Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Jehova o a re Hlohonolofatsa ha re Tsotella Batho ba Bang

Jehova o a re Hlohonolofatsa ha re Tsotella Batho ba Bang

Nna le mme wa ka le kgaitsedi ya ka Pat ka 1948

“KEREKE ya Tjhatjhe ha e rute nnete. Tswela pele o ntse o batla nnete.” Ka mora hore nkgono wa ka ya kenang kereke ya Tjhatjhe a bue mantswe ana, mme wa ka o ile a qala ho batla bodumedi ba nnete. Le ha ho le jwalo, o ne a sa batle ho bua le Dipaki Tsa Jehova, a ba a mpolella hore ke ipate ha ba tla hae ha re ntse re dula Toronto, Canada. Empa ha mmangwane wa ka a qala ho ithuta le Dipaki ka 1950, mme wa ka le yena o ile a qala ho ithuta. Ba ne ba balla ha mmangwane wa ka mme ha morao ba ile ba kolobetswa.

Ntate wa ka e ne e le moholo wa kereke e nngwe ya moo re neng re dula teng. Sontaha se seng le se seng o ne a re isa tshebeletsong ya kereke e neng e tshwarelwa bana hoseng ebe ka 11:00 re ya le yena tshebeletsong ya kereke ya batho bohle. Ha re tswa kerekeng, re ne re ya le mme wa rona Holong ya Mmuso. Re ne re hlile re bona phapang pakeng tsa madumedi ana a mabedi.

Ka 1958 ha re ne re le Kopanong ya Matjhaba e neng e ena le sehlooho se reng “Thato ya Modimo” le lelapa la Hutcheson

Mme wa ka o ile a bua le metswalle ya hae e leng Bob le Marion Hutcheson ka seo a ithutileng sona Bibeleng mme le bona ba ile ba qala ho ithuta. Ka 1958 ba ha Hutcheson ba ile ba tsamaya le nna le bara ba bona ba bararo, ra ya Kopanong ya Matjhaba ya matsatsi a robedi e neng e ena le sehlooho se reng “Thato ya Modimo” e neng e tshwaretswe toropong ya New York. Hona jwale, ke a hlokomela hore e tlameha ebe ba ile ba tela dintho tse ding hore ba tsamaye le nna empa kopano eo ke e nngwe ya diketsahalo tseo ke ileng ka di thabela haholo bophelong ba ka.

BAKRESTEMMOHO BA NTHUSA HORE KE SEBELETSE JEHOVA

Ha ke ntse ke le motjha, re ne re dula polasing mme ke thabela ho hlokomela diphoofolo. Ke ne ke batla ho ithutela ho ba ngaka ya diphoofolo. Mme wa ka o ile a bua le moholo e mong wa phutheho ya rona ka taba ena. O ile a nkgopotsa hore re phela “mehleng ya bofelo” a ba a mpotsa hore na ho ya yunivesithi ho tla ama kamano ya ka le Jehova jwang. (2 Tim. 3:1) Ke ile ka etsa qeto ya hore ke se ke ka ya yunivesithi.

Ka mora hore ke qete sekolo, ke ne ke sa tsebe hore na ke batla ho etsang. Le hoja ke ne ke ya tshimong beke le beke, ke ne ke sa thabele tshimo hape ke sa nahane le hore ke tla ba pulamadiboho. Ka nako e tshwanang, ntate wa ka le rangwane wa ka bao e neng e se Dipaki ba ne ba nkgothaletsa hore ke sebeletse khamphani e kgolo ya inshorense e Toronto. Ka ha rangwane wa ka e ne e le e mong wa basebetsi ba nang le maemo a phahameng khamphaning eo, ke ile ka amohela mosebetsi oo.

Ha ke ntse ke le Toronto, ke ne ke qeta nako e ngata ke le mosebetsing ebile ke dula ke ena le batho bao e seng Dipaki. Ka lebaka leo, ke ne ke se na nako ya ho ya dibokeng le tshimong ka mehla. Ha ke ne ke qala ho sebetsa, ke ne ke dula le ntatemoholo wa ka eo e neng e se Paki empa ka mora hore a hlokahale, ke ile ka tlameha ho batla moo ke neng ke tla dula teng.

Mora le Moradi wa bo rona Hutcheson bao ke ileng ka ya kopanong le bona ka 1958 e ne eka ke batswadi ba ka. Ba ile ba re ke tlo dula le bona mme ba ile ba nthusa hore ke rate Jehova haholwanyane. Ka 1960, nna le mora wa bona John re ile ra kolobetswa. John e ile ya eba pulamadiboho ka mora hore a kolobetswe mme mohlala wa hae o ile wa etsa hore ke be teng tshimong ka mehla. Bara ba bo rona ka phuthehong ba ile ba hlokomela hore ke se ke ena le kamano e ntle le Jehova mme ha morao ke ile ka kgethwa hore ke be mohlanka wa Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo. a

KE FUMANA MOLEKANE MME KE BA PULAMADIBOHO

Ha re ne re nyalana ka 1966

Ka 1966 ke ile ka nyala Randi Berge eo e neng e le pulamadiboho ya tjhesehang ya neng a batla ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo teng. Molebedi wa rona wa potoloho o ne a re tsotella, ka hoo o ile a re kgothaletsa hore re yo thusa phutheho ya Orillia e Ontario. Re ile ra paka thoto yaba re tsamaya hanghang.

Hang ha re fihla Orillia, ke ile ka ba pulamadiboho mme ka sebetsa le Randi. Mohatsaka o ne a thabetse tshebeletso ena mme seo se ile sa etsa hore le nna ke e thabele. Ka mora ho sebetsa ka thata hore ke rate mosebetsi ona wa bopulamadiboho, ke ile ka thabiswa ke ho sebedisa Bibele ha ke le tshimong le ho bona batho ba utlwisisa seo re ba rutang sona. Re ile ra thaba haholo ha re ne re thusa banyalani ba bang ba Orillia hore ba etse diphetoho bophelong ba bona le hore ba fetole bophelo ba bona mme e be bahlanka ba Jehova.

RE ITHUTA PUO E NTJHA MME RE FETOLA MAIKUTLO A RONA

Nakong eo re neng re etetse Toronto, ke ile ka kopana le Arnold MacNamara eo e neng e le e mong wa bara ba bo rona ba neng ba etella pele mosebetsi o neng o etswa Bethele. O ile a re botsa hore na re ka thabela ho ba bopulamadiboho ba kgethehileng. Ke ile ka araba hanghang ka re: “Ka nnete re ka thabela ho ba bopulamadiboho ba kgethehileng hohle moo re ka iswang teng empa eseng Quebec.” Batho ba buang Senyesemane ba Canada ba ne ba entse hore ke be le maikutlo a fosahetseng ka profinse ya Quebec moo ho dulang batho ba buang Sefora. Ka nako eo, batho ba ne ba ipelaetsa kgahlanong le mmuso mme ba ne ba batla hore profinse ya Quebec e se ke ya eba karolo ya Canada.

Morabo rona Arnold o ile a re: “Hona jwale ofisi ya lekala e romela bopulamadiboho ba kgethehileng Quebec feela.” Ka hoo ke ile ka dumela ho ya teng. Ke ne ke se ntse ke tseba hore Randi o ne a batla ho sebeletsa moo. Ha morao, ke ile ka hlokomela hore qeto eo e bile e nngwe ya diqeto tsa bohlokwa tseo re kileng ra di etsa.

Ka mora dibeke tse hlano re ithuta Sefora, nna, Randi le banyalani ba bang re ile ra ya Rimouski e ka bang dikhilomithara tse 540 ka leboya botjhabela ho Montreal. Re ne re sa ntse re ena le dintho tse ngata tseo re lokelang ho ithuta tsona mme seo se ile sa bonahala ha ke bala ditsebiso tse itseng dibokeng. Ha ke bua ka kopano e tlang, ho ena le hore ke re ho tla ba le bara ba bo rona ba bangata ba tswang Austria, ke ile ka re ho tla ba le bara ba bo rona ba bangata ba dimpshe.

“Ntlo e Tshweu” e Rimouski

Ha re le Rimouski, baradi ba bo rona ba bane ba masoha ba ile ba dula le rona ha mmoho le lelapa la Huberdeaus le baradi ba bona ba babedi. Ba ha Huberdeaus ba ile ba hira ntlo e nang le dikamore tse supileng mme re ne re ba thusa ho e patala. Ntlo eo re ne re e bitsa Ntlo e Tshweu hobane e ne e ena le dipilara tse tshweu ebile e le tshweu ka pele. Hangata ho ne ho dula batho ba 12 ho ya ho ba 14 ntlong eo. Ka ha re ne re le bopulamadiboho ba kgethehileng, nna le Randi re ne re ya tshimong hoseng, motshehare le mantsiboya. Ka hoo, re ne re ananela hore ho dula ho ena le motho eo re yang tshimong le yena esita le mantsiboya ha ho bata mariha.

Re ile ra ba metswalle le bopulamadiboho bao ba tshepahalang hoo re ileng ra fetoha lelapa. Ka dinako tse ding re ne re dula mollong kapa re ba le letsatsi leo re phehang ha mmoho. Morabo rona e mong o ne a tseba ho letsa seletsa sa mmino mme hangata ka Moqebelo mantsiboya, re ne re bina ebile re tantsha.

Batho ba bangata ba Rimouski ba ne ba batla ho ithuta Bibele. Ka dilemo tse hlano feela, re ile ra thabela ho bona batho ba bangata ba neng ba ithuta Bibele ba kolobetswa. Phutheho e ile ya eketseha ka bahweletsi ba ka bang 35.

Ha re le Quebec, re ile ra fumana kwetliso e tswileng matsoho ya ho ba baevangedi. Re ile ra bona ha Jehova a re thusa mosebetsing wa boboledi le ka dintho tseo re neng re di hloka. Hape re ile ra rata batho ba buang Sefora, puo ya bona le setso sa bona e leng ntho e ileng ya re thusa hore re rate le ditso tse ding.—2 Bakor. 6:13.

Re ne re sa lebella ha ofisi ya lekala e re kopa hore re ye toropong ya Tracadie e lebopong le ka botjhabela ho New Brunswick. Ho ne ho se bonolo ho tsamaya hobane re ne re qeta ho saena tumellano ya sebaka seo re neng re tla dula ho sona hape ke ne ke saenne tumellano ya ho ruta ka matsatsi sekolong se seng. Hape batho ba bang bao re neng re ithuta Bibele le bona e ne e qeta ho ba bahweletsi ebile re ne re ntse re haha Holo ya Mmuso.

Re ile ra rapela mafelobeke kaofela ka taba ena ya ho ya Tracadie yaba re tjhakela teng mme ra hlokomela hore e ne e fapane haholo le Rimouski. Empa re ile ra etsa qeto ya hore re tla ya hobane Jehova o ne a batla hore re ye teng. Re ile ra leka Jehova mme ra bona ha a tlosa ditshitiso tseo kaofela. (Mal. 3:10) Ka ha Randi o ne a ena le tumelo e matla, a itetse ebile a rata ho etsa metlae ho ile ha eba bonolo hore re ye Tracadie.

Ho ne ho ena le moholo a le mong feela phuthehong ya rona e ntjha e leng Morabo rona Robert Ross. Yena le mosadi wa hae Linda e ne e kile ya eba bopulamadiboho sebakeng seo mme ba ile ba kgetha ho dula moo ka mora hore ngwana wa bona wa pele a hlahe. Le hoja ba ne ba hlokomela mora wa bona e monyenyane, ba ile ba kgothatsa nna le Randi haholo hobane ba ne ba ena le kamohelo ya baeti ebile ba tjhesehela mosebetsi wa boboledi.

JEHOVA O A RE HLOHONOLOFATSA HA RE LE TLHOKAHALONG

Ha re ne re potoloha ka lekgetlo la pele mariha

Ka mora hore ho fete dilemo tse pedi re le bopulamadiboho Tracadie, re ile ra makala hape ha re fumana memo ya hore re etse mosebetsi wa potoloho. Re ile ra potoloha diphutheho tsa Senyesemane ka dilemo tse supileng, ka mora moo re ile ra potoloha diphutheho tsa Sefora Quebec. Morabo rona Léonce Crépeault eo e neng e le molebedi wa rona wa setereke Quebec, o ne a dula a babatsa tsela eo ke fanang ka dipuo ka yona. Empa ha morao o ne a dula a mpotsa a re: “O ka etsang hore dintlha tseo o fanang ka tsona dipuong tsa hao e be tseo bamamedi ba ka kgonang ho di sebedisa bophelong ba bona?” b Taba ya hore ebe morabo rona o ne a ntsotella e nthusitse hore dipuo tsa ka e be tse tobileng le tseo ho leng bonolo ho di utlwisisa.

Mosebetsi o mong oo nke keng ka o lebala oo nkileng ka o etsa ke ha re ne re le Kopanong ya Matjhaba e Montreal e neng e na le sehlooho se reng “Victorious Faith” ka 1978. Ke ne ke sebetsa Lefapheng la Dijo. Re ne re lebeletse batho ba 80 000 mme re ne re tla ba fa dijo ka tsela e fapaneng le eo re neng re tlwaetse ka yona. Ntho e nngwe le e nngwe e ne e le ntjha, ho tloha ho dintho tseo re neng re tla di sebedisa, dijo tseo re neng re tla di pheha le tsela eo re neng re tla lokisa ka yona. Re ne re ena le diforiji tse ka bang 20 tse kgolo mme ka dinako tse ding di ne di sa sebetse. Ka ha ho ne ho bile le papadi ka la maobane, re ile ra kena lebaleng la dipapadi hara mpa bosiu pele kopano e qala e le hore re ka hlophisa dintho. Hape re ne re tlameha ho laeta dionto pele letsatsi le tjhaba e le hore re ka etsa dijo tsa hoseng. Re ne re kgathetse empa ke ile ka ithuta dintho tse ngata ho baithaopi ba neng ba sebetsa ka thata, ba ena le makgabane a matle ebile ba rata ho etsa metlae. Re ile ra momahana ebile re ntse re le metswalle ho fihlela lena le hodimo. E ne e le tlotla e kgolo ho ba kopanong eo ya bohlokwa e neng e le Quebec, moo bara ba bo rona ba neng ba hloriswa ka sehloho dilemong tsa bo1940 ho ya ho bo1950.

Ha re ne re lokisetsa kopano le Randi Montreal ka 1985

Ke ile ka ithuta dintho tse ngata ho balebedi ba dikopano tse kgolo tsa Montreal. Ka selemo se seng, Morabo rona David Splane eo hona jwale e seng e le setho sa Sehlopha se Busang e ne e le molebedi wa kopano. Ha morao kopanong e nngwe ha ke ne ke kopuwa hore ke etse mosebetsi oo, Morabo rona David o ile a ntshehetsa.

Ka 2011 ka mora hore re etse mosebetsi wa potoloho ka dilemo tse 36, ke ile ka mengwa hore ke rute Sekolong sa Baholo ba Phutheho. Ka dilemo tse pedi feela, re ile ra robala dibetheng tse 75 tse fapaneng empa ha re ikwahlaele letho. Ha beke e nngwe le e nngwe e fela, baholo ba ne ba ananela hore ebe Sehlopha se Busang se tsotella kamano ya bona le Jehova.

Ha morao ke ile ka ruta Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso. Hangata baithuti ba ne ba ikutlwa ba imetswe ebile ba kgathetse ka lebaka la mosebetsi o mongata. Ba ne ba qeta dihora tse supileng ba le ka tlelaseng letsatsi le letsatsi, ba qeta dihora tse tharo bosiu bo bong le bo bong ba bala ebile ba beha dipuo tse ka bang nne kapa tse hlano beke e nngwe le e nngwe. Nna le morabo rona e mong ya neng a ruta re ile ra ba hlalosetsa hore ke ka thuso ya Jehova feela ba ka kgonang ho etsa mesebetsi eo. Ke tla dula ke hopola ka moo baithuti ba neng ba hlollwa ka teng ha ba bona ka moo ho itshetleha ka Jehova ho ba thusitseng hore ba etse dintho tseo ba neng ba sa nahana hore ba tla di etsa.

JEHOVA O A RE HLOHONOLOFATSA HA RE TSOTELLA BATHO BA BANG

Mme wa ka o ne a tsotella batho mme seo se ile sa thusa batho bao a neng a ithuta Bibele le bona hore ba etse diphetoho le hore ntate wa ka a fetole tsela eo a neng a ikutlwa ka yona ka ho ithuta Bibele. Ka mora matsatsi a mararo mme wa ka a hlokahetse, re ile ra makala ha ntate wa ka a tlo mamela puo ya phatlalatsa Holong ya Mmuso mme o ile a tswela pele a tla dibokeng ka dilemo tse 26. Le hoja ntate wa ka a sa ka a kolobetswa, baholo ba ile ba mpolella hore e ne e dula e le yena wa pele wa ho fihla dibokeng beke e nngwe le e nngwe.

Mme wa ka o ile a behela nna le dikgaitsedi tsa ka mohlala o motle. Dikgaitsedi tsa ka tse tharo le banna ba bona ba sebeletsa Jehova ka botshepehi. Dikgaitsedi tsa ka tse pedi di sebeletsa diofising tsa lekala, e mong o sebeletsa ofising ya lekala e Portugal, ha e mong a sebeletsa ofising ya lekala e Haiti.

Nna le Randi re se re sebeletsa re le bopulamadiboho ba kgethehileng Hamilton, Ontario. Ha re ne re etsa mosebetsi wa potoloho, re ne re thabela ho tsamaya le ba bang ha ba ya maetong a bona a ho boela le dithutong tsa bona tsa Bibele. Empa hona jwale re thabela ho bona batho bao re ithutang Bibele le bona ba qala ho rata Jehova. Ha re ntse re eba metswalle ya bara le baradi ba bo rona ba phuthehong ya rona e ntjha, re a kgothala ha re bona ka moo Jehova a ba tshehetsang ka teng dinakong tse monate le tse bohloko.

Ha re sheba morao, re ananela haholo tsela eo batho ba bang ba ileng ba bontsha hore ba a re tsotella. Ka ho tshwanang, le rona re lekile ho bontsha hore re ‘tshwenyeha’ ka ba bang ka hore re ba kgothaletse hore ba sebeletse Jehova ka hohle ka moo ba ka kgonang. (2 Bakor. 7:6, 7) Ka mohlala, lelapeng le leng mme, mora le moradi ba ne ba le tshebeletsong ya nako e tletseng. Ke ile ka botsa ntate wa teng hore na o kile a nahana ka ho ba pulamadiboho. O ile a nkaraba ka ho re o hlokomela bopulamadiboho ba bararo. Ka hoo, ke ile ka mo botsa: “Na o nahana hore o ka ba hlokomela ho feta Jehova?” Ke ile ka mo kgothaletsa hore a ke a inwese ka nkgo. E ile ya ba pulamadiboho ka mora dikgwedi tse tsheletseng.

Nna le Randi re tla tswela pele re bolella “moloko o tlang” ka ‘mesebetsi e hlollang’ ya Jehova ebile re tshepa hore moloko oo o tla thabela ho mo sebeletsa jwalo ka rona.—Pes. 71:17, 18.

a Hona jwale o se a bitswa molebedi wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso.

b Sheba pale ya bophelo ya Morabo rona Léonce Crépeault e hlahang ho Tora ya ho Lebela ya February 2020 leq. 26-30.