Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Ke ile ka Tshediswa Mahlomoleng Ohle Aka

Ke ile ka Tshediswa Mahlomoleng Ohle Aka

Ka bophirima ho Noka ya Indus, o tla fumana toropo ya kgale e bitswang Sukkur eo hona jwale e tsejwang e le Pakistan. Ke hona moo ke hlahetseng teng ka la 9 November 1929. Hoo e ka bang ka yona nako eo, batswadi ba ka ba ile ba fumana dibuka tse mebalabala ho morumuwa e mong ya buang sekgowa. Dibuka tseo tse neng di theilwe Bibeleng, di ile tsa fetola bophelo ba ka hoo ke ileng ka ba Paki ya Jehova.

DIBUKA tseo di ne di bitswa pokello ya dibuka tse mebalabala. Eitse ha ke se ke kgona ho bala, ka fumana dipapiso tse ileng tsa fehla tjheseho ya ka. Ka lebaka leo, ho tloha ha ke sa le monyane, ke ile ka ba le tabatabelo ya ho tseba Bibele jwalo ka ha dibuka tseo di ne di ruta.

Ha Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e kupa mme e aparela naha ya India, ke ile ka fellwa ke tshepo. Batswadi ba ka ba ile ba hlalana. Ke ne ke sa utlwisise hore na ho tla jwang hore batho ba babedi bao ke ba ratang, ba arohane. Ke ile ka ikutlwa ke se na thuso ebile ke le kgutsana. Ka ha ke ne ke le mong feela heso, ke ne ke sa fumane tshehetso le matshediso ao ke neng ke a hloka.

Nna le Mama, re ne re dula Karachi motsemoholo wa provense. Ka tsatsi le leng Ntate Fred Hardaker eo e neng e le ngaka ebile e le Paki ya Jehova, o ile a tjhakela heso. O ne a na le tumelo e tshwanang hantle le eo morumuwa yane ya ileng a re fa dibuka a neng a na le yona. O ile a ithaopela ho ruta Mama Bibele. Mama a hana empa a re mohlomong nna nka thabela. Ke ile ka hla ka kena kgabong bekeng e latelang mme ra ithuta le Morabo rona Hardaker.

Dibeke tse mmalwa ka mora moo, ke ile ka qala ho ya dibokeng tse neng di kenela tliliniking ya Morabo rona Hardaker. Ke ne ke dula ke fumana batho ba hodileng ba 12, bao kaofela e neng e le Dipaki Tsa Jehova. Ba ne ba ntshedisa mme ba ntlhokomela jwalo ka mora wa bona. Ke sa hopola hantle ka moo ba neng ba ye ba dule fatshe le nna, ba ipeha boemong ba ka ba bongwana, ba bue le nna jwalo ka metswalle ya sebele, e leng seo ke neng ke hlile ke se hloka ka nako eo.

Ka mora nakwana feela, Morabo rona Hardaker o ile a re ke ye le yena tshimong. O ile a ba a nruta le ho sebedisa keramafono e le hore ke tsebe ho bapalla batho dipuo tsa Bibele. Tse ding tsa dipuo tseo di ne di toba taba, ke ka hoo beng ba matlo ba neng ba sa di thabele tjena. Empa thabo ya ka e ne e kgapatseha ha ke bolella batho molaetsa wa Bibele. Ke ne ke tjhesehela nnete ya Bibele mme ke rata le ho bolella ba bang ka yona.

Ha masole a Japane a eketseha India, mmuso wa Britain o ile wa eketsa kgatello ho Dipaki Tsa Jehova. Qetellong ka July 1943, kgatello eo e ile ya nkama ka ho toba. Prinsepala ya ka eo e neng e bile e le moruti wa Anglican, o ile a ntebela hobane a re “ke na le botho bo sa rateheng.” A ba a bolella le Mama hore ke senya bana ba bang hobane ke tlwaelane le Dipaki Tsa Jehova. Mama a halefa yaba o nthibela hore ke se ke ka tlwaelana le Dipaki. Hamorao, a nkisa ho Papa kwana Peshawar, e leng toropo e bohole ba dikhilomithara tse ka bang 1 370 ka leboya. Kamano ya ka le Jehova e ile ya fokola, hobane ke ne ke se ke le hole le phutheho.

KE ILE KA TSOSOLOSA KAMANO YA KA LE JEHOVA

Ka 1947, ke ile ka kgutlela Karachi ho ya batla mosebetsi. Ha ntse ke le moo, ka etela tliliniking ya Dr. Hardaker. O ile a nkamohela ka mofuthu.

Mme a mpotsa a re: “Bothata keng?” hobane a ne a nahana hore ke tlile ngakeng.

Ka re ho yena: “Atjhe ha ke kule. Ke mpa ke itlhokela feela ho ballwa Bibele.”

Yaba o re: “O ne o ka thabela hore re qale neng he.”

Ka re: “Le hona jwale re ka qala haeba ho kgoneha.”

Re ile ra qeta bosiu kaofela re ntse re ithuta Bibele. Ho ile ha ba hare kokololo, ka ha jwale ke ne ke se ke na le bahlanka ba Modimo hape. Ke nnete hore Mama o ile a leka ka thata ho nkarohanya le Dipaki, empa kgetlong lena ke ne ke se ke ikemiseditse ho etsa qeto ya ho sebeletsa Jehova. Yaba ka la 31 August 1947, ke a kolobetswa. Nakwana ka mora moo ha ke le dilemo di 17, ka ba pulamadiboho.

THABO YA HO BA PULAMADIBOHO

Kabelo ya ka ya pele ya bopulamadiboho, e bile ho sebeletsa Quetta, e leng setsing sa kgale sa sesole sa Britain. Ka 1947, naha ya rona e ile ya arolwa koto tse pedi e leng India le Pakistan. * Sena se ile sa etsa hore ho be le merusu e mengata ya bodumedi, e ileng ya baka hore batho ba bangata ba falle. Baphaphathehi ba ka bang 14 milione ba ile ba lelekwa. Yaba Mamosleme a neng a le India a fallela Pakistan, ha Mahindu le Masikhs a Pakistan ona, a ile a fallela India. Hara moferefere oo, ke ile ka palama terene e neng e tletse tswete! hoo mmele ohle wa ka o neng o le kantle ho tloha Karachi ho ya fihla Quetta.

Ka 1948 ke ile ka ya kopanong ya potoloho India

Ha ke fihla Quetta, ke ile ka kopana le George Singh ya dilemo di ka bang 20, eo e neng e bile e le pulamadiboho e kgethehileng. Yaba o mpha baesekele ya kgale eo ke neng nka e palama le ho e sutumetsa ha ke ntse ke sebetsa tshimo e dithaba. Boholo ba nako ke ne ke sebetsa tshimo ke le mong. Ya re dikgweding tse 6 feela, ka be se ke ithuta Bibele le batho ba 17 bao ba bang ba bona e ileng ya ba Dipaki Tsa Jehova. E mong wa bona e leng Sadiq Masih, eo pele e neng e le lesole, o ile a re thusa ho fetolela dingolwa tse ding tsa Bibele ka puo ya Seurdu e neng e buuwa haholo Pakistan. Ha nako e ntse e ya, Sadiq e ile ya ba mohweletsi ya tjhesehang.

Ha ke ne ke ya Sekolong sa Gilead ka sekepe se bitswang Queen Elizabeth

Hamorao, ke ile ka kgutlela Karachi mme ka sebetsa le Henry Finch le Harry Forrest, e leng barumuwa ba babedi ba neng ba tswa Sekolong sa Gileade. Ba ile ba nkwetlisa ka botlalo e le hore ke tshwanelehele ho sebeletsa Jehova! Ka nako e nngwe ke ile ka tsamaya le Morabo rona Finch ho ya bolela molaetsa wa Bibele ka Leboya ho Pakistan. Sebakeng se seng se dithaba, re ile ra kopana le batho ba nyoretsweng ho ithuta Bibele ba neng ba bua Seurdu. Dilemo tse pedi hamorao, ke ile ka memelwa Sekolong sa Gileade, ya re ha ke kgutla, ka ba molebedi wa potoloho wa nakwana Pakistan. Ke ne ke dula le barumuwa ba bang ba bararo lehaeng la barumuwa le neng le le Lahore.

BOEMO BO HLOBAETSANG BO A KOKOBELA

Ka maswabi, ka 1954, barumuwa ba neng ba sebeletsa Lahore, ba ile ba ba le ho se utlwane mme seo sa qobella ofisi ya lekala hore e ba fe dikabelo tse ntjha. Ka ho se lemohe, ke ile ka itshunyatshunya ditabeng tsa bona, yaba ke fumana kgalemelo e matla. Ke ile ka sithabela maikutlo habohloko hoo ke ileng ka ikutlwa ke se ke sa tshwanelehe. Yaba ke kgutlela hae Karachi mme hamorao ka ya London e England, e le hore nka qala botjha sebakeng se fapaneng.

Ha ke le London, phutheho eo ke neng ke kopanela ho yona, e ne e na le ditho tse ngata tse sebeletsang lelapeng la Bethele. Morabo rona Pryce Hughes eo e neng e le mohlanka wa lekala, o ile a ikemisetsa ho nkwetlisa ka lerato. Ka letsatsi le leng, o ile a mphetela hore le yena o kile a fumana kgalemelo e matla ho tswa ho Morabo rona Joseph F. Rutherford, eo e neng e le mookamedi wa mosebetsi o etswang lefatshe lohle wa boboledi. Eitse ha Morabo rona Hughes a leka ho ikemela, Morabo rona Rutherford a mo kgalemela ka matla le ho feta. Ke ne ke hlolletswe ha ke bona Morabo rona Hughes a bososela ha a ntse a mphetela. O re taba ena e ile ya mo halefisa qalong. Empa hamorao, a lemoha bohlokwa ba kgalemelo e tiileng mme a elellwa hore eo e ne e le tsela eo Jehova a mo bontshang ka yona hore o a mo rata. (Baheb. 12:6) Mantswe a hae a ile a nkama maikutlo mme a nthusa hore ke boele ke sebeletse Jehova hape ke thabile.

Hoo e ka bang ka yona nako eo, Mama o ile a fallela London mme a dumela ho rutwa Bibele ke morabo rona John E. Barr, eo hamorao a ileng a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang. O ile a hatela pele hantle, yaba o kolobetswa ka 1957. Ke ile ka boela ka utlwela hore Papa le yena o ile a ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova pele a hlokahala.

Ka 1958 ka nyala Lene, ya buang Sedanish ya neng a dula London. Selemong se hlahlamang feela ra ba le ngwana wa ngwanana, e leng Jane, ke letsibolo la bana ba bahlano. Ke ile ka ba le boikarabelo bo eketsehileng ha re le phuthehong ya Fulham. Empa ha nako e ntse e ya, Lene o ile a fokollwa ke bophelo, yaba re tlameha ho fallela sebakeng se futhumetseng. Ka hoo, ka 1967 re ile ra fallela Adelaide e Australia.

KETSAHALO E UTLWISANG BOHLOKO

Phuthehong ya rona e Adelaide ho ne ho na le batlotsuwa ba 12 ba seng ba hodile. Ba ne ba le mafolofolo mosebetsing wa boboledi. Ka hoo, ha ho a re nka nako e telele hore re tlwaele ho etsa dintho tse matlafatsang tumelo ya rona.

Ka 1979 re ile ra ba le ngwana wa bohlano, e leng Daniel. O ile a hlaha a na le bokowa bo mo sitisang ho hola hantle mmeleng le kelellong mme ho ne ho sa lebellwa hore o tla phela nako e telele *. Ho fihlela lena le hodimo, ke ntse ke thatafallwa ke ho hlalosa mesarelo eo re ileng ra ba le yona. Ha re ntse re ya hodimo le tlase le Daniel, re ne re ntse re etsa ka hohle hore re hlokomele le bana ba bang ba bane. Daniel o ne a na le masoba a mabedi pelong. Ka hoo, ka dinako tse ding, o ne a tsietsana a sa kgone ho hema hantle mme a tjhentjha le mmala ebe re mo potlakisetsa sepetlele. Ho sa tsotellehe bokudi ba hae, o ne a le bohlale a bile a rateha. Hape o ne a rata Modimo haholo. Ha re ne re rapela pele ho dijo, o ne a ye a phaphathe matsohonyana a hae, a ome le ka hlooho, ha a re: “Amen!” O ne a ke ke a ja dijo pele a etsa jwalo.

Ha a se a le dilemo di nne, o ile a ba le lefu la kankere ya madi. Nna le Lene re ile ra tetebela maikutlo le ho feta. Ke ne ke utlwa eka ke tla tloha ke phahloha. Ha ho ne ho setse hanyane feela hore re inehele, molebedi wa potoloho, morabo rona Neville Bromwich o ile a tla ha rona. Hona bosiung boo, a tletse dikgapha ka mahlong, o ile a re haka. Yaba kaofela re a se kgitla. Re sitwa ho hlalosa ka moo, mantswe a hae a ileng a re kgothatsa kateng. O tsamaile letsatsing le hlahlamang ka bo 1 ya hoseng. Nako e seng kae ka mora moo, Daniel a hlokahala. Lefu la hae e ile ya ba ntho e bohloko ka ho fetisisa e kileng ya re hlahela. Empa re ile ra kgona ho mamella bohloko boo, re kgodisehile hore ha ho na letho le ka arolang Daniel ho Jehova. (Bar. 8:38, 39) Ruri re labalabela ho mo bona hape ha a se a tsositswe lefatsheng le letjha.—Joh. 5:28, 29.

THABO EO KE E FUMANANG HA KE THUSA BA BANG

Kajeno ke sebeletsa ke le moholo le hoja ke ile ka otlwa ke setorouku ka makgetlo a mabedi. Mathata ao ke tobaneng le ona bophelong a entse hore ke be motho ya nang le kutlwelobohloko, haholoholo ho batho ba nang le mathata. Ke leka hore ke se ke ka ba ahlola. Ho e na le ho etsa jwalo, ke ye ke ipotse: ‘Ebe tsela eo ba hodisitsweng ka yona e ile ya ba ama jwang? Nka ba bontsha jwang hore ke a ba kgathalla? Nka ba kgothalletsa jwang hore ba latele ditsela tsa Jehova?’ Ke rata ho etsa maeto a bodisa phuthehong ya rona! Ha ke kgothatsa ba bang ka Bibele, ke ye ke utlwe le nna ke matlafala.

Le hona jwale ke ntse ke thabela ho etsa maeto a bodisa

Ke ikutlwa jwalo ka mongodi e mong wa pesalema ya ileng a re: “Ha menahano ya ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho nna, matshediso a hao a ile a qala ho hlabolla moya wa ka.” (Pes. 94:19) Jehova o ile a ba le nna ha ke ne ke na le mathata a lelapa, ha batho ba hanyetsa bodumedi ba ka, ha ke ne ke swetseha bophelong le ha ke ne ke tetebetse maikutlo. Ruri Jehova e ile ya ba Ntate wa sebele ho nna!

^ par. 19 Qalong, Pakistan e ne e na le dikarolo tse pedi e leng Pakistan Bophirimela, eo hona jwale e leng Pakistan le Pakistan Botjhabela, eo hona jwale e leng Bangladesh.

^ par. 29 Bala sehlooho se reng “Mathata le Melemo ya ho Hodisa Ngwana ya Nang le Down Syndrome” se ileng sa hlaha ho Fadimehang! ya June, 2011.