Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

A ka be a ile a Amohelwa ke Modimo

A ka be a ile a Amohelwa ke Modimo

HA RE sebeletsa Modimo re batla hore a re amohele, na ha ho jwalo? Empa Modimo o amohela le ho hlohonolofatsa batho ba jwang? Batho ba bang bao Bibele e buang ka bona, ba ile ba amohelwa ke Modimo le hoja ba ne ba entse dibe tse tebileng. Ba bang le hoja ba ne ba na le makgabane a matle, Modimo ha a a ka a ba amohela. Ka hoo, re ka nna ra ipotsa: “Ha e le hantle keng seo Jehova a se lebelletseng ho e mong le e mong wa rona?” Mohlala wa Roboame morena wa Juda, o ka re thusa ho araba potso ena.

O HATA KA LEOTO LE SELE

Ntate wa Roboame e ne e le Solomone, ya ileng a busa ka dilemo tse 40 Iseraele. (1 Mar. 11:42) Solomone o ile a hlokahala ka selemo sa 997 pele ho mehla ya Jesu. Yaba Roboame o ya Shikeme e ka leboya ho Jerusalema hore a behwe jwalo ka morena. (2 Likron. 10:1) O se o ka inahanela hore mohlomong e tlameha ebe o ne a tshohile hakaakang ha a nahana hore o tlo hlahlama Solomone teroneng, ya neng a tsejwa ka bohlale ba hae bo phahameng ka ho fetisisa. Roboame o ne a sa lebella hore bokgoni ba hae ba ho rarolla mathata a rarahaneng, bo ne bo ka behwa tekong ka pele hakaalo.

Ho ka etsahala hore ebe Roboame o ile a fumana setjhaba se kgathatsehile haholo. Ha nako e ntse e ya, baemedi ba setjhaba ba ile ba tla ho yena ho mo bollela ka seo setjhaba se kgathatsehileng ka sona, ya ba ba re: “Ntatao o ile a etsa hore joko ya rona e be boima; jwale bebofatsa tshebeletso e boima ya ntatao le joko e boima eo a e behileng hodima rona, mme re tla o sebeletsa.”—2 Likron. 10:3, 4.

E ka nna yaba Roboame o ne a utlwa a tsielehile. Hobane haeba a ne a ka dumela kopa eo, o ne a ka nna a iphumana yena, lelapa la hae le matona a hae, ba lokela ho tela bophelo bo mabothobotho mme ba se ke ba batla dintho tse ngata ho Baiseraele. Ka lehlakoreng le leng haeba a ne a ka hana, batho ba ne ba ka nna ba mo fetohela. Ebe o ne a tla etsang? Morena enwa e motjha o ile a botsa banna ba baholo bao e neng e le baeletsi ba ntatae Solomone. Ho ntse ho le jwalo, a boela a kopa keletso ho banna ba batjha bao e neng e le dithaka tsa hae. Yaba o etsa qeto ya hore a tshware setjhaba ka thata. O ile a re: “Ke tla eketsa ho yona. Ntate o le shapile ka diphadi, empa ke tla le shapa ka diphadi tse metjeka.”—2 Likron. 10:6-14.

Na ho na le seo re ka ithutang sona tabeng ee? Ho hlakile hore re ka fumana bohlale ha re mamela keletso ya ba hodileng ba nang le boiphihlelo. Hobane ba ka kgona ho lemoha ditlamorao tsa qeto e nkuweng mme ba fane ka keletso e molemo.—Jobo 12:12.

“BA MAMELA LENTSWE LA JEHOVA”

Roboame o ile a bokella lebotho la hae la sesole. Yaba Jehova o kenella taba a sebedisa moprofeta Shemaia mme a re: “Le se ke la nyoloha mme la lwantsha barababo lona bara ba Iseraele. E mong le e mong a kgutlele ntlong ya hae, etswe ntho ena e hlahile ka tshusumetso ya ka.”—1 Mar. 12:21-24. *

A phuthe matsoho feela? O se o ka inahanela feela hore na sena se ile sa hlobaetsa Roboame hakakaang! Ebe batho ba ne ba tla nahanang ka morena ya tshepisitseng ho ba shapa ka “diphadi tse metjeka,” empa hona jwale e le moo a tla lokela ho ikokobelletsa borabele bo bontshang lenyatso? (Bapisa le 2 Likronike 13:7.) Le ha ho le jwalo, Roboame le lebotho la hae “ba mamela lentswe la Jehova, mme ba kgutlela hae ho ya ka lentswe la Jehova.”

Rona re ithutang tabeng ena? Re tla be re bontsha hore re bohlale haeba re mamela Modimo esita le ha ho etsa jwalo, ho ka nna ha etsa hore re phoqwe ke batho. Ho mamela Modimo ho tla etsa hore a re amohele a be a re hlohonolofatse.—Deut. 28:2.

Ho ile ha etsahalang ka Roboame? O ile a mamela Modimo mme a se ke a lwantsha meloko yane e leshome. Empa a qala ho haha ditoropo dibakeng tsa Juda le Benjamine tseo a neng a ntse a di busa. A ba a etsa bonnete ba hore dibaka tsena e ba tse sireletsehileng “ka tekanyo e kgolo.” (2 Likron. 11:5-12) Ntho ya bohlokwa eo re e tshwayang ka yena ke hore bonyane ka nako e nngwe o kile a mamela molao wa Jehova. Ha meloko e leshome ya Iseraele e tlasa puso ya Jeroboame e teba borapeding ba ditshwantsho, batho ba bangata ho tswa pusong eo, ba ne ba ntse ba tshehetsa Roboame ka hore ba ye Jerusalema ho ya emela borapedi ba nnete. (2 Likron. 11:16, 17) Ka ha Roboame o ile a mamela, Modimo o ile a matlafatsa bobusi ba hae.

O ILE A ETSA SEBE EMPA A SE KE A BAKA KA HO FELETSENG

Ha bobusi ba Roboame bo se bo tsitsitse, o ile a etsa ntho e swabisang. O ile a nyahlatsa molao wa Jehova mme a qala ho tshehetsa borapedi ba bohata. Empa hobaneng? Na o ne a susumetswa ke Mme wa hae wa Moammone? (1 Mar. 14:21) Ho sa tsotellehe mabaka a hae, setjhaba kaofela se ile sa mo etsisa. Ka hoo, Jehova a dumella Morena Shishake wa Egepeta hore a hape metse e mengata ya Juda, le hoja Roboame a ne a e sireleditse ka thata.—1 Mar. 14:22-24; 2 Likron. 12:1-4.

Dintho di ile tsa senyeha le ho feta ha Shishake a fihla Jerusalema, moo ho neng ho busa Roboame. Moprofeta Shemaia o ile a bolella Roboame le dikgosana tsa hae molaetsa o tswang ho Modimo, o reng: “Le ntlohetse, mme le nna ke le tlohetse letsohong la Shishake.” Roboame o ile a etsang ha a fumana molaetsa oo wa kgalemelo? O ile a amohela kgalemelo eo. Bibele e re: “Dikgosana tsa Iseraele le morena ba ikokobetsa mme ba re: ‘Jehova o lokile.’” Ke ka hoo, Jehova a ileng a pholosa Roboame le Jerusalema timetsong.—2 Likron. 12:5-7, 12.

Ka mora moo, Roboame o ile a tswela pele a busa mmuso o ka borwa. Pele a hlokahala, o ile a arolela bara ba hae ba bangata dimpho, e le hore ba se ke ba fetohela mohlahlami wa hae, e leng ngwanabo bona Abija. (2 Likron. 11:21-23) Ketso ena e ile ya bontsha temohisiso, eo Roboame a sa kang a e bontsha qalong.

NA E NE E LE MOTHO YA HANTLE KAPA YA MOBE?

Le hoja ho na le dintho tse ntle tseo Roboame a ileng a di etsa, Jehova ha a a ka a mo amohela. Ha Bibele e bua ka puso ya hae, e re o ile “a etsa se sebe.” Hobaneng? Hobane “o ne a sa tiisa pelo ya hae hore e batle Jehova.”—2 Likron. 12:14.

Ho fapana le Morena Davida, Roboame o hlolehile ho bopa kamano e haufi le Jehova

Ha e le hantle, Roboame o ne a mamela Molimo ka nako eitseng feela. Ke nnete hore o ile a etsa dintho molemong wa setjhaba sa Modimo. Empa o ile a hloleha ho ba le kamano e ntle le yena mme a se na takatso e matla ya ho mo kgahlisa. Ka hoo, o ile a etsa dintho tse mpe tse akaralletsang ho rapela medimo e sele. O ka nna wa ipotsa: ‘Ha Roboame a mamela kgalemelo e tswang ho Modimo, na o ne a etsa seo hobane a hatelletswe ke batho kapa hobane a ne a bakile ho tswa pelong mme a batla ho kgahlisa Modimo?’ (2 Likron. 11:3, 4; 12:6) Hamorao bophelong ba hae, o ile a kgutlela mekgweng ya hae ya ho etsa dintho tse mpe. Ruri o ne a sa tshwane le Morena Davida, e leng ntatemoholo wa hae. Ke nnete hore Davida o ile a etsa diphoso empa o ne a rata Jehova, a inehetse borapeding ba nnete a bile a bakela dibe tsa hae ka ho feletseng.—1 Mar. 14:8; Pes. 51:1, 17; 63:1.

Ka sebele re ka ithuta mohlaleng wa Roboame. Ke ntho e babatsehang ha batho ba hlokomela ba malapa a bona mme ba lwanela ho finyella dintho tse itseng tse tla tswela lelapa molemo. Empa e le hore re amohelwe ke Modimo, re lokela ho qala ka ho tshehetsa borapedi ba nnete mme re se ke ra bo tlohela.

Re tla atleha ho sena haeba re etsa sohle seo re ka se kgonang ho dula re rata Jehova. Feela jwalo ka ha re rotelletsa mollo hore o dule o tuka, ka ho tshwanang hore lerato la rona ho Modimo le dule le tuka, re lokela ho bala Bibele kamehla, re nahanisise ka seo re se balang mme re nne re phehelle thapelong. (Pes. 1:2; Bar. 12:12) Lerato la rona ho Jehova le tla re hlohlelletsa hore re tjhesehelle ho mo thabisa. Ha ho hlokahala, le tla re susumelletsa ho baka. Ho fapana le Roboame, re tla dula re tsitsitse borapeding ba nnete.—Juda 20, 21.

^ par. 9 Ka lebaka la hore ebe Solomone ha a a ka a tshepahala, Modimo o ne a se a ahlotse hore mmuso o tla arolwa ka dikoto tse pedi.—1 Mar. 11:31.