Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 31

“Le Eme le Tiile, le sa Sisinyehe”

“Le Eme le Tiile, le sa Sisinyehe”

“Bana beso bao ke ba ratang, le eme le tiile, le sa sisinyehe.”—1 BAKOR. 15:58.

PINA YA 122 Ebang Sebete Mme le Tiye!

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1, 2. Bakreste ba tshwana le mohaho o molelele jwang? (1 Bakorinthe 15:58)

 KA SELEMO sa 1978, ho ile ha hahwa mohaho o molelele haholo Tokyo, Japane. Batho ba ne ba dula ba ipotsa hore na mohaho oo o tla dula o eme ho fihlela neng ka ha ho ne ho eba le ditshisinyeho tse ngata tsa lefatshe toropong eo. Dienjiniere di ile tsa etsang e le hore mohaho oo o dule o eme? Di entse hore mohaho oo o be matla le hore o dule o tsitsitse ha ho eba le ditshisinyeho tsa lefatshe. Ke ka tsela efe Bakreste ba tshwanang le mohaho oo o molelele?

2 Mokreste o lokela ho dula a tiile empa hape o lokela ho fetoha le maemo. O lokela ho dula a tiile le ho ikemisetsa ho mamela melao ya Jehova. (Bala 1 Bakorinthe 15:58.) “O itokiseditse ho mamela” ebile ha a inehele hore a etse dintho tse fosahetseng. Le ha ho le jwalo, o fetoha le maemo ha ho hlokahala ebile “ha a manganga.” (Jak. 3:17) Mokreste ya nang le tekatekano ha a tsitlelle hore dintho di etswe ka tsela ya hae ebile ha a dumele ntho e nngwe le e nngwe ho akareletsa le dintho tse fosahetseng. Sehloohong sena re tlo bua ka hore na re ka etsang e le hore re se ke ra sisinyeha. Re tla boela re bue ka ditsela tse hlano tseo Satane a di sebedisang ho leka ho re thatafaletsa hore re dule re tiile le hore na re ka etsang ha a re leka.

RE KA ETSANG E LE HORE RE DULE RE TIILE?

3. Ho latela Diketso 15:28, 29, ke melao efe eo Jehova a re fileng yona?

3 Jehova ke yena ya re fang melao ebile haesale a fana ka melao e hlakileng. (Esa. 33:22) Ka mohlala, sehlopha se busang sa mehleng ya baapostola se ile sa bua ka dintlha tse tharo tse ka thusang Bakreste hore ba dule ba tiile: (1) Ba se ke ba rapela medimo ya ditshwantsho empa ba rapele Jehova feela, (2) ba nke madi e le a bohlokwa (3) le hore ba mamele molao wa hore ba qobe boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Bala Diketso 15:28, 29.) Bakreste ba ka dula ba tiile le ho mamela melao ya Jehova jwang dintlheng tsee tse tharo?

4. Re bontsha jwang hore re rapela Jehova feela? (Tshenolo 4:11)

4 Ha re rapele medimo ya ditshwantsho empa re rapela Jehova feela. O ile a laela Baiseraele hore ba lokela ho rapela yena feela. (Deut. 5:6-10) Jesu o ile a bontsha hore re lokela ho rapela Jehova feela ha Diabolose a ne a mo leka. (Mat. 4:8-10) Ka hoo, ha re rapele medimo ya ditshwantsho. Hape ha re rapele batho, ho sa tsotellehe hore na ke baetapele ba bodumedi, boradipolotiki kapa batho ba tummeng dipapading le dinthong tsa boithabiso. Re bontsha hore re mamela Jehova ka hore re rapele yena feela ka ha o “bopile dintho tsohle.”—Bala Tshenolo 4:11.

5. Ke hobaneng ha re hlompha molao wa Jehova o bontshang hore bophelo le madi ke tsa bohlokwa?

5 Re hlompha molao wa Jehova o bontshang hore bophelo le madi ke tsa bohlokwa. Hobaneng? Hobane Jehova o re madi a emela bophelo e leng mpho ya bohlokwa eo a re fileng yona. (Lev. 17:14) Ha Jehova a dumella batho hore ba ka ja nama, o ile a ba laela hore ba se ke ba ja madi. (Gen. 9:4) O ile a pheta taelo eo ha a ne a fa Baiseraele Molao wa Moshe. (Lev. 17:10) Hape o ile a re sehlopha se busang sa mehleng ya baapostola se laele Bakreste bohle hore ba “qobe . . . madi.” (Dik. 15:28, 29) Re hlompha taelo ena ha re etsa qeto ya hore na re tla amohela mofuta ofe wa phekolo. b

6. Re etsang ho bontsha hore re hlompha molao wa Jehova o buang ka ho qoba boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano?

6 Re hlompha molao wa Jehova o reng re qobe boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Baheb. 13:4) Moapostola Pauluse o re eletsa hore re ‘bolaye’ ditakatso tsa rona tse sa lokang. Taba ena e bolela hore re lokela ho leka ka matla ho fedisa ditakatso tse sa lokang tseo re nang le tsona. Re qoba ho shebella kapa ho etsa ntho le ha e le efe e ka etsang hore re etse boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Bakol. 3:5; Jobo 31:1) Ha ho hlaha boemo bo ka nnang ba etsa hore re etse ntho e fosahetseng, hanghang re qoba ho nahana kapa ho etsa ntho le ha e le efe e ka senyang setswalle sa rona le Modimo.

7. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang, hona hobaneng?

7 Jehova o lebeletse hore re mo ‘mamele ka dipelo tsohle.’ (Bar. 6:17) Dintho tseo a reng re di etse di dula di le molemong wa rona mme re ke ke ra fetola melao ya hae. (Esa. 48:17, 18; 1 Bakor. 6:9, 10) Re etsa sohle se matleng a rona ho thabisa Jehova le ho bontsha boikutlo bo tshwanang le ba mopesaleme ya ileng a re: “Ke ikemiseditse ho mamela melao ya hao ka dinako tsohle ho fihlela qetellong.” (Pes. 119:112) Le ha ho le jwalo, Satane o leka ho etsa hore re se ke ra mamela melao ya Jehova. O sebedisa ditsela dife?

SATANE O LEKA HO ETSANG E LE HORE RE SE KE RA DULA RE TIILE?

8. Satane o sebedisa mahloriso jwang e le hore re se ke ra dula re tiile?

8 Mahloriso. Diabolose o re hlasela ka ho re utlwisa bohloko mmeleng le maikutlong e le hore a ka etsa hore re se ke ra dula re tiile. O ikemiseditse ho re “harola” e le hore a ka senya kamano ya rona le Jehova. (1 Pet. 5:8) Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ne ba tshoswa, ba shapuwa ebile ba bolawa hobane ba ikemiseditse ho dula ba tiile. (Dik. 5:27, 28, 40; 7:54-60) Satane o ntse a sebedisa mahloriso le mehleng ena. Re bona sena tseleng eo bana ba bo rona ba tshwerweng ka yona Russia le dinaheng tse ding le ka moo bahanyetsi ba rona ba ba hlorisang ka teng.

9. Fana ka mohlala o bontshang hore ke ha bohlokwa hore re ele hloko ditlhaselo tse poteletseng.

9 Ditlhaselo tse poteletseng. Ntle le ditsela tse tobileng tseo Satane a re hlaselang ka tsona, o boetse o sebedisa le ‘maqiti.’ (Baef. 6:11) Nahana ka se ileng sa etsahalla Morabo rona Bob ya neng a ile sepetlele ho ya etsa opereishene. O ile a tsebisa dingaka hore ha ho mohla a tla dumela ho tshelwa madi. Ngaka e neng e tlo mo etsa opereishene e ile ya dumela hore e tla hlompha qeto ya hae. Le ha ho le jwalo, bosiu pele ho opereishene, ngaka e nngwe e ile ya tla ho Morabo rona Bob ka mora hore lelapa la hae le ye hae. E ile ya bolella Morabo rona Bob hore dingaka di ke ke tsa sebedisa madi empa di tla dula di ena le ona ha ho ka etsahala hore a a hloke. Mohlomong ngaka eo e ne e nahana hore Morabo rona Bob o tla fetohela qeto eo a e entseng haeba lelapa la hae le le siyo. Empa Morabo rona Bob o ile a ema a tiile, a bolella ngaka eo hore a ke ke a dumela ho tshelwa madi ho sa tsotellehe hore na ho etsahalang.

10. Ke hobaneng ha ho le kotsi ho nahana jwalo ka batho ba sa mameleng melao ya Modimo? (1 Bakorinthe 3:19, 20)

10 Ho nahana jwalo ka batho ba sa mameleng melao ya Jehova. Haeba re nahana jwalo ka batho ba sa mameleng melao ya Jehova, re ka qetella re sa hlomphe Jehova ebile re sa mamele melao ya hae. (Bala 1 Bakorinthe 3:19, 20.) Hangata “bohlale ba batho ba lefatshe lena” bo etsa hore batho ba se ke ba mamela Modimo. Bakreste ba bang ba phutheho ya Pergame le ya Thiatire ba ile ba susumetswa ke batho ba neng ba rapela medimo ya ditshwantsho le ba neng ba etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano ba neng ba dula dibakeng tseo. Jesu o ile a kgalemela Bakreste ba diphutheho tseo tse pedi hobane ba ne ba dumella batho hore ba etse boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Tshen. 2:14, 20) Le kajeno batho ba ka re susumetsa hore re dumele ho etsa dintho tse fosahetseng. Ba malapa a rona le batho bao re tlwaelaneng le bona ba ka etsa hore re nahane hore re itshwere ka thata le ho re kgothaletsa ho tlola melao ya Jehova. Ka mohlala, ba ka re ha ho bohlokwa ho dula o itshwere hantle le hore melao ya Modimo e buang ka boitshwaro e feletswe ke nako.

11. Ke eng eo re lokelang ho e qoba e le hore re dule re tiile?

11 Ka dinako tse ding re ka nna ra nahana hore ditaelo tseo Jehova a re fang tsona ha di a hlaka. Re ka ba ra batla ho “fetela ka nqane ho dintho tse ngotsweng.” (1 Bakor. 4:6) Baetapele ba bodumedi ba mehleng ya Jesu ba ne ba tlwaetse ho etsa jwalo. Ba ne ba imetsa batho ka hore ba eketse Molao. (Mat. 23:4) Jehova o re fa ditaelo tse hlakileng a sebedisa Lentswe la hae le mokgatlo wa hae. Ha ho hlokahale hore re eketse ditaelo tseo a re fang tsona. (Diprov. 3:5-7) Ka hoo, ha re fetele ka nqane ho dintho tse ngotsweng ka Bibeleng kapa ho etsetsa Bakrestemmoho melao ka dintho tseo Bibele e sa bueng ka tsona.

12. Satane o sebedisa “leshano” jwang?

12 Mashano. Satane o sebedisa “leshano” le ‘tsela eo batho ba tlwaetseng ho etsa dintho ka yona’ ho kgelosa batho le ho etsa hore ba se ke ba utlwana. (Bakol. 2:8) Mehleng ya baapostola, mashano ana a ne a akareletsa difilosofi tsa batho, dithuto tsa Bajuda tse sa dumellaneng le Bibele le thuto ya hore Bakreste ba lokela ho mamela Molao wa Moshe. Mashano ana a ne a thetsa batho hobane a ne a etsa hore ba se ke ba mamela Jehova e leng yena Mohlodi wa bohlale. Mehleng ena Satane o sebedisa marangrang ho phatlalatsa ditaba tse se nang bopaki le mashano a buuwang ke baetapele ba dipolotiki. Re bone sena nakong ya sewa sa COVID-19. c Dipaki Tsa Jehova tse ileng tsa mamela tataiso e fanweng ke mokgatlo ha di a ka tsa tshwenyeha jwalo ka batho ba neng ba mamela mashano a neng a phatlalatswa ka nako eo.—Mat. 24:45.

13. Ke hobaneng ha re sa lokela ho dumella ntho le ha e le efe hore e re sitise?

13 Dintho tse ka re sitisang. Re lokela ho dula re hopola hore na “dintho tsa bohlokwa haholo ke dife.” (Bafil. 1:9, 10) Haeba re phathahane ka dintho tse re sitisang, re ka senya nako le matla a rona. Dintho tse tlwaelehileng tse kang ho ja, ho nwa, ho ithabisa le mosebetsi di ka re sitisa haeba re di dumella hore e be tsona dintho tsa bohlokwa bophelong ba rona. (Luka 21:34, 35) Letsatsi le letsatsi, re utlwa le ho bala ka ditaba tsa batho ba ipelaetsang le tsa dipolotiki. Re lokela ho etsa bonnete ba hore ditaba tsena ha di re sitise. Ho seng jwalo, re ka qetella re se re tshehetsa mokga o itseng. Satane o sebedisa ditsela tsena tseo re buileng ka tsona ho leka hore re se ke ra etsa dintho tse nepahetseng. A re boneng hore na re ka mo hanyetsa jwang e le hore re dule re tiile.

RE KA ETSANG E LE HORE RE DULE RE TIILE?

E le hore o dule o tiile, nahana ka mabaka a entseng hore o inehele ho Jehova le ho kolobetswa, bala Lentswe la Modimo o be o nahanisise ka lona, tshepahala o be o tshepe Jehova (Sheba serapa sa 14-18)

14. Ke eng e ka re thusang hore re dule re tiile lehlakoreng la Jehova?

14 Nahana ka mabaka a entseng hore o inehele ho Jehova le ho kolobetswa. O ile wa etsa dintho tsena hobane o ne o batla ho ba ka lehlakoreng la Jehova. Nahana ka se ileng sa o thusa hore o kgodisehe hore o fumane nnete. O ile wa ithuta ka Jehova yaba o qala ho mo hlompha, ho mo rata le ho mo nka e le Ntate wa hao ya lehodimong. O ile wa ba le tumelo, wa kgaotsa ho etsa dintho tse fosahetseng mme wa qala ho etsa dintho tse thabisang Modimo. O ile wa thaba ha o hlokomela hore Modimo o o tshwaretse. (Pes. 32:1, 2) O ile wa ya dibokeng tsa Bokreste mme wa qala ho buisana le ba bang ka dintho tse thabisang tseo o ithutileng tsona. Hona jwale o tsamaya tseleng e isang bophelong o le Mokreste ya inehetseng le ya kolobeditsweng mme o ikemiseditse ho dula o tsamaya tseleng ena.—Mat. 7:13, 14.

15. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re bale le ho nahanisisa ka Lentswe la Modimo?

15 Bala Lentswe la Modimo o be o nahanisise ka lona. Sefate se ka ema se tiile haeba se ena le metso e tebileng. Ka ho tshwanang, re ka dula re tiile haeba re ena le tumelo Lentsweng la Modimo. Ha sefate se hola, metso ya sona e teba le ho feta ebile e a nama. Ha re bala Lentswe la Modimo le ho nahanisisa ka lona, tumelo ya rona e ba matla ebile re ba le kgodiseho ya hore ditsela tsa Modimo di molemo. (Bakol. 2:6, 7) Nahana ka ditaelo tseo Jehova a ileng a di fa bahlanka ba hae nakong e fetileng, tsela eo a ileng a ba tataisa ka yona le ho ba sireletsa le hore na dintho tsena di ile tsa ba thusa jwang. Ka mohlala, Ezekiele o ile a shebisisa ha lengeloi le ne le metha tempele eo a e boneng. Pono ena e ile ya matlafatsa Ezekiele ebile e re bontsha ditsela tseo re ka hlomphang melao ya Jehova ya hore na re mo rapele jwang. d (Ezek. 40:1-4; 43:10-12) Ka ho tshwanang, ho bala le ho nahanisisa ka dintho tse tebileng tse ka Lentsweng la Modimo ho ka re thusa.

16. Ho tshepahala ho ile ha sireletsa Morabo rona Bob jwang? (Pesaleme ya 112:7)

16 Tshepahala. Morena Davida o ile a bontsha hore o tla dula a rata Jehova ha a ne a re: “Modimo, pelo ya ka e a tshepahala.” (Pes. 57:7) Le rona re ka tshepahala mme ra dula re tshepile Jehova. (Bala Pesaleme ya 112:7.) Nahana ka se ileng sa thusa Morabo rona Bob eo re buileng ka yena. Ha ngaka e ne e mo bolella hore madi a tla ba teng ha a ka a hloka, o ile a re haeba feela ba ka leka ho mo tshela madi, o tlo tsamaya hanghang. Ha morao Morabo rona Bob o ile a re: “Ke ne ke sa qeaqee ebile ke sa tshwenyeha ho hang.”

Haeba re ena le tumelo e matla, re ka dula re tiile ho sa tsotellehe mathata a ka re hlahelang (Sheba serapa sa 17)

17. Re ka ithutang mohlaleng wa Morabo rona Bob? (Sheba setshwantsho.)

17 Morabo rona Bob o ile a bontsha hore o a tshepahala hobane o ile a etsa qeto ya hore a ke ke a amohela madi le pele a ya sepetlele. Ntlha ya pele, o ne a batla ho thabisa Jehova. Ntlha ya bobedi, o ile a ithuta hore na Bibele le dingolwa tsa rona tse thehilweng Bibeleng di reng ha di bua ka hore bophelo le madi ke tsa bohlokwa. Ntlha ya boraro, o ne a kgodisehile hore Jehova o tla mo hlohonolofatsa ka lebaka la ho mamela molao wa hae. Le rona re ka dula re tshepahala ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang.

Barake le banna bao a neng a ena le bona ba ne ba le sebete mme ba ile ba lelekisa masole a Sisera (Sheba serapa sa 18)

18. Mohlala wa Barake o re thusa jwang hore re tshepe Jehova? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

18 Tshepa Jehova. Nahana ka moo Barake a ileng a atleha ka teng hobane a ile a tshepa tataiso ya Jehova. Le hoja ho ne ho se na thebe kapa lerumo naheng, Jehova o ile a mo laela hore a yo lwantsha masole a Bakanana a neng a ena le dibetsa, a neng a etellwa pele ke Sisera. (Baahl. 5:8) Moprofeta Debora o ile a bolella Barake hore a theohe e le hore a yo lwantsha Sisera le masole a hae a palameng dikariki tsa ntwa tse 900. Barake o ile a mamela taelo eo le hoja a ne a tseba hore ho tla ba thata ho lwantsha masole ao a palameng dikariki sebakeng seo se tlase. Ha masole a theoha Thabeng ya Tabore, Jehova o ile a etsa hore pula e ne haholo. Dikariki tsa ntwa tsa Sisera di ile tsa tshwarwa ke seretse mme Jehova o ile a etsa hore Barake a hlole. (Baahl. 4:1-7, 10, 13-16) Ka ho tshwanang, Jehova o tla re thusa hore re hlole mathata haeba re mo tshepa ebile re tshepa le mokgatlo wa hae.—Deut. 31:6.

IKEMISETSE HO DULA O TIILE

19. Ke hobaneng ha o batla ho dula o tiile?

19 Re lokela ho lwanela ho dula re tiile ha feela re ntse re phela matsatsing ana a ho qetela. (1 Tim. 6:11, 12; 2 Pet. 3:17) E se eka re ke ke ra tshoswa ke mahloriso, ditlhaselo tse poteletseng, tsela eo batho ba sa mameleng Modimo ba nahanang ka yona, mashano le dintho tse ka re sitisang . (Baef. 4:14) Ho ena le hoo, e se eka re ka dula re tiile, re tshepahalla Jehova le ho mamela melao ya hae. Re boetse re lokela ho fetoha le maemo. Sehloohong se latelang re tla bona ka moo Jehova le Jesu ba kgonang ho fetoha le maemo.

PINA YA 129 Re Tla Mamella

a Haesale ho tloha mehleng ya Adama le Eva Satane a kgothaletsa batho hore ba iketsetse qeto ya hore na dintho tse fosahetseng le tse nepahetseng ke dife. Ka tsela e tshwanang, Satane o batla hore re ikgethele hore na ke melao efe ya Jehova eo re tla e mamela le hore na ke ditaelo dife tse tswang mokgatlong wa hae tseo re tla di mamela. Sehlooho sena se tlo re thusa hore re se ke ra tshwana le balatedi ba Satane ba sa mameleng melao ya Jehova. Hape se tla re thusa hore re ikemisetse ho dula re mamela Jehova.

b Ho fumana dintlha tse ding tse buang ka hore na Mokreste a ka hlompha molao wa Modimo o buang ka madi jwang, sheba kgaolo ya 39 bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng!

c Sheba sehlooho se reng Protect Yourself From Misinformation” ho jw.org.