Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 30

Tswela Pele o Rata Jehova le Batho ba Bang

Tswela Pele o Rata Jehova le Batho ba Bang

“Re rate batho ba bang. Ka tsela eo, re tla kgona ho hola ka ditsela tsohle.”—BAEF. 4:15.

PINA YA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ke dintho dife tseo o ileng wa di tseba ha o ne o qala ho ithuta Bibele?

 NA O sa hopola ha o ne o qala ho ithuta Bibele? E ka nna yaba o ile wa makatswa ke ho tseba hore Modimo o na le lebitso. Mohlomong o ile wa thabiswa ke ho tseba hore Modimo ha a hlokofatse batho mollong wa dihele. Hape e ka nna yaba o ile wa thabiswa ke tshepiso ya hore baratuwa ba hao ba hlokahetseng ba tla boela ba tsohe, le phele ha mmoho paradeiseng lefatsheng.

2. Ke diphetoho dife tseo o ileng wa di etsa ha o ntse o tswela pele ho ithuta Bibele? (Baefese 5:1, 2)

2 O ile wa rata Jehova le ho feta ha o ntse o ithuta Lentswe la hae. Lerato leo le ile la o susumeletsa ho etsa dintho tseo o ithutileng tsona. Ho sebedisa melaomotheo ya Bibele ho ile ha o thusa ho etsa diqeto tse bohlale. O ile wa ithuta ho nahana le ho etsa dintho tse nepahetseng hobane o batla ho thabisa Modimo. Feela jwalo ka ha ngwana a etsisa motswadi wa hae ya lerato, le wena o ile wa etsisa Ntate wa hao ya lehodimong.—Bala Baefese 5:1, 2.

3. Re ka nna ra ipotsa dipotso dife?

3 Ipotse: ‘Na ke rata Jehova haholo ho feta ha ke ne ke qala ho ba Mokreste? Haesale ke kolobetswa, na ke se ke batla ke tshwana le Jehova ka ho bontsha bara le baradi beso hore ke a ba rata?’ Haeba o hlokomela hore “ha o sa na lerato jwalo ka pele,” o se ke wa nyahama. Bakreste ba mehleng ya pele le bona ba ile ba etsahallwa ke ntho e tshwanang. Jesu ha a ka a ba fella pelo mme ka ho tshwanang le rona ha a re felle pelo. (Tshen. 2:4, 7) O a tseba hore re ntse re ka ba le lerato leo re neng re ena le lona ha re ne re qala ho ithuta nnete.

4. Re tlo ithutang sehloohong see?

4 Sehloohong sena re tlo ithuta hore na re ka tswela pele ho rata Jehova le batho ba bang haholwanyane jwang. Re tla boela re ithute hore na ke ditlhohonolofatso dife tseo re tla di fumana haeba re rata Jehova le batho ba bang haholwanyane.

RATA JEHOVA HAHOLWANYANE

5, 6. Ke mathata afe ao moapostola Pauluse a ileng a tobana le ona tshebeletsong ya hae, hona o ile a thuswa keng hore a tswele pele a sebeletsa Jehova?

5 Moapostola Pauluse o ne a thabela ho sebeletsa Jehova le hoja a ne a kopana le mathata a mangata. Ka dinako tse ding Pauluse o ne a nka maeto a malelele mme ho ne ho se bonolo ho nka maeto ka nako eo. Ha a ntse a tsamaya, o ile a “tobana le dikotsi dinokeng” le “dikotsi tsa mashodu.” Ka dinako tse ding dira tsa hae di ne di mo otla. (2 Bakor. 11:23-27) Hape ka dinako tse ding Bakrestemmoho le Pauluse ba ne ba sa ananele dintho tseo a neng a ba etsetsa tsona.—2 Bakor. 10:10; Bafil. 4:15.

6 Pauluse o ile a thuswa keng hore a tswele pele a sebeletsa Jehova? O ile a ithuta ka Jehova haholwanyane ha a bala Mangolo le ho bona ka moo Jehova a mo thusitseng ka teng tshebeletsong ya hae. Pauluse o ne a kgodisehile hore Jehova Modimo o a mo rata. (Bar. 8:38, 39; Baef. 2:4, 5) Sena se ile sa etsa hore a rate Jehova le ho feta. Pauluse o ile a bontsha hore o rata Jehova ka ho sebeletsa badumedimmoho le yena.—Baheb. 6:10.

7. Keng e tla re thusa ho rata Jehova haholwanyane?

7 Ho ithuta Lentswe la Modimo ka hloko ho tla re thusa hore re mo rate haholwanyane. Ha o ntse o bala Bibele, leka ho fumana hore na o ka ithuta eng ka Jehova karolong eo. Ipotse: ‘Karolo ee e bontsha jwang hore Jehova o a nthata? E mpha mabaka afe a hore ke rate Jehova?’

8. Thapelo e ka re thusa jwang hore re rate Jehova haholwanyane?

8 Ntho e nngwe eo re ka e etsang e le hore re rate Jehova haholwanyane ke ho mo rapela letsatsi le leng le le leng, re mo bolelle hore na re ikutlwa jwang. (Pes. 25:4, 5) Jehova o tla arabela dithapelo tsa rona. (1 Joh. 3:21, 22) Moradi wa bo rona Khanh ya dulang Asia o re: “Qalong ke ne ke rata Jehova ka lebaka la dintho tseo ke neng ke ithutile tsona ka yena. Empa ke ile ka mo rata le ho feta ha ke bona ka moo a arabelang dithapelo tsa ka. Sena se ile sa etsa hore ke batle ho etsa dintho tse mo thabisang.” b

RATA BATHO BA BANG HAHOLWANYANE

9. Keng e bontshang hore Timothea o ne a rata bara le baradi babo?

9 Dilemo tse seng kae ka mora hore Pauluse e be Mokreste, o ile a kopana le mohlankana ya bitswang Timothea. Timothea o ne a rata Jehova a bile a rata le batho ba bang. Pauluse o ile a re ho Bafilipi: “Ha ke na motho e mong ya tshwanang le [Timothea] ya ka le hlokomelang ka dintho tseo le di hlokang.” (Bafil. 2:20) Pauluse o ne a sa bue ka bokgoni ba Timothea ba ho hlophisa dintho kapa ba ho fana ka dipuo empa o ne a kgahlilwe ke tsela eo Timothea a neng a rata bara le baradi babo ka yona. Ha ho pelaelo hore diphutheho tseo Timothea a neng a di etela di ne di dula di mo lebeletse ka tjantjello.—1 Bakor. 4:17.

10. Moradi wa bo rona Anna le mohatsa wa hae ba bontshitse jwang hore ba rata bara le baradi ba bo rona?

10 Le rona re lokela ho batla ditsela tsa ho thusa bara le baradi ba bo rona. (Baheb. 13:16) Nahana ka mohlala wa Moradi wa bo rona Anna eo re buileng ka yena sehloohong se fetileng. Ka mora dipula tse matla, yena le mohatsa wa hae ba ile ba etela lelapeng le leng la Dipaki moo ba ileng ba fumana hore marulelo a ntlo a senyehile. Ka hoo, diaparo tsa lelapa leo di ne di le ditshila kaofela. Moradi wa bo rona Anna o re: “Re ile ra nka diaparo tsa bona, ra di hlatswa ra ba ra di kgutlisa di aennwe ebile di mennwe. E ne e se mosebetsi o mokaalo ho rona empa ho etsa jwalo ho ile ha etsa hore re be metswalle ya hlooho ya kgomo ho fihlela kajeno.” Ho rata bara le baradi ba bo rona ho ile ha susumeletsa Moradi wa bo rona Anna le mohatsa wa hae hore ba ba thuse.—1 Joh. 3:17, 18.

11. (a) Batho ba bang ba ikutlwa jwang ha re ba bontsha hore re a ba rata? (b) Ho latela Diproverbia 19:17, Jehova o tla re etsetsang ha re bontsha batho ba bang hore re a ba rata?

11 Ha re bontsha batho ba bang hore re a ba rata ebile re le mosa, ba ka bona hore re leka ho etsisa Jehova mme ba ka ananela mosa oo re ba bontshang wona ho feta ka moo re ka nahanang ka teng. Moradi wa bo rona Khanh eo re buileng ka yena pejana ha a lebale batho ba ileng ba mo thusa. O re: “Ke ananela haholo baradi beso ba ileng ba tsamaya le nna tshimong. Ba ne ba ntata moo ke dulang, ba mmemela dijong ba bile ba etsa bonnete ba hore ke fihla hae ke sireletsehile. Hona jwale ke a hlokomela hore e ne e le mosebetsi o boima ho bona. Empa ba ne ba o etsa ba thabile.” Ke nnete hore ha se motho e mong le e mong ya tla re leboha ka dintho tse molemo tseo re mo etseditseng tsona. Moradi wa bo rona Khanh ha a bua ka batho ba mo thusitseng o re: “Ekare nka ba patala ka lebaka la dintho tse ntle tseo ba ileng ba nketsetsa tsona empa jwale ha ke tsebe moo kaofela ha bona ba dulang teng. Le ha ho le jwalo, Jehova o tseba moo ba leng teng mme ke rapela hore a mpatalle bona.” Moradi wa bo rona Khanh o nepile. Jehova o bona dintho tse ntle tseo re di etsetsang batho ba bang le hoja di ka bonahala di le nyenyane. Jehova o a bona ha re itella ho etsetsa batho ba bang dintho tse molemo mme o tla re putsa.—Bala Diproverbia 19:17.

Ha motho a ntlafatsa tsela eo a sebeletsang Jehova ka yona, o batla ditsela tsa ho thusa batho ba bang (Sheba serapa sa 12)

12. Bara ba bo rona ba ka etsang ho bontsha hore ba rata bara le baradi ba bo rona? (Sheba ditshwantsho.)

12 Haeba o morabo rona, o ka etsang ho bontsha batho ba bang hore o a ba rata? Morabo rona e mong e motjha ya bitswang Jordan o ile a botsa moholo hore na ke dintho dife tseo a neng a ka di etsa ho thusa phutheho haholwanyane. Moholo eo o ile a mo babatsa ka dintho tse ntle tseo a neng a se a ntse a di etsa. O ile a boela a mo fa keletso ya hore na ke dintho dife tse ding tseo a ka di etsang ho thusa phutheho haholwanyane. Ka mohlala, moholo eo o ile a kgothaletsa Morabo rona Jordan hore a fihle pele diboka di qala e le hore a ka dumedisa bara le baradi ba bo rona, a arabele ka dibokeng, a ye tshimong ka mehla le sehlopha seo a leng ho sona le hore a batle ditsela tse ding tseo ka tsona a ka thusang bara le baradi ba bo rona. Morabo rona Jordan o ile a mamela keletso ya moholo eo. Ho etsa jwalo ho ile ha mo thusa hore a ithute ho etsa dintho tse ding tse ntjha ha ba ha etsa hore a rate bara le baradi ba bo rona haholwanyane. Morabo rona Jordan o ithutile hore ha morabo rona e eba mohlanka ya sebeletsang, ha se hona a qalang ho thusa batho ba bang empa o tswela pele ho ba thusa.—1 Tim. 3:8-10, 13.

13. Ho rata Jehova le bara le baradi ba bo rona ho thusitse Morabo rona Christian jwang hore a tshwanelehe ho ba moholo hape?

13 Teng ho thweng haeba o kile wa ba moholo kapa mohlanka ya sebeletsang? Jehova o hopola mosebetsi oo o ileng wa mo etsetsa wona nakong e fetileng le lerato le ileng la o susumeletsa hore o o etse. (1 Bakor. 15:58) O boetse o ela hloko lerato leo o tswelang pele ho le bontsha. Morabo rona Christian o ne a utlwile bohloko ha a ne a tloswa boholong. Le ha ho le jwalo o re: “Ka ha ke rata Jehova, ke ile ka etsa qeto ya hore ke tla etsa sohle ho mo sebeletsa ho sa tsotellehe hore na ke moholo kapa tjhe.” Ka mora nako o ile a boela a kgethwa hore e be moholo. Morabo rona Christian o boetse o re: “Ke ne ke tshaba ho ba moholo hape. Empa ke ile ka etsa qeto ya hore haeba ke Jehova ya batlang hore ke be moholo hape, ke tla etsa jwalo hobane ke mo rata ebile ke rata bara le baradi ba bo rona.”

14. O ithutang ho seo Moradi wa bo rona Elena a se buileng?

14 Bahlanka ba Jehova ba boetse ba bontsha hore ba rata batho ba bang. (Mat. 22:37-39) Ka mohlala, Moradi wa bo rona Elena ya dulang Georgia o re: “Qalong ke ne ke bua le batho ka Bibele hobane feela ke rata Jehova. Empa ha ke ntse ke rata Jehova haholwanyane, ke ile ka rata le batho ba bang haholwanyane. Ke ne ke leka ho ikenya dieteng tsa bona e le ho utlwisisa hore na ke mathata afe ao ba nang le ona le hore na ke dihlooho dife tseo ba ka thabelang ha ke buisana le bona ka tsona. Ho nahana tjena ka bona, ho ile ha nthusa hore ke batle ho ba thusa haholwanyane.”—Bar. 10:13-15.

DITLHOHONOLOFATSO TSEO RE DI FUMANANG HA RE BONTSHA BATHO BA BANG HORE RE A BA RATA

Ntho e ntle eo o e etsetsang motho e mong e ka tswela batho ba bangata molemo (Sheba serapa sa 15 le 16)

15, 16. Jwalo ka ha ho bontshitswe setshwantshong, ke ditlhohonolofatso dife tseo re tla di fumana haeba re bontsha batho ba bang hore re a ba rata?

15 Ha re bontsha bara le baradi ba bo rona hore re a ba rata, ha se bona feela ba ruang molemo. Ka mora hore sewa sa COVID-19 se qale, Morabo rona Paolo le mohatsa wa hae ba ile ba ruta baradi ba bo rona ba hodileng ho ruta batho Bibele ba sebedisa disebediswa tsa bona tsa elektronike. Moradi wa bo rona e mong eo qalong a neng a thatafallwa ke ho sebedisa sesebediswa sa hae sa elektronike o ile a qetella a se a tseba ho se sebedisa. O ile a kgona ho se sebedisa ho memela batho bao a amanang le bona Sehopotsong mme ba 60 ba bona ba ile ba kena ba sebedisa marangrang. Moradi wa bo rona enwa ha mmoho le batho bao a amanang le bona ba ile ba rua molemo ka lebaka la boiteko boo Morabo rona Paolo le mohatsa wa hae ba ileng ba bo etsa. Ha morao moradi wa bo rona enwa o ile a ngolla Morabo rona Paolo a re: “Re a leboha ka ho re ruta. Nke ke ka lebala ka moo Jehova a re ratang ka teng le ka moo o ileng wa sebetsa ka thata ka teng ho re thusa.”

16 Mohlala ona o ile wa ruta Morabo rona Paolo thuto ya bohlokwa. O ile wa mo hopotsa hore ho bontsha batho ba bang hore re a ba rata ho bohlokwa ho feta tsebo kapa bokgoni boo re nang le bona. O re: “Nkile ka ba mopotolohi. Hona jwale ke a hlokomela hore le hoja bara le baradi ba bo rona ba se ba lebetse dipuo tseo nkileng ka fana ka tsona, ba ntse ba hopola dintho tseo ke ileng ka di etsa ho ba thusa.”

17. Ha re bontsha batho ba bang hore re a ba rata, ke mang hape ya tla rua molemo?

17 Ha re bontsha batho ba bang hore re a ba rata, re rua molemo ka ditsela tse ngata tseo re sa di lebellang. Mohlala wa Morabo rona Jonathan ya dulang New Zealand o tiisa taba ena. Ka Moqebelo o mong, o ile a bona morabo rona wa pulamadiboho a ntse a bua le batho ka Bibele hara letsatsi le tjhesang. Ho tloha ka nako eo, Morabo rona Jonathan o ile a etsa qeto ya ho sebetsa le morabo rona eo wa pulamadiboho ha e le Moqebelo thapama. Ka nako eo, Morabo rona Jonathan o ne a sa tsebe hore ho bontsha mosa ka tsela ena ho ne ho tla mo tswela molemo. Morabo rona Jonathan o re: “Ka nako eo, ke ne ke sa rate tshimo. Ha ke ne ke mamela morabo rona enwa wa pulamadiboho ha a ruta le ho bona ka moo a neng a atleha ka teng tshimong, ke ile ka qala ho rata ho ya tshimong. Re ile ra ba metswalle ya hlooho ya kgomo mme o ile a nthusa hore ke tiise setswalle sa ka le Jehova le hore ke thabele tshimo.”

18. Jehova o batla hore re etseng?

18 Jehova o batla hore re mo rate le ho feta re be re rate batho ba bang haholwanyane. Jwalo ka ha re se re ithutile, ho bala Lentswe la Modimo, ho nahanisisa ka lona le ho mo rapela kgafetsa ho ka re thusa hore re mo rate haholwanyane. Hape re tla rata bara le baradi ba bo rona haholwanyane haeba re ba thusa. Ha lerato la rona le ntse le eketseha, re tla ba metswalle e haufiufi ya Jehova le ya bara le baradi ba bo rona ka ho sa feleng.

PINA YA 109 Ratanang ho Tswa Pelong

a Kaofela ha rona re tla dula re hloka ho etsa diphetoho ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re sebeletsa Jehova. Sehloohong sena re tlo buisana ka bohlokwa ba ho tswela pele re etsa sena. Re tlo bua ka hore na re ka etsang e le hore re rate Jehova le batho ba bang haholwanyane. Ha re ntse re hlahloba sehlooho sena, nahanisisa ka hore na ke diphetoho dife tseo o seng o di entse le hore na ke jwang o ka tswelang pele o ntlafatsa.

b Mabitso a mang a fetotswe.