eo le hoja a ena le maikutlo a fapaneng.

RE FUMANA MELEMO EFE HA RE FETOHA LE MAEMO?

17. Ke melemo efe eo re e fumanang ha re fetoha le maemo?

17 Ho fetoha le maemo ho etsa hore re fumane melemo e mengata. Re utlwana le bara le baradi ba bo rona ebile ho ba le kgotso ka phuthehong. Re thabela ho ba le bara le baradi ba bo rona ba nang le botho bo sa tshwaneng ebile ba tswa ditsong tse sa tshwaneng. Hape re thabela ho sebeletsa Jehova le bona re momahane. Ha bohlokwa le ho feta, re thabiswa ke ho tseba hore re etsisa Modimo wa rona Jehova ya fetohang le maemo.

PINA YA 90 Le Kgothatsane

a Jehova le Jesu ba kgona ho fetoha le maemo mme ba batla hore le rona re ba etsise. Haeba re le batho ba fetohang le maemo, ho tla ba bonolo hore re amohele ha ho eba le diphetoho bophelong ba rona, tse kang ho kula kapa ha maemo a rona a ditjhelete a fetoha. Re tla boela re etse hore ho be le kgotso le kutlwano ka hare ho phutheho.

b Sheba sehlooho se reng “O ka Etsang ha Maemo a Bophelo a Fetoha?” ho Tsoha! ya No. 4 ya 2016.

c Shebella video ya Puisano le Morabo Rona Dmitriy Mikhaylov e hlahang sehloohong se reng “Jehova o Etsa Hore Mahloriso a Fane ka Bopaki” ho Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya March-April 2021.

d Ho fumana dintlha tse buang ka ho apara le ho shebahala hantle, sheba thuto ya 52 bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng!